Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “New World Translation”—Ke ea Boleng bo Phahameng Thutong le Botšepehing
    Molula-Qhooa—1991 | March 1
    • Ho Johanne 1:1 New World Translation e baleha tjena: “Lentsoe e ne e le molimo.” Liphetolelong tse ngata polelo ena e baleha tjena: “Lentsoe e ne e le Molimo” ’me e sebelisoa ho tšehetsa thuto ea Boraro-bo-bong. Ha ho makatse ha Baruti ba Thuto ea Boraro-bo-bong ba sa rate phetolelo ea New World Translation. Empa Johanne 1:1 ha ea sokamisoa ka morero oa ho paka hore Jesu hase Molimo o Matla ’Ohle. Har’a ba bang ba bangata, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa belaela ka ho ngoloa ha “molimo” ka tlhaku e khōlō khale koana pele ho hlaha New World Translation, eo ka nepo e lekang ho fetolela puo ea pele. Ka ho tšoanang bafetoleli ba bahlano ba Bibele ba Majeremane ba sebelisa lentsoe “molimo” temaneng eo.b Bonyane ba bang ba 13 ba sebelisitse lipolelo tse kang “oa mofuta oa molimo” kapa “mofuta o tšoanang le molimo.” Liphetolelo tsena li lumellana le likarolo tse ling tsa Bibele ho bontšeng hore, e, leholimong Jesu ke molimo ka kutloisiso ea hore o na le bomolimo. Empa Jehova le Jesu hase boleng bo le bong, kapa Molimo o le mong.—Johanne 14:28; 20:17.

  • “New World Translation”—Ke ea Boleng bo Phahameng Thutong le Botšepehing
    Molula-Qhooa—1991 | March 1
    • b Jürgen Becker, Jeremias Felbinger, Oskar Holtzmann, Friedrich Rittelmeyer, le Siegfried Schulz. Emil Bock o re, “boleng ba bomolimo.” Hape bona liphetolelo tsa Senyesemane Today’s English Version, The New English Bible, Moffatt, Goodspeed.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela