Jesu Kreste
Tlhaloso: Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, Mora feela ea hlahisitsoeng ke Jehova a inotši. Mora enoa ke letsibolo la tsohle tse bōpiloeng. Ka eena ho bōpiloe lintho tse ling tsohle tse leholimong le lefatšeng. Ke eena boleng ba bobeli bo boholohali bokahohleng. Ke Mora enoa eo Jehova a ileng a mo roma lefatšeng ho tla fana ka bophelo ba hae e le topollo bakeng sa batho, ka hona a bula tsela e isang bophelong bo sa feleng bakeng sa bana bao ba Adama ba neng ba tla lumela. Mora eena enoa, a khutliselitsoe khanyeng ea leholimo, joale o busa e le Morena, ka matla a ho senya bohle ba khopo le ho phethahatsa morero oa mathomo oa Ntate oa hae bakeng sa lefatše. Lebitso Jesu ka Seheberu le bolela “Jehova Ke Poloko”; Kreste ke ntho e le ’ngoe le Ma·shiʹach (Messia) ea Seheberu, e bolelang “Motlotsuoa.”
Na Jesu Kreste e ne e le motho oa sebele, ea fetseng a ba teng?
Bibele ka boeona ke bopaki bo ka sehloohong ba hore Jesu Kreste ke motho ea bileng teng. Tlaleho e ka Melaetseng e Molemo hase tšōmo e sa reng letho ea liketsahalo tsa nakong e sa tsejoeng le tsa sebakeng se sa tsejoeng. E bolela nako le sebaka ka ho hlaka le ka ho qaqa ho hoholo. Ka mohlala, bona Luka 3:1, 2, 21-23.
Rahistori oa lekholong la pele la lilemo oa Mojode Josephus o buile ka ho tlepetsoa ka majoe hoa “Jakobo, ngoan’abo Jesu ea neng a bitsoa Kreste.” (The Jewish Antiquities, Josephus, Buka XX, kar. 200) Tšupiso e tobileng le e ratehang haholo mabapi le Jesu, e fumanoang ho Buka XVIII, likarolo 63, 64, e qhololitsoe ke ba bang ba bolelang hore e tlameha e be e ile ea eketsoa hamorao kapa ea khabisoa ke Bakreste; empa ha ho latoloe hore tšebeliso ea mantsoe le mokhoa oa ho ngola li sekametse haholo ho Josephus, ’me serapa se fumaneha meqolong eohle e teng e ngoliloeng ka letsoho.
Tacitus, rahistori oa Moroma ea phetseng karolong e qetellang ea lekholo la pele la lilemo C.E., o ngotse: “Christus [“Kreste” ka Selatine], eo lebitso [Bokreste] le simolohileng ka eena o ile a fumana kotlo e sehlōhō matsohong a e mong oa babusisi ba rōna, Ponse Pilato, nakong ea puso ea Tibere.”—The Complete Works of Tacitus (New York, 1942), “The Annals,” Buka 15, ser. 44.
Ka litšupiso tsa pejana tseo e seng tsa Bokreste tsa histori mabapi le Jesu, The New Encyclopædia Britannica e re: “Litlaleho tsena tse lokolohileng li paka hore mehleng ea boholo-holo le bona bahanyetsi ba Bokreste ha ho mohla ba kileng ba belaela ho ba teng hoa Jesu, ho ileng hoa hanyetsoa ka lekhetlo la pele le ka mabaka a sa utloahaleng ke lingoli tse ngata qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, le ho la bo19, le qalehong ea la bo20.”—(1976), Macropædia, Moq. 10, leq. 145.
Na Jesu Kreste e ne e mpa e le motho ea molemo feela?
