‘Rea Tseba Hore ba Tla Tsoha Mohla Tsoho’
MOLIMO O MATLA ’OHLE o file batho bophelo. O ka boela oa bo khutlisetsa ho batho ba shoeleng. Ho oona, re boetse re fumana mohloli o tšepahalang ka ho fetisisa oa boitsebiso ka bophelo le lefu: Mangolo a Seheberu le a Bokreste a Segerike, e leng likarolo tse peli tse etsang Bibele. E na le molaetsa o theiloeng linneteng oa hore boholo ba bafu ba ka tsoha ’me ba tla tsoha.—Johanne 5:28, 29.
Ho bapisa sena, nahana ka tlaleho ea histori ea Lazaro oa Bethania, eo Jesu a neng a mo tseba haholo. Lazaro o ne a ile a kula, ’me a shoa. Ka morao ho moo, Jesu o ile a bolella khaitseli ea Lazaro Maretha: “Khaitseli ea hao [ea shoeleng] o tla tsoha.” O ile a arabela: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” (Johanne 11:23, 24) E, o ne a ho tseba. A itšetlehile ka boitsebiso bo tšepahalang, o ne a se na pelaelo ea hore khaitseli ea hae ea ratoang Lazaro o ne a tla tsoha “letsatsing la bofelo.”
Ha u ntse u bala tlaleho ea histori ea Johanne khaolo ea 11, u tla fumana lintlha tse qaqileng tsa hore na joale ho ile ha etsahala joang. Jesu o ile a khutlisetsa monna eo bophelong, le hoja Lazaro a ne a se a shoele matsatsi a mane. Tsoho eo ke bopaki ba hore Molimo o ka phethahatsa litšepiso tsa oona tsa ho tsosa bafu “letsatsing la bofelo.” Empa Maretha o ne a lebelletse ho bona Lazaro hokae hape? Bajode ba bang ba tšepahalang ba ne ba nahana hore tsoho e tlang e ne e tla ba hokae?
‘Na ke Lefatše Leo ho sa Khutloeng ho Lona’?
Lefatše le ile la khethoa ke Molimo ho ba sebaka sa tlhaho sa bolulo ba batho. Mopesaleme o ho hlalosa ka mantsoe ana: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.” (Pesaleme ea 115:16) Ha ho letho ka Mangolong a Halalelang le bontšang hore hoja Adama le Eva ba ile ba lula ba tšepahala ho Molimo, ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng sebakeng se seng ho fapana le lefatšeng. Ha e le hantle, na “sefate sa bophelo” se ne se se moo lefatšeng, Paradeiseng eo batho ba babeli ba pele ba neng ba e thabela pele ba oela tseleng ea ho se mamele Molimo? (Genese 2:9; 3:22) Kaha ha hoa ka ha e-ba le boitsebiso bo bong bo tsoang ho Molimo bo fapaneng, bahlanka ba hae ba tšepahalang ka ntle ho serapa sa Edene (ho tloha ka mora oa Adama ea tšabang Molimo Abele ho ea pele), e tlameha e be ba ile ba amahanya tsoho le lehae le le leng feela leo ba neng ba le tseba la batho—lefatše.
‘Joale, butle hanyenyane,’ batho ba bang ba tloaelaneng le Bibele ba ka ’na ba hanyetsa, ‘na khaolong ea 16, temana ea 22, Jobo ha a ka a bolela hore o ne a tla ‘ikela ka tsela ee a ke keng a hlola a khutla ka eona’? ’Me ho Jobo 7:9 o ile a hlakisa: “Le ea theohelang nģalong ea bafu: ha a na ho khutla teng.” Jobo o ile a phaella temaneng ea 10: “Ha a sa na ho boela ka tlung ea hae, ’me setša sa hae ha se sa mo tseba.”
Ka hona, joalokaha liithuti tse ling li bolela, na litemana tseo le lipolelo tse ling tse tšoanang ha li bontše hore Jobo o ne a talima lefu e le ‘lefatše leo ho sa khutloeng ho lona’? Na lipolelo tse joalo li bolela hore Jobo o ne a sa lumele tsohong ea ka moso? Bakeng sa karabelo, re tlameha ho nka mantsoe ana tabeng e a potolohileng, hape re a bapise le likhopolo tse ling tse ileng tsa boleloa ke Jobo tabeng ena.
Jobo o ne a sa tsebe mabaka a neng a susumetsa bohloko ba hae. Ka nakoana o kile a nahana ka phoso hore e ne e le Molimo o neng o ikarabella bakeng sa mahlomola a hae. (Jobo 6:4; 7:17-20; 16:11-13) A nyahame, o ile a ikutloa hore sebaka feela se ka mo lopollang hang-hang ke lebitla. (Jobo 7:21; 17:1; bapisa 3:11-13.) Moo, ho tsoa ponong ea batho ba mehleng ea hae, o ne a ke ke a bonoa, a ke ke a khutlela ntlong ea hae, a ke ke a hlola a tsejoa hape, a ke ke a khutla kapa hona ho ba le tebello leha e le efe ea ho etsa joalo pele ho nako e khethiloeng ea Molimo. Ba tlohelletsoe boemong boo ntle le hore Molimo o kenelle, Jobo le bana bohle ba bang ba Adama ba ne ba ke ke ba ba le matla a ho tsoha bafung.a—Jobo 7:9, 10; 10:21; 14:12.
Ho Lumela Tsohong
Leha ho le joalo, ha rea lokela ho utloisisa ho se kholisehe ha Jobo ka seo a neng a se utloa le lipolelo tsa hae tse hlomolang ka bokamoso ba hae bo haufinyane e le tse bolelang hore o ne a sa lumele tsohong. Hore ka sebele o ne a fela a lumela tsohong ea ka moso ho bontšitsoe ka ho hlaka ho Jobo 14:13-15. Seratsoaneng seo, Jobo o buile ka takatso ea hae ea ho ‘patoa nģalong ea bafu’ ’me ka morao ho moo a tle a ‘hopoloe’ ke Molimo. Ho feta moo, ho Jobo 19:25-27 monna enoa oa tumelo le ea tšepahalang o buile ka ho ba le “molopolli” ’me hamorao ka ho ‘bona Molimo.’ E, Jobo o ne a lumela tsohong. O ne a lumela hore Molimo o ne o ka ’me o ne o tla mo tsosetsa bophelong, joalokaha Abrahama pejana a ile a kholisoa ka matla a Molimo a ho ‘tsosa bafu.’—Ba-Heberu 11:10, 16, 19, 35.
Ho theosa ho tla fihlela mehleng ea rōna, Bajode ba ’nile ba lumela tsohong e tlang ea bophelo ba lefatšeng. Encyclopædia Judaica (1971) e re: “Tumelo ea hore qetellong bafu ba tla tsosoa ka ’mele ea bona ’me ba phele hape lefatšeng” ke “thuto ea sehlooho” ea Bojode. Buka eo ea boitsebiso e tsoela pele: “Khopolo ena e ’nile ea nkoa ka ho teba le ka ho toba hoo Bajode ba nkang borapeli ka ho teba hangata ba amehang ka liaparo tseo ba patoang ka tsona, hore na litho tsohle tsa ’mele li fela li patiloe, le hore ba patetsoe Iseraele.”
Ho thahasellisang, Bibele ha e bolele hore tsohong Molimo o tla boela o bokella hape ’mele e seng e bolile ea batho ba shoeleng. Liathomo tsa sebele tsa bao e leng khale ba shoele ho tloha ka nako eo li qhalane le lefatše lohle ’me hangata li ne li fetoha karolo ea bophelo ba limela le ba liphoofolo—e, esita le ho ba karolo ea batho ba bang, bao ka morao ho moo ba ileng ba e-shoa. Ho hlakile hore tsohong liathomo tse tšoanang li ke ke tsa sebelisoa bakeng sa batho ba tsosoang ba fetang a le mong. Ho e-na le hoo, Molimo o tla tsosetsa batho bophelong ka ’mele e loketseng, ho se likarolo tse sieo kapa likholofalo tse ling tseo motho a ileng a ba le tsona pele ho lefu, kamoo o ratang kateng.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 15:35-38.
Na batho baa ba tsositsoeng ba tla tsejoa ke metsoalle le beng ka bona bao le bona ba tla beng ba khutliselitsoe bophelong? Hoo ho bonahala ho utloahala, hobane haeba re ke ke ra khetholla bafu ba tsositsoeng le bona ba ke ke ba re khetholla, re ne re tla tseba joang hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ba fela ba khutlile? Le hoja ’mele oa Lazaro o ne o se o ntse o bola, o ile a tsejoa ke beng ka eena le ba neng ba mo tloaetse ka mor’a hore Jesu a mo tsose. Kahoo, le rōna re ka lebella hore Jehova Molimo ka lerato o tla re lumella ho bonana le ho tsebana tsohong ea bophelo ba lefatšeng.
Tšepo ea Leholimo Bakeng sa ba Seng Bakae
Joalokaha re se re hlokometse, lefatše ke lehae la batho leo ba le filoeng ke Molimo. Empa, Jesu Kreste o ile a chabisa leseli tebellong ea hore batho ba palo e khethiloeng har’a batho ba tla tsosetsoa le eena bophelong bo sa boleng, ba moea ba ho se shoe leholimong. (2 Timothea 1:10) Nakoana ka mor’a hore Jesu a bule “tsela e ncha e isang bophelong” ba leholimo, Bakreste bohle ba ne ba memeloa ho kopanela tšepong eo. (Ba-Heberu 9:24; 10:19, 20) Ke ba bakae bao qetellong ba neng ba tla fumana moputso oo? ‘Tšenolo’ e bululetsoeng, ‘eo Molimo o ileng oa e fa Jesu ho bontša bahlanka ba oona lintho tse tšoanetseng ho hlaha,’ e fana ka palo ea ba 144 000, “e leng ba lopolotsoeng lefatšeng.”—Tšenolo 1:1; 7:4-8; 14:1, 3.
Ke hobane’ng ha palo eo ea batho “ba lopolotsoeng lefatšeng” bakeng sa bophelo ba leholimo e le e fokolang hakaalo ha ho bapisoa? Buka eona eo ea Tšenolo e re fa lebaka bakeng sa palo eo e lekanyelitsoeng. Re bala khaolong ea 20, litemana 5 le 6: “Eo ke tsoho ea pele. Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Bona le Tšenolo 5:9, 10.
Bafo ba Lefatšeng ba Morena
Ho hlile ho hlakile, hase batho bohle ba tlang ho busa e le marena le baprista, hoba haeba bohle e ne e tla ba marena, ba ne ba tla “busa” holim’a bo-mang? Ho e-na le hoo, sehlopha sena se khethiloeng ka hloko, se hahelletsoeng ho baapostola ba tšepahalang ba Jesu, se tla busa holim’a lefatše leo baahi ba karolo e ’ngoe ea lona e tla beng e le “bongata bo boholo ba batho” bo hlalosoang ho Tšenolo khaolo ea 7, litemana 9 ho ea ho 17. Ba limillione ba bona hona joale ba lebelletse ho atamela ho potlakang ha “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” e tla hloekisa lefatše lena bokhopo bohle. Ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, ba tla pholoha mahlomola ao a maholo ba sa ka ba shoa ho hang.—Tšenolo 16:14; 21:14; Liproverbia 2:21, 22.
U ka ’na ua botsa, ‘empa ho thoe’ng ka ba shoeleng, joaloka baratuoa ba ka?’ Jesu ka boeena o ile a bolella Maretha hore ba bang, ‘le hoja ba shoele, ba tla phela.’ (Johanne 11:25) Seo se tla etsahala tsohong ea lefatšeng. Nakong ea puso ea Kreste le ba tlang ho busa le eena ba 144 000 bao e tlang ho ba marena le baprista leholimong, bafu ba limillione tse ngata bao Molimo o ba hopolang ka mohau ba tla tsosoa ’me ba tla ba le monyetla o felletseng oa ho ithuta borapeli ba ’nete ba Jehova. Haeba ba tšepahala, ba tla fumana moputso oa bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatše ka bophara. Seo se tla etsahala “letsatsing la bofelo” leo Maretha a neng a le bolela kaha a ne a lumellana le Jesu hore khaitseli ea hae Lazaro o ne a tla tsohela bophelong hape.—Johanne 5:28, 29; 11:24; Luka 23:43.
Tšepo e Theiloeng Linneteng Tse Tiileng
Tsoho e tlalehiloeng ka Bibeleng ke mehlala le litiiso tsa bonnete ba tšepo ea tsoho bo fanoang ke Mangolo a Halalelang. Tlaleho ena e bolela ka batho ba ileng ba tsosoa lefatšeng ke baprofeta Elia le Elisha mehleng ea pele ho Bokreste, ke Mora oa Molimo (ho akarelletsa le ea Lazaro), ke baapostola Petrose le Pauluse, ’me haholo-holo ke Jehova Molimo ha a tsosa Mora oa hae. U ka bala ka litlaleho tse joalo ka Bibeleng ea hao ho: 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37; Mattheu 28:1-10; Luka 7:11-17; 8:40-56; Johanne 11:38-44; Liketso 9:36-42; 10:38-42; 20:7-12.b
Motheong oa tšepo ea tsoho e nang le bopaki bo matla hakaalo, Pauluse o ne a ka tiisetsa Baathene: “Molimo . . . o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:30, 31.
E, tsoho ea Jesu ke tiiso ea ho qetela ea bonnete ba tšepo ea tsoho. Ka hona le rōna re na le motheo o tiileng oa ho tšepa ka ho felletseng matla le lerato tsa Jehova Molimo. Le rōna re ka bontša kholiseho eo Maretha a neng a e-na le eona: ‘Rea tseba hore bafu ba tla tsoha tsohong ka letsatsi la bofelo!’
Ka mor’a hore batho ba neng ba mametse Pauluse Leralleng la Mars ba utloe ka bopaki ba “tsoho ea bafu,” ba ile ba aroha lihlopha tse tharo: “Ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re u utloe hape holim’a taba eo. . . . Empa banna ba bang ba mo khomarela, ba lumela.”—Liketso 17:32-34.
Uena u itšoara joang mabapi le tšepo ea tsoho? Jehova o tla boloka tšepiso ea hae ea ho tsosa ba limillione, esita le ba likete tsa limillione, bafung. Hore na u tla ba moo ho ba bona hape, le hore bona ba u bone, ho itšetlehile haholo ka seo u se etsang. Na u ikemiselitse ho ithuta le ho phela tumellanong le seo Molimo o se hlokang bakeng sa ho fumana bophelo bo sa feleng? Lipaki tsa Jehova li tla thaba haholo ho u fa boitsebiso bo eketsehileng ka tšepo bakeng sa bafu le kamoo u ka pholohang bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.—Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tabeng e tšoanang, mopesaleme o ngola ka tsela ena ka boemo bo neng bo le teng ka nako eo pele Molimo o kenella ka tsela leha e le efe: “[Molimo] oa hopola hobane [Baiseraele] ke batho feela, ke phefumoloho [kapa matla a bophelo a tsoang ho Molimo] e ikelang, e sa hloleng e boea.”—Pesaleme ea 78:39.
b U ka fumana tlhaloso e qaqileng haholoanyane ea batho ba ileng ba tsosoa mehleng ea Bibele le ea tšepiso ea Bibele ea tsoho e tlang nakong ea puso ea Kreste ho U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Khaolo ea 20 e na le sehlooho “Ho Tsoha Bo-mang, Hona ba Tsohela Hokae?” Buka ena e fumaneha ho Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa liofising tse thathamisitsoeng leqepheng la 2 la makasine ona.