Jehova—Molimo ea Rutang
“Ba tla rutoa bohle ke Molimo.”—JOHANNE 6:45.
1. Hona joale Jesu o etsa’ng Kapernauma?
JESU KRESTE o ne a sa tsoa etsa mehlolo ’me joale o bonoa a ruta synagogeng Kapernauma, haufi le Leoatle la Galilea. (Johanne 6:1-21, 59) Ba bangata ha ba lumele ha a re: “Ke theohile leholimong.” Baa belaela ba re: “Na eo hase Jesu, mor’a Josefa, eo re tsebang ntat’ae le ’m’ae? Joale o bolela joang, ha a re: Ke theohile leholimong?” (Johanne 6:38, 42) Ha Jesu a ba khalemela ka matla, o re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.”—Johanne 6:44.
2. Re na le motheo ofe oa ho lumela tšepiso ea Jesu ea tsoho?
2 Ke tšepiso e hlollang hakaakang—ho tsosoa letsatsing la bofelo, ha ’Muso oa Molimo o busa! Re ka lumela tšepiso ena hobane e tšehelitsoe ke Ntate, Jehova Molimo. (Jobo 14:13-15; Esaia 26:19) Ka sebele, Jehova, ea re rutang hore bafu ba tla tsoha, ke “tichere e khōlō ka ho fetisisa ho bohle.” (Jobo 36:22, Today’s English Version) Ha Jesu a lebisa tlhokomelo thutong ea Ntate, o tsoela pele a re: “Ho ngoliloe mangolong a boprofeta, ho thoe: Ba tla rutoa bohle ke Molimo.”—Johanne 6:45.
3. Re tla tšohla lipotso life?
3 Ruri, e ne e tla ba tokelo ho ba har’a bao moprofeta Esaia a ngotseng tjena ka bona: “Bara ba hao kaofela e tla ba batho ba rutoang ke Jehova.” (Esaia 54:13, NW) Na le rōna re ka ba joalo? Ke bo-mang ba kang bara ho eena ba fumaneng lithuto tsa hae? Ke life lithuto tsa bohlokoa tsa Jehova tseo re tlamehang ho li tseba le ho li sebelisa hore re tle re fumane tlhohonolofatso ea hae? Jehova o ile a ruta joang nakong e fetileng, hona na o ruta ka tsela e tšoanang kajeno? Tsena ke lipotso tseo re tla nahana ka tsona.
Ntate, Tichere, Monna
4. Ke bara bafe ba pele ba Jehova ba ileng ba fumana lithuto tsa hae?
4 Jehova o qalile ho ba Ntate le Tichere ka bobeli ha a ne a bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu, pele e e-ba motho. Enoa o bitsoa “Lentsoe” hobane ke ’Muelli ea ka Sehloohong oa Jehova. (Johanne 1:1, 14; 3:16) Lentsoe o ile a sebeletsa “lehlakoreng la [Ntate oa hae] e le mosebetsi ea hloahloa,” ’me o ile a ithuta lithuto tsa Ntate oa hae hantle. (Liproverbia 8:22, 30, NW) Ha e le hantle, o ile a fetoha Moemeli, kapa mocha, oo Ntate a ileng a bōpa lintho tse ling tsohle ka oona, ho kopanyelletsa le “bara ba Molimo” ba moea. E tlameha hore ebe ba ile ba thabela ho rutoa ke Molimo hakaakang! (Jobo 1:6; 2:1; 38:7; Ba-Kolosse 1:15-17) Hamorao, motho oa pele, Adama, o ile a bōptjoa. Le eena e ne e le “mora oa Molimo,” ’me Bibele e senola hore Jehova o ile a mo rupela.—Luka 3:38, NW; Genese 2:7, 16, 17.
