‘Aparang Lihlomo tsa Leseli’
“Bosiu bo se bo ea sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ea lefifi, ’me re apareng lihlomo tsa leseli.”—BA-ROMA 13:12.
1, 2. Bajode ba lekholo la pele la lilemo ba ile ba arabela joang mabapi le “leseli la ’nete,” hona ba ile ba arabela joalo ba sa tsotelle melemo efe?
JESU KRESTE ke “leseli la ’nete, le bonesetsang motho e mong le e mong.” (Johanne 1:9) Ha a tla e le Messia ka 29 C.E., o ile a tla sechabeng se neng se khethiloe ke Molimo hore e be lipaki tsa Oona se bile se ipolela hore se inehetse ho Jehova. (Esaia 43:10) Baiseraele ba bangata ba ne ba emetse Messia, ’me ba ’maloa ba ne ba tseba boprofeta bo bong bo neng bo tla mo khetholla. Ho feta moo, Jesu o ile a bolela likarolong tsohle tsa Palestina, o ne a etsa mehlolo eo matšoele a neng a e bona ka ho felletseng. Matšoele a ne a khobokana hore a tl’o mo mamela ’me a ile a khahloa ke seo a se boneng le seo a se utloileng.—Mattheu 4:23-25; 7:28, 29; 9:32-36; Johanne 7:31.
2 Leha ho le joalo, qetellong Bajode ba bangata ba ile ba lahla Jesu. Kosepele ea Johanne e re: ‘O ne a tle ha habo, ’me ba ha habo ha ba ka ba mo amohela.’ (Johanne 1:11) See se ne se bakoa ke eng? Karabelo ea potso eo e tla re thusa ho qoba ho pheta phoso ea bona. E tla re thusa ho ‘lahla mesebetsi ea lefifi le ho apara lihlomo tsa leseli,’ ka hona re tla qoba ho fumana kahlolo e bohloko e tšoanang le e ileng ea fumanoa ke Iseraele ea lekholong la pele la lilemo.—Ba-Roma 13:12; Luka 19:43, 44.
Khanyetso ea ba Boholong Bolumeling
3. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ile ba ipaka e le “batataisi ba foufetseng” ka tsela efe?
3 Iseraeleng baeta-pele ba bolumeli ke bona ba ka sehloohong ba ileng ba lahla leseli. Le hoja e ne e le matichere a “rutehileng Molaong,” ba ne ba file batho tsamaiso ea melao-motheo e etsang hore ba khomarele molao ka ho fetelletseng eo hangata e neng e hanyetsa Molao oa Molimo. (Luka 11:45, 46, NW) Ka hona, ba ne ba ‘etsa lentsoe la Molimo lefeela ka neano eo ba e fetisitseng.’ (Mareka 7:13; Mattheu 23:16, 23, 24) E ne e le “batataisi ba foufetseng,” ba neng ba sitisa leseli hore le khanye.—Mattheu 15:14, NW.
4, 5. (a) Bafarisi ba ile ba itšoara joang ha Bajode ba ’maloa ba qala ho ipotsa hore na ebe Jesu ke eena Messia? (b) Bafarisi ba ile ba senola boikutlo bofe ba pelo bo bobe?
4 Ka lekhetlo le leng ha Baiseraele ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ebe mohlomong Jesu ke eena Kreste, Bafarisi ba tšohileng ba ile ba romela liofisiri hore li e’o mo tšoara. Liofisiri li ile tsa khutla li itlhophere, ’me tsa re: “Ha ho motho ea kileng a bua joaloka motho enoa.” Bafarisi ba ile ba botsa liofisiri tseo ba lomahantse meno: “Na le lōna le khelositsoe? Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ea lumetseng ho eena? Empa mahōōhōō ana a sa tsebeng Molao a rōhakehile.” Nikodema, setho sa Sanhedrin, o ile a hanyetsa ka hore ha hoa lokela ho ahlola motho pele a qosoa. Bafarisi ba ile ba retelehela ho eena ba halefile ’me ba re: “Na le uena u tsoa Galelea? Fuputsa, ’me u tla bona hore ha ho moporofeta ea tsoang Galelea.”—Johanne 7:46-52, BPN.
5 Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba sechaba se inehetseng ho Molimo ba ile ba itšoara ka tsela eo? Ke hobane ba ne ba na le boemo bo bobe ba pelo. (Mattheu 12:34) Ho nyelisa ha bona batho ba tloaelehileng ho ile ha senola boikakaso ba bona. Ho bolela ha bona hore ‘ha ho e mong oa babusi kapa oa Bafarisi ea lumetseng ho eena’ ho ile ha ba etsa hore ba ikakase ka boikhohomoso ka hore Messia oa sebele ke ea amohelehang ho bona. Ho feta moo, ba ne ba sa tšepahale, ba ne ba leka ho tlotlolla Jesu hobane o ne a tsoa Galilea, empa patlisiso e se nang leeme e ne e tla senola hore ha e le hantle o tsoaletsoe Bethlehema, e leng sebaka seo ho neng ho profetiloe hore Messia o tla tsoalloa ho sona.—Mikea 5:2; Mattheu 2:1.
6, 7. (a) Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba itšoara joang ha Lazaro a tsosoa? (b) Jesu o ile a re’ng e ileng ea pepesa hore baeta-pele bao ba bolumeli ba rata lefifi?
6 Khanyetso ea baeta-pele bana ba bolumeli e sa sekisetseng khahlanong le leseli e ile ea bonahala ka ho hlakileng ha Jesu a tsosa Lazaro. Ho motho ea tšabang Molimo, ketso e joalo e ne e tla ba bopaki ba hore Jesu o tšehelitsoe ke Jehova. Leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba bona eka e behile boemo ba bona bo ba fang litokelo tse eketsehileng kotsing. Ba ile ba re: “Re tla etsa’ng, ha e le mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na? Ekare ha re mo lesela joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ’me ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa rōna le sechaba sa rōna.” (Johanne 11:44, 47, 48) Kahoo ba ile ba bokana hore ba rere kamoo ba ka bolaeang Jesu le Lazaro ka teng, mohlomong ba ne ba tšepile hore ka tsela ena ba tla tima leseli.—Johanne 11:53, 54; 12:9, 10.
7 Ka hona, boikakaso, boikhohomoso, ho sebelisa tsebo ka ho se tšepahale, le boikhabi ba bona bo fetelletseng li ile tsa suthisetsa baeta-pele bao ba bolumeli ba sechaba sa Molimo hōle le leseli. Ho ea qetellong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a pepesa molato oa bona, a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’muso oa maholimo; athe lōna, ha le kene teng, ’me ba ratang ho kena ha le ba lumelle ho kena.”—Mattheu 23:13.
Boikhabi le Boikhohomoso
8. Ke liketsahalo life tse ileng tsa etsahala Nazaretha tse ileng tsa pepesa boemo bo bobe ba pelo ba batho ba bang ba moo?
8 Ka kakaretso, batho ba Bajode ba lekholo la pele la lilemo ba ile ba etsisa baeta-pele ba bona ba bolumeli ka ho lahla leseli ka baka la boikutlo bo bobe ba lipelo tsa bona. Ka mohlala, ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a mengoa hore a bue ka synagogeng Nazaretha. O ile a bala karolo e tsoang ho Esaia ’me a e hlalosa, ’me qalong, phutheho e ile ea mo mamela. Empa eitse ha a etsa lipapiso tsa histori tse neng li pepesa boikhabi ba bona le ho haelloa ke tumelo, ba ile ba halefa ba ba ba leka ho ’molaea. (Luka 4:16-30) Har’a libōpeho tse ling, boikhohomoso bo ile ba ba sitisa ho amohela leseli ka ho loketseng.
9. Merero e fosahetseng ea sehlopha se seholo sa Bagalilea e ile ea pepesoa joang?
9 Ka lekhetlo le leng, ka mohlolo Jesu o ile a fepa letšoele le leholo mathōkong a Leoatle la Galilea. Lipaki tse ileng tsa bona mohlolo ona li ile tsa re: “Ka ’nete enoa ke moprofeta eo ho itsoeng, o tla tla lefatšeng.” (Johanne 6:10-14) Ha Jesu a ea sebakeng se seng ka seketsoana, letšoele le ile la mo latela. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore morero oa ba bangata e ne e se hore ba rata leseli. O ile a ba bolella: “Lea mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la khora.” (Johanne 6:26) Kapele-pele ho ile ha ba le bopaki ba hore o nepile ha ba bangata ba neng ba mo latela ba khutlela lefatšeng. (Johanne 6:66) Boikutlo ba boikhabi, ba ho re “Ke tla rua molemo oa eng?” bo ile ba pupetsa leseli.
