-
Phomolo ea Molimo ke Eng?Molula-Qhooa—2011 | July 15
-
-
3. Mantsoe a Jesu a ho Johanne 5:16, 17 a bontša joang hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele lekholong la pele la lilemo?
3 Ho na le mabaka a mabeli a etsang hore re fihlele qeto ea hore letsatsi la bosupa le ne le ntse le tsoela pele lekholong la pele la lilemo C.E. La pele, hlokomela mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ho bahanyetsi ba neng ba mo nyatsa ha a phekola ka Sabatha, kaha ba ne ba nka hore oa sebetsa ka ho etsa joalo. Morena o ile a re ho bona, “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:16, 17) O ne a bolela’ng? Jesu o ne a qosoa ka hore o sebetsa ka Sabatha. O ile a araba qoso ea bona ka ho re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa.” Ha e le hantle Jesu o ne a re ho batho bana ba mo nyatsang: ‘’Na le Ntate re etsa mosebetsi o tšoanang. Kaha Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa nakong ena eohle ea Sabatha ea hae ea lilemo tse likete, ke ho loketseng ka ho feletseng hore le ’na ke ’ne ke tsoele pele ho sebetsa, esita le ka Sabatha.’ Kahoo, Jesu o ne a bolela hore mabapi le lefatše, letsatsi la Molimo le leholo la Sabatha, e leng letsatsi la bosupa, le ne le e-s’o fele ha a sa le lefatšeng.a
-
-
Phomolo ea Molimo ke Eng?Molula-Qhooa—2011 | July 15
-
-
5. Morero oa letsatsi la bosupa e ne e le ofe, ’me o tla phethahala ka botlalo neng?
5 E le hore re arabe potso eo, re lokela ho hopola morero oa letsatsi la bosupa. Genese 2:3 e re hlalosetsa hore na morero oo ke ofe ha e re: “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa.” Jehova o ile a “halaletsa” letsatsi leo—a le khetha—e le hore a phethe morero oa hae. Morero oo ke hore lefatše le ahoe ke banna le basali ba ikokobelitseng ba tla le hlokomela ba be ba hlokomele le lintho tsohle tse phelang ho lona. (Gen. 1:28) Jehova Molimo le Jesu Kreste, “Morena oa sabatha,” ba ’nile ba “tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale,” e le hore ba phethe morero oo. (Mat. 12:8) Letsatsi la Molimo la phomolo le tla tsoela pele ho fihlela morero oa hae mabapi le lona o phethahetse ka botlalo qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.
-
-
Phomolo ea Molimo ke Eng?Molula-Qhooa—2011 | July 15
-
-
a Baprista le Balevi ba ne ba sebetsa tempeleng ka Sabatha ’me ba “tsoela pele ba se na molato.” Kaha Jesu ke moprista ea phahameng oa Molimo tempeleng e khōlō ea moea, e ne e se phoso hore a sebetse ka Sabatha ha a etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.—Mat. 12:5, 6.
-