Buka ea Bibele ea 43—Johanne
Mongoli: Moapostola Johanne
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Efese kapa haufi le teng
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 98 C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Ka mor’a selelekela, 29–33 C.E.
1. Mangolo a bontša eng ka katamelano ea ho tloaelana ha Johanne le Jesu?
LITLALEHO tsa Kosepele ea Mattheu, Mareka le Luka e ne e le lilemo tse fetang 30 li ntse li abjoa ’me li ne li nkoa e le tsa bohlokoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo e le libuka tsa banna ba bululetsoeng ke moea o halalelang. Joale, ha qetello ea lekholo lena la lilemo e atamela ’me palo ea ba neng ba bile le Jesu e ntse e fokotseha, e ka ’na eaba potso e ile ea phahama, Na ho ne ho sa na le ho hong ho lokelang ho phetoa? Na ho ne ho sa na le e mong, eo mohopolong oa hae, a neng a ka tlatseletsa ka lintlha tse qaqileng tsa tšebeletso ea Jesu? E, o ne a le teng. Johanne ea tsofetseng o ne a hlohonolofalitsoe ka ho khethehileng kamanong ea hae le Jesu. Ho bonahala a ne a le har’a ba pele ba barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ba ho hlahisoa ho Konyana ea Molimo le e mong oa pele oa ba bane ba ileng ba mengoa ke Morena ho kopanela le eena tšebeletsong ea nako e tletseng. (Joh. 1:35-39; Mar. 1:16-20) O ile a tsoela pele a e-na le kamano e haufi-ufi le Jesu ho theosa le tšebeletso ea hae ’me e ne e le morutuoa eo “Jesu a mo ratang” ea neng a itšetlehile sefubeng sa Jesu Pasekeng ea ho qetela. (Joh. 13:23; Matt. 17:1; Mar. 5:37; 14:33) O ne a le teng ponong e sithabetsang pelo ea polao, moo Jesu a ileng a mo tšepela ho hlokomela ’mè oa Hae oa nama, ’me ke eena ea ileng a siea Petrose ha ba mathela lebitleng ho ea batlisisa tlaleho ea hore Jesu o tsohile.—Joh. 19:26, 27; 20:2-4.
2. Johanne o ne a hlomelletsoe joang le ho fuoa matla a ho ngola Kosepele ea hae, hona e le ka morero ofe?
2 A koetlisitsoe ka lilemo tse ka bang 70 tšebeletsong e mafolo-folo ’me a tsohile molota ke lipono le ho thuisa ka ho sa tsoa kenngoa ha hae chankaneng a le mong sehleke-hlekeng sa Patmose, Johanne o ne a hlometse hantle hore a ka ngola lintho tseo a li bolokileng pelong ka nako e telele. Moea o halalelang o fa kelello ea hae matla a ho hopola le ho ngola fatše lipolelo tse ngata tsa bohlokoa, tse phelisang e le hore e mong le e mong ea li balang ‘a lumele hobane Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo, le hore, ka ho lumela, a ka ba le bophelo ka lebitso la hae.’—20:31.
3, 4. Ke bopaki bofe ba lefatše le ba Mangolo bakeng sa (a) hore Kosepele ee ke karolo ea Mangolo a Halalelang, le (b) bongoli ba Johanne?
3 Bakreste ba mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo ba ile ba amohela Johanne e le mongoli oa tlaleho ena ’me ba boetse ba nka lengolo lena ntle ho pelaelo e le karolo ea letoto la Mangolo a bululetsoeng. Clement oa Alexandria, Irenaeus, Tertullian, le Origen, bao kaofela e leng ba qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo le mathoasong a lekholo la boraro la lilemo, ba paka hore Johanne ke eena mongoli. Ho feta moo, bopaki bo bongata ba Mangolo ba hore Johanne ke mongoli bo ka fumanoa bukeng ka boeona. Ka ho hlakileng mongoli e ne e le Mojode ’me o ne a tloaelane haholo le meetlo ea Bajode le naha ea bona. (2:6; 4:5; 5:2; 10:22, 23) Tlaleho ena e nang le tloaelano e haufi e bontša hore e ne e se feela moapostola empa e mong oa ba haufi-ufi ba bararo—Petrose, Jakobo, le Johanne—ba neng ba tsamaea le Jesu ka liketsahalo tse khethehileng. (Matt. 17:1; Mar. 5:37; 14:33) Ho bana, Jakobo (mora oa Zebedea) ha a boleloe ka ho khetheha hobane o ile a bolaeloa tumelo ke Heroda Agrippa I hoo e ka bang ka 44 C.E., nako e telele pele buka ena e ngoloa. (Lik. 12:2) Petrose ha a boleloe ka ho khetheha hobane o boleloa hammoho le mongoli ho Johanne 21:20-24.
4 Litemaneng tsena tse qetellang, ho buuoa ka mongoli e le morutuoa “ea ratoang ke Jesu,” polelo ena le tse tšoanang li sebelisitsoe ka makhetlo a ’maloa tlalehong ena, le hoja ho se mohla ho boleloang lebitso la moapostola Johanne. Jesu mona o qotsitsoe a bua tjena ka eena: “Ekare ha ke rata hore a lule ke be ke tle, e ka ba eng ho uena?” (Joh. 21:20, 22) Hona ho fana ka maikutlo a hore morutuoa eo ho buuoang ka eena o ne a tla phela halelele ho feta Petrose le baapostola ba bang. Tsena kaofela li tšoanela moapostola Johanne. Ke ho thahasellisang hore Johanne, ka mor’a ho fuoa pono ea Tšenolo ea ho tla ha Jesu, o qetella boprofeta ba hae bo tsotehang ka mantsoe ana: “Amen! Tlo, Morena Jesu!”—Tšen. 22:20.
