Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2004 | December 1
    • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

      Ke hobane’ng ha Jesu ea tsositsoeng a ile a lumella Thomase ho mo ama empa pejana ho moo a ile a thibela Maria Magdalena ho mo ama?

      Liphetolelo tse ling tsa khalenyana tsa Bibele li fana ka maikutlo a hore Jesu o ile a laela Maria Magdalena hore a se ke a mo ama. Ka mohlala, Bibele ea Sesotho e fetolela mantsoe a Jesu tjena: “Se nkame, hobane ha ke e-so ho nyolohele ho Ntate.” (Johanne 20:17) Leha ho le joalo, leetsi la Segerike sa pele, leo hangata le fetoleloang e le ‘ama,’ hape le bolela “ho mamarela, ho itšoarella, ho shakarela, ho tšoara.” Ka ho utloahalang, Jesu o ne a sa hanele Maria Magdalena ho mo ama feela tjee, kaha o ile a lumella basali ba bang ba neng ba le lebitleng ho “mo tšoara maoto.”—Matheu 28:9.

      Liphetolelo tse ngata tsa puo ea kajeno, tse kang Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, The New Jerusalem Bible le The New English Bible, li re thusa ho utloisisa moelelo oa sebele oa mantsoe a Jesu ka ho a fetolela tjena: “Khaotsa ho ’mamarela.” Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bua seo ho Maria Magdalena, eo e neng e le motsoalle ea haufi?—Luka 8:1-3.

      Ka ho hlakileng, Maria Magdalena o ne a tšohile hore Jesu o se a le haufi le ho tsamaea ’me a nyolohele leholimong. A susumelitsoe ke takatso e matla ea hore a be le Morena oa hae, o ne a khomaretse Jesu, a sa mo lumelle ho tsamaea. E le ho mo tiisetsa hore o ne a e-s’o tsamaee ka nako eo, Jesu o ile a laela Maria hore a khaotse ho mo mamarela empa ho e-na le hoo a tsamaee ’me a phatlalatse litaba tsa tsoho ea hae ho barutuoa ba hae.—Johanne 20:17.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2004 | December 1
    • Kahoo, tabeng ea Maria Magdalena, Jesu o ne a bua ka takatso e sa lokelang ea ho mo thibela ho tsamaea; athe tabeng ea Thomase teng Jesu o ne a thusa motho ea neng a e-na le lipelaelo. Maemong ao ka bobeli, Jesu o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho etsa lintho ka tsela eo a ileng a li etsa ka eona.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela