Latela Leseli la Lefatše
“Ea ntatelang . . . o tla ba le leseli la bophelo.”—JOHANNE 8:12.
1. Leseli ke la bohlokoa hakae?
RE KA etsa’ng ka ntle ho leseli? Ak’u nahane u se u tsoha letsatsi le leng le le leng la selemo ho le lefifi ka lihora tse 24. Ak’u nahane u le lefatšeng le se nang ’mala, hobane ka ntle ho leseli ha ho na ’mala. Ha e le hantle, haeba leseli le ne le le sieo, le rōna re ka be re le sieo! Hobane’ng? Hobane, tšebetsong e bitsoang photosynthesis, limela tse tala li sebelisa leseli ho etsa lijo tseo re li jang—lijo-thollo, meroho, le litholoana. Ke ’nete, ka linako tse ling re ja nama ea liphoofolo. Empa liphoofolo tseo li jele limela kapa liphoofolo tse ling tse jeleng limela. Kahoo, bophelo ba ’mele ea rōna bo itšetlehile ka leseli ka ho feletseng.
2. Ke mehloli efe e matla ea leseli e leng teng, ’me sena se re bolella eng ka Jehova?
2 Leseli la rōna le tsoa letsatsing, leo e leng naleli. Le hoja letsatsi la rōna le fana ka leseli le lengata, ke naleli e boholo bo mahareng. Linaleli tse ngata li le feta hōle ka boholo. ’Me sehlopha sa linaleli seo re phelang ho sona se bitsoang Milky Way, se na le linaleli tse fetang limillione tse sekete. Ho phaella moo, ho na le lihlopha tse se nang palo tsa linaleli tse libillione bokahohleng. Ke tlhophiso ea linaleli e hlollang hakaakang! Ke leseli le leholo hakaakang le tsoang ho tsona! Jehova, ea bōpileng lintho tseo kaofela, ke mohloli o matla hakaakang oa leseli! Esaia 40:26 ea bolela: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.”
Mofuta o Mong oa Leseli
3. Leseli la moea le tsoang ho Jehova ke la bohlokoa hakae?
3 Jehova ke Mohloli oa leseli la mofuta o mong hape, le etsang hore re be le pono ea moea, re be leseling la moea. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho khantšetsoa leseli” ka tsela ena: “Ho fana ka tsebo ho: ho ruta; ho fana ka temohisiso ea moea ho.” E hlalosa “ho khantšetsoa leseli” e le: “ho lokoloha ho hlokeng tsebo le boitsebisong bo fosahetseng.” Leseli la moea le tsoang ho Jehova le fanoa ka tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la hae, Bibele. Sena ke sona se re nolofaletsang ho tseba hore na Molimo ke mang le hore na merero ea hae ke efe. “Molimo o kileng oa re: Leseli le hlahe lefifing, ke oona o bonesitseng lipelong tsa rōna, ho hlahisa leseli la tsebo ea khanya ea Molimo e bonahalang ho Jesu Kreste.” (2 Ba-Korinthe 4:6) Kahoo, linnete tse leng Lentsoeng la Molimo li re lokolla ho hlokeng tsebo le boitsebisong bo fosahetseng. Jesu o itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.
4, 5. Ke joang tsebo e tsoang ho Jehova e sebeletsang joaloka ka leseli bophelong ba rōna?
4 Jehova, Mohloli oa leseli la ’nete la moea, o “phethehile tsebong.” (Jobo 37:16, NW) Hape, Pesaleme ea 119:105 e re ka Molimo: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” Kahoo ka tsela ea moea a ka khantša eseng feela mohato o latelang oa bophelo ba rōna empa hape a ka khantša le tsela e ka pele. Ka ntle ho seo, bophelo bo ne bo tla tšoana le ho khanna koloi tseleng ea thaba e matsoelintsoeke bosiung bo lefifi koloi e se na mabone a bile a le sieo hohle tseleng. Leseli la moea le tsoang ho Molimo le ka bapisoa le leseli le fanoang ke mabone a maholo a koloi. Khanya ea oona e bonesa tsela e le hore re ka bona hantle moo re eang teng.
5 Boprofeta ba Esaia 2:2-5 bo bontša hore nakong ea rōna Molimo o bokella batho ba batlang leseli la moea ho tsoa lichabeng tsohle e le hore ba ka ithuta borapeli ba ’nete le ho bo sebelisa. Temana 3 e re: “O tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” Temana 5 (NW) e mema barati ba ’nete: “Tlong re tsamaeeng leseling la Jehova.”
6. Leseli le tsoang ho Jehova le tla qetella le re isitse hokae?
6 Kahoo, Jehova ke mohloli oa mefuta e ’meli ea leseli le hlokahalang bakeng sa bophelo: la sebele le la moea. Leseli la sebele le thusa ’mele ea rōna ea nama hore e ’ne e phele hona joale, mohlomong lilemo tse ka bang 70 kapa 80. Empa leseli la moea le re isa bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ho joalo kaha Jesu a boletse thapelong eo a ileng a e lebisa ho Molimo: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Lefatše le Lefifing la Moea
7. Ke hobane’ng ha hona joale re hloka leseli la moea ho feta leha e le neng pele?
7 Kajeno re hloka leseli la moea ho feta leha e le neng pele. Boprofeta bo kang ba Mattheu khaolo 24 le 2 Timothea khaolo 3 bo bontša hore re haufi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Boprofeta bona le bo bong bo boletse esale pele lintho tse tšosang tse seng li etsahetse mehleng ea rōna, tse etsang hore re tsebe hore re phela “mehleng ea qetello.” Tumellanong le boprofeta bo joalo, lekholo lena la lilemo le bile litlokotsing tse latellanang. Tlōlo ea molao le pefo li eketsehile ka tekanyo e tšosang. Batho ba ka holimo ho limillione tse lekholo ba shoetse lintoeng. Mafu a kang AIDS e tšajoang, a nanarela batho ba limillione, lenaneng lena ba ka bang 160 000 ba se ba bolailoe ke AIDS United States feela. Bophelo ba lelapa bo thumakane ’me boitšoaro litabeng tsa botona le botšehali bo nkoa e le bo siiloeng ke nako.
8. Ke boemo bofe boo hona joale bo talimaneng le moloko oa batho, ’me e le ka lebaka lefe?
8 Eo e neng e le mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Javier Pérez de Cuéllar o itse: “Boemo ba lefatše bo fana ka bopaki bo bongata ba hore bofutsana [bo fokolisa] bonngoe ba lichaba.” O ile a hlokomela hore “batho ba ka holimo ho [limillione tse likete tse lekholo] ba phela bofutsaneng bo feletseng” le hore “bofutsana bo ekelitse lisosa tsa khohlano e mabifi.” O boletse hore “bohloko bona bo tebileng bo loantšana le lipheko tseo mebuso e ka li sebelisang.” ’Me moeta-pele oa mokhatlo o nang le tšusumetso e matla o ile a tiisa: “Bothata bo boholo boo sechaba se talimaneng le bona ke hore se fetohile se sa laoleheng.” Mantsoe a Pesaleme ea 146:3 ke ’nete hakaakang: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.”
9. Ke bo-mang ba ka sehloohong ho bao e leng mohloli oa lefifi le aparetseng moloko oa batho, ’me ke mang ea ka re lokollang tšusumetsong ena?
9 Boemo bo leng teng kajeno bo joalokaha Esaia 60:2 e boletse esale pele: “Hobane bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba.” Lefifi lena le koahetseng baahi ba lefatše ba bangata le bakoa ke ho hlōleha ha bona ho fumana leseli la moea le tsoang ho Jehova. ’Me mohloli o ka sehloohong oa lefifi lena la moea ke Satane Diabolose le bademona ba hae, lira tse khōlō tsa Molimo oa leseli. Ke “marena a lefifi la lefatše lena.” (Ba-Efese 6:12) Joalokaha 2 Ba-Korinthe 4:4 (NW) e bolela, Diabolose ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” ea “foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse buang ka Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo, e se ke ea ba khantšetsa.” Ha ho puso ea motho e ka felisang tšusumetso ea Satane. Ke Molimo feela ea ka etsang seo.
“Leseli le Leholo”
10. Ke joang Esaia a ileng a bolela esale pele hore mehleng ea rōna moloko oa batho o tla khantšetsoa leseli?
10 Leha ho le joalo, le hoja lefifi le letšo-letšo le koahetse batho ba bangata, Lentsoe la Molimo le boletse esale pele ho Esaia 60:2, 3: “Empa Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao. Lichaba li tla tla tsamaea leseling la hao.” Sena se tumellanong le Esaia khaolo 2, e ileng ea tšepisa hore borapeli ba ’nete ba Jehova bo khantšang leseli, bo tla thehoa mehleng ena ea qetello ’me, joalokaha litemana 2 le 3 (NW) li bolela, “lichaba kaofela li tlameha ho phallela ho eona. ’Me batho ba bangata ba tla ea, ba re: ‘Tlong, lōna batho, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,’” ke hore, borapeling ba hae ba ’nete bo phahameng. Kahoo le hoja lefatše le laoloa ke Satane, leseli le tsoang ho Molimo lea khantšoa ’me le lokolla matšoele lefifing.
11. Ke mang ea tla ba ka sehloohong tabeng ea ho bonahatsa leseli la Jehova, ’me Simeone o ile a mo hlokomela joang?
11 Boprofeta ba Esaia 9:2, bo boletse esale pele hore Molimo o tla romela e mong lefatšeng hore a khantše leseli la hae. E re: “Sechaba se neng se tsamaea lefifing se bone leseli le leholo, leseli le khanyelitse ba ahileng naheng ea moriti oa lefu.” “Leseli le leholo” lena ke ’Muelli oa Jehova, Jesu Kreste. Jesu o itse: “Ke ’na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” (Johanne 8:12) Batho ba bang ba ne ba tseba sena esita le nakong eo Jesu e neng esale ngoana e monyenyane. Luka 2:25 e bolela hore monna ea bitsoang Simeone o ne a “lokile, a hlonepha” le hore ‘moea o halalelang o ne o le ho eena.’ Ha Simeone a bona ngoana e monyenyane Jesu, thapelong ho Molimo o ile a re: “Mahlo a ka a bone tsela ea hao ea poloko eo u e lokisitseng pontšeng ea batho bohle, leseli bakeng sa ho tlosa lesira lichabeng.”—Luka 2:30-32, NW.
12. Ke neng hona e le ka tsela efe Jesu a tlang ho qala ho tlosa lesira la lefifi le koahetseng batho?
12 Jesu o ile a qala ho tlosa lesira la lefifi molokong oa batho nakoana ka mor’a kolobetso ea hae. Mattheu 4:12-16 e re bolella hore sena se ne se phethahatsa Esaia 9:1, 2, e neng e bua ka “leseli le leholo” le neng le tla qala ho khanyetsa batho ba tsamaeang lefifing la moea. Mattheu 4:17 e re: “Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” Jesu o ile a khantša leseli ka merero ea Molimo ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. O ile “a khantša leseli ka litaba tse molemo mabapi le bophelo le ho se bole.”—2 Timothea 1:10, NW.
13. Jesu o ile a itlhalosa joang, ’me ke hobane’ng ha a ne a etsa seo ka kholiseho e kaalo?
13 Jesu o ile a bonahatsa leseli la Molimo ka botšepehi. O itse: “Ke tlile lefatšeng, ke le leseli, hore e mong le e mong ea lumelang ho ’na, a se ke a lula lefifing. . . . Hobane ha kea ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ea nthomileng ke eena ea ’neileng taelo ea see ke tla se bolela, le ea mokhoa oo ke tla se bolela ka oona. ’Me kea tseba hobane taelo ea hae ke bophelo bo sa feleng.”—Johanne 12:44-50.
“Bophelo bo Bile Teng ka Eena”
14. Jesu o tsebahatsoa joang ho Johanne 1:1, 2?
14 E, Jehova o romile Mora oa hae lefatšeng hore e be leseli le bontšang batho tsela e isang bophelong bo sa feleng. Hlokomela kamoo sena se bontšoang ka teng ho Johanne 1:1-16 (NW). Temana 1 le 2 li baleha tjena: “Tšimolohong Lentsoe le ne le le teng, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le molimo. Enoa o ne a e-na le Molimo tšimolohong.” Mona Johanne o bitsa Jesu pele e e-ba motho ka tlotla “Lentsoe.” Sena se bontša mosebetsi oo a neng a o etsa joaloka ’Muelli oa Jehova Molimo. ’Me ha Johanne a bolela hore “tšimolohong Lentsoe le ne le le teng,” sena se bolela hore Lentsoe e ne e le qalo ea mesebetsi ea Jehova ea pōpo, “qalo ea pōpo ea Molimo.” (Tšenolo 3:14) Boemo bo phahameng ba hae har’a libōpuoa tsa Molimo bo fana ka motheo oa sebele bakeng sa hore a bitsoe “molimo,” kapa ea matla. Esaia 9:6 e mo bitsa “Molimo o matla,” eseng Molimo ea Matla ’Ohle.
