“Leseli le Tlile Lefatšeng”
“Kahlolo ke eona ena: Leseli le tlile lefatšeng, ’me batho ba ratile lefifi ho leseli.”—JOHANNE 3:19.
1. Ke hobane’ng ha e mong le e mong a lokela ho ameha ka kahlolo ea Molimo?
KAJENO batho ba bangata ha ba sa tsotella kahlolo ea Molimo hakaalo. Ba bang ba nka hore Molimo o tla ba ahlola hamolemo haeba ba ea kerekeng ka mehla ’me ba sa hlahisetse baahisani ba bona kotsi. Ho ba bangata, lithuto tsa Bokreste-’mōtoana tsa mollo oa lihele le pelekatori li entse hore ba se ke ba kholoa hore Molimo o tla tlisa kahlolo. Empa ho iphapanya ho atileng le mashano a Bokreste-’mōtoana li ke ke tsa fetola taba ea hore qetellong Molimo o tla ahlola motho e mong le e mong. (Ba-Roma 14:12; 2 Timothea 4:1; Tšenolo 20:13) ’Me ho hongata ho tla itšetleha kahlolong ena. Ba tla ahloloa hamolemo ba tla fumana mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng, empa ba tlang ho fumana kahlolo e bohloko ba tla fumana moputso o felletseng oa sebe: e leng lefu.—Ba-Roma 6:23.
2. Kahlolo ea Molimo e theiloe holim’a eng?
2 Ka hona, Bakreste ba ’nete ba amehile ka kahlolo ea Molimo, ’me ka tieo ba lakatsa ho o khahlisa. See ba ka se etsa joang? Ho Johanne 3:19, Jesu o re fa makolopetso a ho etsa sena. O re: “Kahlolo ke eona ena: Leseli le tlile lefatšeng, ’me batho ba ratile lefifi ho leseli, kahobane mesebetsi ea bona e ne e le mebe.” E, kahlolo ea Molimo e tla theoa holim’a hore na re rata leseli ho fapana le lefifi.
“Molimo ke Leseli”
3. Lefifi ke eng, ’me leseli ke eng?
3 Ka kutloisiso ea moea, lefifi le amana le ho hloka tsebo le ho hloka tšepo ho leng teng sebakeng se laoloang ke Satane—le hoja hangata Satane a iketsa eka ke “lengeloi la leseli.” (2 Ba-Korinthe 4:4; 11:14; Ba-Efese 6:12) Ka lehlakoreng le leng, leseli le amana le kutloisiso le tsebo e hlahang ho Jehova Molimo. Pauluse o ile a bua ka leseli ha a ne a ngola sena: “Hobane Molimo o kileng oa re: Leseli le hlahe lefifing, ke oona o bonesitseng lipelong tsa rōna, ho hlahisa leseli la tsebo ea khanya ea Molimo e bonahalang ho Jesu Kreste.” (2 Ba-Korinthe 4:6) Leseli la moea le amahanngoa haufi-ufi le Jehova Molimo hoo moapostola Johanne a ileng a ngola: “Molimo ke leseli.”—1 Johanne 1:5, NW; Tšenolo 22:5.
4. (a) Jehova o entse hore leseli le fumanehe joang? (b) Re ka bontša ka tsela efe hore re rata leseli?
4 Jehova o entse hore leseli le fumanehe ka lentsoe la hae, leo kajeno le fumanehang ka bolokolohi e le Bibele e Halalelang. (Pesaleme ea 119:105; 2 Petrose 1:19) Ka hona, mopesaleme o ne a hlile a hlalosa lerato la hae bakeng sa leseli ha a ne a ngola: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle. Moea oa ka o boloka likeletso tsa hao, ke li rata ka ho fetisisa.” (Pesaleme ea 119:97, 167) Joalokaha ho hlakile hore mopesaleme o ne a rata leseli, na le uena ka ho tšoanang ua le rata? Na u bala Lentsoe la Molimo ka mehla, na u nahanisisa ka lona, le ho leka ka matla ho sebelisa seo le se bolelang? (Pesaleme ea 1:1-3) Haeba ho joalo, u batla ho amohela kahlolo e molemo e tsoang ho Jehova.
“Ke Leseli la Lefatše”
5. Leseli la Molimo le lebisa tlhokomelo ho mang?
5 Leseli le tsoang ho Jehova le lebisa tlhokomelo ho Jesu Kreste. Kenyelletsong ea Kosepele ea Johanne, rea bala: “Bophelo bo ne bo le ka ho [Jesu], ’me bophelo e ne e le leseli la batho; leseli le khanya lefifing, empa lefifi ha lea ka la le hlōla.” (Johanne 1:4, 5, BPN) Ka sebele, Jesu o amana haufi-ufi le leseli hoo a bitsoang “leseli la ’nete, le bonesetsang motho e mong le e mong.” (Johanne 1:9) Jesu o itse: “Ha ke sa le lefatšeng, ke leseli la lefatše.”—Johanne 9:5.
6. Motho o tlameha ho etsa eng e le hore a ka fumana kahlolo e molemo e isang bophelong bo sa feleng?
6 Ka hona, ba ratang leseli ba rata Jesu ’me ba ba le tumelo ho eena. Motho a ke ke a fumana kahlolo e molemo haeba a sa lebise tlhokomelo ho Jesu. E, ke feela ka ho mo talima e le mocha o khethiloeng ke Molimo oa poloko re ka fumanang kahlolo e molemo. Jesu o itse: “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.” (Johanne 3:36) Leha ho le joalo, ho bontša tumelo ho Jesu ho bolela eng?
7. Ho ba le tumelo ho Jesu ho akarelletsa ho ba le tumelo ho mang hape?
7 Taba ea pele, Jesu o itse: “Ea lumelang ho ’na, ha a lumele ho ’na [feela], empa o lumela [le] ho ea nthomileng. Ea ntalimang, o talima ea nthomileng. ’Na, ke tlile lefatšeng, ke le leseli, hore e mong le e mong ea lumelang ho ’na, a se ke a lula lefifing.” (Johanne 12:44-46) Ba ratang Jesu le ba bontšang tumelo ho eena ba boetse ba tlameha ho ba le lerato le tebileng bakeng sa Molimo le Ntate oa Jesu, Jehova, ’me ba bontše tumelo ho eena. (Mattheu 22:37; Johanne 20:17) Bohle ba sebelisang lebitso la Jesu borapeling ba bona empa ba sa lebise tlhompho e khōlō ka ho fetisisa ho Jehova ha ba bontše lerato la sebele bakeng sa leseli.—Pesaleme ea 22:27; Ba-Roma 14:7, 8; Ba-Filippi 2:10, 11.
“Moemeli ea ka Sehloohong” oa Molimo
8. Leseli la Molimo le ile la lebisa tlhokomelo ho Jesu joang le pele a tsoaloa e le motho?
8 Ho bontša tumelo ho Jesu ho boetse ho bolela ho amohela ka ho felletseng karolo eo a e phethang mererong ea Jehova. Bohlokoa ba karolo ena bo ile ba totobatsoa ke lengeloi ha le ne le re ho Johanne: “Ho pakela Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.” (Tšenolo 19:10, NW; Liketso 10:43, NW; 2 Ba-Korinthe 1:20) Ho tloha boprofeteng ba pele feela bo entsoeng Edene, boprofeta bohle bo bululetsoeng ke Molimo ha e le hantle bo amana le Jesu le boemo ba hae ho phethahatsoeng ha merero ea Molimo. Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Galatia hore selekane sa Molao e ne e le “motataisi ea lebisang ho Kreste.” (Ba-Galata 3:24, NW) Selekane seo sa boholo-holo sa Molao se ne se etselitsoe ho hlomella sechaba bakeng sa ho tla ha Jesu e le Messia. Kahoo esita le pele Jesu a tsoaloa e le motho, leseli le tsoang ho Jehova le ne le lebisitse tlhokomelo ho eena.
9. Ho tloha ka 33 C.E. ho rata leseli ho ’nile ha akarelletsa eng?
9 Ka 29 C.E., Jesu o ile a itlhahisa hore a kolobetsoe ’me o ile a tlotsoa ka moea o halalelang, ka hona o ile a fetoha Messia ea tšepisitsoeng. Ka 33 C.E. o ile a shoa e le motho ea phethahetseng, o ile a tsosoa, o ile a nyolohela leholimong, ’me ha a fihla teng o ile a fana ka molemo oa bophelo ba hae molemong oa libe tsa rōna. (Ba-Heberu 9:11-14, 24) Letoto lena la liketsahalo le ile la tšoaea phetoho e khōlō mabapi le litšebelisano tsa Molimo le batho. Joale Jesu e ne e se e le “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo,” ‘Moemeli ea ka Sehloohong oa poloko,’ “Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna.” (Liketso 3:15, NW; Ba-Heberu 2:10, NW; 12:2, NW; Ba-Roma 3:23, 24) Ho tloha ka 33 C.E. ho ea pele, ba ratang leseli ba hlokometse, ’me ba amohetse, hore ka ntle ho Jesu “ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.”—Liketso 4:12.
10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho mamela mantsoe a Jesu le ho a utloa?
10 Ho bontša tumelo ho Jesu ho boetse ho bolela ho mo amohela e le “Lentsoe” le “Moeletsi ea makatsang.” (Johanne 1:1; Esaia 9:6) Ka mehla seo Jesu a se buang se bonahatsa ’nete ea Molimo. (Johanne 8:28; Tšenolo 1:1, 2) Ho mo mamela ke taba e amang bophelo le lefu. Jesu o ile a bolella Bajode ba mehleng ea hae: “Ea utloang lentsoe la ka, ’me a lumela ea nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.” (Johanne 5:24) Lekholong la pele la lilemo C.E., ba ileng ba nka khato ha ba utloa mantsoe a Jesu ba ile ba ntšoa lefifing la lefatše la Satane ’me ba fumana bophelo, kamoo ho ka boleloang ka teng. Ba ile ba boleloa ba lokile ka morero oa ho ba majalefa hammoho le eena ’Musong oa hae oa leholimo. (Ba-Efese 1:1; 2:1, 4-7) Kajeno, ho utloa mantsoe a Jesu ho bula tsela ea hore ba bangata ba boleloe ba lokile ka morero oa hore ba pholohe Harmagedone ’me ba fumane bophelo bo phethahetseng ba botho lefatšeng le lecha.—Tšenolo 21:1-4; bapisa le Jakobo 2:21, 25.
‘Hlooho Linthong Tsohle’
11. Jesu o ile a fuoa matla afe a phahameng a ho laela ka 33 C.E.?
11 Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a senolela balateli ba hae tšobotsi e ’ngoe ea leseli. O itse: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng.” (Mattheu 28:18) Ka hona Jesu o ile a phahamisetsoa boemong bo phahameng mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa bokahohle. Pauluse o fana ka boitsebiso bo eketsehileng ha a re: ‘[Molimo] o tsositse [Jesu] bafung, oa ba oa mo lulisa letsohong le letona la oona, maholimong, ka holim’a boholo bohle, le puso eohle, le matla ’ohle, le borena bohle, le mabitso ’ohle a ka bitsoang, e seng lefatšeng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla. ’Me o beile lintho tsohle ka tlas’a maoto a hae, a ba a mo nea Kereke, e tle e be eena hlooho linthong tsohle, Kereke e leng ’mele oa hae.’ (Ba-Efese 1:20-23; Ba-Filippi 2:9-11) Ho tloha ka 33 C.E., ho rata leseli ho ’nile ha akarelletsa ho amohela boemo bona ba Jesu bo phahameng.
12. Ka thabo Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba amohela eng ho tloha qalong, ’me ba bontšitse see joang ka tsela e sebetsang?
12 Qetellong, batho bohle ba tla lokela ho amohela matla a Jesu a ho laela. (Mattheu 24:30; Tšenolo 1:7) Leha ho le joalo, ka thabo ba ratang leseli ba ’nile ba a amohela ho tloha qalong. Litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho ea Bokreste li amohela Jesu e le ‘hlooho ea ’mele, e leng phutheho.’ (Ba-Kolosse 1:18; Ba-Efese 5:23) Ha li fetoha karolo ea ’mele oo, li ‘ntšoa matleng a lefifi ’me li fetisetsoa ’musong oa Mora ea ratoang ke Molimo.’ (Ba-Kolosse 1:13) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ka tieo li latela boeta-pele ba Jesu karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba tsona, ’me mehleng ea rōna li rutile “linku tse ling” ho etsa se tšoanang. (Johanne 10:16) Ho amohela bohlooho ba Jesu ke eona ntho e ka sehloohong e hlokahalang bakeng sa ho fumana kahlolo e molemo.
13. Jesu o qalile neng ho sebelisa matla a ho laela a ’Muso, ’me lefatšeng moo ho ’nile ha etsahala eng?
13 Ha Jesu a nyolohela leholimong ka 33 C.E., ha a ka a sebelisa matla a hae a ho laela ka ho felletseng hang-hang. Le hoja e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste, o ile a emela nako e loketseng ea ho sebelisa matla a hae a felletseng a ho laela holim’a batho ka kakaretso. (Pesaleme ea 110:1; Liketso 2:33-35) Nako eo e ile ea fihla ka 1914, ha Jesu a ne a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo ’me e le ha ho qala ‘mehla ea qetello’ ea lefatše lena. (2 Timothea 3:1) Ho tloha ka 1919, ho bokelloa ha masala a batlotsuoa ho ’nile ha tsoela pele ’me ho se ho tla phethoa. Haholo-holo ho tloha ka 1935, Jesu o ’nile a arola batho ka lihlopha tsa “linku,” tse tla rua ‘’muso oo li o lokiselitsoeng,’ le “lipōli,” tse tla ‘ea timetsong ea ka ho sa feleng.’—Mattheu 25:31-34, 41, 46.
14. Bongata bo boholo ba batho bo bontšitse joang hore bo rata leseli, ’me phello ea bona e tla ba efe?
14 Ka ho thabisang, mehleng ena ea qetello linku li ipakile li le ngata. Bongata bo boholo ba tsona bo baloang ka limillione bo ile ba bonahala lefatšeng e le “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Joaloka metsoalle ea bona, ea batlotsuoa, bana ba kang linku ba rata leseli. Ba “hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana,” ’me ba hooa ka lentsoe le phahameng ba re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Ka baka la sena, bongata bo boholo ba batho e le sehlopha bo tla fumana kahlolo e molemo. Litho tsa bona ‘li tla tsoa mahlomoleng a maholo,’ li pholohe timetso ea ba ratang lefifi ka Harmagedone.—Tšenolo 7:9, 10, 14.
“Bana ba Leseli”
15. Liketso tsa rōna li bontša ho ikokobeletsa Morena, Jesu Kreste, ka tsela efe?
15 Leha ho le joalo, ba ratang leseli, ebang ke batlotsuoa kapa linku tse ling, ba ka ikokobeletsa Jesu joang ka tsela e sebetsang joaloka ea behiloeng teroneng ke Molimo e le Morena le ea sebeletsang joaloka Moahloli? Tsela e ’ngoe eo ba ka etsang joalo ka eona ke ka ho leka ho ba mosa ho batho bao Jesu a ba ratang. Ha Jesu a sa le lefatšeng o ile a bontša kananelo bakeng sa litšoaneleho tse kang ho hloka boikaketsi, ho etsa lintho ka pelo e felletseng, le ho chesehela ’nete, ’me eena ka boeena o ile a beha mohlala oa litšoaneleho tsena. (Mareka 12:28-34, 41-44; Luka 10:17, 21) Haeba re batla ho fumana kahlolo e molemo, re tlameha ho hlaolela litšoaneleho tse joalo.
16. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lahla mesebetsi ea lefifi?
16 Ho joalo ka ho khethehileng kaha lefifi la lefatše la Satane le ntse le e-ba letšo le ho feta ha bofelo bo ntse bo atamela. (Tšenolo 16:10) Ka hona mantsoe ao Pauluse a ileng a a ngolla Baroma ke a loketseng haholo: “Bosiu bo se bo ea sa, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ea lefifi, ’me re apareng lihlomo tsa leseli. Re tsamaeeng ka mokhoa o tšoanelang, joale ka batho ba tsamaeang motšehare o moholo, e seng ka meharo, le botahoa, le bootsoa, le likhang, le mōna.” (Ba-Roma 13:12, 13) Le hoja bophelo bo sa feleng e le mpho e tsoang ho Molimo, tumelo ea rōna e se nang boikaketsi le ho rata leseli ho tla pakoa ke liketso tsa rōna. (Jakobo 2:26) Ka hona, kahlolo eo re tla e fumana e tla itšetleha haholo ka tekanyo eo re etsang mesebetsi e metle ka eona le ho qoba ho etsa mesebetsi ea bokhopo.
17. ‘Ho ikapesa ka Morena Jesu Kreste’ ho bolela eng?