Ho khahlisang, Jesu o ile a khalemela motho ea ileng a mo tlotla ka hore ke “Moruti ea Molemo,” hobane Jesu o ne a hlokomela hore Ntate oa hae ke tekanyetso ea se molemo, e seng eena. (Mar. 10:17, 18) Leha ho le joalo, ho finyella seo batho ba se bolelang ka kakaretso ha ba re motho o molemo, ruri Jesu o tlameha e be o ne a e-na le ’nete. Ka sebele, le tsona lira tsa hae li ile tsa lumela hore o ne a le joalo. (Mar. 12:14) Eena ka boeena o itse o phetse pele e e-ba motho oa nama, hore e ne e le Mora ea ikhethang oa Molimo, hore e ne e le Messia, eo ho tla hoa hae ho ileng hoa profetoa ka Mangolong a Seheberu. O ne a le seo a neng a ipolela hore o sona kapa ho seng joalo e ne e le mothetsi ea feteletseng, empa ha ho maikutlo a lumellang hore e ne e mpa e le motho ea molemo feela.—Joh. 3:13; 10:36; 4:25, 26; Luka 24:44-48.
Na Jesu e ne e le moprofeta feela eo matla a hae a neng a tšoana le a Moshe, Buddha, Mahomede le baeta-pele ba bang ba bolumeli?
Jesu ka boeena o rutile hore e ne e le Mora ea ikhethang oa Molimo (Joh. 10:36; Matt. 16:15-17), Messia ea profetiloeng (Mar. 14:61, 62), hore o phetse leholimong pele e e-ba motho oa nama (Joh. 6:38; 8:23, 58), hore o ne a tla bolaoa ebe joale o tsosetsoa bophelong ka letsatsi la boraro ’me kamorao ho moo a khutlele maholimong. (Matt. 16:21; Joh. 14:2, 3) Na lipolelo tsee e ne e le tsa ’nete, hona na kahoo o ne a hlile a fapane le baprofeta ba bang bohle ba ’nete ba Molimo ’me a khethollehile ho hang ho baeta-pele bohle ba bolumeli ba ipeileng? ’Nete ea taba e ne e tla totobala ka letsatsi la boraro a shoele. Na Molimo o ile oa mo tsosa bafung ka nako eo, ka hona o tiisa hore Jesu Kreste o buile ’nete le hore ruri e ne e le Mora ea ikhethang oa Molimo? (Ba-Roma 1:3, 4) Jesu o ile a bonoa a phela ke lipaki tse fetang 500 kamorao ho tsoho ea hae ’me baapostola ba hae ba khabane ba bone ka mahlo ha a qala ho nyolohela hape leholimong ’me a nyamela mahlong a bona ka leru. (1 Ba-Kor. 15:3-8; Lik. 1:2, 3, 9) Ka hona ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore o ne a tsositsoe bafung hoo ba bangata ho bona ba ileng ba bea bophelo ba bona kotsing hore ba bolelle ba bang ka hona.—Lik. 4:18-33.
Ke hobane’ng ha Bajode ka kakaretso ba sa ka ba amohela Jesu joaloka Messia?
Encyclopaedia Judaica e re: “Bajode ba mehleng ea Roma ba ne ba lumela hore [Messia] o ne a tla hlahisoa ke Molimo ho tla roba joko ea bahetene le ho busa holim’a ’muso o tsosolositsoeng oa Iseraele.” (Jerusalema, 1971, Moq. 11, kar. 1407) Ba ne ba batla ho lokoloha jokong ea Roma. Histori ea Bajode e paka hore motheong oa boprofeta ba Messia bo ngotsoeng ho Daniele 9:24-27, ho ne ho e-na le Bajode ba neng ba lebelletse Messia lekholong la pele la lilemo C.E. (Luka 3:15) Empa boprofeta boo bo ne bo boetse bo amahanya ho tla hoa hae le “ho felisa sebe,” ’me Esaia khaolo ea 53 e ne e bontšitse hore Messia o ne a tla shoa e le hore hona ho etsahale. Empa Bajode ka kakaretso ba ne ba ikutloa hore ha ho hlokahale hore e mong a ba shoele bakeng sa libe tsa bona. Ba ne ba lumela hore ba na le boemo bo lokileng ho Molimo motheong oa ho ba hoa bona bana ba Abrahama. A Rabbinic Anthology e re, “[Molemo] oa Abrahama o moholo hoo a ka phekolang bobe bohle bo entsoeng le mashano a boletsoeng ke Iseraele lefatšeng lena.” (London, 1938, C. Montefiore, le H. Loewe, leq. 676) Ka hore ba hane hore Jesu ke Messia, Bajode ba phethahatsa boprofeta bo neng bo hlile ba boleloa mabapi le eena: “O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se letho.”—Esaia 53:3, JP.