15. Ke boitsebiso bofe bo eketsehileng boo Johanne 1:3-5 e re fang bona ka Jesu?
15 Johanne 1:3 e re: “Lintho tsohle li bile teng ka eena, ’me ka ntle ho eena ha ho letho le bileng teng.” Ba-Kolosse 1:16 e bolela hore “ka ho eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng.” Johanne 1:4 e bolela hore “bophelo bo bile teng ka eena, ’me bophelo e ne e le leseli la batho.” Kahoo ka Lentsoe, mefuta e meng eohle ea bophelo e ile ea bōptjoa; hape ka Mora enoa oa hae, Molimo o etsa hore ho khonehe bakeng sa moloko oa batho ba baetsalibe, ba shoang hore o fumane bophelo bo sa feleng. Ka sebele Jesu ke ea matla eo Esaia 9:2 e ’mitsang “leseli le leholo.” ’Me Johanne 1:5 e re: “Leseli le khanya lefifing, empa lefifi ha lea ka la le hlōla.” Leseli le emela ’nete le ho loka, ho fapana le lefifi, le emelang phoso le bokhopo. Kahoo Johanne o bontša hore lefifi le ke ke la hlōla leseli.
16. Johanne Mokolobetsi o ile a bontša boholo ba mosebetsi oa Jesu joang?
16 Joale Johanne o ntšetsa taba ea hae pele temaneng ea 6 ho ea ho 9: “Ho ile ha hlaha ea neng a rōmiloe joaloka moemeli oa Molimo, lebitso la hae e le Johanne [Mokolobetsi]. Monna enoa o ile a tlela ho paka, e le hore a ka paka tsa leseli, e le hore batho ba mefuta eohle ba lumele ka eena. Eena [Johanne] e ne e se leseli leo, empa o ne a tlile hore a pake tsa leseli [Jesu]. Leseli la ’nete le bonesetsang batho ba mefuta eohle le ne le le haufi le ho tla lefatšeng.” Johanne o ile a bua ka Messia ea tlang ’me a etsa hore balateli ba hae ba retelehele ho Eena. Hamorao, batho ba mefuta eohle ba ile ba fuoa monyetla oa ho amohela leseli lena. Kahoo Jesu ha a ka a tla molemong oa Bajode feela empa o ne a tlile molemong oa batho bohle—ba ruileng le ba futsanehileng, ho sa tsotellehe morabe oa bona.
17. Johanne 1:10, 11 e re bolella eng ka boemo ba moea ba Bajode mehleng ea Jesu?
17 Litemana 10 le 11 li tsoela pele: “O ne a le lefatšeng, ’me lefatše le bile teng ka eena, empa lefatše ha lea ka la mo tseba. O ne a tlile habo, empa ba habo ha baa ka ba mo amohela.” Lefatše la moloko oa batho le ile la bōptjoa ka Jesu pele e e-ba motho. Leha ho le joalo, ha a le lefatšeng, ha a ka a amoheloa ke batho ba bangata sechabeng sa habo sa Bajode. Ba ne ba sa rate hore bobe le boikaketsi ba bona bo pepesoe. Ba ile ba khetha lefifi ho e-na le leseli.
18. Johanne 1:12, 13 e bontša joang hore ba bang ba ka fetoha bana ba Molimo le ho fumana lefa le khethehileng?
18 Litemaneng 12 le 13 Johanne o re: “Leha ho le joalo, bohle ba mo amohetseng, o ba file tokelo ea ho fetoha bana ba Molimo, hobane ba ne ba sebelisa tumelo lebitsong la hae; ’me ha baa ka ba tsoaloa ka mali kapa ka thato ea nama kapa ka thato ea motho, empa ba tsoetsoe ke Molimo.” Litemana tsena li bontša hore qalong balateli ba Jesu e ne e se bara ba Molimo. Pele Kreste a tla lefatšeng, batho ba ne ba sa buleheloa ke tokelo e joalo ea ho ba bara leha e le tšepo ea ho ea leholimong. Empa ka molemo oa sehlabelo sa thekollo sa Kreste seo ba neng ba lumela ho sona, batho ba bang ba ile ba amoheloa hore e be bara ’me ba khona ho ba le tšepo ea bophelo e le marena le Kreste ’Musong oa Molimo oa leholimo.
19. Ke hobane’ng ha Jesu a le boemong bo molemohali ba ho bonahatsa leseli la Molimo, joalokaha ho bontšitsoe ho Johanne 1:14?
19 Temana 14 e beha mabaka: “Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna le tletse mohau le ’nete, ’me re bohile khanya ea lona, e kang khanya ea Mora a ’notši ea tsoang ho Ntate.” Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bonahatsa khanya ea Molimo joalokaha Letsibolo le ’notši la Molimo le ne le ka etsa. Kahoo, ka tsela e khethehileng, o ne a tšoaneleha ka ho feletseng bakeng sa ho senolela batho Molimo le merero ea Hae.
20. Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 1:15, Johanne Mokolobetsi o re bolella eng ka Jesu?
20 Moapostola Johanne o tsoela pele ho ngola temaneng ea 15: “Johanne [Mokolobetsi] o mo pakile, e, ’me a hla a hooa,—enoa ke eena ea buileng—a re: ‘Ea tlang kamorao ho ’na o mpheta ka boholo, hobane o bile teng pele ho ’na.’” Johanne Mokolobetsi o hlahile likhoeli tse tšeletseng pele Jesu a tsoaloa e le motho. Empa Jesu o ile a etsa mesebetsi e fetang ea Johanne hōle, kahoo o ne a feta Johanne ka litsela tsohle. ’Me Johanne oa lumela hore Jesu o bile teng pele ho eena, kaha Jesu o bile teng pele e e-ba motho.
Limpho tse Tsoang ho Jehova
21. Ke hobane’ng ha Johanne 1:16 e bolela hore re amohetse “mosa o sa tšoanelang holim’a mosa o sa tšoanelang”?
21 Johanne 1:16 e beha mabaka: “Rōna bohle re amohetse ho tlalloeng ha hae, mosa o sa tšoanelang holim’a mosa o sa tšoanelang.” Le hoja moloko oa batho o hlahetse sebeng ka baka la ho se futsa ho Adama, Jehova o rera ho timetsa tsamaiso ena e khopo, ho pholosa ba limillione hore ba kene lefatšeng le lecha, ho tsosa bafu le ho tlosa sebe le lefu, ho fellang ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Litlhohonolofatso tsena tsohle ke tseo batho ba sa phethahalang ba sa tšoaneleheng bakeng sa tsona, tseo e seng moputso oo ba o sebelelitseng. Ke limpho tse tsoang ho Jehova ka Kreste.
22. (a) Mpho ea Molimo e khōlōhali e etsa hore ho be bonolo hore eng e khonehe? (b) Ke memo efe e fetisetsoang ho rōna bukeng ea ho qetela ea Bibele?
22 Ke mpho efe e khōlō ka ho fetisisa e etsang hore tsena tsohle li khonehe? “Molimo o ratile lefatše [la moloko oa batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang [“sebelisang tumelo,” NW] ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Kahoo, tsebo e nepahetseng ea Molimo le Mora oa hae, “Moemeli e Moholo oa bophelo,” ea hlokahala bakeng sa ba batlang leseli la moea le bophelo bo sa feleng. (Liketso 3:15) Ke ka lebaka leo buka ea ho qetela ea Bibele e fetisetsang memo e latelang ho bohle ba ratang ’nete le ba ratang bophelo: “Tlo! Le ea utloang a ke a re: Tlo! Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.”—Tšenolo 22:17.
23. Batho ba kang linku ba tla etsa’ng ha ba tla leseling?
23 Batho ba ikokobelitseng, ba kang linku hase feela hore ba tla tla leseling la lefatše empa ba tla latela leseli leo: “Linku lia mo latela, kahobane li tseba [molumo o hlakileng oa ’nete oa] lentsoe la hae.” (Johanne 10:4, NW) Ha e le hantle, ba thabela “ho latela mehato ea hae haufi-ufi” hobane ba tseba hore ho etsa joalo ho tla bolela bophelo bo sa feleng bakeng sa bona.—1 Petrose 2:21, NW.
U Tla Arabela Joang?
◻ Ke mefuta efe e ’meli ea leseli le tsoang ho Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha leseli la moea e le la bohlokoa hakaale kajeno?
◻ Ke ka tsela efe Jesu e bileng “leseli le leholo”?
◻ Johanne khaolo 1 e re bolella eng ka Jesu?
◻ Ke limpho life tse fuoang ba latelang leseli la lefatše?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Simeone o bitsitse Jesu “leseli le tlosang lesira lichabeng”