Na u Lakatsa ho Mamela Molimo?
HA RE bala Bibele, re hlokomela kapele hore boemo ba batho lekholong la pele la lilemo bo ne bo tšoana ka litsela tse ngata le ba rōna kajeno. Ho ne ho e-na le boitšoaro bo bongata bo bobe le ho se tšepahale, ka ho khetheha har’a baahelani ba Iseraele ba se nang melao ea boitšoaro, moo boitšoaro bo bobe hangata e neng e le karolo ea bolumeli. Bophelo bo ne bo sa tsitsa ho batho ba futsanehileng, ’me ho ne ho e-na le mathata a bopolotiki. Ka selemo sa 66 C.E., Iseraele le Roma li ile tsa ameha ntoeng e akaretsang. Mehleng eo, joaloka hona joale, batho ba ne ba hloka thuso.
Bolumeling, lintho tse tšoanang pakeng tsa mehleng eo le nakong ea rōna li ngata. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajode e ne e le baikaketsi. (Mattheu 23:15; Luka 20:46, 47) Lefatšeng la bao e seng Bajode, maikutlo a bolumeli a ne a fapana ho tloha khopolong ea hore liketso tsa batho li susumetsoa ke boithati ho ea ho tumela-khoela le chesehong ea bolumeli e feteletseng. (Bapisa Liketso 14:8-13; 19:27, 28.) Esita le ka phuthehong ea Bokreste e ncha ha ho bapisoa, hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e lokile. Qetellong ea lekholo la lilemo, moapostola Johanne o ile a lemosa: “Bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng.” (2 Johanne 7) E, le morao koo, keletso ea bolotsana e ne e fanoa tabeng ea bolumeli. Leha ho le joalo thuso e tšepahalang e ne e fumaneha.
Na u ka be u Ile ua Mamela Jesu?
Jesu e ne e le e mong ea neng a fana ka keletso e utloahalang mehleng eo. E ne e le e susumetsang haholo hoo re balang sena ka phello ea eona: “Matšoele a tsota thuto ea hae.” (Mattheu 7:28) Empa ke ba fokolang har’a matšoele ao ba hlileng ba mamela seo a se buang. Jesu o ile a etsa mesebetsi ea mohlolo ’me a beha mohlala o motle oa bophelo le boitšoaro ba bomolimo. Empa, esita le baeta-pele ba boleloang ba rutehile hamolemo ba ile ba hana ho bona bohlokoa ba seo a se boletseng. Hobane’ng?
Ka tekanyo e khōlō, e ne e le taba ea leeme. Ba bang ba ne ba nyelisa Jesu hobane a ne a tsoa Nazaretha. Ba bang ba ile ba mo furalla hobane a ne a sa kena sekolo leha se le seng sa bona a bile a se na litšebelisano le sehlopha se busang. (Johanne 1:46; 7:12, 15, 47, 48) Ho feta moo, ka mehla Jesu o ne a sa bue seo batho ba ratang ho se utloa. O ne a bua ’nete feela, ’me Bafarisi, ka mohlala, hangata ba ne ba khopisoa ke mantsoe a hae. (Mattheu 15:12-14) Ka sebele, ka mor’a hore e be o ile a bolela ka lilemo tse tharo le halofo, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ile ba ’molaea. (Luka 23:20-35) Ba ile ba lahleheloa ke monyetla o mokaakang, kaha Jesu a ne a e-na le “mantsoe a bophelo bo sa feleng”!—Johanne 6:68.
Haeba u ne u phela Jerusalema ka nako eo, na u ka be u ile ua latela baeta-pele ba bolumeli le ba bang bohle ba letšoele? Kapa na u ka be u ile ua ba le kelello e bulehileng ka ho lekaneng ho utloisisa moelelo oa seo Jesu a neng a se bolela? Haeba ho joalo, u ka be u ile ua tšoana le mosali ea ikhethang eo Jesu a ileng a teana le eena ha a ntse a le maetong a hae.
E Mong ea Kileng a Mamela
O ile a teana le mosali enoa ha a ntse a tsamaea Samaria. O ne a lutse fatše pel’a seliba hore a phomole, ’me mosali eo o ile a tla ho tla kha metsi ha a ntse a le moo. Ha re tsebe lebitso la hae, empa Bibele e tlaleha hore Jesu, ho sa tsotellehe ho khathala ha hae, o ile a nka monyetla oo ho bua le eena ka bolumeli.—Johanne 4:5-15.