5. Ho lumeloa hore Johanne o ngotse Kosepele ea hae neng?
5 Le hoja mangolo a Johanne ka booona a sa fane ka boitsebiso bo tobileng ka taba ena, ka kakaretso ho lumeloa hore Johanne o ngotse Kosepele ea hae ka mor’a hore a khutle botlamuoeng sehleke-hlekeng sa Patmose. (Tšen. 1:9) ’Musi oa Roma, Nerva, 96-98 C.E., o hopola ba bangata ba neng ba isitsoe botlamuoeng qetellong ea puso ea Domitian, eo eena a ileng a mo hlahlama. Hoba a ngole Kosepele ea hae hoo e ka bang ka 98 C.E., ho lumeloa hore Johanne o shoeletse Efese ka khotso selemong sa boraro sa ’Musi Trajan, ka 100 C.E.
6. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Kosepele ea Johanne e ngoletsoe ka ntle ho Palestina, Efese kapa haufi le teng?
6 Ha e le ka Efese kapa mathōkō a eona e le sebaka seo e ngoletsoeng ho sona, rahistori Eusebius (hoo e ka bang ka 260-342 C.E.) o qotsa Irenaeus a re: “Johanne, morutuoa oa Morena, eo a bileng a phomola sefubeng sa hae, le eena o ile a fana ka Kosepele ea hae, ha a ne a phela Efese Asia.”a Hore buka ena e ngoletsoe ka ntle ho Palestina ho tšehetsoa ke ho bua ha eona hangata ka bahanyetsi ba Jesu ka lentsoe le akaretsang, “ba-Jode,” ho e-na le “Bafarisi,” “baprista ba baholo,” joalo-joalo. (Joh. 1:19; 12:9) Hape, Leoatle la Galilea le hlalosoa ka lebitso la lona la Seroma, Leoatle la Tiberiase. (6:1; 21:1) Molemong oa bao e seng Bajode, Johanne o fana ka litlhaloso tse molemo tsa mekete ea Sejode. (6:4; 7:2; 11:55) Sebaka seo a neng a le botlamuoeng ho sona, Patmose, se ne se le haufi le Efese, ’me ho tloaelana ha hae le Efese, hammoho le liphutheho tse ling tsa Asia Minor, ho bontšoa ke Tšenolo khaolo ea 2 le 3.
7. Papyrus Rylands 457 ke ea bohlokoa bofe?
7 Meqolo ea bohlokoa e fumanoeng lekholong la bo20 la lilemo e tšehetsa bonnete ba Kosepele ea Johanne. O mong oa ena ke karolo ea Kosepele ea Johanne e fumanoeng Egepeta, eo hona joale e tsejoang e le Papyrus Rylands 457 (P52), e nang le Johanne 18:31-33, 37, 38, ’me e bolokiloe Laebraring ea John Rylands, Manchester, Engelane.b Ka ho tšehetsa ha eona neano ea hore Johanne ke eena ea ngotseng qetellong ea lekholo la pele la lilemo, mofu Sir Frederic Kenyon o itse bukeng ea hae The Bible and Modern Scholarship, 1949, leqephe 21: “Le hoja e le nyenyane hakaalo, e lekane ho paka hore moqolo o ngotsoeng ka letsoho oa Kosepele ena o ne o tsamaisoa, mohlomong naheng ea Egepeta moo o fumanoeng teng, hoo e ka bang nakong ea A.D. 130-150. Ha ho lumelloa esita le nako e nyenyane bakeng sa hore buka ena e tsamaisoe ho tloha sebakeng sa eona sa pele, hona ho ne ho tla khutlisetsa nako ea ho bokelloa ha eona haufi haholo le nako eo neano e bolelang hore e ngotsoe ka eona lilemong tsa ho qetela tse leshome tsa lekholo la pele la lilemo hoo ho seng ho se lebaka leha e le lefe la ho belaela bonnete ba neano ena.”
8. (a) Ke eng e tsotehang ka kenyelletso ea Kosepele ea Johanne? (b) E fana ka bopaki bofe ba hore tšebeletso ea Jesu e ne e le bolelele ba lilemo tse tharo le halofo?
