Na Bibele Ea Itoantša?
BIBELE e phatlalatsa hore ‘Molimo o ke ke oa thetsa.’ (Ba-Heberu 6:18, TLP) Joale ke joang buka ea oona e neng e ka tlala liphapang tse totobetseng le ho se tšoane ho bonahalang ’me eaba e ntse e bitsoa Lentsoe la Molimo? E ne e ke ke ea ho etsa. Ua botsa, ‘Empa, ke hobane’ng ha e e-na le ho se tšoane?’
Joalokaha ho ka lebelloa bukeng eo ka makholo a lilemo ho neng ho e-na le mosebetsi o boima oa ho e kopitsa ka letsoho le e ileng ea hloka ho fetoleloa lipuong tse neng li buuoa mehleng eo, liphapang tse ling tsa bongoli li ile tsa kenella. Empa ha ho tse khōlō le tse boima hoo li ka tlisang khoao ea ho bululeloa ha Bibele le mohloli oa eona ka kakaretso. Ka ho hlahlobjoa ka hloko, ho bonahalang e le ho itoantša ho ka bontšoa hore ho ka rarolloa ka botšepehi. Hangata, batho ba bolelang hore Bibele ea itoantša ha baa etsa phuputso e feletseng ka bobona, empa ba mpa ba amohela khopolo ena eo ba e neoang ke ba sa batleng ho lumela Bibele le ho tsamaisoa ke eona. “Ea arabang a e-so ho utloe, o bontša bothoto ba hae, o ipakela lihlong,” ho lemosa Bibele ho Liproverbia 18:13.
Ka linako tse ling, boipelaetso bo bong ’neteng ea hore hase kamehla lingoli tsa Bibele li lumellanang litabeng tse amanang le lipalo, tlhahlamano ea liketsahalo, ho beoa ha mantsoe a qotsitsoeng, le tse ling. Empa nahana: Haeba u ne u ka kōpa lipaki tse ’maloa tse boneng ketsahalo e itseng ka mahlo ho ngola fatše seo li se boneng, na litlaleho tsohle li ne li tla lumellana ka ho feletseng ka mantsoe le ka lintlha? Haeba li ne li etsa joalo, na u ne u ke ke ua belaela hore ho ne ho e-na le ’mommori har’a lingoli? Kahoo, lingoli tsa Bibele le tsona li ne li lumelletsoe ke Molimo ho khomarela mokhoeng oa tsona o khethehileng oa ho ngola le puo, le hoja o ne o netefatsa hore likhopolo tsa oona le linnete tsa bohlokoa li ne li fetisoa ka ho nepahetseng.
Se qotsitsoeng mengolong ea pejana se ka ’na sa fetoloa hanyenyane ho tloha lipolelong tse neng li sebelisitsoe qalehong ho lumellana le litlhoko le morero tsa sengoli se secha, le hoja se ntse se boloka moelelo oa motheo le khopolo. Ho ka boleloa se tšoanang ka pokello ea liketsahalo. Sengoli se seng se ka ’na sa latela ka ho feletseng tlhahlamano ea liketsahalo ho ea ka nako, ha se seng se ka ’na sa thathamisa liketsahalo ho latela tsela eo li amanang le likhopolo ka eona. Ka ho tšoanang ho ne ho ka ’na ha siuoa lintlha tse ling kathōko ho latela pono ea litaba ea sengoli le tsela eo se khutsufatsang tlaleho ka eona. Ka baka leo, Mattheu o buile ka banna ba babeli ba lifofu e le ba folisitsoeng ke Jesu, ha Mareka le Luka ba bolela a le mong feela. (Mattheu 20:29-34; Mareka 10:46; Luka 18:35) Tlaleho ea Mattheu ha e loantšane le tse ling. O mpa a qaqisa haholoanyane ha ho tluoa lenaneng, ha Mareka le Luka ba shebane le monna eo Jesu a ileng a buisana le eena.
Ho ne ho boetse ho e-na le mekhoa e fapaneng ea ho bala nako. Sechaba sa Bajode se ne se sebelisa lialemanaka tse peli—alemanaka e halalelang le ea lefatše, kapa alemanaka ea temo—alemanaka ka ’ngoe e qala ka nako e fapaneng ea selemo. E ka ’na eaba lingoli tse fapanang ka khoeli le letsatsi ha li bua ka ketsahalo e tšoanang li mpa li sebelisa lialemanaka tse fapaneng. Joalokaha lingoli tsa Bochabela li tšoha li sebelisitse likaroloana tsa nako ea selemo, likarolo tsa selemo li ne li baloa e le lilemo tse feletseng. Li ne li etsoa palo e feletseng. Ka mohlala, hlokomela sena litlalehong tsa leloko tse fumanoang ho Genese khaolo 5.
Ho Nyalanya “Ho Itoantša”
Empa na ka Bibeleng ha ho litemana tse bolelang se hananang ka ho toba le seo litemana tse ling li se bolelang? A re ke re nahaneng ka tse seng kae tse ’nileng tsa boleloa ke batho ba bang ba nyatsang Bibele.
Ho Johanne 3:22 re bala hore Jesu o ne “a kolobetsa.” Empa tlaasenyana feela, ho Johanne 4:2, tlaleho e bolela hore: “E ne e se eena Jesu ea kolobetsang.” Empa joalokaha khaolo eo kaofela e bontša, e ne e le barutuoa ba Jesu ba hlileng ba kolobetsa ka lebitso la hae le tlas’a tataiso ea hae. Hona ho tšoana le tabeng ea rakhoebo le mongoli oa hae bao ka bobeli ba ka bolelang hore ba ngotse lengolo le itseng.
Joale temana e ’ngoe ke e ho Genese 2:2, NW, e tlalehang hore Molimo o ile oa phomola “mosebetsing oohle oa oona.” Ho fapaneng le hona ke polelo ea Jesu ho Johanne 5:17 moo a reng Molimo “o sa sebetsa le joale.” Empa joalokaha moelelo o bontša, tlaleho ea Genese e bua ka ho toba ka mesebetsi e bonahalang ea Molimo ea pōpo, ha Jesu a ne a bua ka mesebetsi ea Molimo mabapi le tataiso ea hae ea bomolimo le tlhokomelo ho batho.
Ho hong ho bonahalang e le ho itoantša ho fumanoa ka ho bapisa Exoda 34:7 (NW) le Ezekiele 18:20. Lengolo la pele le bolela hore Molimo o ne o tla tlisa “kotlo holim’a bara le litloholo bakeng sa phoso ea bo-ntat’a bona,” ha e latelang e bolela hore “Mora . . . a ke ke a jara letho la molato oa bokhopo ba ntat’ae.” Ke hobane’ng ha litemana tsee li bonahala li loantšana? Hobane li ntšitsoe moelelong. Hlahloba boitsebiso bo likolohileng le hore na e ne e le tlas’a maemo afe. Joale hoa hlaka hore ha Molimo o ne o bua ka hore kotlo e ne e sa tle feela holim’a bo-ntate empa le holim’a bara le litloholo tsa bona, o ne o bua ka phello e neng e tla tlela Baiseraele e le sechaba haeba ba ne ba o siteloa ’me ba isoa botlamuoeng. Ka lehlakoreng le leng, ha o bolela hore mora o ne a sa tl’o ikarabella bakeng sa phoso ea ntat’ae, o ne o bua ka ho ikarabella ha motho ka mong.
Liphapang li ka fumanoa, joaloka litlalehong tsa tsoalo ea Jesu kamoo li tlalehiloeng kateng ho Mattheu 1:18-25 le ho Luka 1:26-38. Empa na li bontša ho itoantša?
Na u kile ua bala libuka tse peli tse buang ka bophelo ba motho e mong ea tummeng? Haeba ho joalo, na u kile ua hlokomela hore libuka tsena tse buang ka bophelo ba hae li tla fapana le hoja e se hakaalo hore lia loantšana? Hangata, ke ka baka la maikutlo a botho a sengoli kapa mehloli ea boitsebiso eo se e sebelisitseng. Hape ho itšetlehile ka seo mongoli eo a utloang hore ke habohlokoa hore a ho bolele tlalehong ea hae, ntlha eo a e holisang, ’me a hopotse le batho bao a reretseng mosebetsi ’ona. Kahona, litlaleho tse ngotsoeng ho hopotsoe babali ba Balichaba li ne li tla fapana le tse ngoletsoeng babali ba Bajode, ba neng ba se ba ntse ba utloisisa ’me ba amohela linnete tse itseng.
Ena ke mehlala e fokolang feela ea litlaleho tse ling ka Bibeleng tseo, ntle le hore li qanolloe ka hloko, li bonahalang li loantšana. Empa ha li hlahlobjoa ka hloko, ho hopotsoe pono ea litaba ea sengoli le moelelo, hase ho itoantša ho hang e mpa e le likarolo tse hlokang ho batlisisoa ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba sitoa ho etsa boiteko bona bo hlokahalang, ’me ba ho fumana ho le bobebe haholoanyane hore feela ba re: “Bibele ea itoantša.”
E Tšoaneloa Ke Hore Re E Tšepe
Moea o halalelang oa Molimo o ile oa lumella lingoli tsa Bibele bolokolohi bo bongata ha li ngola litlaleho tsa tsona. (Liketso 3:21) Kahona, li ile tsa khona ho hlahisa setšoantšo se bontšang matla a hlollang a ho nahana le se thahasellisang sa seo li neng li se bona. Leha ho le joalo, ho se bue ha tsona ntho e tšoanang, ho hlile ho haha motheo oa ho lumela litaba tsa tsona le oa bonnete ba tsona, ho sa siee monyetla oa ho li qosa ka bolotsana le ka ’mommori. (2 Petrose 1:16-21) Le hoja bangoli ba ne ba fapane ka mekhoa ea bona ea ho bea litaba, kaofela ha bona ba ne ba supa nģa e le ’ngoe ’me ba e-na le morero o tšoanang: ho bontša batho seo Jehova Molimo a tla se etsa ho thabisa batho le hore na ka lehlakoreng la bona batho ba lokela ho etsa joang e le hore ba tle ba amoheloe ke Molimo.—Liproverbia 2:3-6, 9.
Bibele ke buka e ipiletsang matleng a rōna a ho nahana. Ea lumellana kaofela. Ha e itoantše. Libuka tsohle tse 66 (likhaolo tse 1 189 kapa litemana tse 31 173 ho latela King James Version) lia tšoaneleha hore re ka li tšepa ka ho feletseng. E, u ka tšepa Bibele!
[Lebokose le leqepheng la 6]
Haeba U Fumana Moo Bibele e “Itoantšang,” Na E Ka Ba Hore:
◆ Ha u hlokomele linnete tse itseng tsa histori kapa meetlo ea boholo-holo?
◆ Ha ua nahanisisa ka moelelo?
◆ Ha ua talima pono ea litaba ea sengoli?
◆ U leka ho etsa hore likhopolo tse fosahetseng tsa bolumeli li lumellane le seo Bibele e hlileng e se bolelang?
◆ U sebelisa phetolelo ea Bibele e nang le liphoso kapa e seng e sa amohelehe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Mattheu o itse banna ba babeli ba lifofu ba ile ba folisoa ke Jesu. Mareka le Luka ba boletse a le mong feela. Na hoo ke ho itoantša?