Pele ho lefu la hae, Moshe a profeta hore sechaba se tla furalla borapeli ba ’nete le hore, ka baka leo, se tla oeloa ke koluoa. (Bala Deuteronoma 31:27-29.) Buka ea Baahloli e tiisa hore hona ho ile hoa etsahala khafetsa. Mehleng ea moprofeta Jeremia, ho se tšepahale hoa sechaba hoa etsa hore se isoe botlamuoeng Babylona. Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa lumella le hore Baroma ba senye Jerusalema le tempele ea eona ka 70 C.E.? Sechaba se ne se bile molato oa ho se tšepahale hofe hoo Molimo o sa kang oa se sireletsa joalokaha o ne o ’nile oa etsa ha se ne se mo tšepile? Ke nakoana pele ho mona moo se neng se ile sa latola hore Jesu ke Messia.
Na Jesu Kreste e hlile ke Molimo?
Joh. 17:3: “[Jesu a rapela Ntate oa hae:] Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete [“uena eo u leng Molimo feela ka ’nete,” NE], le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Hlokomela hore Jesu ha a ka a itšupa empa o supile Ntate oa hae ea leholimong e le eena “Molimo o ’notši oa ’nete.”)
Joh. 20:17: “Jesu a re ho eena [Maria Magdalena]: Se nkame, hobane ha ke e-so ho nyolohele ho Ntate; u mpe u ee ho banab’eso, u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.” (Ka hona ho Jesu ea tsositsoeng Ntate e ne e le Molimo, joalokaha Ntate e ne e le Molimo ho Maria Magdalena. Ho khahlisang, ka Mangolong ha ho moo re fumanang Ntate a bitsa Mora “Molimo oa ka.”)
Bona le maqephe 96, 97, 102, 103 tlas’a sehlooho “Boraro-bo-bong.”
Na Johanne 1:1 e paka hore Jesu ke Molimo?
Joh. 1:1, RS: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo [le KJ, JB, Dy, Kx, NAB].” NE e re “seo Molimo o neng o le sona, Lentsoe le ne le le sona.” Mo e re “Logos e ne e e-na le bomolimo.” AT le Sd li re bolella hore “Lentsoe le ne le e-na le bomolimo.” ED e fetolela tjena, “molimo e ne e le Lentsoe.” NW e re, “Lentsoe e ne e le molimo”; NTIV e sebelisa mantsoe a tšoanang.
Ke eng seo bafetoleli baa ba se bonang temaneng ea Segerike e susumelletsang ba bang ho bona hore ba ikhule hore ba se ke ba re “Lentsoe e ne e le Molimo”? Lebopi-khetho [ho, ka Segerike, the, ka Senyesemane] le hlaha pele ho the·osʹ (Molimo) ea pele e seng ea bobeli. Ha ho hlaha lebopi, lereho lea khetholla, le supa botho, ha lentsoe le tlang pele ho ketso le sa etoa pele ke lebopi (joalokaha polelo e ngotsoe ka Segerike) le supa tšobotsing ea motho e mong. Ka hona temana ha e re Lentsoe (Jesu) le ne le tšoana le Molimo oo a neng a e-na le oona empa, ho e-na le hoo, hore Lentsoe le ne le halalela, le e-na le bomolimo, e le molimo. (Bona khatiso ea Litšupiso ea 1984 ea NW, leq. 1579.)
Moapostola Johanne o ne a hopotse eng ha a ngola Johanne 1:1? Na o ne a bolela hore Jesu ka boeena ke Molimo kapa hore mohlomong Jesu ke Molimo o le mong le Ntate? Khaolong eona ena, temaneng ea 18, Johanne o ngotse: “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a ’notši [“molimo o tsoetsoeng o ’notši,” NW], ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re tsebisitseng oona.” Na ho na le motho ea neng a kile a bona Jesu Kreste, Mora? Hantle haholo! Ka hona, he, na Johanne o ne a bolela hore Jesu e ne e le Molimo? Ka ho hlakileng ha ho joalo. Ho ea qetellong ea Molaetsa oa hae, Johanne a akaretsa litaba, a re: “E ngoliloe hore le tle le lumele hobane Jesu ke Kreste, [e seng Molimo, empa] Mora oa Molimo.”—Joh. 20:31.
Na polelo ea Thomase e ho Johanne 20:28 e paka hore ruri Jesu ke Molimo?
Joh. 20:28 e re: “Thomase a araba, a re ho eena: Morena oa ka le Molimo oa ka!”
Ha ho khanyetso ea hore Jesu a ka bitsoa “Molimo,” haeba ke sona seo Thomase a neng a se hopotse. Ho joalo ho ne ho tla ba tumellanong le seo Jesu ka boeena a se qotsitseng ho Lipesaleme tseo ho tsona banna ba matla, baahloli, ba neng ba bitsoa “melimo.” (Joh. 10:34, 35; Pes. 82:1-6) Haele hantle, Kreste o sebakeng se phahameng haholo ho feta batho ba joalo. Ka lebaka la ho khetheha hoa boemo ba hae kamanong le Jehova, ho Johanne 1:18 (NW) Jesu o bitsoa “molimo o tsoetsoeng o ’notši.” (Bona le Ro, By.) Esaia 9:6 le eona ka boprofeta e hlalosa Jesu e le “Molimo o matla,” empa e seng e le Molimo o Matla ’Ohle. Hona hohle ho tumellanong le hore Jesu a hlalosoe e le “molimo,” kapa “ea nang le bomolimo,” ho Johanne 1:1 (NW, AT).
Se potolohileng taba se re thusa ho fumana qeto e nepahetseng ho sena. Nakoana pele ho lefu la Jesu, Thomase o ne a utloile thapelo ea Jesu eo ho eona a neng a ile a bitsa Ntate oa hae “Molimo o ’notši oa ’nete.” (Joh. 17:3) Hoba Jesu a tsohe o ne a rometse molaetsa oo ho oona a neng a itse ho baapostola ba hae, ho akarelletsa Thomase: “Ke nyolohela . . . ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.” (Joh. 20:17) Kamor’a ho tlaleha se boletsoeng ke Thomase ha a hlile a bona le ho ama Kreste ea tsositsoeng, moapostola Johanne o itse: “E ngoliloe hore le tle le lumele hobane Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo, le hore, ka ho lumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.” (Joh. 20:31) Ka hona, haeba e mong a ile a fihlela qeto ka polelo ea Thomase ea hore Jesu ka boeena ke “Molimo o ’notši oa ’nete” kapa hore Jesu ke “Molimo Mora” oa Boraro-bo-bong, ho hlokahala hore a shebe hape seo Jesu ka boeena a se buileng (tem. 17) le sephetho se boleloang ka ho hlaka ke moapostola Johanne (tem. 31).
Na Mattheu 1:23 e bontša hore Jesu ha a le lefatšeng e ne e le Molimo?
Matt. 1:23: “Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me lebitso la hae o tla bitsoa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetoloa, Molimo o na le rōna.”
Ha le tsebisa ka ho tsoaloa ho tlang hoa Jesu, na lengeloi la Jehova le ile la re ngoana etlaba Molimo ka booona? Che, tsebiso ebile hore: “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo.” (Luka 1:32, 35; mongolo o tšekaletseng ke keketso.) ’Me ha ho mohla Jesu ka boeena a ileng a ipolela hore ke Molimo empa, ho e-na le hoo, “Mora oa Molimo.” (Joh. 10:36; mongolo o tšekaletseng ke keketso.) Jesu o rometsoe lefatšeng ke Molimo; ka hona Molimo o ne o e-na le batho, ka Mora enoa ea tsoetsoeng a ’notši.—Joh. 3:17; 17:8.
E ne e se mohlolo hore mabitso a Seheberu a akarelletse ka ho oona lentsoe bakeng sa Molimo kapa le sona sebopeho se khutsufalitsoeng sa lebitso la botho la Molimo. Ka mohlala, Eliatha e bolela “Molimo O Tlile”; Jehu e bolela “Jehova Ke Eena”; Elia e bolela “Molimo Oa Ka Ke Jehova.” Empa ha ho le le leng mabitsong ana le neng le kenyelletsa hore mong a lona ke Molimo ka boeena.
Johanne 5:18 e bolela eng?
Joh. 5:18: “Ka baka leo, ba-Jode ba thootheloa ho ’molaea, ka ho re, ha a tlōle molao oa sabbatha feela, empa o bile o re, Molimo ke Ntat’ae ka sebele, ’me o iketsa ea lekanang le Molimo.”
Ke Bajode ba sa lumelang ba neng ba nahana hore Jesu o leka ho iketsa ea lekanang le Molimo ka ho bolela hore Molimo ke Ntate oa hae. Le hoja ka nepo a ne a bitsa Molimo Ntate oa hae, ha ho mohla Jesu a kileng a bolela hore o lekana le Molimo. A arabela Bajode ka kotloloho: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae.” (Joh. 5:19; bona le Johanne 14:28; Johanne 10:36) E boetse ke Bajode bao ba sa lumelang ba ileng ba bolela hore Jesu o tlōla molao oa Sabbatha, empa le hona mona ba ne ba fositse. Jesu o ne a boloka Molao ka ho phethahetseng, ’me o ile a re: “Ho loketse ho etsa hantle ka sabbatha.”—Matt. 12:10-12.
Na ’nete ea hore borapeli bo lebisoa ho Jesu e paka hore ke Molimo?
Ho Ba-Heberu 1:6, mangeloi a laeloa ho “rapela” Jesu, ho latela liphetolelo tsa Bibele tsa RS, TEV, KJ, JB, le NAB. NW e re, “hlompha ka ho oma ka hlooho.” Ho Mattheu 14:33, barutuoa ba Jesu ho boleloa hore ba ile ba mo “rapela,” ho ea ka RS, TEV, KJ; liphetolelo tse ling li bolela hore “ba ile ba mo bontša hlompho ea borapeli” (NAB), “ba mo khumamela” (Bibele ea Sesotho, JB), “ba oela maotong a hae” (NE), “ba oma ka lihlooho ka pel’a hae” (NW).
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “rapela” ke prosky·neʹo, eo A Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature e reng e ne e boetse e “sebelisetsoa ho hlalosa mokhoa oa ho oa ka sefahleho ka pel’a motho le ho aka maoto a hae, momeno oa seaparo sa hae, lefatše.” (Chicago, 1979, Bauer, Arndt, Gingrich, Danker; khatiso ea bobeli ea Senyesemane; leq. 716) Lena ke lona lentsoe le sebelisitsoeng ho Mattheu 14:33 ho hlalosa seo barutuoa ba ileng ba se etsa ho Jesu; ho Ba-Heberu 1:6 ho bontša seo mangeloi a lokelang ho se etsa ho Jesu; ho Genese 22:5 ho Septuagint ea Segerike ho hlalosa seo Abrahama a ileng a se etsa ho Jehova le ho Genese 23:7 ho hlalosa seo Abrahama a ileng a se etsa, tumellanong le mokhoa oa nakong eo, ho batho bao a neng a hoeba le bona; ho 1 Marena 1:23 ho Septuagint ho hlalosa ketso ea moprofeta Nathane ha a atamela Morena Davida.
Ho Mattheu 4:10 (RS), Jesu a re: “U tla rapela [e tsoang ho pro·sky·neʹo] Morena Molimo oa hao ’me u tla sebeletsa eena feela.” (Ho Deuteronoma 6:13, eo ka ho hlakileng Jesu a e qotsitseng mona, ho hlaha lebitso la Molimo, litlhaku tse ’nè tsa Seheberu.) Tumellanong le seo, re tlameha ho utloisisa hore ke pro·sky·neʹo ka boikutlo ba pelo le kelello tse boemong bo khethehileng bo lokelang ho tobisoa ho Molimo feela.
Na mehlolo e entsoeng ke Jesu e paka hore ke Molimo?
