Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng
Gerizime—‘Re ne re Rapela Thabeng Ena’
MOSALI oa Mosamaria selibeng. Na poleloana eo ha e u hopotse tlaleho e amang pelo ea ha Jesu a ne a behela mosali e mong bopaki bo sa reroang ‘selibeng sa Jakobo’ Sikare, motseng oa Samaria? Na u ka rata ho chorisa pono ea hao ea ketsahalo eo ea bohlokoa?—Johanne 4:5-14.
Hlokomela lithaba tse peli tse ka holimo, tse ka bang lik’hilomithara tse 50 ka leboea ho Jerusalema.a Ka letsohong le letšehali (boroa) ke Gerizime e aparetsoeng ke lifate; liliba tse ngata li tlatsetsa ho noneng ha eona le botleng ba eona. Ka letsohong le letona (leboea) ke Ebale, e batlang e phahame empa e tletse majoe ’me e hlobotse.
Lipakeng tsa tsona ke phula e nonneng ea Sikeme. Hopola hore ha motsoalle oa Molimo Abrame (eo hamorao a ileng a bitsoa Abrahama) a le tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng, o ile a khefutsa Sikeme. Mona o ile a ahela Jehova aletare, ea neng a sa tsoa itlhahisa ho eena ’me a tšepisa peō ea hae naha ena. (Genese 12:5-7) E ne e le sebaka se loketseng hakaakang bakeng sa ho etsa tšepiso e joalo, hona ka hare ho naha! A le tlhōrōng ea Gerizime kapa Ebale, mopatriareka o ne a ka bona likarolo tse khōlō tsa Naha e Tšepisitsoeng. Motse oa Sikeme (eo mehleng ena e bitsoang Nablus) e ne e le setsi sa bohlokoa, se le tseleng ea thaba e tlohang leboea ho ea boroa e haufi le tsela e tlohang bochabela ho ea bophirima pakeng tsa lebōpo la leoatle le Phula ea Jordane.
Aletare ea Abrahama e ne e le ntšetso-pele ea bolumeli e le ’ngoe e hlokomelehang mona. Hamorao, Jakobo o ile a reka naha sebakeng sena ’me a ntšetsa borapeli ba ’nete pele. O ile a boela a cheka kapa a lefella ho chekoa ha seliba se tebileng, haufi le karolo e tlaase ea Gerizime. Makholo a lilemo hamorao mosali oa Mosamaria o ile a bolella Jesu: “Ntat’a rōna moholo Jakobo, ea re neileng seliba sena . . . , o noele ho sona.” E ka ’na eaba se ne se fepeloa metsi ke molatsoana, e leng ho ka hlalosang hore na ke hobane’ng ha moapostola Johanne a ileng a se bitsa “seliba sa Jakobo.”
Ho boleloa ha borapeli ba ’nete mabapi le Gerizime le Ebale ho ka ’na ha boela ha u hopotsa hore Joshua o ile a tlisa Baiseraele mona, joalokaha Moshe a ne a laetse. Joshua o ile a haha aletare Ebale. Ak’u nahane halofo ea batho e le ka pele ho Gerizime ’me ba bang bohle ba le ka pele ho Ebale ha Joshua a ne a bala “molao, lihlohonolofatso le lithohako.” (Joshua 8:30-35; Deuteronoma 11:29) Lilemo hamorao, Joshua o ile a khutla ’me e le keletso ea ho qetela a re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” Sechaba se ile sa itlama hore le sona se tla etsa se tšoanang. (Joshua 24:1, 15-18, 25) Empa na ka sebele se ne se tla etsa joalo?
Karabo e ka ’na ea u thusa ho utloisisa puisano ea Jesu le mosali oa Mosamaria. Koana, borapeli ba ’nete bo neng bo lateloa ke Abrahama, Jakobo, le Joshua ha boa ka ba tsoela pele mona Samaria.
Ka mor’a hore meloko e leshome e ka leboea e ikarole, e ile ea fetohela borapeling ba namane. Kahoo Jehova o ile a lumella Baassyria ho hapa sebaka sena ka 740 B.C.E. Ba ile ba tsamaea le boholo ba batho ba moo, ’me ba tlisa melata e tsoang libakeng tse ling ’musong oa Assyria bakeng sa ho ba nkela sebaka, barapeli ba melimo e makatsang. E ka ’na eaba ba bang ba bahetene bao ba ile ba nyalana le Baiseraele ’me ba ithuta tse ling tsa lithuto tsa borapeli ba ’nete, tse kang lebollo. Empa mofuta oa ho qetela oa borapeli ba Samaria ka sebele e ne e se o khahlisang Molimo.—2 Marena 17:7-33.
Borapeling ba bona bo kopaneng, Basamaria ba ne ba amohela libuka tsa pele tse hlano tsa Moshe feela ho ba Mangolo, Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. Hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo B.C.E., ba ile ba emisa tempele Thabeng ea Gerizime, e le ho hlōlisana le tempele ea Molimo e Jerusalema. Hamorao tempele e Gerizime e ile ea neheloa ho Zeuse (kapa, Jupitere) ’me qetellong e ile ea senngoa. Ho ntse ho le joalo, borapeli ba Samaria bo ile ba tsoela pele khubu ea bona e ntse e le Gerizime.
Ho tla fihlela kajeno, Basamaria ba ntse ba tšoarela mokete oa bona oa Paseka oa selemo le selemo Gerizime. Ho hlajoa likonyana tse ngata. Litopo tsa tsona li inoa ka meqomong ea metsi a belang e le hore boea ba tsona bo ka hlothoa, ebe nama ea tsona e phehoa ifo lihora tse ngata. Har’a mpa ea bosiu Basamaria ba makholo, boholo ba bona e leng ba tsoang Jerusalema, ba ja lijo tsa bona tsa paseka. Ka ho le letšehali, u ka bona moprista e moholo oa Mosamaria, a koahetse hlooho, a tsamaisa mokete oa Paseka Thabeng ea Gerizime.
Hopola seo mosali oa Mosamaria a ileng a se bolella Jesu: “Bo-ntat’a rōna ba ne ba rapela thabeng eo.” Jesu o ile a mo fa tlhaloso e nepahetseng, esita le rōna: “Nako ea tla, eo le sa tl’o ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema. . . . Empa nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:20-24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka hlahlobisisa setšoantšo sena se le seholoanyane ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1993.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]
Garo Nalbandian
Garo Nalbandian