Khaolo 12
Bongata bo Boholo ba Batho bo Il’o Phela Leholimong? Kapa Lefatšeng?
HO FAPANA le litho tsa malumeli a Bokreste-’mōtoana, Lipaki tsa Jehova tse ngata li lebelletse ho fumana bophelo bo sa feleng, lefatšeng eseng leholimong. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Ha hoa tloha ho le joalo ka mehla. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba na le tebello ea hore ka mor’a nako ba tla busa le Jesu Kreste e le marena leholimong. (Matt. 11:12; Luka 22:28-30) Leha ho le joalo, Jesu o ne a ba bolelletse hore majalefa a ’Muso e ne e tla ba “mohlatsoana” feela. (Luka 12:32) Ke bo-mang ba neng ba tla akarelletsoa? Ho ne ho tla ba le ba bakae? Ba ne ba sa tsebe boitsebiso bohle ho fihlela neng-neng hamorao.
Ka Pentekonta 33 C.E., barutuoa ba pele ba Jesu ba Bajode ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang hore e be majalefa hammoho le Kreste. Selemong sa 36 C.E., tšebetso ea moea oa Molimo e ile ea hlakisa hore Balichaba ba sa bollang le bona ba ne ba tla kopanela lefeng leo. (Lik. 15:7-9; Ba-Ef. 3:5, 6) Ho ile ha feta lilemo tse ling tse 60 pele moapostola Johanne a senoleloa hore ke ba 144 000 feela ba tlang ho nkoa lefatšeng hore ba kopanele ’Musong oa leholimo le Kreste.—Tšen. 7:4-8; 14:1-3.
Charles Taze Russell le metsoalle ea hae ba ne ba na le tšepo eo, joalokaha ho bile joalo ka Lipaki tsa Jehova tse ngata ho theosa ho fihlela bohareng ba bo-1930. Ha ba ntse ba ithuta Mangolo, ba ile ba boela ba tseba hore ho tlotsoa ka moea o halalelang ha ho bolele feela hore batho ba itseng ba mocheng oa tšebeletso ea nako e tlang e le marena le baprista le Kreste leholimong empa le hore ba na le mosebetsi o khethehileng oo ba lokelang ho o etsa ba ntse ba le nameng. (1 Pet. 1:3, 4; 2:9; Tšen. 20:6) Ke mosebetsi ofe? Ba ne ba o tseba hantle ’me hangata ba ne ba qotsa Esaia 61:1, e bolelang sena: “Moea oa Morena Jehova o lutse ho ’na, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba malimabe taba tse molemo.”
Ho Bolela ka Morero Ofe?
Le hoja ba ne ba fokola ka palo, ba ile ba ikitlaetsa hore ba fetisetse ho batho bohle ’nete e buang ka Molimo le morero oa hae. Ba ile ba hatisa le ho aba lingoliloeng tse ngata tse buang ka litaba tse molemo tse mabapi le tokisetso ea hae ea poloko ka Kreste. Empa ho hang morero oa bona e ne e se ho sokolla batho bohle bao ba ba pakelang. Joale, ke hobane’ng ha ba ne ba ba pakela? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1889 o hlalositse: “Re baemeli ba hae [Jehova] lefatšeng; o tla tlotlisa lebitso la hae har’a lira tsa hae le pel’a bana bohle ba hae ba thetsitsoeng; morero oa hae o khanyang o lokela ho phatlalatsoa hohle bakeng sa ho falatsa merero eohle ea bohlale ba lefatše eo batho ba ntseng ba e qapa le eo ba ’nileng ba leka ho e qapa.”
Ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng ho ba ipolelang hore ke batho ba Morena, bao ba bangata ho bona e neng e le litho tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Morero oa ho ba pakela e ne e le ofe? Joalokaha Moena Russell a ne a atisa ho hlalosa, takatso ea Liithuti tsa pele tsa Bibele e ne e se ho hula litho tsa likereke hore li kene mokhatlong o itseng empa e ne e le ho li thusa ho atamela haufinyane le Morena e le litho tsa kereke e le ’ngoe ea ’nete. Leha ho le joalo, Liithuti tsa Bibele li ne li tseba hore batho ba joalo ba tlameha ho utloa Tšenolo 18:4 ka ho tsoa ho “Babylona,” eo li neng li utloisisa hore e bonahala ho seo ho thoeng ke kereke, likereke tsa Bokreste-’mōtoana hammoho le lithuto tsohle tsa tsona tseo e seng tsa Mangolo le lihlotšoana tsa bokhelohi. Tokollong ea pele feela ea Molula-Qhooa (July 1879 [ka Senyesemane]), Moena Russell o itse: “Re utloisisa hore morero oa bopaki bo etsoang hona joale ke ‘Ho khetha sechaba bakeng sa lebitso la Hae’—Kereke—seo ha Kreste a e-tla se tlang ho kopanngoa le Eena, le ho amohela lebitso la Hae. Tšen. iii. 12.”
Nakong eo li ile tsa hlokomela hore ho ntse ho etsoa “pitso” e le ’ngoe feela e lebisitsoeng ho Bakreste bohle ba ’nete. Ena e ne e le memo ea hore ba fetohe litho tsa monyaluoa oa Kreste, eo qetellong a neng a tla bōptjoa ke ba 144 000 feela ka palo. (Ba-Ef. 4:4; Tšen. 14:1-5) Li ile tsa leka matsapa a ho susumelletsa bohle ba ipolelang hore ba lumela sehlabelong sa Kreste sa thekollo, ebang ke litho tsa likereke kapa che, ho utloisisa “lipallo tse kholohali, tsa bohlokoa” tsa Molimo. (2 Pet. 1:4; Ba-Ef. 1:18) Li ile tsa ikitlaetsa ho ba susumelletsa ho ipapisa ka cheseho le litlhokahalo tsa mohlatsoana oa majalefa a ’Muso. Bakeng sa ho matlafatsa ba joalo kaofela moeeng, bao ba neng ba ba talima e le ba bōpang “ntlo ea tumelo” (hobane ba ipolela hore ba lumela thekollong), Moena Russell le metsoalle ea hae ka mafolo-folo ba ile ba leka matsapa a ho fana ka ‘lijo tsa moea ka nako e loketseng’ ka Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling tse thehiloeng Bibeleng.—Ba-Gal. 6:10; Matt. 24:45, 46, KJ.
Leha ho le joalo, ba ile ba hlokomela hore hase bohle ba ipolelang hore ba entse “boinehelo” (kapa, ‘ho itela ka ho felletseng bakeng sa Morena,’ kamoo ba neng ba utloisisa hore ke sona se boleloang) ka mor’a moo ba ileng ba tsoela pele ho hahamalla bophelo ba ho itela ka boithatelo, ho ameha ka tšebeletso ea Morena pele bophelong. Leha ho le joalo, joalokaha ba hlalositse, Bakreste ba inehetseng ba ne ba lumetse ho tela bophelo ba botho ka boithatelo, ’me ba talimile lefeng la leholimo; ho ne ho se na tsela ea ho khutlela morao; haeba ba ne ba hlōleha ho fumana bophelo sebakeng sa moea, ba ne ba tla be ba letetsoe ke lefu la bobeli. (Ba-Heb. 6:4-6; 10:26-29) Empa kamoo ho bonahalang ka teng Bakreste ba bangata ba inehetseng ba ne ba nka tsela e bonolo, ba hlōleha ho bonahatsa cheseho ea ’nete bakeng sa lithahasello tsa Morena ’me ba qoba ho itela. Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang ka teng hase hore ba ne ba hloile thekollo ’me ba phela bophelo bo batlang bo hloekile. Ho ne ho tla etsahala eng ka batho ba joalo?
Ka lilemo tse ngata Liithuti tsa Bibele li ne li nahana hore ke sona sehlopha se hlalositsoeng ho Tšenolo 7:9, 14 (KJ), e buang ka “letšoele le leholo” le tsoang mahlomoleng a maholo ’me le eme “pel’a terone” ea Molimo le pel’a Konyana, Jesu Kreste. Ba ne ba nahana hore le hoja ba qoba bophelo ba boitelo, ba tla tobana le liteko tsa tumelo tse tla fella ka lefu nakong ea mahlomola ka mor’a ho tlotlisoa ha ba ho qetela ba monyaluoa oa Kreste. Ba ne ba lumela hore haeba bana bao ho thoeng ke karolo ea letšoele le leholo ba tšepahala nakong eo, ba tla tsosetsoa bophelong ba leholimo—eseng hore ba buse e le marena empa hore ba eme ka pel’a terone. Ho ne ho nahanoa hore ba tla fuoa maemo a joalo a tlaasana hobane lerato la bona ho Morena le ne le se matla ka ho lekaneng, hobane ha baa ka ba bontša cheseho e lekaneng. Ho ne ho nahanoa hore batho bana ke ba tsoetsoeng ka moea oa Molimo empa ba hlokomolohile ho utloa Molimo, mohlomong ka ho tsoela pele ba khomaretse likereke tsa Bokreste-’mōtoana.
Hape ba ne ba nahana hore nakong eo mohlomong ho ka etsahala hore “batho ba boholo-holo ba tummeng” ba neng ba tla sebeletsa e le mahosana lefatšeng nakong ea lilemo tse sekete ba fuoe bophelo ba leholimo ka tsela e ’ngoe e itseng qetellong ea nako eo. (Pes. 45:16) Ba ne ba nahana hore mohlomong tebello e tšoanang e letetse bafe kapa bafe “ba inehetseng” ka mor’a hore majalefa a ’Muso a 144 000 a khethoe kaofela qetellong empa pele nako ea tsosoloso e qala lefatšeng. Ka tekanyo e itseng, ena e ne e le khopolo e nkiloeng Bokreste-’mōtoaneng ea hore bohle ba lokileng ka ho lekaneng ba ea leholimong. Empa ho na le tumelo eo Liithuti tsa Bibele li neng li e khomaretse e tsoang ka Mangolong e neng e li khetholla ho Bokreste-’mōtoana kaofela. Ke efe?
Ho Phela ka ho sa Feleng Phethehong Lefatšeng
Li ile tsa hlokomela hore le hoja palo e lekanyelitsoeng ea batho e tla nehoa bophelo leholimong, ho ne ho tla ba le ba bangata ba neng ba tla fuoa bophelo bo sa feleng lefatšeng, tlas’a maemo a tšoanang le a neng a le teng Paradeiseng ea Edene. Jesu o ne a rutile balateli ba hae ho rapela: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” Hape o ile a re: “Ho thabile ba nang le botho bo bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—Matt. 5:5, NW; 6:10.
Tumellanong le seo, chatea e neng e hatisitsoe e le sehlomathiso ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July-August 1881 e ile ea bontša hore ho tla ba le ba bangata ba tlang ho fumana mohau oa Molimo har’a batho nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete le ba tlang ho bōpa “lefatše la batho ba tlang ho thusoa ho finyella phetheho ea botho le bophelo.” Chate ena e ile ea sebelisoa ka lilemo tse ngata e le motheo oa lipuo tse fanoang lihlopheng tse khōlō le tse nyenyane.
Batho ba leng lefatšeng ba ne ba tla phela tlas’a maemo afe lilemong tse sekete? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1912, o hlalositse: “Pele sebe se kena lefatšeng, tokisetso ea Molimo bakeng sa batsoali ba rōna ba pele e ne e le Tšimo ea Edene. Ha re nahana ka sena, likelello tsa rōna a li ke li retelehele nakong e tlang, li tataisoa ke Lentsoe la Molimo; ’me ka pono ea kelello re bona Paradeise e tsosolositsoeng—eseng tšimo feela tjee, empa lefatše lohle le entsoe hore le be letle, le hlahise litholoana, le hloke sebe, e be le thabileng. Joale re hopola tšepiso e bululetsoeng eo re e tloaetseng haholo—‘Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko,’ hobane lintho tsa pele li tla be li fetile, ’me lintho tsohle li entsoe hore li be ncha!—Tšen. 21:4, 5.”
Ke Bo-mang ba Neng ba Tla Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng?
Moena Russell o ne a sa nahane hore Molimo o fa batho khetho—bophelo leholimong bakeng sa ba bo batlang le bophelo lefatšeng la paradeise bakeng sa ba nahanang hore ba ka khetha bona. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 15, 1905, o ile oa hlalosa: “Maikutlo kapa litaba-tabelo tsa rōna hase pitso. Ho seng joalo sena se ne se tla fana ka maikutlo a hore ke rōna ba ipitsang. Ha a bua ka boprista ba rōna, Moapostola o re, ‘Ha ho motho ea ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, ha e se ea e bilelitsoeng ke Molimo,’ (Ba-Heb. 5:4), ’me taba ea ho tiisa hore na pitso ea Molimo ke efe ha e eo maikutlong a rōna empa e Lentsoeng la Molimo la tšenolo.”
Mabapi le monyetla oa ho phela paradeiseng ea lefatšeng e tsosolositsoeng, Liithuti tsa Bibele li ne li lumela hore e tla nehoa batho ka mor’a hore feela mohlatsoana ’ohle o fumane moputso oa oona ’me puso ea lilemo tse sekete e se e qalile ka ho felletseng. Li ne li utloisisa hore sena se tla etsahala nakong ea “tsosoloso ea lintho tsohle,” joalokaha e boletsoe ho Liketso 3:21. (KJ) Nakong eo esita le bafu ba ne ba tla tsosoa e le hore kaofela ba ka kopanela tokisetsong eo e lerato. Baena ba ne ba nka hore batho bohle (ntle le ba bitselitsoeng bophelong ba leholimo) ba nehiloe monyetla oa hore joale ba khethe bophelo. Kamoo ba neng ba utloisisa ka teng, sena se ne se tla etsahala nakong eo ka eona Kreste, a le teroneng ea hae ea leholimo, a neng a tla khetha batho ba bang ho ba bang, joalokaha molisa a khetha linku ho lipoli. (Matt. 25:31-46) Ba utloang, ebang ba tsoetsoe e le Bajode kapa Balichaba, ba ne ba tla ipaka e le “linku tse ling” tsa Morena.—Joh. 10:16.b
Ka mor’a hore Linako tsa Balichaba li fele, ba ne ba nahana hore nako ea tsosoloso e haufi haholo; kahoo ho tloha ka 1918 ho theosa ho fihlela ka 1925, ba ne ba bolela: “Limillione tse phelang hona joale li ke ke tsa hlola li e-shoa.” E, ba ne ba utloisisa hore batho ba phelang nakong eo—e leng batho ka kakaretso—ba na le monyetla oa ho phonyoha le ho kena nakong ea tsosoloso le hore joale ba ne ba tla rutoa litlhokahalo tsa Jehova bakeng sa bophelo. Haeba ba bontša kutlo, ba ne ba tla finyella phetheho ea botho hanyane ka hanyane. Haeba ba bontša bofetoheli, ka mor’a nako ba ne ba tla felisoa ka ho sa feleng.
Lilemong tseo tse qalang, baena ba ne ba sa tsebe hore molaetsa oa ’Muso o tla boleloa ka ho pharalletseng le ka lilemo tse ngata joalokaha ho etsahetse. Empa ba ile ba tsoela pele ho hlahloba Mangolo ’me ba ikitlaetsa ho arabela hamolemo ho seo a se bontšang mabapi le mosebetsi oo Molimo o batlang hore ba o etse.
“Linku” tse ka Letsohong le Letona la Kreste
Mohato o moholo ka ho fetisisa kutloisisong ea morero oa Jehova o ne o thehiloe setšoantšong sa Jesu sa linku le lipoli, se ho Mattheu 25:31-46. Setšoantšong seo Jesu o itse: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.” Joalokaha setšoantšo se tsoela pele ho bontša, “linku” ke batho ba thusang “baena” ba Kreste, ba bileng ba lekang ho ba lopolla ha ba hlorisoa le ha ba le teronkong.
E ne e le khale ho nahanoa hore setšoantšo sena se sebetsa nakong ea lilemo tse sekete, nakong ea tsosoloso, le hore kahlolo ea ho qetela eo ho buuoang ka eona setšoantšong ke e neng e tla etsahala qetellong ea Lilemo tse Sekete. Empa ka 1923, J. F. Rutherford, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a hlahisa mabaka a mang a ho talima litaba ka pono e ’ngoe, puong e tsotehang e bileng Los Angeles, California. Hamorao selemong sona seo e ile ea hatisoa tokollong ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 15.
Ha sehlooho sena se tšohla nako eo setšoantšo sena sa boprofeta se neng se tla phethahala ka eona, se bontšitse hore Jesu o ile a se akarelletsa e le karolo ea karabelo ea hae kōpong ea ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ (Matt. 24:3, NW) Sehlooho se ile sa hlalosa lebaka leo ka lona “baena” bao ho buuoang ka bona setšoantšong e neng e ke ke ea e-ba Bajode ba mehleng ea Kosepele kapa batho ba bontšang tumelo nakong ea lilemo tse sekete tsa teko le kahlolo empa e tlameha ho ba bao e leng majalefa-’moho le Kreste ’Musong oa leholimo, e leng lebaka leo ka lona phethahatso ea setšoantšo seo e tlamehang ho etsahala ha ba bang ba majalefa-’moho le Kreste ba sa ntsane ba le nameng.—Bapisa le Ba-Heberu 2:10, 11.
Liphihlelo tsa baena bao ba Kreste ba tlotsitsoeng ha ba ikitlaetsa ho pakela baruti le batho ba tloaelehileng ba kenang likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa boela tsa bontša hore boprofeta bo akarelletsoang setšoantšong sa Jesu bo ne bo se bo ntse bo phethahala. Joang? Karabelo ea baruti ba bangata le litho tse hlahelletseng tsa likereke tsa bona e ne e le e tletseng lehloeo—ho ne ho se senoelo sa metsi a khathollang, ebang ke ka kutloisiso ea sebele kapa ea tšoantšetso; ho e-na le hoo, ba bang ba bona ba ile ba hlohlelletsa lihlopha tsa mahoo-hoo ho rusolla liaparo tsa baena le ho ba shapa, kapa ba kōpa hore ba boholong ba ba koalle teronkong. (Matt. 25:41-43) Ho fapana le hoo, litho tse ngata tsa likereke tse ikokobelitseng li ile tsa amohela molaetsa oa ’Muso ka matsoho a mabeli, tsa khatholla ba o tlisitseng, ’me tsa etsa seo li ka se khonang ho ba thusa esita leha batlotsuoa ba kentsoe teronkong ka baka la litaba tse molemo.—Matt. 25:34-36.
Ho latela pono ea Liithuti tsa Bibele, batho bao Jesu a buileng ka bona e le linku ba ne ba ntse ba le likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Li ne li nahana hore ke batho ba sa ipoleleng hore ba inehetse ho Morena empa ba na le tlhompho e khōlō ho Jesu Kreste le batho ba hae. Empa, na ba ne ba ka lula ba ntse ba le likerekeng?
Ho Nka Khato e Tiileng Bakeng sa Borapeli bo Hloekileng
Thuto ea buka ea Bibele ea boprofeta ea Ezekiele e ile ea hlakisa sena. Tlhaloso ea pele letotong la litlhaloso tse tharo e nang le sehlooho se reng Vindication e ile ea hatisoa ka 1931. E ile ea hlalosa bohlokoa ba seo Ezekiele a se ngotseng ka khalefo ea Jehova khahlanong le Juda le Jerusalema ea boholo-holo ea bokoenehi. Le hoja batho ba Juda ba ne ba ipolela hore ba sebeletsa Molimo ea phelang le oa ’nete, ba ile ba amohela litšebeletso tsa bolumeli tsa lichaba tse ba pota-potileng, ba nyehela libano ho melimo ea litšoantšo e sa pheleng, ’me ka bofebe ba beha tšepo ea bona lilekaneng tsa lipolotiki, ho e-na le ho bontša tumelo ho Jehova. (Ezek. 8:5-18; 16:26, 28, 29; 20:32) Ho sena sohle, ba ne ba tšoana hantle le Bokreste-’mōtoana; kahoo, ka ho loketseng, Jehova o tla liha kahlolo holim’a Bokreste-’mōtoana feela joalokaha a entse ho Juda le Jerusalema tse sa tšepahaleng. Empa khaolo 9 ea Ezekiele e bontša hore pele ho lihuoa kahlolo ea bomolimo, ba bang ba ne ba tla tšoauoa bakeng sa poloko. Ke bo-mang bao?
Boprofeta bo bolela hore ba tšoailoeng ke “ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang” Bokreste-’mōtoaneng, kapa Jerusalema ea tšoantšetso. (Ezek. 9:4) Ka hona, ruri ba ne ba ke ke ba kopanela ka boomo linthong tse manyala joalo. Ka hona moqolo oa pele oa Vindication o ile oa tsebahatsa ba nang le letšoao e le batho ba hanang ho ba karolo ea mekhatlo ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana le bao ka tsela e itseng ba nkang khato ea ho ema ka lehlakoreng la Morena.