17 Ka mor’a hore moapostola Pauluse a fane ka keletso ea hae e ho Ba-Roma 13:12, 13, o phetha ka ho re: “Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, ’me le se ke la baballa nama ho e khorisa litakatsong tsa eona.” (Ba-Roma 13:14) ‘Ho ikapesa ka Morena Jesu Kreste’ ho bolela eng? Ho bolela hore Bakreste ba lokela ho latela Jesu haufi-ufi, kamoo ho ka boleloang ka teng, ba ikapese ka mohlala oa hae le boikutlo ba hae, ba loanele ho ba joaloka Kreste. Petrose o ile a re: “Ke seo le bilelitsoeng sona; hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.”—1 Petrose 2:21.
18. Ke liphetoho life tse khōlō tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore re li etse haeba re batla ho fumana kahlolo e molemo?
18 Hangata sena se ’nile sa akarelletsa hore Mokreste a etse liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. Pauluse o itse: “Hobane khale le ne le le lefifi, empa joale le leseli Moreneng; tsamaeang ke hona joale ka bana ba leseli. Hobane tholoana ea leseli ke molemo oohle, le ho loka, le ’nete.” (Ba-Efese 5:8, 9) Bohle ba etsang mesebetsi ea lefifi ha ba rate leseli ’me ba ke ke ba fumana kahlolo e molemo ntle le hore ba fetohe.
“Le Leseli la Lefatše”
19. Mokreste a ka khantša leseli ka litsela life tse fapaneng?
19 Qetellong, ho rata leseli ho bolela ho khantša leseli e le hore ba bang ba ka le bona ’me ba atamele ho lona. Jesu o itse: “Le leseli la lefatše.” ’Me o ile a phaella: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14, 16) Mesebetsi e metle ea Mokreste e akarelletsa ho bonahatsa molemo le ho loka le ’nete ka litsela tsohle, kaha boitšoaro bo botle joalo bo fana ka bopaki bo matla bakeng sa ’nete. (Ba-Galata 6:10; 1 Petrose 3:1) Haholo-holo e akarelletsa ho buisana le ba bang ka ’nete. Kajeno, sena se bolela ho kopanela phutuhong ea lefatše ka bophara ea ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle.” Hape, sena se bolela ho mamella ho khutlela ho ba thahasellang, ho ithuta Bibele le bona, le ho ba thusa hore le bona ba etse mesebetsi ea leseli.—Mattheu 24:14, NW; 28:19, 20.
20. (a) Kajeno leseli le khanya ka matla hakae? (b) Ba arabelang leseling ba thabela mahlohonolo afe a enneng?
20 Mehleng ea rōna, ka baka la mosebetsi oa ho bolela ka cheseho oa Bakreste ba tšepahalang, litaba tse molemo li se li utluoa linaheng tse fetang 200, ’me leseli le khanya ho feta leha e le neng pele. Jesu o itse: “Ke ’na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” (Johanne 8:12) Ho kopanela phethahatsong ea tšepiso ee ke ho thabisang hakaakang! Hona joale bophelo ba rōna ke bo enneng haholoanyane hobane ha re sa tlatselela lefifing la lefatše la Satane. Kannete litebello tsa rōna ke tse tsotehang kaha re lebelletse ho fumana kahlolo e molemo ka pel’a Moahloli oa Jehova ea khethiloeng. (2 Timothea 4:8) Haeba ka mor’a hore re fumane leseli re ka khutlela lefifing eaba re fumana kahlolo e bohloko, hoo e ne e tla ba tlokotsi e kaakang! Sehloohong se latelang, re tla buisana ka hore na ke joang re ka lulang re tiile tumelong.
Na U ka Hlalosa?
◻ Kahlolo ea Molimo e theiloe holim’a eng?
◻ Jesu o phetha karolo efe e khōlō mabapi le merero ea Molimo?
◻ Re ka bontša joang hore re ikokobeletsa Jesu joaloka eo Jehova a ’mehileng teroneng e le Morena?
◻ Re ka ipaka joang hore re “bana ba leseli”?
◻ Lefifing la lefatše lena, ke ka tsela efe leseli le khanyang ho feta leha e le neng pele?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Qetellong, batho bohle ba tla lokela ho amohela matla a Jesu a ho laela
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Re tla be re bontša hore re rata leseli ha re le khantšetsa ba bang