5. Adama o ile a lahla tokelo efe ea bohlokoa, empa Jehova o ile a ruta mang, hona hobane’ng?
5 Ka masoabi, Adama, ka ho se mamele ha hae ha ka boomo, o ile a lahleheloa ke tokelo ea ho tsoela pele e le mora oa Molimo. Ka hona, litloholo tsa hae li ne li ke ke tsa bolela hore ke bara ba Molimo ka lebaka la tsoalo feela. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ruta batho ba sa phethahalang ba neng ba shebile ho eena bakeng sa tataiso. Noe ka mohlala, o ile a ipaka ho ba “monna ea lokileng” ea neng “a tsamaea le Molimo,” kahoo Jehova o ile a rupela Noe. (Genese 6:9, 13–7:5) Ka ho mamela ha hae, Abrahama o ile a ipaka hore ke “motsoalle oa Molimo,” ka hona le eena o ile a rutoa ke Jehova.—Jakobo 2:23; Genese 12:1-4; 15:1-8; 22:1, 2.
6. Ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba nka e le “mora” oa hae, hona e ile ea e-ba tichere ea mofuta ofe ho bona?
6 Nako e telele hamorao, mehleng ea Moshe, Jehova o ile a kena kamanong ea selekane le sechaba sa Iseraele. Ka lebaka leo, sechaba sena se ile sa fetoha batho ba hae ba khethiloeng ’me sa nkoa e le “mora” oa hae. Molimo o ile a re: “Iseraele ke mor’a ka.” (Exoda 4:22, 23; 19:3-6; Deuteronoma 14:1, 2) Motheong oa kamano eo ea selekane, joalokaha ho tlalehiloe ke moprofeta Esaia, Baiseraele ba ne ba ka re: “Uena Jehova, u ntat’a rōna.” (Esaia 63:16) Jehova o ile a nka boikarabelo ba hae ba ho ba ntate ’me ka lerato a ruta bana ba hae, Baiseraele. (Pesaleme ea 71:17; Esaia 48:17, 18) Ha e le hantle, ha ba sa tšepahale, ka mohau o ile a ba kōpa ka tieo: “Khutlang, bana ba koenehileng.”—Jeremia 3:14.
7. Iseraele e ne e e-na le kamano efe le Jehova?
7 Ka lebaka la kamano ea selekane le Iseraele, Jehova o boetse a fetoha Monna oa tšoantšetso oa sechaba sena, ’me sona sa fetoha mosali oa hae oa tšoantšetso. Ka eena moprofeta Esaia o ile a ngola: “Hobane ’Mōpi oa hao ke monna oa hao, Jehova oa makhotla ke lebitso la hae.” (Esaia 54:5; Jeremia 31:32) Le hoja Jehova ka tlhompho a ile a phetha karolo ea hae e le Monna, sechaba sa Iseraele se ile sa fetoha mosali ea sa tšepahaleng. Jehova o re: “Joalo ka mosali ea jang molekane oa hae ka liteme, le ntjele joalo ka liteme, lōna, ntlo ea Iseraele.” (Jeremia 3:20) Jehova a ’na a ipiletsa ho bara ba mosali oa hae ea sa tšepahaleng; a tsoela pele ho ba ‘Morupeli oa bona e Moholo.’—Esaia 30:20, NW; 2 Likronike 36:15.
8. Le hoja Jehova a ile a lahla Iseraele e le sechaba, o ntse a e-na le mosali ofe ea neng a tšoantšetsoa ka setšoantšo?
8 Ha Iseraele e lahla ’me e bolaea Mora oa Hae, Jesu Kreste, qetellong Molimo o ile a e lahla. Kahoo sechaba seo sa Bajode e ne e se ese mosali oa hae oa tšoantšetso, ’me eena e se ese Ntate le Tichere ea bara ba sona ba sa laoleheng. (Mattheu 23:37, 38) Leha ho le joalo, Iseraele e ne e le mosali ea tšoantšetsang, kapa setšoantšo. Moapostola Pauluse o ile a qotsa Esaia 54:1 (NW) e buang ka “nyopa” e fapaneng le “mosali ea nang le mong’a hae oa monna,” e leng sechaba sa Iseraele ea tlhaho. Pauluse o senola hore Bakreste ba tlotsitsoeng ke bana ba “nyopa,” eo a e bitsang “Jerusalema oa holimo.” Mosali enoa ea neng a tšoantšetsoa ka setšoantšo o entsoe ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo oa libōpuoa tsa moea.—Ba-Galata 4:26, 27.
9. (a) Jesu o ne a bua ka bo-mang ha a ne a bolela hore ‘bana ba hao ba tla rutoa ke Molimo’? (b) Batho ba fetoha bara ba Molimo ba moea motheong ofe?
9 Ka hona, synagogeng ea Kapernauma, ha Jesu a ne a qotsa boprofeta ba Esaia: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Molimo,” o ne a bua ka ba neng ba ka fetoha “bara” ba “Jerusalema oa holimo,” mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo o kang mosali. Ka ho amohela lithuto tsa moemeli oa Molimo ea tsoang leholimong, Jesu Kreste, bamameli bana ba Bajode ba ne ba tla fetoha bana ba mosali eo oa Molimo oa leholimo eo pele e neng e le nyopa ’me ba etse “sechaba se halalelang,” “Iseraele oa Molimo” oa moea. (1 Petrose 2:9, 10, NW; Ba-Galata 6:16) Ha moapostola Johanne a ne a hlalosa monyetla o moholo oo Jesu a faneng ka oona hore batho e be bara ba Molimo ba moea, o ile a ngola: “Le ne le tle habo lona, ’me bahabo lona ha ba ka ba le amohela. Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba lumelang lebitso la lona.”—Johanne 1:11, 12.
Lithuto Tsa Bohlokoa Tsa Jehova
10. Hang ka mor’a bofetoheli Edene, Jehova o ile a ruta eng mabapi le “peo,” hona Peō ena e ipakile hore ke mang?
10 Jehova, joaloka Ntate ea lerato, o tsebisa bana ba hae merero ea hae. Ka hona, ha lengeloi la lerabele le ne le susumelletsa batho ba pele ba babeli ho se mamele, hang-hang Jehova o ile a ba tsebisa seo a neng a tla se etsa ho phetha morero oa hae oa ho etsa lefatše paradeise. O ile a bolela hore o ne a tla beha hloeano mahareng a “noha ea khale,” e leng Satane Diabolose, “le mosali.” Eaba joale o hlalosa hore “peo” ea mosali e ne e tla khoba “hlooho” ea Satane ka mokhoa o bolaeang. (Genese 3:1-6, 15; Tšenolo 12:9; 20:9, 10) Joalokaha re hlokometse, mosali enoa—eo hamorao a ileng a tsebahala e le “Jerusalema oa holimo”—ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo oa leholimo oa libōpuoa tsa moea. Empa “peo” ea hae ke mang? Ke Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ea rometsoeng ho tsoa leholimong le eo qetellong a tlang ho timetsa Satane.—Ba-Galata 4:4; Ba-Heberu 2:14; 1 Johanne 3:8.
11, 12. Jehova o ile a qaqisa ka ho eketsehileng thuto ea hae ea bohlokoa mabapi le “peō” joang?
11 Jehova o ile a qaqisa ka ho eketsehileng thuto ena ea bohlokoa mabapi le “peo” ha a tšepisa Abrahama: “Ke tla atisa moloko oa hao, o be ka ka linaleli tsa maholimo . . . Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la [“peōng ea,” NW] hao.” (Genese 22:17, 18) Jehova o ile a sebelisa moapostola Pauluse ho hlalosa hore Jesu Kreste ke eona Peō e tšepisitsoeng ea Abrahama le hore ba bang ba ne ba tla fetoha karolo ea “peō” eo. Pauluse o ile a ngola: “Ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la [“peō ea,” NW] Abrahama, le majalefa ka pallo.”—Ba-Galata 3:16, 29.
12 Jehova o boetse a senola hore Kreste, Peō, o ne a tla tsoa lelokong la borena la Juda le hore ‘lichaba li ne li tla mo utloa.’ (Genese 49:10) Mabapi le Morena Davida oa leloko la Juda, Jehova o ile a tšepisa: “Ke tla etsa moloko oa [“peō ea,” NW] hae hore e be o sa feleng, ’me terone ea hae e ea ’ne e tiee ha maholimo a ntse a le teng. Moloko oa [“Peō ea,” NW] hae o tla ’ne o be teng ka ho sa feleng, terone ea hae e tla ’ne e be teng pel’a ka joalo ka letsatsi.” (Pesaleme ea 89:3, 4, 29, 36) Ha lengeloi Gabriele le tsebisa ka tsoalo ea Jesu, le ile la hlalosa hore ngoana e ne e le ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, Peō ea Davida. Gabriele o ile a re: “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae, . . . ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.”—Luka 1:32, 33; Esaia 9:6, 7; Daniele 7:13, 14.
13. Hore re tle re amohele tlhohonolofatso ea Jehova, re tlameha ho arabela joang thutong ea hae?
13 E le hore re fumane tlhohonolofatso ea Jehova, re tlameha ho tseba le ho nka khato ka thuto ena ea bohlokoa ka ’Muso oa Molimo. Re tlameha ho lumela hore Jesu o theohile leholimong, le hore ke Morena ea khethiloeng oa Molimo—Peō ea borena e tla hlokomela hore Paradeise e khutlisetsoa lefatšeng—’me o tla tsosa bafu. (Luka 23:42, 43; Johanne 18:33-37) Kapernauma ha Jesu a ne a bua ka ho tsosa bafu, e tlameha ebe ho ile ha hlaka ho Bajode hore o ne a bua ’nete. E, libeke tse ’maloa feela pele, mohlomong hona Kapernauma, o ile a tsosa morali ea lilemo li 12 oa molebeli ea okamelang oa synagoge! (Luka 8:49-56) Ka sebele le rōna re na le lebaka le utloahalang la ho lumela le ho nka khato tumellanong le thuto ea Jehova e fanang ka tšepo mabapi le ’Muso oa hae!
14, 15. (a) ’Muso oa Jehova o bohlokoa hakae ho Jesu? (b) Ho hlokahala hore re utloisise eng le ho khona ho e hlalosa ka ’Muso oa Jehova?
14 Jesu o ile a nehela bophelo ba hae ba lefatšeng bakeng sa ho ruta ka ’Muso oa Jehova. O ile a o etsa sehlooho sa tšebeletso ea hae, ’me o bile a rupela balateli ba hae hore ba o rapelle. (Mattheu 6:9, 10; Luka 4:43) Bajode ba tlhaho ba ne ba le mocheng oa ho ba “bara ba ’muso,” empa ka lebaka la ho haelloa ke tumelo, boholo ba bona bo ile ba lahleheloa ke tokelo eo. (Mattheu 8:12; 21:43) Jesu o ile a senola hore ke “mohlatsoana” feela o fumanang tokelo ea ho fetoha “bara ba ’muso.” “Bara” bana ba fetoha “majalefa hammoho le Kreste” ’Musong oa hae oa leholimo.—Luka 12:32; Mattheu 13:38; Ba-Roma 8:14-17; Jakobo 2:5.
15 Ke majalefa a makae a ’muso ao Kreste a tla a nkela leholimong hore a buse lefatše le eena? A 144 000 feela ho latela Bibele. (Johanne 14:2, 3; 2 Timothea 2:12; Tšenolo 5:10; 14:1-3; 20:4) Empa Jesu o boletse hore o na le “linku tse ling,” tseo e tla ba bafo ba lefatšeng ba puso eo ea ’Muso. Bana ba tla ba le bophelo bo phethahetseng le khotso ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 10:16; Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4) Ho hlokahala hore re utloisise ’me re khone ho hlalosa thuto ea Jehova ka ’Muso.
16. Ke thuto efe ea bohlokoa ea Jehova eo ho hlokahalang hore re ithute eona le ho e sebelisa?
16 Moapostola Pauluse o ile a tsebahatsa thuto e ’ngoe ea bohlokoa ea Jehova. O itse: “Le lōna le rutoa ke Molimo ho ratana.” (1 Ba-Thessalonika 4:9) E le ho thabisa Jehova, ho hlokahala hore re bontše lerato le joalo. Bibele e re “Molimo o lerato,” ’me re tlameha ho etsisa mohlala oa hae ka ho bontša lerato. (1 Johanne 4:8; Ba-Efese 5:1, 2) Ka masoabi, batho ba bangata ba hlōlehile ka ho hlomolang pelo ho ithuta ho rata batho hammoho le bona joalokaha Molimo a ruta hore re etse joalo. Ho thoe’ng ka rōna? Na re arabetse thutong ee ea Jehova?
17. Re lokela ho etsisa boikutlo ba bo-mang?
17 Ke habohlokoa hore re amohele lithuto tsohle tsa Jehova. E se eka boikutlo ba rōna e ka ba ba mopesaleme oa Bibele ea ileng a ngola: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute.” “Nthute likomelo tsa hao. U nthute kutloisiso e ntle le tsebo . . . U nthute melao ea hao.” (Pesaleme ea 25:4, 5; 119:12, 66, 108) Haeba u na le maikutlo a tšoanang le a bangoli ba lipesaleme, u ka ba har’a letšoele le leholo le rutoang ke Jehova.
Bongata bo Boholo ba ba Rutoang
18. Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla etsahala eng mehleng ea rōna?
18 Moprofeta Esaia o boletse esale pele ka se neng se tla etsahala mehleng ea rōna: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba . . . Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona.” (Esaia 2:2, 3, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Mikea 4:2.) Batho baa ba rutoang ke Jehova ke bo-mang?
19. Kajeno ke bo-mang ba akarelletsoang har’a ba rutoang ke Jehova?
19 Ba akarelletsa ba bang ntle le ba tla busa le Kreste leholimong. Joalokaha ho boletsoe pejana, Jesu o ile a bolela hore o na le “linku tse ling”—bafo ba lefatšeng ba ’Muso—ho phaella ho “mohlatsoana” oa majalefa a ’Muso. (Johanne 10:16; Luka 12:32) “Bongata bo boholo,” bo pholohang ‘mahlomola a maholo,’ ke ba sehlopha sa linku tse ling, ’me bo na le boemo bo amohelehang pel’a Jehova motheong oa tumelo ea bona maling a tšollotsoeng a Jesu. (Tšenolo 7:9, 14) Le hoja linku tse ling li sa akarelletsoe ka ho toba har’a “bara” ba boleloang ho Esaia 54:13 (NW), li hlohonolofetse hore ebe li rutoa ke Jehova. Ka hona, ka nepo li bitsa Molimo e le “Ntate” hobane thato ea hae, ha e le hantle ke hore e be Ntate oa tsona e Moholo a sebelisa “Ntate oa ka ho sa Feleng,” Jesu Kreste.—Mattheu 6:9; Esaia 9:6, NW.
Mokhoa oo Jehova a Rutang ka Oona
20. Jehova o ruta ka litsela life?
20 Jehova o ruta ka litsela tse ngata. Ka mohlala, o etsa sena ka mesebetsi ea hae ea pōpo, e pakang boteng ba hae le bohlale ba hae bo boholo. (Jobo 12:7-9; Pesaleme ea 19:1, 2; Ba-Roma 1:20) Ho phaella moo, o ruta ka puisano e tobileng, joalokaha a ile a etsa ha a ne a rupela Jesu pele e e-ba motho. Ka ho tšoanang, ka makhetlo a mararo a tlalehiloeng, o ile a bua ka ho toba a le leholimong le batho lefatšeng.—Mattheu 3:17; 17:5; Johanne 12:28.