Lik. 10:34, 38: ‘Eaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Molimo o tlotsitse ka Moea o Halalelang le ka matla Jesu oa Nazaretha, ea neng a tsamaea hohle, a ntse a etsa hantle, a folisa bohle ba hataketsoeng ke Diabolose; hobane Molimo o no o e-na le eena.’ (Ka hona Petrose ha a ka a etsa qeto ka mehlolo eo a neng a e bona hore Jesu e ne e le Molimo empa, ho e-na le hoo, hore Molimo o ne o e-na le Jesu. Bapisa Mattheu 16:16, 17.)
Joh. 20:30, 31: “Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontšeng ea barutuoa ba hae, e sa ngoloang bukeng ena. Empa eo e ngoliloe hore le tle le lumele hobane Jesu ke Kreste, Mora oa Molimo, le hore, ka ho lumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.” (Ka hona qeto eo re ka e fihlelang ka nepo ka mehlolo ke hore Jesu ke “Kreste,” Messia, “Mora oa Molimo.” Polelo “Mora oa Molimo” e fapane haholo le “Molimo Mora.”)
Baprofeta ba pele ho Bokreste ba kang Elia le Elisha ba ile ba etsa mehlolo e tšoanang le ea Jesu. Empa hoo ho hang hase bopaki ba hore e ne e le Molimo.
Na Jesu ke ntho e le ’ngoe le Jehova ka “Testamenteng ea Khale”?
Bona leqephe 188, tlas’a sehlooho se seholo “Jehova.”
Na ho lumela ho Jesu Kreste ke sona phetho se hlokoang bakeng sa poloko?
Lik. 16:30-32: “Benghali, e ka khona ke etse joang ho bolokeha? Ba [Pauluse le Silase] re: Lumela ho Morena Jesu Kreste, ’me u tla bolokeha, uena le ba ntlo ea hao! Ba ntoo ’molella lentsoe la Morena [“Molimo,” NAB, le se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho JB le NE; “molaetsa oa Molimo,” AT], le bohle ba neng ba le ka tlung ea hae.” (Na ho ‘lumela hoa monna enoa ho Morena Jesu’ e ne e le feela taba ea ho bolela ka tieo ka molomo hore o lumela ho eena? Pauluse o bontšitse hore ho hlokahala ho fetang moo—tsebo le kamohelo ea Lentsoe la Molimo, joalokaha Pauluse le Silase joale ba ile ba tsoela pele ho le bolela ho molebeli oa teronko. Na tumelo ea motho ho Jesu e ne etlaba ea ’nete haeba a sa rapele Molimo oo Jesu a neng a o rapela, haeba a sa sebelise seo Jesu a se rutileng ka hore na barutuoa ba hae e lokela ho ba batho ba mofuta ofe, kapa haeba a sa etse mosebetsi oo Jesu a laetseng balateli ba hae hore ba o etse? Re ke ke ra fumana poloko e le tefo; e fumaneha feela motheong oa tumelo molemong oa sehlabelo sa bophelo ba Jesu ba nama. Empa bophelo ba rōna bo lokela ho lumellana le tumelo eo re reng re na le eona, le haeba hoo ho ka akarelletsa mathata. Ho Mattheu 10:22 Jesu o itse: “Ea tiisetsang ho isa qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”)
Na Jesu o kile a phela leholimong pele e e-ba motho oa nama?
Ba-Kol. 1:15-17: “Ke eena [Jesu] e leng setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng, letsibolo la tsohle tse hloliloeng . . . tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena. Ke eena ea leng ka pele ho lintho tsohle.”
Joh. 17:5: “[Thapelong Jesu a re:] Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.” (Le Johanne 8:23)
Na Jesu o na le ’mele oa hae oa nama leholimong?
1 Ba-Kor. 15:42-50: “Ho tla ba joalo le tsohong ea bafu. ’Mele o jalloa ho boleng, o tla tsohela ho se bole; . . . o jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea . . . Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea o phelang, ’me Adama oa morao [Jesu Kreste, eo e neng e le motho ea phethahetseng oa nama joalokaha Adama a ne a le joalo tšimolohong] o entsoe moea o phelisang . . . Seo ke mpang ke se bolela, banab’eso, ke hoba nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’Muso oa Molimo, ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.)
1 Pet. 3:18: “Le eena Kreste o na a utloisoe bohloko [“a shoa,” RS] hang ka baka la libe; . . . o shoele ka nģeng ea nama, empa o phelisitsoe ka nģeng ea moea [“ka nģeng ea moea,” NE, AT, JB, Dy].” (Bona maqephe 427, 428.)
Papiso: Haeba motho a lefella motsoalle oa hae molato empa a potlakela ho inkela tefo hape, ho hlakile hore molato ha o-oa hlakoloa. Ka ho tšoanang, haeba, Jesu ha a tsosoa o ne a nkile hape ’mele oa hae oa botho oa nama le mali o neng o fanoe sehlabelong se lefang theko ea topollo, hoo ho ne ho tla ba le phello efe tokisetsong eo a neng a e etsa ea ho lopolla batho ba khabane molatong oa sebe?
Ke ’nete hore kamor’a tsoho ea hae Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ka sebopeho se bonahalang. Empa ka makhetlo a mang, ke hobane’ng ha ba sa ka ba mo hlokomela hang feela? (Luka 24:15-32; Joh. 20:14-16) Ka lekhetlo le leng, molemong oa Thomase, Jesu a hlaha ka bopaki bo bonahalang ba metoa ea lipekere tse neng li mo khokhothetse matsohong a hae le leqeba la lerumo lephakong la hae. Empa ho bile bonolo joang hore ka lekhetlo leo a hlahe ka tšohanyetso ho bona leha menyako e ne e notletsoe? (Joh. 20:26, 27) Ho hlakile hore Jesu o ne a fetohela ’meleng e bonahalang ka makhetlo ana, joalokaha mangeloi a ne a ’nile a etsa ha a itlhahisa ho batho. Ho hleka setopo sa Jesu sa nama tsohong ea hae ha hoa ka hoa hlahisetsa Molimo bothata ba letho. Ho khahlisang, le hoja Molimo o sa ka oa sia setopo sa nama ka lebitleng (ka ho hlakileng e le ho tiisa kholiseho ea barutuoa hore Jesu o fela a tsohile), masela a line ao se neng se thatetsoe ka oona a ile a siuoa moo; empa, kamehla Jesu ea tsositsoeng o ne a itlhahisa a apere ka ho feletseng.—Joh. 20:6, 7.
Na Jesu Kreste ke motho a le mong le arekangeloi Mikaele?
Lebitso la Mikaele enoa le hlaha ka makhetlo a mahlano feela ka Bibeleng. Motho ea khanyang oa moea ea bitsoang ka lebitso lena o bitsoa “khosana e ’ngoe e kholo,” “khosana e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno [Daniele],” le “arekangeloi.” (Dan. 10:13; 12:1; Juda 9) Mikaele e bolela “Ke Mang Ea Kang Molimo?” Ka ho hlakileng e khetholla Mikaele e le e mong ea etellang pele ho phahamiseng borena ba Jehova le ho senya lira tsa Molimo.
Ho 1 Ba-Thessalonika 4:16, taelo ea Jesu Kreste bakeng sa hore tsoho e qale e hlalosoa e le “lentsoe la arekangeloi,” ’me Juda 9 e re arekangeloi ke Mikaele. Na e ne etlaba ho loketseng ho tšoantša lentsoe le laelang la Jesu le la motho e mong ea nang le matla a tlaase? Ka ho utloahalang, he, arekangeloi Mikaele ke Jesu Kreste. (Ho khahlisang, lentsoe “arekangeloi” ha ho mohla le fumanoang le ngotsoe ka bongateng ka Mangolong, ka hona hoo ho fana ka maikutlo a hore ho na le a le mong feela.)
Tšenolo 12:7-12 e bolela hore ha Kreste a neoa matla a borena, Mikaele le mangeloi a hae ba ne ba tla loantša Satane le ho mo lihela le mangeloi a hae a khopo hore ba tsoe leholimong. Hamorao Jesu o tšoantšetsoa a etelletse pele makhotla a leholimo ho loantša lichaba tsa lefatše. (Tšen. 19:11-16) Na ha ho utloahale hore Jesu o ne a tla boetse a nke bohato khahlanong le eo a mo hlalosang e le “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose? (Joh. 12:31) Daniele 12:1 e amahanya ho ‘hlaha hoa Mikaele’ ho nka bohato ka matla a borena le “matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.” Hoo ka sebele ho tla lumellana le phihlelo ea lichaba ha Kreste a nka bohato khahlanong le tsona joaloka moahloli oa leholimo. Ka hona bopaki bo bontša hore Mora oa Molimo o ne a tsejoa e le Mikaele pele a e-tla lefatšeng ’me o boetse o tsejoa ka lebitso leo esale a khutlela leholimong moo a lulang teng e le Mora oa Molimo oa moea ea tlotlisitsoeng.
Haeba e Mong a Re—
‘Ha le lumele ho Jesu’
U ka ’na ua arabela: ‘Ho hlakile hore u motho ea lumelang ho Jesu. Ho joalo le ka ’na; ho seng joalo nka be ke se ha hao mona kajeno.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Haele hantle, bohlokoa ba tumelo ho Jesu bo hlahisoa ka ho hlahelletseng libukeng tsa rōna. (Phetla khaolo e tšoanelehang ea buka efe kapa efe eo u fanang ka eona ’me u sebelise sena e le motheo oa puisano, u phahamisa karolo ea hae e le Morena. Kapa u bale se boletsoeng leqepheng la 2 la Molula-Qhooa mabapi le morero oa makasine.)’
Kapa u ka re: ‘Na u ka thabela ha ke u botsa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo?’
Monyetla o mong: ‘Mohlomong hona u ho nkile ho motho e mong, empa nka u bolella hore ha ho hlile ha ho joalo, hobane re na le tumelo e matla haholo ho Jesu Kreste.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Empa ha re lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e buang ka Jesu. Ka mohlala, ba bang ba re e ne e le motho feela ea molemo, e seng Mora oa Molimo. Hoo ha re ho lumele, uena? . . . Hase se rutoang ke Bibele.’ (2) ‘’Me ha re lumele lithuto tsa lihlopha tse hanyetsang seo Jesu ka boeena a se rutileng ka kamano ea hae le Ntate oa hae. (Joh. 14:28) Matla a ho busa a amang bophelo ba rōna bohle kajeno o a filoe ke Ntate oa hae. (Dan. 7:13, 14)’
‘Na u amohela Jesu e le ’Moloki oa hao?’
U ka ’na ua arabela: ‘Ka ho hlaka Bibele e re . . . (qotsa Liketso 4:12). Ke lumela joalo. Empa hape ke ithutile hore ho tsamaea le boikarabelo bo tebileng. Ho joalo joang? Haele hantle, haeba ke fela ke lumela ho Jesu, ke moo nke keng ka lumela ho eena feela ho fihlela moo ho bonahalang ho loketse.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Bophelo ba hae bo phethahetseng bo tetsoeng sehlabelong bo re nolofaletsa hore re tšoareloe libe. Empa hape kea tseba hore ke hoa bohlokoa ho ela hloko litaelo tsa hae mabapi le boikarabelo ba rōna joaloka Bakreste. (Lik. 1:8; Matt. 28:19, 20)’
Kapa u ka re: ‘(Hoba u tiise ’nete ea hore u fela u lumela ho Jesu e le ’Moloki, e seng oa hao u le mong, empa oa bohle ba lumelang ho eena . . . ) Ke hoa bohlokoa hore re nke bohato ka kananelo, e seng feela ka seo a se entseng nakong e fetileng, empa hape ka seo a se etsang hona joale. (Matt. 25:31-33)’
‘Ke amohetse Jesu e le ’Moloki oa ka’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke thabela ho utloa hore u lumela ho Jesu, hobane kajeno ho na le batho ba bangata ba sa nahaneng letho ka seo Jesu a re etselitseng sona. Ha ho pelaelo hore u tseba hantle temana e ho Johanne 3:16, na ha ho joalo? . . . Empa batho ba joalo ba tla phela hokae ka ho sa feleng? Ba bang ba tla ba le Kreste leholimong. Empa na Bibele e bontša hore batho bohle ba lokileng ba ea teng? (Matt. 6:10; 5:5)’