“Kea Tseba Hore o Tla Tsoha”
“Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.”—JOH. 11:11.
1. Maretha o ne a kholisehile hore ho tla etsahala’ng ka khaitseli ea hae? (Sheba setšoantšo se qalong.)
MARETHA, eo e neng e le motsoalle oa Jesu e bile e le morutuoa oa hae, o ne a siame. Khaitseli ea hae, e leng Lazaro o ne a hlokahetse. Maretha o ne a ka tšelisoa ke’ng? Jesu o ile a re ho eena: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” E ka ’na eaba mantsoe ana ha aa ka a tlosa bohloko boo a neng a bo utloa, empa Maretha o ne a kholoa seo Jesu a mo bolellang sona. Maretha o ile a re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:20-24) O ne a kholisehile hore tsoho e tla etsahala nakong e tlang. Jesu o ile a etsa mohlolo eaba o tsosa Lazaro hona letsatsing leo.
2. Ke hobane’ng ha u batla ho kholiseha joaloka Maretha hore bafu ba tla fela ba tsohe?
2 Ha rea lebella hore Jehova le Jesu ba re tsose hona joale ha re e-shoa. Empa na u kholisehile joaloka Maretha hore ho tla ba le tsoho ea bafu? E ka ’na eaba u hlokahalletsoe ke molekane, ’mè, ntate, ntate-moholo kapa nkhono. Mohlomong o hlokahalletsoe ke ngoana. U hloloheloa ho mo haka, ho bua le eena kapa ho tšeha le eena. Ho thabisang ke hore u ka bua ka phatla e phahameng joaloka Maretha oa re: ‘Kea tseba hore moratuoa oa ka o tla tsoha.’ Kaofela re lokela ho ba le mabaka a utloahalang a re kholisang hore bafu ba tla fela ba tsohe.
3, 4. Jesu o ne a sa tsoa tsosa bo-mang, hona seo se ile sa etsa hore Maretha a kholisehe ka eng?
3 E ke ke eaba Maretha o ile a bona ha Jesu a tsosa mora oa mohlolohali ea neng a lula Galilea kaha eena o ne a lula haufi le Jerusalema. Empa e ka ’na eaba o ile a utloa ka ketsahalo eo. Mohlomong o ile a boela a utloa hore Jesu o tsositse morali oa Jairuse. Batho ba neng ba le habo ngoanana eo “ba ne ba tseba hore o shoele.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a tšoara letsoho la hae eaba o re: “Ngoanana, tsoha!” Eaba hang-hang oa tsoha. (Luka 7:11-17; 8:41, 42, 49-55) Maretha le Maria ba ne ba tseba hore Jesu a ka folisa batho ba kulang. Ka hona ba ne ba lumela hore hoja Jesu o ne a le teng, Lazaro a ka be a sa shoa. Empa ho ne ho tla etsahala’ng ha e le moo motsoalle oa Jesu a se a shoele? Hlokomela hore Maretha o ile a re Lazaro o tla tsoha “ka letsatsi la ho qetela.” Ke’ng e neng e etsa hore a kholisehe ka taba eo? Rona re ka kholisoa ke’ng hore ho tla ba le tsoho le hore mohlomong baratuoa ba rona ba tla tsoha?
4 Re na le mabaka a utloahalang a hore re kholisehe ka tsoho. Ha re ntse re hlahloba mabaka ana re tl’o ithuta lintho tseo re neng re sa nahane hore re ka li amahanya le tsoho ka Bibeleng.
LIKETSAHALO TSE RE FANG TŠEPO
5. Ke hobane’ng ha Maretha a ne a kholisehile hore Lazaro o tla tsoha?
5 Hlokomela hore Maretha ha aa ka a re: ‘Ke tšepa hore khaitseli ea ka e tla tsoha.’ Empa o ile a re: “Kea tseba hore o tla tsoha.” Maretha o ne a tseba hore nako e fetileng le pele Jesu a qala tšebeletso ea hae, ho na le batho ba ileng ba tsoha ka mohlolo. Ke kahoo a neng a kholisehile hore ho tla ba le tsoho. E ka ’na eaba batsoali ba hae ba ile ba mo ruta ka litlaleho tsena a ba a ithuta ka tsona synagogeng. Mohlomong u hopola litlaleho tse tharo tsa tsoho tse hlahang ka Bibeleng.
6. Maretha o ile a tseba ka mohlolo ofe oo Elia a ileng a o etsa?
6 Molimo o ile a tsosa motho oa pele a sebelisa moprofeta oa hae Elia nakong eo a neng a etsa mehlolo. Mohlolohali e mong oa mofutsana motseng oa Sarepta o ile a amohela moprofeta Elia ha hae. Jehova o ile a etsa hore ka mohlolo phofo ea mohlolohali eo le oli li se ke tsa fela e le hore eena le mora oa hae ba ka lula ba phela. (1 Mar. 17:8-16) Hamorao mora oa hae o ile a kula ’me a shoa. Empa Elia o ile a mo thusa. O ile a tšoara setopo sa ngoana eo eaba oa rapela o re: “Molimo oa ka, ka kōpo, etsa hore moea oa ngoana enoa o khutlele ka hare ho eena.” Jehova o ile a araba thapelo ea Elia ’me mora oa mohlolohali eo a boela a phela. Ena ke tlaleho ea pele ea tsoho e hlahang ka Bibeleng. (Bala 1 Marena 17:17-24.) E tlameha ebe Maretha o ile a tseba ka ketsahalo ena.
7, 8. (a) Hlalosa hore na Elisha o ile a etsa’ng ho thusa mosali e mong oa Moiseraele? (b) Mohlolo oo Elisha a ileng a o etsa o bontša eng ka Jehova?
7 Tlaleho ea bobeli ea tsoho e hlahang ka Mangolong ke ea motho ea tsositsoeng ke moprofeta Elisha. Mosali e mong oa Moiseraele ea hlaheletseng ea lulang Shuneme o ile a amohela moprofeta Elisha ka mofuthu lelapeng la hae. Jehova o ile a sebelisa moprofeta Elisha ho thusa mosali enoa ea neng a se na bana hore eena le mohats’a hae ba be le mora le hoja ba se ba tsofetse. Leha ho le joalo, ngoana eo o ile a shoa ka mor’a lilemo tse seng kae. Nahana ka bohloko boo ’mè eo a ileng a bo utloa. Mohats’a hae o ile a mo lumella hore a tsamaee sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea kopana le moprofeta Elisha thabeng ea Karmele. Elisha o ile a laela Gehazi e leng mohlokomeli oa hae hore a ba etelle pele ho ea Shuneme. Empa Gehazi ha aa ka a khona ho tsosa moshanyana eo. Eaba Elisha le ’mè oa moshanyana eo baa fihla.—2 Mar. 4:8-31.
8 Ha Elisha a fihla Shuneme, o ile a fumana setopo sa moshanyana eo ka tlung eaba oa rapela. Ka mor’a hore moshanyana eo a tsohe, ’mè oa hae o ile a thaba haholo. (Bala 2 Marena 4:32-37.) E ka ’na eaba ’mè eo, o ile a hopola mantsoe a Anna ha a ne a rapela nakong eo a neng a tlisitse Samuele tabernakeleng ho sebeletsa teng, a reng: “Jehova . . . ke ea theolelang Sheole, ’me oa nyolla.” (1 Sam. 2:6) Taba ea hore ebe moshanyana oa Shuneme o ile a tsoha, e bontša hore Jehova a ka tsosa bafu.
9. Hlalosa hore na Jehova o ile a sebelisa Elisha joang ho tsosa motho tlalehong ea boraro ka Bibeleng.
9 Mohlolo oo ha se oa ho qetela oo moprofeta Elisha a ileng a o etsa. Ka mor’a lilemo tse 50 a sebeletsa e le moprofeta oa Jehova, Elisha ‘o ile a kula a tšoaroa ke boloetse bo neng bo tla mo bolaea.’ Ka mor’a nako, setopo sa Elisha se ile sa bola ’me ha sala masapo. Ka letsatsi le leng ha Baiseraele ba ntse ba boloka mofu, lebotho la ba lireng le ile la hlasela naha. Kahoo, ba ile ba baleha eaba ba lahlela setopo ka lebitleng la Elisha. Bibele e re: “Ha motho eo a ama masapo a Elisha, kapele-pele a phela ’me a ema ka maoto.” (2 Mar. 13:14, 20, 21) Litlaleho tsena tsa tsoho li ile tsa thusa Maretha hore a kholisehe hore Jehova o na le matla a ho tsosa bafu. Haeba le rona re hlahloba litlaleho tsena, re ka kholiseha hore Jehova o na le matla a sa lekanyetsoang.
LIKETSAHALO TSA LEKHOLONG LA PELE LA LILEMO
10. Petrose o ile a thusa mosali e mong oa Mokreste joang?
10 Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, re fumana litlaleho tse ling tsa tsoho moo Molimo a ileng a sebelisa baemeli ba hae. Re tl’o hlokomela kamoo a ileng a sebelisa baemeli ba hae le nakong eo Jesu a neng a tsosa bafu ha a le ka ntle ho motse oa Naine leha a ne a le lapeng ha Jairuse. Moapostola Petrose o ile a tsosa mosali oa Mokreste ea bitsoang Dorkase eo hape a neng a bitsoa Tabitha. Petrose o ile a fihla kamoreng eo setopo sa Dorkase se neng se le ka ho eona eaba oa rapela o re: “Tabitha, tsoha!” Dorkase o ile a tsoha eaba Petrose o “mo hlahisa ho bona a phela.” Ka mor’a ketsahalo eo, “ba bangata ea e-ba balumeli ho Morena.” Ba ne ba ka bolella batho ka Jesu le hore Jehova a ka tsosa bafu.—Lik. 9:36-42.
11. (a) Ngaka Luka o ile a fumana ho etsahetse’ng ka Eutikase? (b) Batho ba ile ba ikutloa joang ka mor’a hore a tsosoe?
11 Batho ba bang le bona ba ile ba bona ha batho ba tsosoa. Ka nako e ’ngoe moapostola Pauluse o ne a le motseng oa Troase oo hona joale o bitsoang Turkey ’me moo o ne a le sebokeng se neng se tšoaretsoe kamoreng e ka holimo. Pauluse o ile a bua ho fihlela ka khitla. Mohlankana e mong ea bitsoang Eutikase o ne a mametse a lutse fensetereng. Empa o ile a khaleha eaba o oela fatše a tloha mokatong oa boraro oa ntlo. Ho ka etsahala hore ebe ngaka Luka e ile ea e-ba eena oa pele oa ho fihla ho Eutikase a ba a mo hlahloba. Ha aa ka a fumana Eutikase a lemetse kapa a akhehile, empa o ile a fumana a shoele. Pauluse o ile a tla moo ba neng ba le teng eaba o tšoara setopo ’me o re: “Moea oa hae o ho eena,” e leng hore oa phela. E tlameha ebe batho ba neng ba le moo ba ile ba thaba ’me “ba tšeliseha” haholo.—Lik. 20:7-12.
TŠEPO E TIILENG
12, 13. Ho latela litlaleho tsa tsoho tseo re buileng ka tsona, re tl’o hlahloba lipotso life?
12 Litlaleho tsena tseo re sa tsoa bua ka tsona li lokela ho etsa hore re ikutloe joaloka Maretha. O ne a kholisehile hore Molimo oa rona le Mofani oa rona oa bophelo a ka khona ho etsa hore motho ea shoeleng a phele hape. Bahlanka ba bang ba Jehova ba kang Elia, Jesu le Petrose ba ile ba bona ha Jehova a etsa mehlolo ka ho tsosa batho ba shoeleng. Leha ho le joalo, re ka re’ng ka batho ba shoeleng nakong eo batho ba neng ba sa tsosoe ka mohlolo? Haeba ho ne ho se mohla Jehova a ileng a tsosa bafu, na bahlanka ba hae ba ne ba ka kholoa hore a ka ba tsosa nakong e tlang? Na ba ne ba ka kholiseha joaloka Maretha ea ileng a re: “Kea tseba hore [khaitseli ea ka] o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela”? Ke hobane’ng ha a ne a e-na le tšepo eo? Ke hobane’ng ha rona re ka ba le eona?
13 Ho na le litemana tse ngata ka Bibeleng tse bontšang hore bahlanka ba Jehova ba ne ba tseba hore ho tla ba le tsoho. Nahana ka tse ’maloa.
14. Re ka ithuta’ng ka tsoho tlalehong e buang ka Abrahama?
14 Nahana ka seo Jehova a ileng a laela Abrahama hore a se etse ka mora oa hae ea mong, Isaka. Jehova o ile a re: “Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo, Isaka . . . u mo nyehele e le nyehelo ea secheso.” (Gen. 22:2) Nahana hore na Abrahama o ile a ikutloa joang. Jehova o ne a mo tšepisitse hore lichaba tsohle li ne li tla hlohonolofatsoa ka litloholo tsa hae. (Gen. 13:14-16; 18:18; Bar. 4:17, 18) Empa see se ne se tla etsahala joang haeba Abrahama a ne a ka etsa sehlabelo ka Isaka? Pauluse o ile a bululeloa hore a hlalose hore Abrahama o ne a lumela hore Molimo a ka tsosa Isaka. (Bala Baheberu 11:17-19.) Leha ho le joalo, Bibele ha e re Abrahama o ne a lebeletse hore ha a mamela taelo ea Jehova, Isaka o ne a tla tsoha ka mor’a lihora, letsatsi kapa beke. O ne a sa tsebe hore na mora oa hae o tla tsosoa neng. Empa o ne a e-na le tšepo ea hore Jehova o tla tsosa Isaka.
15. Jobo o ne a e-na le tšepo efe?
15 Jobo le eena o ne a lumela hore ho tla ba le tsoho. O ne a tseba hore haeba sefate se ka rengoa, se ka ’na sa hlomela. Empa batho ha ba tšoane le lifate. (Jobo 14:7-12; 19:25-27) Ha motho a e-shoa, a ke ke a khona ho itsosa. (2 Sam. 12:23; Pes. 89:48) Leha ho le joalo, ha ho bolele hore Molimo eena a ke ke a khona ho tsosa motho. Ha e le hantle, Jobo o ne a lumela hore Jehova o tla mo hopola ka nako eo a e behileng. (Bala Jobo 14:13-15.) Empa o ne a sa tsebe hore na nako eo e tla ba efe. Leha ho le joalo, o ne a tšepa hore ea fileng batho bophelo o tla mo hopola a be a mo tsose.
16. Lengeloi le ile la fa Daniele molaetsa ofe o khothatsang?
16 Daniele ke e mong oa batho ba tšepahalang ba hlahang ka Bibeleng. O ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata ’me Jehova o ile a mo tšehetsa. Ka nako e ’ngoe lengeloi le ile la bua le Daniele, “monna ea khahlehang haholo” la re a ‘be le khotso’ ’me a ‘be matla.’—Dan. 9:22, 23; 10:11, 18, 19.
17, 18. Jehova o ile a tšepisa Daniele eng?
17 Kaha Daniele o ne a le haufi le ho ba lilemo li 100 ’me litšiu li se li ile, e ka ’na eaba o ne a ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ka eena. Na o ne a tla phela hape? E! Qetellong ea buka ea Daniele, Jehova o ile a bua mantsoe ana ho mo khothatsa: “Ha e le uena, e-ea bofelong; ’me u tla phomola.” (Dan. 12:13) Daniele o ne a tseba hore batho ba hlokahetseng ba phomotse ’me ha ba na “morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole,” e leng lebitleng. Daniele o ne a tseba hore le eena haufinyane lechoba le tla lala phoka. (Moek. 9:10) Empa hoo ha ho bolele hore e ne e tla ba phetho ka eena. Jehova o ne a mo tšepisitse bokamoso.
18 Jehova o ile a boela a re ho Daniele: “U tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.” Ha aa ka a bolelloa hore na e tla ba ka mor’a nako e kae. Daniele o ne a tla shoa, a phomole. Mantsoe a reng ‘o tla ema bakeng sa kabelo ea hae’ a bontša hore Daniele o ne a tla tsoha nako e telele ka mor’a lefu la hae. O ne a tla tsoha “bofelong ba matsatsi.” Ha Bibele ea Phetolelo e Ncha e bua ka tšepiso eo e re: “U tla tsoha mohla letsatsi la bofelo, u neoe lefa leo u le abetsoeng.”
19, 20. (a) Tsela eo Maretha a ileng a araba Jesu ka eona e re fa tšepo efe? (b) Re tl’o araba lipotso life sehloohong se latelang?
19 Maretha o ne a e-na le mabaka a ho lumela hore Lazaro “o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” Tsela eo Maretha a ileng a araba Jesu a kholisehile ka eona le tšepiso eo Jehova a ileng a e tšepisa Daniele li lokela ho re kholisa hore tsoho e tla ba teng.
20 Taba ea hore ho na le batho ba ileng ba tsosoa nakong e fetileng e bontša hore motho a ka boela a phela. Bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ne ba lebeletse hore tsoho e tla ba teng. Empa na ho na le ntho e bontšang hore ho ne ho tla feta nako e telele pele tsoho e e-ba teng? Haeba ho joalo, re tla be re e-na le mabaka a eketsehileng a hore e tla ba teng. Empa e tla ba neng? Lipotso tsena li tla arajoa sehloohong se latelang.