10. Balichaba ba bangata ba ile ba arabela joang mabapi le leseli?
10 Ka mor’a lefu le tsoho ea Jesu, Bajode ba lumelang ba ile ba tsoela pele ho isa leseli sechabeng sa Bajode, empa ke ba fokolang feela ba ileng ba arabela. Ka hona, moapostola Pauluse le ba bang, ba sebeletsang joaloka “leseli la lichaba,” ba ile ba phatlalatsa litaba tse molemo linaheng tse ling. (Liketso 13:44-47) Ba bangata bao e seng Bajode ba ile ba arabela, empa ka kakaretso ba bangata ba ile ba arabela joalokaha Pauluse a hlalositse: “Re bolela Kreste ea thakhisitsoeng, . . . [molaetsa oo e leng] bohlanya ho ba-Gerike.” (1 Ba-Korinthe 1:22, 23) Ba bangata bao e seng Bajode ba ile ba lahla leseli hobane ba ne ba foufalitsoe ke litumela-khoela tsa bohedene kapa likhopolo tsa lefatše.—Liketso 14:8-13; 17:32; 19:23-28.
‘Ba Ntšitsoeng Lefifing’
11, 12. Ke bo-mang ba ileng ba arabela mabapi le leseli lekholong la pele la lilemo, ’me ke bo-mang ba arabelang kajeno?
11 Lekholong la pele la lilemo, ho sa tsotellehe ho se arabele ha batho ka kakaretso, ba bangata ba lipelo li ntle ba ile ba ‘ntšoa lefifing ’me ba kenngoa leseling le hlollang la Molimo.’ (1 Petrose 2:9) Moapostola Johanne o ngola tjena ka bona: ‘Bohle ba amohetseng Kreste, o ba nehile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba bontšang tumelo lebitsong la hae.’ (Johanne 1:12) Ho qala ka Pentekonta ea 33 C.E., bana ba ratang leseli ba ile ba kolobetsoa ka moea o halalelang ’me ba fetoha bara ba Molimo ba nang le tšepo ea ho busa le Jesu ’Musong oa hae oa leholimo.
12 Mehleng ea rōna, ba ho qetela ba bara bao ba tlotsitsoeng ba Molimo ba se ba bokelletsoe, ’me phethahatsong ea boprofeta ba Daniele, ba “khanya joale ka khanya ea leholimo, ba khannetseng ba bangata ho lokeng.” (Daniele 12:3) Ba ’nile ba khantša leseli la bona ho isa bohōleng ba hore “linku tse ling” tse fetang limillione tse ’nè li haptjoe ke ’nete ’me li thabele boemo bo lokileng pel’a Molimo. (Johanne 10:16) Le tsona li khantša leseli lefatšeng lohle, hoo hona joale leseli leo le khanyang ho feta leha e le neng pele. Mehleng ea rōna, joaloka lekholong la pele la lilemo, “lefifi ha lea ka la [hlōla leseli].”—Johanne 1:5.
‘Ha ho Lefifi ho Molimo’
13. Moapostola Johanne o ile a re fa temoso efe?
13 Leha ho le joalo, le ka mohla ha rea lokela ho lebala temoso ea moapostola Johanne: “Molimo [ke] leseli, ’me ha ho lefifi ho oona le hanyenyane. Ha re bolela hore re na le kopano le oona, athe re tsamaea lefifing, teng re leshano, ’me ha re etse ka ’nete.” (1 Johanne 1:5, 6) Ka ho hlakileng, ho ka etsahala hore Bakreste ba oele lerabeng le tšoanang le leo Bajode ba ileng ba oela ho lona le ho etsa mesebetsi ea lefifi le hoja ba ipolela hore ke lipaki tsa Molimo.
14, 15. Ke mesebetsi efe ea lefifi e ileng ea bonahala phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo, ’me ke eng seo re ithutang sona ho see?
14 Ha e le hantle, sena se ile sa etsahala lekholong la pele la lilemo. Re bala ka likhaohano tse tebileng tse neng li le teng Korinthe. (1 Ba-Korinthe 1:10-17) Moapostola Johanne o ile a lokela ho lemosa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba se ke ba hloeana, ’me Jakobo o ile a lokela ho eletsa ba bang hore ba se ke ba etsetsa barui se molemo ho feta mafutsana. (Jakobo 2:2-4; 1 Johanne 2:9, 10; 3 Johanne 11, 12) Ho phaella moo, ha Jesu a ne a hlahloba liphutheho tse supileng tsa Asia Minor, joalokaha ho tlalehiloe bukeng ea Tšenolo, o ile a tlaleha ka ho kena ha mesebetsi ea lefifi, ho akarelletsa le bokoenehi, borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe, le lerato la lintho tse bonahalang. (Tšenolo 2:4, 14, 15, 20-23; 3:1, 15-17) Mehleng eo ea pele ea phutheho ea Bokreste, ba bangata ba ne ba lahlile leseli ka tsela eo, ba bang ba ile ba khaoloa ’me ba bang ba ile ba suthela thōko “mafifing a kantle.”—Mattheu 25:30; Ba-Filippi 3:18; Ba-Heberu 2:1; 2 Johanne 8-11.
15 Litlaleho tsena kaofela tsa lekholo la pele la lilemo li bontša litsela tse fapaneng tseo ka tsona lefifi la lefatše la Satane le ka kenang ka kelellong ea Bakreste ka bomong kapa liphutheho ka kakaretso. Re lokela ho itebela hore ntho e joalo e se ke ea re etsahalla le ka mohla. Re ka etsa seo joang?
Botho bo Bocha
16. Pauluse o ile a fa Baefese keletso efe e utloahalang?
16 Pauluse o ile a phehella Baefese hore ba se ke ba hlola ba ba “lefifing, ’me ba [ba] hole le bophelo ba Molimo.” E le hore ba se ke ba khutlela lefifing leo, ba ne ba lokela ho hlaolela boikutlo ba pelo ba leseli. Pauluse o itse: “Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale, ea bolisoang ke litakatso tse thetsang; le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lōna, le ho apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.”—Ba-Efese 4:18, 22-24.
17. Kajeno re ka qoba joang hore re se ke ra khutlela lefifing?
17 Kamoo ho ka boleloang ka teng, mona Pauluse o re khothalletsa ho etsa tšebetso e khōlō ea ho buoa—ho ntša seo pele e neng e le karolo ea rōna, botho ba rōna ba khale, le ho lumella hore khōlo ea moea o mocha ka ho felletseng e ‘susumetse likelello tsa rōna.’ ’Me o ne a sa bue le batho ba sa tsoa thahasella empa o ne a bua le Bakreste ba kolobelitsoeng. Ho fetola botho ba rōna ha ho khaotse mohla re kolobetsoang. Ke tšebetso e tsoelang pele. Haeba re khaotsa ho hlaolela botho bo bocha, ho na le monyetla oa hore botho ba khale bo ka boela ba hlaha, hammoho le boikhohomoso ba bona, boikakaso, le boikhabi. (Genese 8:21; Ba-Roma 7:21-26) Sena se ka fella ka ho khutlela mesebetsing ea lefifi.
“Re Bona Leseli Leseling la Hao”
18, 19. Jesu le Pauluse ba ile ba hlalosa tsela ea ho hlokomela “bana ba leseli” joang?
18 Hopola hore ho fumana ha rōna bophelo bo sa feleng ho itšetlehile ka ho amohela kahlolo e molemo ho Molimo, e leng kahlolo e theiloeng holim’a hore na re rata leseli hakae. Ka mor’a hore Jesu a bue ka taba ena ea ho rata leseli, o itse: “E mong le e mong ea etsang bobe, o hloile leseli, ’me ha a tle leseling, mesebetsi ea hae e tle e se ke ea khalemeloa. Empa ea etsang ’nete, o tla leseling mesebetsi ea hae e tle e bonahatsoe hore e etselitsoe Molimo.”—Johanne 3:19-21.
19 Pauluse o ile a tšehetsa khopolo ena ha a ne a ngolla Baefese: “Tsamaeang ke hona joale ka bana ba leseli. Hobane tholoana ea leseli ke molemo oohle, le ho loka, le ’nete.” (Ba-Efese 5:8, 9) Ka hona mesebetsi ea rōna e bontša hore na re bana ba leseli kapa ba lefifi. Empa ke pelo e ntle feela e ka hlahisang mesebetsi e nepahetseng. Ke ka hona re lokelang ho lebela lipelo tsa rōna, re ele hloko tlhoko ea hore re ’ne re nchafatse botho ba rōna, re hlokomele moea o susumetsang likelello tsa rōna.—Liproverbia 4:23.