Joale, ho ne ho e-na le mabaka a mangata ao ka ’ona mosali enoa a ka beng a ile a hana katamelo ea Jesu. E ne e le oa bolumeli bo fapaneng—tsela ea Basamaria ea ho rapela e ne e fapane le ea Bajode. Hape, Bajode ba ne ba khella Basamaria fatše ’me ba ne ba hana ho kopana le bona. Hape, le banna ba Bajode ka tloaelo ba ne ba sa buisane le basali bao ba sa ba tsebeng. (Johanne 4:9, 27) Ho feta moo, mosali enoa oa Mosamaria o ne a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, ’me o ne a ka ’na a halefa ha ho hlaha monyetla oa hore a nyefoloe kapa hore libe tsa hae li pepesoe.—Johanne 4:18.
Leha ho le joalo, ena hase tsela eo a ileng a itšoara ka eona. Ho e-na le hoo, o ile a botsa lipotso tse utloahalang ha a arabela katamelo ea Jesu e bohlale, e tsosang thahasello. Ha puisano e ntse e tsoela pele, o ile a kena boemong bo thata, a ipapisitse le ho hloka kutloano ha bolumeli ho neng ho le teng pakeng tsa Bajode le Basamaria. Jesu o ile a araba ka mosa empa e le ka ho toba, a bolella mosali: “Lōna, le rapela seo le sa se tsebeng; rōna, re rapela seo re se tsebang.” (Johanne 4:19-22) Empa ha aa ka a khopeha. Kelello ea hae e bulehileng e ne e le boemong bo loketseng ho utloa ho eketsehileng.
Kahoo Jesu o ile a tsoela pele ka phatlalatso ea bohlokoa: “Empa nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) Hamorao, mosali enoa ea nang le kelello e bulehileng o ile a bontša kananelo ka ho bolella baahelani ba hae ka cheseho seo a neng a ithutile sona. Hamorao, ba ile ba batla boitsebiso bo tsoelang pele ka ho mamela mantsoe a Jesu.—Johanne 4:39-42.
Ke eng seo re ka ithutang sona ho see? Haeba re phela sebakeng seo ho sona ho nang le lehloeo la merabe, la bochaba, kapa la bolumeli, re arabela joang haeba e mong oa morabe o fapaneng, bochaba, kapa bolumeli a re atamela? Na re tlatsa lerata ha ho buuoa lintho tse ka ’nang tsa re hlahisa re le phoso? Kapa na re lakatsa hore bonyane re bue, joaloka mosali oa Mosamaria?
Na u ka be u Ile ua Mamela Pauluse?
E mong ea ileng a fana ka keletso e ntle nakong ea lekholo la pele la lilemo e ne e le moapostola Pauluse. Ka nako e ’ngoe Pauluse le eena o ne a e-na le kelello e koalehileng. O ile a bolela: “’Na, eo ke neng ke le monyefoli pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetsoe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se lumeleng.” (1 Timothea 1:13) Leha ho le joalo, o ile a amohela ’nete e buang ka Jesu Kreste ’me a lahla leeme la hae. Mohlala oa hae o bontša hore ’nete ea Bibele e ka thusa ‘ho liha liqhobosheane’ ka pelong haeba lintho tse joalo li le kotsi boiketlong ba rōna.—2 Ba-Korinthe 10:4.
Hang hoba e be Mokreste, Pauluse o ile a tsamaea ka sebete ho hasa litaba tse molemo tseo a neng a ithutile tsona. ’Me joalokaha ho ne ho ka lebelloa, o ile a thulana le boemo bo tšoanang ba ho koaleha kelello hoo eena ka boeena a kileng a ba le hona—empa eseng maemong ’ohle. Berea, ka leboea ho Greece, o ile a fumana ba bang ba pelo li bonolo bao e neng e le mohlala o motle oa kamoo ho ka mameloang keletso kateng. Bana ba ile ba elelloa ’nete e utloahalang mantsoeng a Pauluse. Ka hona, “ba amohela lentsoe ka cheseho e khōlō ea kelello.” Empa ba ne ba bulehile ka kelellong, ba sa qhekellehe. Ba ile ‘ba hlahlobisisa Mangolo ka hloko ka mehla hore na litaba tseo li joalo na.’ (Liketso 17:11, NW) Ba ile ba rata seo ba se utloileng, le hoja ba ile ba hlahloba bonnete ba sona ka Bibele pele ba se amohela ka ho felletseng.
“Kholisehang ka Lintho Tsohle”
Mehleng ea rōna, Lipaki tsa Jehova li qeta nako e ngata li leka ho arolelana litaba tse molemo tsa ’Muso le baahisani ba tsona ba malumeling a mang. Ke karabelo efe eo Lipaki li e fumanang? Batho ba bangata ba nang le botsoalle ba thabela ho li amohela. Empa ba ’maloa baa hana, ’me ba bang ba bile baa halefa hobane Lipaki li ba etela.
Hona hoa soabisa, kaha seo Lipaki tsa Jehova li batlang ho bua ka sona se bitsoa “litaba tse molemo” ka Bibeleng. (Mattheu 24:14, NW) Ho feta moo, li khothalletsa boikutlo ba moapostola Pauluse, ea itseng: “Kholisehang ka lintho tsohle; tiisetsang ho tse molemo.” (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Ka sebele, esita leha motho e mong a e-na le maikutlo a matla, joaloka Baberea le mosali oa Mosamaria, motho eo o lokela ho ba le kelello e bulehileng ka ho lekaneng ho bua le ba bang ka Molimo.
Ke Hobane’ng ha u Lokela ho ba le Kelello e Bulehileng?
Ka ho thabisang, selemo ka seng ba makholo a likete ba etsa hona hoo. Ba bangata ba ithuta ho elelloa bohlale boo Bibele e bo fupereng, ’me liphello ke tsa sebele, liphetoho tsa ka mehla bophelong ba bona. Ba bang pejana ba ne ba tšoana le Janet, mosetsana ea nang le pale e telele ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala eo qetellong a ileng a susumelletseha ho leka ho ipolaea. Kajeno, Janet ke motho ea thabileng oa Mokreste. Ho ithuta ha hae Bibele ho ile ha mo thusa ho fumana matla a ho latela keletso ea Pauluse: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.”—2 Ba-Korinthe 7:1.
Vernon e ne e le lekhoba la tahi, ’me lenyalo la hae le ne le le kotsing ea ho qhalana. Empa ho latela keletso ea Bibele ho ile ha mo nolofaletsa ho hlōla bofokoli bona le ho boelana le mosali oa hae. (1 Ba-Korinthe 6:11) Debra o ne a e-na le lehloeo le matla la merabe. Empa thuto ea Bibele le ho kopanela le batho ba Bakreste ho ile ha mo thusa ho lokisa monahano oa hae. (Liketso 10:34, 35) ’Me ke mang ea neng a ka lumela liphetoho tse neng li ka etsahala bophelong ba mocha oa letekatse Netherlands ha, ka letsatsi le leng, a lumela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova? Kapelenyana, e ne e se e le Mokreste ea kolobelitsoeng ea phelang bophelo bo hloekileng ’me ka boikarabelo a hlokomela bana ba hae.
Liphihlelo tse joalo li phetoa hangata ha batho ba mamela seo Bibele e se bolelang. Bophelo ba bona bo ntlafala ka litsela tseo ba bangata ho bona ba sa kang ba nahana hore le ka mohla li ka etsahala. Habohlokoahali, ba fumana kamano le Molimo, e le hore ba ka o rapela ka tieo joaloka “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mattheu 6:9) ’Me ba fumana tšepo e tiileng, e sa thekeseleng bakeng sa bokamoso ha ba ntse ba latsoa ’nete ea mantsoe a Jesu: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Ona ke mofuta oa boitsebiso boo Lipaki tsa Jehova li batlang ho buisana ka bona ha li ntšetsa pele tšebeletso ea tsona le ho etela baahelani ba tsona. Mohlomong, li tla u etela hape haufinyane. Na u tla ba le kelello e bulehileng ka ho lekaneng hore u ka li mamela?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Mosali oa Mosamaria ha aa ka a lumella hore leeme le mo thibele ho mamela Jesu. Na u na le kelello e bulehileng ka ho lekanang?