-
U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!Molula-Qhooa—1995 | April 1
-
-
1. Boikutlo ba Jesu mabapi le batho feela ba tloaelehileng ba mehleng ea hae bo ile ba fapana joang le ba Bafarisi?
BA NE ba ka le bona ka mahlong a hae. Motho enoa ea bitsoang Jesu, o ne a fapane ho hang le baeta-pele ba bona ba bolumeli; o ne a tsotella. O ne a qenehela batho bana hobane “ba ne ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba lokela hore e be balisa ba lerato ba emelang Molimo ea lerato, ea lereko. Ho e-na le hoo, ba ne ba khesa batho feela ba tloaelehileng ba ba nka e le mahoo-hoo—le ba rohakiloeng!a (Johanne 7:47-49; bapisa le Ezekiele 34:4.) Ho hlakile hore pono e joalo e sothehileng le eo eseng ea Mangolo e ne e fapane hōle haholo le pono ea Jehova ka batho ba hae. O ne a ile a re ho sechaba sa hae sa Iseraele: “Ke u ratile ka lerato la mehla eohle.”—Jeremia 31:3, BPN.
-
-
U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!Molula-Qhooa—1995 | April 1
-
-
a Ha e le hantle, ba ne ba khesa mafutsana ka lentsoe la ho eisa la “ʽam-ha·ʼaʹrets,” kapa “batho ba naha.” Ho ea ka setsebi se seng, Bafarisi ba ne ba ruta hore motho a se ke a beha matlotlo a bohlokoa tlhokomelong ea bona, kapa a tšepa bopaki ba bona, kapa a ba amohela e le baeti, kapa a ba etela, kapa hona ho reka ho bona. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba bolela hore ha morali oa motho ea itseng a ka nyaloa ke e mong oa batho bana ho ne ho tla tšoana le ho mo lahlella sebata a tlamiloe ’me a se na mokhoa oa ho ithusa.
-