21. Ke lengeloi lefe leo ka ho khetheha Jehova a ileng a le sebelisa e le moemeli oa hae, empa re tseba joang hore o ile a sebelisa le a mang?
21 Jehova o boetse o sebelisa baemeli ba mangeloi ho ruta, ho akarelletsa Letsibolo la hae, “Lentsoe.” (Johanne 1:1-3) Le hoja Jehova a ka be a ile a bua ka ho toba le mora oa hae ea phethahetseng oa motho, Adama, tšimong ea Edene, ho ka etsahala hore ebe o ile a sebelisa Jesu pele e e-ba motho hore a bue bakeng sa Hae. (Genese 2:16, 17) Enoa mohlomong e ne e le “lengeloi la Molimo le eteletseng makhotla a Iseraele pele” leo Jehova a ileng a laela hore: “U mamele lentsoe la lona.” (Exoda 14:19; 23:20, 21) Ntle ho pelaelo Jesu pele e e-ba motho o ne a boetse a bitsoa “molaoli oa makhotla a Jehova” ea ileng a hlaha ho Joshua ho mo matlafatsa. (Joshua 5:14, 15) Jehova o boetse a sebelisa mangeloi a mang ho fetisa lithuto tsa hae, joaloka ao a ileng a a sebelisa ho fetisetsa Molao oa hae ho Moshe.—Exoda 20:1; Ba-Galata 3:19; Ba-Heberu 2:2, 3.
22. (a) Lefatšeng ke bo-mang bao Jehova a ba sebelisitseng ho ruta? (b) Tsela e ka sehloohong eo ka eona Jehova a rutang batho kajeno ke efe?
22 Ho phaella moo, Jehova Molimo o sebelisa baemeli ba batho ho ruta. Batsoali Iseraeleng ba ne ba tlameha ho ruta bana ba bona; baprofeta, baprista, mahosana le Balevi ba ne ba ruta sechaba Molao oa Jehova. (Deuteronoma 11:18-21; 1 Samuele 12:20-25; 2 Likronike 17:7-9) Jesu e ne e le ’Muelli e moholo oa Molimo lefatšeng. (Ba-Heberu 1:1, 2) Hangata Jesu o ne a bolela hore seo a se rutang ke seo a ithutileng sona ho Ntate, kahoo bamameli ba hae ha e le hantle, ba ne ba rutoa ke Jehova. (Johanne 7:16; 8:28; 12:49; 14:9, 10) Jehova o entse hore lipolelo tsa hae li tlalehoe, ’me mehleng ea rōna o ruta batho haholo-holo ka Mangolo a bululetsoeng.—Ba-Roma 15:4; 2 Timothea 3:16.
23. Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong se latelang?
23 Re phela linakong tsa bohlokoa, kaha Mangolo a tšepisa hore ‘mehleng ea bofelo [eo re phelang ho eona] batho ba bangata ba tla rutoa ka litsela tsa Jehova.’ (Esaia 2:2, 3) Thupelo ee e fanoa joang? Re tlameha ho etsa eng ho rua molemo, esita le ho kopanela, lenaneong le leholo la Jehova la thuto le tsoelang pele hona joale? Re tla tšohla lipotso tsena sehloohong se latelang.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke joang Jehova a ileng a fetoha Ntate, Tichere le Monna?
◻ Jehova o ruta eng mabapi le “peo”?
◻ Re tlameha ho boloka thuto efe ea bohlokoa ea Molimo?
◻ Jehova o ruta joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho tsosa morali oa Jairuse ho ile ha fana ka motheo oa ho lumela tšepiso ea Jesu ea tsoho