8 Kosepele ea Johanne ea tsoteha ka kenyelletso ea oona, e senolang Lentsoe, le neng ‘le e-na le Molimo tšimolohong,’ e le Eo ka eena lintho tsohle li bileng teng. (1:2, NW) Ka mor’a ho tsebahatsa kamano ea bohlokoa pakeng tsa Ntate le Mora, Johanne o qala tlhaloso e khabane ea mesebetsi ea Jesu le lipuo tsa hae, haholo-holo ponong ea lerato le haufi-ufi le tlamang ka kopano ntho e ’ngoe le e ’ngoe tokisetsong e khōlō ea Molimo. Tlaleho ena ea bophelo ba Jesu lefatšeng e akaretsa nako ea 29-33 C.E., ’me e hlokolosi ho bolela Lipaseka tse ’ne tseo Jesu a bileng ho tsona nakong ea tšebeletso ea hae, kahoo e fana ka bo bong ba bopaki ba hore tšebeletso ea hae e ne e le ea bolelele ba lilemo tse tharo le halofo. Tse tharo tsa Lipaseka tsena li boleloa li le joalo. (2:13; 6:4; 12:1; 13:1) E ’ngoe ea tsona e bitsoa “mokete o mong oa ba-Jode,” empa moelelo o e bea hang ka mor’a hore Jesu a re “khoeli li sa le ’ne, ’me etlaba e se e le kotulo,” kahoo ho bontša mokete oo e le oa Paseka, o etsahetseng hoo e ka bang qalong ea kotulo.—4:35; 5:1.c
9. Ke eng e bontšang hore Kosepele ea Johanne ke tlatsetso, empa na e tlatsa lintlha tsohle tsa tšebeletso ea Jesu?
9 Litaba tse molemo “ho latela Johanne” boholo ke tlatsetso; karolo ea 92 lekholong ke taba e ncha e sa akaretsoang Likosepeleng tse ling tse tharo. Leha ho le joalo, Johanne o qetella ka mantsoe ana: “Taba tse ling li sa le teng tse ngata, tseo Jesu a li entseng. Hojane li ka ngoloa ka bonngoe, ke lekanya hore le lona lefatše le be le ke ke la lekana libuka tse ka ngoloang.”—21:25.
LITABA TSE KA HARE TSA JOHANNE
10. Johanne o re’ng ka “Lentsoe”?
10 Selelekela: Ho tsebahatsa “Lentsoe” (1:1-18). Ka bonolo bo makatsang, Johanne o bolela hore tšimolohong “Lentsoe le ne le e-na le Molimo,” hore bophelo ka bobona bo bile teng ka lona, hore e bile “leseli la batho,” le hore Johanne (Mokolobetsi) o ile a le paka. (1:1, 4, NW) Leseli le ne le le lefatšeng, empa lefatše ha lea ka la le tseba. Ba ileng ba le amohela ba ile ba fetoha bana ba Molimo, ba fetoha ba tsoetsoeng ke Molimo. Feela joalokaha Molao o ile oa fanoa ka Moshe, kahoo “mohau le ’nete li hlahisitsoe ka Jesu Kreste.”—1:17.
11. Johanne Mokolobetsi o khetholla Jesu e le eng, ’me barutuoa ba Johanne ba amohela Jesu e le eng?
11 Ho hlahisa “Konyana ea Molimo” ho batho (1:19-51). Johanne Mokolobetsi o ipolela hore hase Kreste empa o re ho na le ea tlang ka mor’a hae, ’me malokoletso a meqathatso ea eo ha a tšoanele ho a lokolla. Letsatsi le hlahlamang, ha Jesu a e-tla ho eena, Johanne o mo khetholla e le “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (1:27, 29) Hape, o tsebisa Jesu barutuoa ba hae ba babeli, ’me e mong oa bana, Andrease, o tlisa ngoan’abo Petrose ho Jesu. Filippi le Nathanaele le bona ba amohela Jesu e le ‘Mora oa Molimo, morena oa Iseraele.’—1:50.
12. (a) Mohlolo oa pele oa Jesu ke eng? (b) O etsa eng ha a le Jerusalema bakeng sa Paseka ea pele nakong ea tšebeletso ea hae?
12 Mehlolo ea Jesu e paka hore ke “Mohalaleli oa Molimo” (2:1–6:71). Jesu o etsa mohlolo oa hae oa pele Kana oa Galilea, a fetola metsi veine e monatehali moketeng o mong oa lenyalo. ‘Ona ke mohlolo oo a qalileng ka oona, ’me barutuoa ba hae ba lumela ho eena.’ (2:11) Jesu o nyolohela Jerusalema bakeng sa Paseka. Ha a fumana barekisi le ba ananyang ka chelete ka tempeleng, o nka phafa ’me o ba phahla ka matla hoo barutuoa ba hae ba hlokomelang ho phethahala ha boprofeta: “Cheseho ea ntlo ea hao e ntjele.” (Joh. 2:17; Pes. 69:9) O profeta hore tempele ea ’mele oa hae e tla oa ’me e tsosoe hape ka matsatsi a mararo.
13. (a) Jesu o bontša hore ho hlokahala eng bakeng sa ho fumana bophelo? (b) Johanne Mokolobetsi o ipolela joang kamanong le Jesu?
13 Nikodema ea tšohileng o tla ho Jesu bosiu. Oa lumela hore Jesu o romiloe a tsoa ho Molimo, ’me Jesu o mo bolella hore motho o tlameha ho tsoaloa ka metsi le moea hore a kene ’Musong oa Molimo. Ho lumela ho Mora oa motho ea tsoang leholimong hoa hlokahala bakeng sa bophelo. “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Leseli le tlileng lefatšeng le khahlanong le lefifi, Jesu o qetella ka hore, “empa ea etsang ’nete, o tla leseling.” Johanne Mokolobetsi o utloela ka tšebeletso ea Jesu Judea ’me o phatlalatsa hore le hoja eena e se Kreste, empa “motsoalle oa monyali . . . o ee a thabe ka thabo e kholo, ha a utloa lentsoe la monyali.” (3:21, 29) Joale Jesu o tlameha ho eketseha, ’me Johanne a fokotsehe.
14. Jesu o hlalosetsa mosali oa Mosamaria eng Sikare, ’me ho bile le phello efe ka boboleli ba hae moo?
14 Jesu o boetse o ea Galilea. Ha a le tseleng, a thuntšelitsoe ke lerōle ’me a “khathetse ke tsela,” o lula fatše hore a phomole selibeng sa Jakobo Sikare, ha barutuoa ba hae ba il’o reka lijo motseng. (4:6) Ke motšehare o moholo, hora ke ea botšelela. Ho atamela mosali e mong oa Mosamaria a tlil’o kha metsi, ’me Jesu o kōpa ho noa. Joale, le hoja a khathetse hakaalo, o qala ho bua le eena ka “metsi” a sebele a khathollang e le ka ’nete, a fanang ka bophelo bo sa feleng ho ba rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete.” Barutuoa baa khutla ’me ba mo khothalletsa hore a je, empa o re: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthōmileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” O qeta matsatsi a mang a mabeli sebakeng seo, hoo Basamaria ba bangata ba lumelang hore “ruri monna enoa ke Mopholosi oa lefatše.” (4:24, 34, 42, BPN) Ha a fihla Kana oa Galilea, Jesu o folisa mora oa mohlomphehi e mong ntle le ho atamela bethe ea hae.
15. Jesu o qosoa ka eng Jerusalema, empa o arabela banyatsi ba hae joang?
15 Jesu o boetse o ea Jerusalema bakeng sa mokete oa Bajode. O folisa monna ea kulang ka Sabbatha, ’me hona ho tsosa khanyetso e khōlō haholo. Jesu oa arabela: “Ntate o sa sebetsa le joale, le ’na kea sebetsa.” (5:17) Baeta-pele ba Bajode joale ba bolela hore Jesu o ekelitse nyefolo, ea ho iketsa ea lekanang le Molimo, molatong oa ho tlōla Sabbatha. Jesu oa arabela hore Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe ka ho iqalla ha hae empa o itšetlehile ka Ntate ka ho felletseng. O bolela polelo e babatsehang ea hore “bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona” ka tsoho. Empa ho bamameli ba hae ba se nang tumelo, Jesu o re: “Le ka lumela joang, lōna le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tsoang ho Molimo feela?”—5:28, 29, 44.
16. (a) Jesu o ruta eng ka lijo le bophelo? (b) Petrose o hlalosa ho kholiseha ha baapostola joang?
16 Ha ka mohlolo Jesu a fepa banna ba 5 000 ka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli tse nyenyane, letšoele lena le nahana ho mo nka ’me le mo etse morena, empa oa ikhula o ea thabeng. Hamorao, oa ba khalemela ka ho sala “lijo tse felang” morao. Ho e-na le hoo, ba lokela ho sebeletsa “lijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng.” O totobatsa hore ho bontša tumelo ho eena e le Mora ke ho ja bohobe ba bophelo, ’me oa phaella: “Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lōna.” Barutuoa ba hae ba bangata ba khopisoa ke sena ’me baa mo tlohela. Jesu o botsa ba 12: “Na le lōna le rata ho ikela na?” ’me Petrose oa arabela: “Morena, re tla ea ho mang? U na le mantsoe a bophelo bo sa feleng; rōna re lumetse, ’me re tsebile hore u Ea Halalelang oa Molimo.” (6:27, 53, 67-69, BPN) Leha ho le joalo, Jesu, a tseba hore Judase o tla mo eka, o re e mong oa bona ke moetselletsi.
17. Ho ruta ha Jesu tempeleng ka Mokete oa Metlotloane ho ba le phello efe?
17 “Leseli” le hohlana le lefifi (7:1–12:50). Jesu o ea Jerusalema ka lenyele ’me o hlaha ha Mokete oa Metlotloane o le haufi le ho fela, a ruta phatlalatsa ka tempeleng. Batho ba pheha khang ka hore na e hlile ke Kreste. Jesu oa ba bolella: “Ha kea itlisa, empa ea nthomileng ke oa ’nete, . . . ’me ke romiloe ke eena.” Ketsahalong e ’ngoe o hoeletsa letšoele: “Ekare ha e mong a nyoriloe, a tle ho ’na, a noe.” Balaoli ba rometsoeng ho ea tšoara Jesu ba khutla ba le feela ’me ba tlalehela baprista: “Ha ho e-so ho be motho ea buang joale ka motho eo, le ka mohla o le mong.” Ba halefile, Bafarisi ba arabela ka hore ha ho le ea mong ho babusi ea lumetseng, leha e le hore ho na le moprofeta ea tla hlaha Galilea.—7:28, 29, 37, 46.
18. Bajode ba tlisa khanyetso efe khahlanong le Jesu, hona o arabela joang?
18 Puong e tsoelang pele, Jesu o re: “Ke ’na leseli la lefatše.” Liqosong tse etselletsang tsa hore ke paki ea bohata, hore o tsoetsoe ka ntle ho lenyalo, le hore ke Mosamaria ’me o na le modemona, Jesu o arabela ka matla: “Ekare ha ke ithorisa e le ’na, thoriso ea ka hase letho; ea nthorisang ke Ntate.” Ha a phatlalatsa, “Abrahama ha a e-so ho hlahe, ke ntse ke le teng,” Bajode ba boetse ba etsa teko e nyopang ka bophelo ba hae. (8:12, 54, 58) Ba ferekane, hamorao ba botsa monna eo Jesu a ileng a mo tutubolla ka mohlolo, ’me ba ntšetsa monna eo ka ntle.
19. (a) Jesu o bua joang ka kamano ea hae le Ntate oa hae le ho hlokomela ha hae linku tsa hae? (b) O arabela Bajode joang ha ba mo tšosa?
19 Jesu o boetse o bua le Bajode, lekhetlong lena ka molisa ea molemo, ea bitsang linku tsa hae ka mabitso le ea telang sephefumolohi sa hae molemong oa linku tseo ‘hore li tle li be le bophelo.’ O re: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (10:10, 16) O bolella Bajode hore ha ho ea ka phamolang linku letsohong la Ntate oa hae, ’me o bolela hore eena le Ntate oa hae ke ntho e le ’ngoe. Le teng ba batla ho mo tlepetsa ka majoe hore a shoe. Ha a arabela qoso ea bona ea hore oa nyefola, o ba hopotsa hore bukeng ea Lipesaleme, batho ba bang ba matla ba lefatše ho thoe ke “melimo,” ha eena a itse ke Mora oa Molimo. (Pes. 82:6) O ba khothalletsa hore bonyane ba lumele mesebetsi ea hae.—Joh. 10:34.
20. (a) Jesu o etsa mohlolo ofe o ikhethang hape? (b) Hoo ho isa ho eng?
20 Bethania haufi le Jerusalema ho hlaha litaba tsa hore Lazaro, khaitseli ea Maria le Maretha, oa kula. Nakong eo Jesu a fihlang moo, Lazaro o shoele ’me o se a le matsatsi a mane ka lebitleng. Jesu o etsa mohlolo o tsotoang ka ho fetisisa oa ho busetsa Lazaro bophelong, a etsa hore ba bangata ba bee tumelo ho Jesu. Sena se baka hore ho tšoaroe seboka se khethehileng sa Sanhedrin, moo moprista e moholo, Kaiafa, a susumelletsehang ho profeta hore Jesu o reretsoe ho shoela sechaba. Ha baprista ba baholo le Bafarisi ba rera ho mo bolaea, Jesu o re khoe! hanyenyane hore a se ke a bonoa phatlalatsa.
21. (a) Batho le Bafarisi ba arabela joang ha Jesu a kena Jerusalema? (b) Ke papiso efe eo Jesu a fanang ka eona mabapi le lefu la hae le morero oa lona, hona o khothaletsa bamameli ba hae eng?
21 Matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka, Jesu o tla Bethania hape ha a le tseleng e eang Jerusalema, ’me o amoheloa ke ba ntlo ea habo Lazaro. Joale, letsatsi ka mor’a Sabbatha, ka la 9 Nisane, a lutse holim’a esele e nyenyane, o kena Jerusalema har’a nyakallo ea bongata bo boholo; ’me Bafarisi ba re e mong ho e mong: “Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatše lohle le mo setse morao.” Ka papiso ea tlhaku ea koro, Jesu o fana ka maikutlo a hore o tlameha ho lenngoa lefung e le hore ho ka hlahisoa litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng. O hoeletsa Ntate oa hae hore a tlotlise lebitso la Hae, ’me ho utluoa lentsoe le tsoang leholimong: “Ke se ke le tlotlisitse, ’me ke tla ’ne ke le tlotlise!” Jesu o khothalletsa bamameli ba hae hore ba qobe lefifi ’me ba tsamaee leseling, e, e be “bana ba leseli.” Ha matla a lefifi a ntse a mo kopela, o ipiletsa ka matla phatlalatsa hore batho ba be le tumelo ho eena ‘joaloka leseli le tlileng lefatšeng.’—12:19, 28, 36, 46.
22. Jesu o fana ka mohlala ofe sejong sa Paseka, hona o fana ka taelo efe e ncha?
22 Keletso ea Jesu ha a arohana le baapostola ba tšepahalang (13:1–16:33). Ha sejo sa mantsiboea sa Paseka le ba 12 se ntse se tsoela pele, Jesu oa ema ’me, a hlobola seaparo sa hae se ka holimo, o nka thaole le sekotlolo ’me o tsoela pele ho hlatsoa barutuoa ba hae maoto. Petrose oa ipelaetsa, empa Jesu o mo bolella hore le eena o lokela hore a mo hlatsoe maoto. Jesu o eletsa barutuoa ba hae hore ba latele mohlala oa hae oa boikokobetso, hobane “mohlanka ha a moholo ho morena oa hae.” O bua ka moeki ’me o leleka Judase. Hoba Judase a tsoe, Jesu o qala ho bua ka botsoalle bo haufi-ufi le ba bang. “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—13:16, 34, 35.
23. E le matšeliso, ke tšepo efe le mothusi ofe ea tšepisitsoeng tseo Jesu a buang ka tsona?
23 Jesu o bua mantsoe a babatsehang a matšeliso ho balateli ba hae nakong ena e mahlonoko. Ba tlameha ho bontša tumelo ho Molimo le ho eena. Ntlong ea Ntat’ae, ho na le bolulo bo bongata, ’me o tla tla hape ’me a ba amohelle hae ho eena. Jesu o re, “Ke ’na tsela, le ’nete. . . . ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” Ka mokhoa o tšelisang o bolella barutuoa ba hae hore ka ho bontša tumelo, ba tla etsa mesebetsi e meholoanyane ho feta eena le hore o tla ba neha ntho efe le efe eo ba e kōpang ka lebitso la hae, e le hore Ntate oa hae a tle a tlotlisoe. O ba tšepisa mothusi e mong, “Moea oa ’nete,” o tla ba ruta lintho tsohle ’me o ba hopotse tsohle tseo a ba bolelletseng tsona. Ba lokela ho thaba hore e be oa tsamaea o ea ho Ntate oa hae, Jesu o re, hobane “Ntate o moholo ho ’na.”—14:6, 17, 28.
24. Jesu o bua joang ka kamano ea hae le baapostola le Ntate, ka mahlohonolo afe ho bona?
24 Jesu o bua ka eena e le sefate sa morara sa ’nete ’me Ntat’ae e le molemi. O ba khothalletsa hore ba lule kopanong le eena, a re: “Moo Ntate a tlotlisoang teng, ke ha le bea haholo: le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.” (15:8) Joale thabo ea bona e ne e tla tlala joang? Ka ho ratana feela joalokaha a ba ratile. O ba bitsa metsoalle. Ke kamano ea bohlokoa hakaakang! Lefatše le tla ba hloea joalokaha le ile la mo hloea, ’me le tla ba hlorisa, empa Jesu o tla romela mothusi ho tla mo pakela le ho tataisa barutuoa ba hae ’neteng eohle. Masoabi a bona a hona joale a tla felisoa ke thabo ha a ba bona hape, ’me ha ho ea tla ba amoha thabo ea bona. Mantsoe a hae ke a thobang: “Ntate ka boeena o na le kameho e mofuthu ho lōna, hobane le bile le kameho e mofuthu ho ’na ’me le lumetse hore ke tsoile ke le moemeli oa Ntate.” (NW) E, ba tla hasanngoa, empa Jesu o re, “Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—16:27, 33.
25. (a) Jesu o lumela eng thapelong ho Ntate oa hae? (b) O kōpa eng ka eena, barutuoa ba hae, le ba tla bontša tumelo ka lentsoe la bona?
25 Thapelo ea Jesu molemong oa barutuoa ba hae (17:1-26). Ka thapelo Jesu oa lumela ho Ntate oa hae: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” Kaha o qetile mosebetsi oo a neng a o abetsoe lefatšeng, joale Jesu o kōpa ho tlotlisoa pel’a Ntat’ae ka khanya eo a neng a e-na le eona pele lefatše le e-ba teng. O tsebisitse barutuoa ba hae lebitso la Ntate oa hae ’me o kōpa hore Ntate a ba lebele ‘ka baka la lebitso la Hae.’ O kōpa Ntate, e seng hore ba tlosoe lefatšeng, empa ho ba boloka ho e mobe le ho ba halaletsa ka lentsoe la Hae la ’nete. Jesu o pharalatsa thapelo ea hae ho akarelletsa le bohle ba tlang ho bontša tumelo ka ho utloa lentsoe la barutuoa ba hae, “bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena; le bona ba be bang ho rōna, hore lefatše le tle le lumele hoba u nthomile.” O kōpa hore bana le bona ba kopanele le eena khanyeng ea hae ea leholimo, hobane o ba tsebisitse lebitso la Ntate, hore lerato la Hae le be teng ho bona.—17:3, 11, 21.
26. Tlaleho e re’ng ka ho tšoaroa ha Jesu le ho qosoa ha hae?
26 Kreste o ba nyeoeng ’me oa khokhotheloa (18:1–19:42). Jesu le barutuoa ba hae joale ba ea serapeng se seng ka ng’ane ho Phula ea Kedrone. Ke mona moo Judase a hlahang le sehlopha sa masole ’me o eka Jesu, ea lumelang habonolo. Leha ho le joalo, Petrose o mo sireletsa ka sabole ’me oa khalemeloa: “Na nke ke ka noa senoelo see ke se neiloeng ke Ntate?” (18:11) Joale Jesu o isoa a tlamiloe ho Anna, mohoe oa Kaiafa, moprista e moholo. Johanne le Petrose ba ba latela haufi-ufi, ’me Johanne o fumana mokhoa oa hore ba kene lebaleng la moprista e moholo, moo Petrose a latolang ka makhetlo a mararo hore o tseba Kreste. Jesu o botsoa ke Anna pele eaba joale o tlisoa ka pel’a Kaiafa. Ka morao ho moo, Jesu o isoa ka pel’a ’musisi oa Moroma Pilato, moo Bajode ba batlang hore a ahloleloe lefu.
27. (a) Pilato o phahamisa lipotso life ka borena le matla, ’me Jesu o hlalosa joang? (b) Bajode ba nka lehlakore lefe ka borena?