20, 21. (a) Bana ba hlahetseng malapeng a Bokreste ba talimane le phephetso efe e khethehileng? (b) Bana bohle bao batsoali ba bona e leng Bakreste ba talimane le phephetso efe?
20 Maemong a mang, sena se ipakile e le phephetso e khethehileng ho bana ba Lipaki tsa Jehova tse inehetseng. Hobane’ng? Ka lehlakoreng le leng, bana ba joalo ba hlohonolofalitsoe ka ho tsotehang. Ha e le hantle, ho tseba ’nete ho tloha bongoaneng ho bolela hore le ka mohla ha ho hlokahale hore motho a latsoe ho ba lefifing la lefatše la Satane ka ho tobileng. (2 Timothea 3:14, 15) Ka lehlakoreng le leng, bana ba bang ba leng boemong bona ba khella ’nete fatše ’me ha ho mohla ba ithutang hore ba rate leseli kannete. Bajode ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba le boemong bo tšoanang. Ba ne ba hōletse sechabeng se inehetseng ho Jehova, ’me ba ne ba na le tsebo ea ’nete ka tekanyo e itseng. Empa e ne e sa kena lipelong tsa bona.—Mattheu 15:8, 9.
21 Batsoali ba Bakreste baa ikarabella ka pel’a Molimo hore ba hōlisetse bana ba bona leseling. (Deuteronoma 6:4-9; Ba-Efese 6:4) Leha ho le joalo, qetellong ngoana ka boeena o lokela ho rata leseli ho feta lefifi. O lokela ho etsa hore leseli la ’nete e be la hae. Ha a ntse a hōla, litšobotsi tse ling tsa lefatše la Satane li ka ’na tsa bonahala li ipiletsa. Mekhoa ea bophelo ea ho se tsotelle le ea ho hloka boikarabelo ea lithaka tsa hae e ka ’na ea bonahala e thabisa. Ho belaella bolumeli ho rutoang ka klaseng ho ka ’na ha mo khelosa. Empa ha a lokela ho lebala hore ka ntle ho leseli, ‘lefatše le aparetsoe ke lefifi.’ (Esaia 60:2) Qetellong, lefatše lena le lefifing le ke ke la fana ka letho le molemo.—1 Johanne 2:15-17.
22. Hona joale Jehova o hlohonolofatsa ba tlang leseling joang, ’me o tla ba hlohonolofatsa joang nakong e tlang?
22 Morena Davida o ngotse: “Seliba sa bophelo se ho uena; re bona leseli leseling la hao [Jehova]. U bolokele ba u tsebang mohau oa hao [“mosa oa hao o lerato,” NW].” (Pesaleme ea 36:9, 10) Ba ratang leseli ba ba le tsebo ka Jehova, ’me sena se ka bolela bophelo ho bona. (Johanne 17:3) Ka mosa oa hae o sa tšoanelang, hona joale Jehova oa ba tšehetsa, ’me ha mahlomola a maholo a fihla, o tla ba fetisetsa lefatšeng le lecha. Ho ka ba joalo ka rōna haeba re qoba lefifi la lefatše la Satane hona joale. Lefatšeng le lecha, batho ba tla etsoa hore ba finyelle bophelo bo phethahetseng Paradeiseng. (Tšenolo 21:3-5) Ba tlang ho fumana kahlolo e molemo ka nako eo ba tla fumana tebello ea ho thabela leseli la Jehova ka ho sa feleng. Eo ke tebello e khanyang hakaakang! ’Me ke tšusumetso e matla hakaakang ea hore hona joale re ‘lahle mesebetsi ea lefifi ’me re apare lihlomo tsa leseli’!—Ba-Roma 13:12.
Na u sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha Bajode ba bangata ba mehleng ea Jesu ba ile ba lahla leseli?
◻ Leseli le ’nile la khanya ho isa bohōleng bofe mehleng ea kajeno?
◻ Mehlala ea lekholong la pele la lilemo e fana ka litemoso life mabapi le boikhabi le boikhohomoso?
◻ Ho hlokahala eng e le hore re ’ne re lule leseling?
◻ Ba ratang leseli ba boloketsoe mahlohonolo afe?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Bajode ba bangata ba mehleng ea Jesu ha baa ka ba arabela leseling
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ho theosa le mashome a lilemo ho ’nile ha sebelisoa mekhoa e fapa-fapaneng ea ho khantša leseli ka ho etsa barutuoa
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
‘Le lokela ho hlobola botho ba khale, ’me le lokela ho apara botho bo bocha’