Ka 1932 boitsebiso bona bo ile ba lateloa ke tlhaloso ea tlaleho ea Bibele e amang Jehu le Jonadabe le litlhaloso tsa eona tsa boprofeta. Jehova o ile a fa Jehu thōmo ea ho ba morena oa ’muso oa meloko e leshome ea Iseraele le ho liha kahlolo ea Jehova holim’a ntlo e khopo ea Akabe le Jezebele. Ha Jehu a le tseleng e eang Samaria a il’o felisa borapeli ba Baale, Jehonadabe (Jonadabe), mor’a Rekabe, o ile a tsoa ho ea mo khahlanyetsa. Jehu o ile a botsa Jehonadabe: “Na pelo ea hao e tšoeu?” eaba Jehonadabe oa arabela: “E tšoeu.” Jehu o ile a mo mema: “’Nee letsoho la hao,” eaba o hloesetsa Jehonadabe koloing ea hae. Eaba Jehu oa mo phehella: “A re ee le uena, u bone kamoo ke chesehetseng Jehova.” (2 Mar. 10:15-28) Le hoja Jehonadabe e ne e se Moiseraele, o ne a lumellana le seo Jehu a se etsang; o ne a tseba hore Jehova, Molimo oa ’nete, o lokela ho nehoa boinehelo bo khethehileng. (Ex. 20:4, 5, NW) Ka mor’a lilemo tse makholo, litloholo tsa Jehonadabe li ne li ntse li bonahatsa moea oo Jehova a o amohelang, kahoo O ile a tšepisa: “Ho ke ke ha hlokeha motho oa Jonadabe, mor’a Rekabe, ea emang pel’a ka le ka mohla o le mong.” (Jer. 35:19) Kahoo ho ile ha phahama potso, Na lefatšeng kajeno ho na le batho bao eseng Baiseraele ba moea ba nang le lefa la leholimo empa ba tšoana le Jehonadabe?
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 1, 1932, o hlalositse: “Jehonadabe o ne a emela kapa a tšoantšetsa sehlopha sa batho bao hona joale ba leng lefatšeng . . . [ba] sa lumellaneng le mokhatlo oa Satane, ba nkang khato ea ho emela ho loka, ’me ke bao Morena a tlang ho ba boloka nakong ea Harmagedone, a ba fetise khathatsong eo, ’me a ba fe bophelo bo sa feleng lefatšeng. Batho bana ba bōpa sehlopha sa ‘linku’ se etsang batho ba Molimo ba tlotsitsoeng hantle, hobane baa tseba hore batlotsuoa ba Morena ba etsa mosebetsi oa Morena.” Ba bontšang moea o joalo ba ile ba mengoa hore ba kopanele ho fetisetseng molaetsa oa ’Muso ho ba bang joalokaha batlotsuoa ba etsa.—Tšen. 22:17.
Ho ne ho ntse ho e-na le ba bang (le hoja nakong eo ba ne ba fokola) ba kopanelang le Lipaki tsa Jehova ba ileng ba hlokomela hore moea oa Molimo ha oa kenya ka ho bona tšepo ea bophelo leholimong. Ba ne ba tsejoa e le Bajonadabe, hobane, joaloka Jonadabe (Jehonadabe) oa boholo-holo, ba ne ba ho nka e le tokelo ho khetholloa le bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng, ’me ba ne ba thabela ho kopanela litokelong tseo Lentsoe la Molimo le ba balletseng tsona. Na batho ba joalo ba nang le tebello ea ho se shoe le ka mohla ba ne ba tla ba bangata pele ho Harmagedone? Joalokaha ho ne ho boletsoe, na ho ne ho ka etsahala hore ba baloe ka limillione?
“Bongata bo Boholo ba Batho”—Ke Bo-mang?
Ha ho etsoa tsebiso ea litokisetso tse entsoeng tsa hore Lipaki tsa Jehova li tšoare kopano Washington, D.C., ho tloha ka May 30 ho ea ho June 3, 1935, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o itse: “Ho tla fihlela joale hase Bajonadabe ba bangata ba bileng le tokelo ea ho ba teng kopanong, ’me kopano e tla tšoareloa Washington mohlomong e tla ba matšeliso a sebele ho bona le ho ba ruisa molemo.” Ka sebele ho ile ha fela ha e-ba joalo.
Kopanong eo ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng ho Tšenolo 7:9, 10, e balehang tjena: “Ka mor’a tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho ba bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Ke bo-mang ba bōpang bongata boo bo boholo ba batho, kapa “letšoele le leholo”?—KJ.
Ka lilemo-lemo, esita le ho theosa ho fihlela ka 1935, ba ne ba sa nkoe e le linku tse boletsoeng setšoantšong sa Jesu sa linku le lipoli. Joalokaha ho se ho boletsoe, ho ne ho nahanoa hore ke sehlopha se tlaasana sa leholimo—ho ne ho nahanoa hore ke sehlopha se tlaasana hobane mohlomong ba ne ba hlokomolohile ho utloa Molimo.
Leha ho le joalo, pono eo e ile ea hlahisa lipotso tse sa feleng. Tse ling tsa tsona li ile tsa tšohloa mathoasong a 1935 lijong tsa motšehare ntlo-khōlōng ea Mokhatlo oa Watch Tower. Har’a ba ileng ba fana ka litlhaloso nakong eo, ba bang ba ile ba fana ka maikutlo a hore letšoele le leholo ke sehlopha sa lefatšeng. Grant Suiter, eo hamorao a ileng a fetoha setho sa Sehlopha se Busang, o ile a hopola: “Thutong e ’ngoe ea lehae la Bethele, e neng e khannoa ke Moena T. J. Sullivan, ke ile ka botsa: ‘Kaha letšoele le leholo le fumana bophelo bo sa feleng, na ba bōpang sehlopha seo ba boloka botšepehi?’ Ho ile ha ba le litlhaloso tse ngata empa e seng karabelo e tobileng.” Ka Labohlano, May 31, 1935, kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., ho ile ha fanoa ka karabelo e khotsofatsang. Moena Suiter o ne a lutse mathuleng a ntlo a talimile bongata ba batho ba leng tlaase, ’me o ile a thaba hakaakang ha puo e hlakisa litaba!
Nakoana ka mor’a kopano, Molula-Qhooa (oa Senyesemane), litokollong tsa oona tsa August 1 le 15, 1935, o ile oa hatisa se boletsoeng puong eo. O ile oa bolela hore ntho ea bohlokoa ho utloisiseng litaba ka nepo ke kutloisiso ea hore morero o moholo oa Jehova hase poloko ea batho empa ke ho tlosa qoso lebitsong la hae (kapa, kamoo re ka buang ka teng hona joale, ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae). Ka hona kamohelo ea Jehova e holim’a ba bolokang botšepehi ho eena; ha a putse ba lumelang ho etsa thato ea hae empa ba tlisetsa lebitso la hae thohako ka ho sekisetsa mokhatlong oa Diabolose. Tlhokahalo ena ea botšepehi e sebetsa ho bohle ba tlang ho amoheloa ke Molimo.
Tumellanong le sena, Molula-Qhooa o itse: “Ha e le hantle Tšenolo 7:15 ke thuso ea ho tsebahatsa letšoele le leholo. . . . Tlhaloso ena e ho Tšenolo ea letšoele le leholo ke hore ‘le pel’a terone ea Molimo, ’me le mo sebeletsa phatlalatsa’ . . . Le hlokomela le ho utloisisa le ho utloa mantsoe a Jesu, Konyana ea Molimo, a reng ho lona: ‘Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela’; e leng mantsoe a sebetsang ho libōpuoa tsohle tseo Jehova a li amohelang.” (Matt. 4:10) Kahoo, seo Bibele e se buang ka letšoele le leholo, kapa bongata bo boholo ba batho, ka nepo ho ke ke ha thoe se fana ka tokisetso ea ho pholosa batho ba ipolelang hore ba rata Molimo empa ba iphapanyetsa ho etsa thato ea hae.
Joale, na bongata bo boholo ba batho ke sehlopha sa leholimo? Molula-Qhooa o bontšitse hore puo ea mangolo ha e fihlele qeto e joalo. Mabapi le ho ba ha bona “pel’a terone,” e bontšitse hore Mattheu 25:31, 32 e bua ka ho bokelloa ha lichaba tsohle pel’a terone ea Kreste, empa lichaba tseo li lefatšeng. Leha ho le joalo, bongata bo boholo bo “eme” pel’a terone hobane bo amoheloa ke Ea lutseng teroneng.—Bapisa le Jeremia 35:19.
Empa sehlopha se joalo se ne se tla fumanoa hokae—batho “ba lichaba tsohle,” batho bao e seng karolo ea Iseraele oa moea (ea hlalositsoeng pejana, ho Tšenolo 7:4-8), batho ba bontšang tumelo thekollong (bao ka tšoantšetso ba hlatsoitseng liaparo tsa bona maling a Konyana), batho ba thoholetsang Kreste joaloka Morena (ba nkile mahlaku a lipalema matsohong, joaloka bongata bo ileng ba khahlanyetsa Jesu joaloka Morena ha a kena Jerusalema), batho bao kannete ba itlhahisang pel’a terone ea Jehova hore ba mo sebeletse? Na ho ne ho e-na le sehlopha sa batho ba joalo lefatšeng?
Phethahatsong ea lentsoe la hae la boprofeta, Jehova o ile a fana ka karabelo. Webster Roe, ea neng a le teng kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, o hopola hore sehlohlolong sa puo ea hae, Moena Rutherford o ile a kōpa: “Ka kōpo bohle ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng a ba ke ba eme.” Ho latela se boletsoeng ke Moena Roe, “hoo e ka bang ka holimo ho halofo ea bamameli e ile ea ema.” Tumellanong le sena, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 15, 1935, o itse: “Joale re bona sehlopha se tšoaneloang hantle ke tlhaloso e fanoeng ho Tšenolo khaolo ea bosupa mabapi le letšoele le leholo. Lilemong tse seng kae tse fetileng, le nakong eo ka eona ‘kosepele ena ea ’muso e boleloang joaloka bopaki’, ho hlahile batho ba bangata (’me ba sa ntsane ba e-tla) ba bolelang hore Morena Jesu ke Mopholosi oa bona ’me Jehova ke Molimo oa bona, eo ba mo rapelang ka moea le ka ’nete le ho mo sebeletsa ka thabo. Bana ba boetse ba bitsoa ‘Bajonadabe’. Ba tšoantšetsa ho itseng ka kolobetso, e leng ho tiisang hore ba . . . nkile khato ea ho ema ka lehlakoreng la Jehova le ho sebeletsa eena le Morena ea behiloeng ke eena.”
Nakong eo ho ile ha bonahala hore bongata bo boholo ba batho bo boletsoeng ho Tšenolo 7:9, 10 bo akarelletsoa har’a “linku tse ling” tseo Jesu a buileng ka tsona (Joh. 10:16); ke bona bo thusang “baena” ba Kreste (Matt. 25:33-40); ke batho ba tšoaetsoeng pholoho hobane ba tenoa ke manyala a etsoang ho Bokreste-’mōtoana ’me baa a nena (Ezek. 9:4); ba tšoana le Jehonadabe, ea ileng a ikhetholla ka bolokolohi le mohlanka oa Jehova ea tlotsitsoeng bakeng sa ho ntšetsa pele thōmo ea hae eo a e filoeng ke Molimo (2 Mar. 10:15, 16). Lipaki tsa Jehova li utloisisa hore bana ke bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba tlang ho pholoha Harmagedone ka tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le khutliselitsoeng boemong ba Paradeise.
Mosebetsi o Potlakileng o Lokelang ho Etsoa
Kutloisiso ea bona ea mangolo ana e ile ea ba le liphello tse pharalletseng mosebetsing oa bahlanka ba Jehova. Ba ile ba hlokomela hore hase bona ba tla khetha le ho bokella litho tsa bongata bo boholo ba batho; e ne e se boikarabelo ba bona ho bolella batho hore na tšepo ea bona e lokela ho ba ea leholimo kapa ea lefatše. Morena ke eena ea neng a tla laola litaba tumellanong le thato ea hae. Empa joaloka Lipaki tsa Jehova, ba ne ba na le boikarabelo bo tebileng. Ba ne ba lokela ho sebeletsa e le baboleli ba Lentsoe la Molimo, ba arolelane le ba bang linnete tseo A ba nolofallelitseng ho li utloisisa, e le hore batho ba ka tseba litokisetso tsa Jehova ’me ba be le monyetla oa ho arabela ho tsona.
Ho phaella moo, ba ile ba hlokomela hore mosebetsi oa bona o potlakile haholo. Letotong la lihlooho tse reng “Ho Bokella Letšoele,” tse hatisitsoeng ka 1936, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o hlalositse: “Mangolo a tšehetsa ka matla qeto ea hore ka Harmagedone Jehova o tla felisa batho ba lefatše, a pholose feela ba utloang litaelo tsa hae tsa hore ba khomarele mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Linakong tse fetileng batho ba limillione ba theohetse lebitleng ho se mohla ba kileng ba utloa ka Molimo le Kreste, ’me ka nako e loketseng ba tlameha ho tsosoa bafung ’me ba fuoe tsebo ea ’nete, e le hore ba ka etsa khetho. Leha ho le joalo, boemo ke bo fapaneng ho batho ba leng lefatšeng hona joale. . . . Batho ba letšoele le leholo ba tlameha ho amohela molaetsa ona oa kosepele pele ho letsatsi la ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle, e leng Harmagedone. Haeba letšoele le leholo le sa fuoe molaetsa oa ’nete hona joale, e tla be e se e le morao haholo ha tlokotsi e qala.”—Bona 2 Marena 10:25; Ezekiele 9:5-10; Sofonia 2:1-3; Mattheu 24:21; 25:46.
Ka baka la kutloisiso ena ea Mangolo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana cheseho e nchafalitsoeng bakeng sa mosebetsi oa ho paka. Leo Kallio, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang Finland, o itse: “Ha ke hopole ke e-ba le thabo le cheseho e joalo pele, kapa hona ho hopola ke palama baesekele ka potlako joaloka mehleng eo, ha ke potlaketse ho ea bolella batho ba thahasellang litaba tsa hore ka baka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ba tšepisoa bophelo bo sa feleng lefatšeng.”
Lilemong tse latelang tse hlano, ha lenane la Lipaki tsa Jehova le ntse le eketseha, ba ileng ba ja litšoantšetso Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Kreste ba ’nile ba qepha hanyane ka hanyane. Ho sa le joalo, ho bokelloa ha bongata bo boholo ba batho ho ne ho sa etsoe ka potlako joalokaha Moena Rutherford a ne a lebelletse. Ka lekhetlo le leng o bile a re ho Fred Franz, ea ileng a fetoha mopresidente oa bone oa Mokhatlo: “Ho hang ha ho bonahale eka ‘letšoele le leholo’ le tla hle le be leholo hakaalo.” Empa ho tloha nakong eo, lenane la Lipaki tsa Jehova le ’nile la eketseha ka limillione, athe lenane la ba nang le tebello ea lefa la leholimo, ka kakaretso le ’nile la tsoela pele ho qepha.
Mohlape o le Mong Tlas’a Molisa a le Mong
Ha ho phehisano pakeng tsa sehlopha sa batlotsuoa le bongata bo boholo ba batho. Ba nang le tšepo ea leholimo ha ba khelle fatše bao ka cheseho ba lebelletseng ho fumana bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatše. Bohle ba amohela ka kananelo litokelo tseo ba li fuoang ke Molimo, ha ba nahane hore boemo ba bona bo ba etsa hore ka tsela e itseng e be batho ba molemonyana kapa hore ka tsela e itseng ba fokolla ba bang ba itseng. (Matt. 11:11; 1 Ba-Kor. 4:7) Joalokaha Jesu a boletse esale pele, lihlopha tseo ka bobeli li fetohile ‘mohlape o le mong,’ o sebeletsang tlas’a hae e le ‘molisa a le mong.’—Joh. 10:16.
Boikutlo boo baena ba tlotsitsoeng ba Kreste ba nang le bona ka metsoalle ea bona ea bongata bo boholo bo hlalosoa hantle bukeng ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”: “Ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, phethahatso ea boprofeta ba Jesu bakeng sa ‘ho fela ha mehla ea kajeno’ e tsoaloa haholo-holo ke karolo eo ‘bongata bo boholo’ ba ‘linku tse ling’ bo e phethang. Khanya e tsoang maboneng a bonesitsoeng a masala e elisitse mahlo a lipelo tsa bona, ’me ba thusitsoe ho bonesetsa ba bang ba sa ntsaneng ba saletse lefifing la lefatše lena. . . . Ba fetohile metsoalle e momahaneng le masala a sehlopha sa monyaluoa. . . . Ka baka leo, liteboho tse khōlō, li ea ho ‘bongata bo boholo’ ba machaba le ba lipuo-puo bakeng sa karolo e khōlōhali eo bo e phethileng phethahatsong ea boprofeta ba Monyali bo ho Mattheu 24:14!”
Leha ho le joalo, ha Lipaki tsa Jehova, ho akarelletsa le bongata bo boholo ba batho, li ntse li kopanela li momahane ho boleleng litaba tse khanyang tsa ’Muso oa Molimo, batho ba ’nile ba hlokomela hore ho na le ho hong ho eketsehileng ho feta bopaki ba tsona bo chesehang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Chart of the Ages” hamorao e ile ea hatisoa hape bukeng ea The Divine Plan of the Ages.
b Zion’s Watch Tower, March 15, 1905, maq. 88-91.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 159]
Lipaki tsa Jehova tse ngata li lebelletse ka cheseho bophelo bo sa feleng lefatšeng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 161]
Tumelo e ileng ea li khetholla ho Bokreste-’mōtoana kaofela
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 164]
Nako ea phethahatso ea setšoantšo sa linku le lipoli
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 165]
Ba ne ba tsejoa e le Bajonadabe
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 166]
Ka May 31, 1935, “letšoele le leholo” le ile la tsebahatsoa ka ho hlaka
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 170]
Tšepo ea leholimong kapa ea lefatšeng—ke mang ea e rerang?
[Lebokose le leqepheng la 160]
Nako ea Kutloisiso
Lilemong tse fetang 250 tse fetileng, Monghali Isaac Newton o ile a ngola sehlooho se thahasellisang ka kutloisiso ea boprofeta, ho akarelletsa le se buang ka “bongata bo boholo ba batho” bo boletsoeng ho Tšenolo 7:9, 10. Khatisong ea hae ea “Observations Upon the Prophecies of Daniel, and the Apocalypse of St. John,” e hatisitsoeng ka 1733, o itse: “Boprofeta bona ba Daniele le Johanne ha boa lokela ho utloisisoa ho fihlela nakong ea bofelo: empa nakong eo ba bang ba lokela ho profeta ka bona ba lokela ho etsa joalo ba le boemong ba mahlomola le bo sisimosang ka nako e telele, ’me ba tla etsa joalo ka tsela e lerootho feela, e le hore ba ka sokolla ba seng bakae feela. . . . Eaba Daniele o re ba bangata ba tla matha ba leba koana le koana, ’me tsebo e tla eketseha. Hobane Kosepele e tlameha ho boleloa lichabeng tsohle pele ho mahlomola a maholo, le bofelo ba lefatše. Letšoele le nkileng mahlaku a lipalema, le tsoang mahlomoleng ana a maholo, e ke ke ea e-ba le se nang palo ho tsoa lichabeng tsohle, ntle le hore le etsoe joalo ke ho boleloa ha Kosepele pele a e-tla.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 168]
Lefatše, Lehae la Motho la ka ho sa Feleng
Morero oa Molimo oa mathomo e ne e le ofe bakeng sa batho?
“Molimo oa ba hlohonolofatsa, ’me Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.”—Gen. 1:28.
Na morero oa Molimo ka lefatše o fetohile?
“Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esa. 55:11.
“Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.”—Esa. 45:18.
“Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Matt. 6:9, 10.
“Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pes. 37:9, 29.
Ho tla ba le maemo a mofuta ofe lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo?
“Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Pet. 3:13.
“Sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mik. 4:3, 4.
“Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esa. 65:21, 22.
“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esa. 33:24, “NW.”
“Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:3, 4; bona le Johanne 3:16.
“Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši. ’Me lichaba tsohle li tla tla, li khumame maotong a hao, kahobane likahlolo tsa hao li beiloe pepeneneng.”—Tšen. 15:4.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 169]
Ba Eang Leholimong
Ke batho ba bakae ba tlang ho ea leholimong?
“Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.”—Luka 12:32.
“Joale, ka talima, ’me ka bona Konyana [Jesu Kreste] e eme thabeng ea [leholimo ea] Sione, e e-na le ba ngoliloeng lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona, ba le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene. Ba ne ba bina ho kang sefela se secha pel’a terone, le pel’a libopuoa tse phelang tse ’ne, le pel’a baholo. ’Me ho no ho se ba ka ithutang sefela seo, ha e se ba likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsoeng lefatšeng.”—Tšen. 14:1, 3.
Na ba 144 000 ke Bajode kaofela?
“Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste. ’Me ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.”—Ba-Gal. 3:28, 29.
“Eo e leng mo-Jode, hase eo e leng eena kantle, le lebollo hase le etsoang kantle, nameng; empa mo-Jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea, e seng ka letere.”—Ba-Roma 2:28, 29.
Ke hobane’ng ha Molimo a nkela ba bang leholimong?
“E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena ka lilemo tse sekete.”—Tšen. 20:6.
[Lebokose/Krafo e leqepheng la 171]
Tlaleho ea Sehopotso
Nakong ea lilemo tse 25, ba bileng teng Sehopotsong ba bile bangata ka makhetlo a 100 ho feta lenane la ba jeleng
[Krafo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ba Jeleng
Ba Bileng Teng
1 500 000
1 250 000
1 000 000
750 000
500 000
250 000
1935 1940 1945 1950 1955 1960
[Litšoantšo tse leqepheng la 167]
Kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., ho ile ha kolobetsoa ba 840