27 Potsong ea Pilato ea hore, “U morena na?” Jesu oa arabela: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (18:37) Pilato, a sa fumane bopaki ba sebele khahlanong le Jesu, o batla ho mo lokolla, joalokaha e ne e le tloaelo ho lokolla motšoaruoa e mong ka Paseka, empa ho e-na le hoo Bajode ba batla senokoane Barabbase. Pilato o etsa hore Jesu a shapuoe, ’me o leka ho mo lokolla hape, empa Bajode baa hoeletsa: “Mo thakhise, mo thakhise! . . . hobane o ikentse Mora oa Molimo.” Ha Pilato a bolella Jesu hore o na le matla a ho mo thakhisa, Jesu oa arabela: “U ka be u se na matla ho ’na le hanyenyane, hojane ha ua a neoa a e-tsoa holimo.” Bajode ba boetse baa hoeletsa: “Mo tlose, mo tlose, mo thakhise! . . . Ha re na morena, ha e se Cesare.” Mothating ona, Pilato o nehelana ka eena hore a thakhisoe.—19:6, 7, 11, 15.
28. Ho etsahala eng Golgotha, ’me ho phethahala boprofeta bofe moo?
28 Jesu o isoa “nģalong e bitsoang Lehata, eo, ka se-heberu, ho thoeng, ke Golgotha,” ’me o thakhisoa pakeng tsa ba bang ba babeli. Ka holim’a hae Pilato o otlella sehlooho se reng “Jesu oa Nazaretha, morena oa ba-Jode,” se ngotsoe ka Seheberu, Selatine, le Segerike, hore bohle ba bone le ho utloisisa. (19:17, 19) Jesu o bea ’mè oa hae tlhokomelong ea Johanne ’me, ka mor’a ho amohela veine e bolila, o re: “Ho phethehile.” Joale o inamisa hlooho oa shoa. (19:30) Phethahatsong ea boprofeta bona, sehlopha sa masole a bolaeang se laola liaparo tsa hae ka lotho, se ithiba ho roba meomo ea hae, ’me se mo hlaba lehlakoreng ka lerumo. (Joh. 19:24, 32-37; Pes. 22:18; 34:20; 22:17; Zak. 12:10) Ka morao ho moo, Josefa oa Arimathea le Nikodema ba lokisa setopo bakeng sa lepato ’me ba se bea lebitleng le lecha la khopotso le haufi le moo.
29. (a) Jesu ea tsositsoeng o hlaha a le joang ho barutuoa ba hae? (b) Jesu o phahamisa lintlha life lipolelong tsa hae tsa ho qetela ho Petrose?
29 Ho hlaha ha Kreste ea tsositsoeng (20:1–21:25). Tlhophiso ea Johanne ea bopaki mabapi le Kreste e fella ka tlhokomeliso e thabisang ea tsoho. Maria Magdalena o fumana lebitla le le feela, ’me Petrose le moapostola e mong (Johanne) ba mathela moo empa ba bona malapi a tlamisang feela le lesela la hloohong tse setseng. Maria, ea ileng a sala pel’a lebitla, o bua le mangeloi a mabeli ’me qetellong, o nahana hore o bua le molemi. Ha a arabela, “Maria!” kapele-pele oa hlokomela hore ke Jesu. Hape, Jesu o itlhahisa ho barutuoa ba hae ka mor’a mamati a notletsoeng, ’me o ba bolella ka matla ao ba tla a amohela ka moea o halalelang. Ka morao ho moo, Thomase, ea neng a le sieo, o hana ho lumela, empa matsatsi a robeli hamorao Jesu o boetse oa hlaha ’me o mo fa bopaki, boo Thomase a reng ka bona: “Morena oa ka le Molimo oa ka!” (20:16, 28) Matsatsi hamorao Jesu o boetse o kopana le barutuoa ba hae, Leoatleng la Tiberiase; o etsa hore ba tšoase litlhapi ka mohlolo ’me joale o ja lijo tsa hoseng le bona. Ka makhetlo a mararo o botsa Petrose hore na oa mo rata. Ha Petrose a phehella hore oa mo rata, Jesu o re ka ho toba: “Alosa likonyana tsa ka,” “Lisa linku tsa ka,” “Alosa linku tsa ka.” Joale o profeta hore na ke ka lefu la mofuta ofe Petrose a tlang ho tlotlisa Molimo. Petrose o botsa ka Johanne, ’me Jesu o re: “Ekare ha ke rata hore a lule ke be ke tle, e ka ba eng ho uena?”—21:15-17, 22.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
30. Johanne o hatisa tšobotsi ea lerato ka ho khetheha joang?
30 Li le matla ka ho toba ha tsona le tlaleho ea tsona e bontšang botsoalle bo haufi le e khathollang ea Lentsoe, leo e bileng Kreste, litaba tse molemo “ho latela Johanne” li re fa pono e felletseng ka Mora enoa ea tlotsitsoeng oa Molimo ka polelo le ka ketso. Le hoja mokhoa oa Johanne le mantsoe a hae e le tse bonolo, li mo tšoaea e le ea ‘sa rutehang, le motho feela,’ ho na le matla a maholohali lipolelong tsa hae. (Lik. 4:13) Kosepele ea hae e phahamela holimo-limo ho tsebahatseng lerato le haufi-ufi pakeng tsa Ntate le Mora, hammoho le kamano e hlohonolofalitsoeng, e lerato e ka fumanoang ka ho ba kopanong le bona. Johanne o sebelisa mantsoe “lerato” le “ratoang” hangata ho feta Likosepele tse ling tse tharo li kopane.
31. Ke kamano efe e hatisoang Kosepeleng eohle ea Johanne, hona e fihla tlhōrōng ea eona joang?
31 Qalong ke kamano e khanyang hakaakang e neng e le teng pakeng tsa Lentsoe le Molimo Ntate! Ka tumello ea Molimo “Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna le tletse mohau le ’nete, ’me re bohile khanya ea lona, e kang khanya ea Mora a ’notši ea tsoang ho Ntate.” (Joh. 1:14) Joale, tlalehong eohle ea Johanne, Jesu o hatisa kamano pakeng tsa hona e le ea ho utloa thato ea Ntate ntle ho pelaelo. (4:34; 5:19, 30; 7:16; 10:29, 30; 11:41, 42; 12:27, 49, 50; 14:10) Polelo ea hae ka kamano ena e haufi-ufi e fihla tlhōrōng ea eona e khanyang thapelong e susumetsang e tlalehiloeng ho Johanne khaolo ea 17, moo Jesu a tlalehelang Ntate oa hae hore o qetile mosebetsi oo A neng a mo file oona hore a o etse lefatšeng ’me oa phaella: “Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.”—17:5.
32. Ke ka lipolelo life Jesu a bontšang kamano ea hae le barutuoa ba hae le hore ke eena mocha o le mong oo ka oona mahlohonolo a bophelo a ka tlang ho batho?
32 Ho thoe’ng ka kamano ea Jesu le barutuoa ba hae? Karolo ea Jesu e le oona mocha feela oo ka oona mahlohonolo a Molimo a atolosetsoang ho bana le ho batho bohle e beoa ka pele ka ho sa phetseng. (14:13, 14; 15:16; 16:23, 24) Ho buuoa ka eena e le “Konyana ea Molimo,” “bohobe ba bophelo,” “leseli la lefatše,” “molisa ea molemo,” “tsoho le bophelo,” “tsela, le ’nete, le bophelo,” le “sefate sa ’nete sa morara.” (1:29; 6:35; 8:12; 10:11; 11:25; 14:6; 15:1) Ke ka tlas’a papiso ena ea “sefate sa ’nete sa morara” Jesu a tsebahatsang bonngoe bo babatsehang bo teng e seng feela pakeng tsa hae le barutuoa ba hae empa hape le Ntate. Ka ho bea litholoana tse ngata, ba tla tlotlisa Ntate oa hae. Jesu oa eletsa, “Joale ka ha Ntate a nthatile, le ’na ke le ratile joalo; lulang leratong la ka.”—15:9.
33. Ke morero ofe oa tšebeletso ea hae oo Jesu a o bontšang thapelong?
33 Joale o rapela Jehova ka matla hakaakang hore bana bohle ba ratoang, le ‘ba lumelang ho eena ka lentsoe la bona,’ ba be bang le eena le Ntate oa hae, ba halalelitsoe ka lentsoe la ’nete! Ka sebele, morero ’ohle oa tšebeletso ea Jesu o boletsoe ka mokhoa o babatsehang mantsoeng a ho qetela a thapelo ea hae ho Ntate oa hae: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona, le ’na ke be ho bona.”—17:20, 26.
34. Jesu o fane ka keletso efe e molemo mabapi le ho hlōla lefatše?
34 Le hoja Jesu a ne a siea barutuoa ba hae lefatšeng, o ne a ke ke a ba siea ba se na mothusi, “Moea oa ’nete.” Ho feta moo, o ile a ba fa keletso e nakong ka kamano ea bona le lefatše, a ba bontša kamoo ba ka hlōlang joaloka “bana ba leseli.” (14:16, 17; 3:19-21; 12:36) Jesu a re: “Ekare ha le tiisetsa lentsoeng la ka, le tla ba barutuoa ba ka ka ’nete: le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” Ha ho bapisoa, o itse ho bana ba lefifi: “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. . . . ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena.” Joale, a re ikemisetseng ka mehla ho ema re tiile ’neteng, e, re “rapela Ntate ka moea le ka ’nete,” le ho fumana matla mantsoeng a Jesu: “Le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—8:31, 32, 44; 4:23; 16:33.
35. (a) Jesu o fana ka bopaki bofe mabapi le ’Muso oa Molimo? (b) Ke hobane’ng ha Kosepele ea Johanne e fana ka lebaka la ho thaba le ho leboha?
35 Tsena tsohle li boetse li amana le ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a paka ha a le tekong: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” Joale, ha a arabela potso ea Pilato, o itse: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” (18:36, 37) Ka sebele ho thabile bao ba mamelang le ba ‘tsoetsoeng la bobeli’ ho “kena ’musong oa Molimo” kopanong le Morena. Ho thabile “linku tse ling” tse mamelang lentsoe la Morena enoa eo e leng Molisa ’me li fumane bophelo. Ka sebele ho na le lebaka la ho leboha tokisetso ea Kosepele ea Johanne, hobane e ngotsoe hore “le tle le lumele hobane Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo le hore, ka ho lumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.”—3:3, 5; 10:16; 20:31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Ecclesiastical History, Eusebius, V, VIII, 4.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 323.
c Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 57-8.