Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Molula-Qhooa—2015 | October 15
    • 1, 2. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a rata Maretha, empa Maretha o ile a etsa’ng e neng e bontša hore o ne a sa phethahala?

      HA HO buuoa ka Maretha khaitseli ea Lazaro, u nahana ka motho ea joang? Bibele e re Maretha e ne e le motsoalle oa Jesu, ’me Jesu a mo rata. Ke ’nete hore hase eena feela mosali eo Jesu a neng a mo rata a bile a mo hlompha. Ka mohlala, Maria ngoan’abo Maretha le eena e ne e le motsoalle oa Jesu. Jesu o ne a boetse a rata ’mè oa hae, Maria. (Johanne 11:5; 19:25-27) Ebe ke hobane’ng ha Jesu a ne a rata Maretha?

  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Molula-Qhooa—2015 | October 15
    • 4 Empa Maretha o ne a phathahane. A lokisetsa Jesu lijo tse khethehileng a bile a etsa lintho tse ling tse ngata e le hore Jesu a ikutloe a amohelehile. Maretha o ile a utloa bohloko ha a bona Maria a lutse a sa mo thuse, ’me a tletleba ka taba eo ho Jesu. Jesu o ne a tseba hore Maretha o leka ho etsa lintho tse ngata haholo, kahoo ka mosa a re ho eena: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata.” A mo bolella hore ha ho hlokahale hore a phehe lintho tse ngata. Jesu a ntan’o babatsa Maria hore ebe o mo mametse ka hloko. O ile a re: “Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” E ka ’na eaba Maria o ile a lebala hore na o jele’ng mantsiboeeng ao, empa ha ho pelaelo hore ha aa ka a lebala lintho tseo a ithutileng tsona ho Jesu le tsela eo a ileng a mo babatsa ka eona. Lilemo tse fetang 60 hamorao, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo.” (Johanne 11:5) Mantsoe ana a bontša hore Maretha o ile a amohela keletso e lerato ea Jesu ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi bophelo bohle ba hae.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela