Na ho Rapela Lireliki ho Thabisa Molimo?
MALI a “San Gennaro,” ao hangata ho boleloang hore a fetoha mokeli-keli ka makhetlo a mararo ka selemo, ke e ’ngoe ea lireliki tse ngata tsa bolumeli. Ho joalo le ka Shroud of Turin, eo ho boleloang hore setopo sa Jesu Kreste se ile sa phutheloa ka eona. Har’a lireliki tse ngata tse amanang le Jesu ke bethe ea hae ea masea (e leng ka kerekeng e khōlō ea Roma e K’hatholike), buka ea hae ea ho ithuta ho ngola mantsoe, le lipekere tse fetang sekete tseo ho thoeng li ile tsa sebelisoa ha a bolaoa! Lireliki tsa bolumeli li boetse li kopanyelletsa lihlooho tse ngata tsa Johanne Mokolobetsi, le litopo tse ’nè tseo ho thoeng ke tsa “Santa Lucia” tse leng libakeng tse fapaneng Europe.
Har’a metse eo ka ho khethehileng e tsebahalang ka lireliki tsa bolumeli ke Trier, Jeremane, moo se seng sa “liaparo tse halalelang”—seaparo sa ka hare se se nang lemeno se neng se aparoa ke Jesu Kreste—se bolokiloeng teng. Vatican City ho na le lireliki tse fetang sekete sebakeng se khethehileng sa polokelo ea lintho tsa khale. Ha e le hantle, lireliki tsa bolumeli tse likete-kete li bolokiloe kerekeng ea “Saint Ursula” Cologne, Jeremane. Letoto lena ke le sa khaotseng. Italy feela ho na le libaka tse 2 468 tse bitsoang tse halalelang tse tletseng lireliki tsa bolumeli!
Ho lumeloa hore ho rapela lireliki le “bahalaleli” ho qalile lekholong la bone la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Ka mabaka a bolumeli, a moruo esita le a lipolotiki, butle-butle lenane la lireliki le ’nile la eketseha ho theosa le makholo a lilemo, ’me kajeno ho na le tse likete-kete. Seboka sa Bobeli sa Vatican se lumetse hore “ho latela neano ea eona, Kereke e rapela bahalaleli le ho hlompha lireliki tsa bona tse amohelehang.” (Constitution “Sacrosanctum Concilium” sulla sacra Liturgia, ho I Documenti del Concilio Vaticano II, 1980, Edizioni Paoline) Ho Codex Iuris Canonici (Molao oa Lekhotla la Kereke) e phatlalalitsoeng ke John Paul II ka 1983, ho buuoa ka “lireliki tse tsebahalang esita le tse rapeloang ke batho ba bangata.” (Molao 1190) Litho tsa likereke tsa Anglican le Orthodox le tsona li rapela lireliki.
Ka baka la lipekere tse ngata tseo ho thoeng li khokhothetse Kreste le lihlooho tse ngata tsa Johanne Mokolobetsi tse leng teng, ho hlakile hore hangata lireliki tsa bolumeli ke tsa bolotsana. Ka mohlala, liteko tse hlahlobang mesebetsi ea khale hore e na le lilemo tse kae (radiocarbon dating) li pakile hore Shroud of Turin ke ea bolotsana. Ka ho thahasellisang, nakong ea khang e mabifi ka sena ka 1988, moemeli ea tsebahalang oa Vatican, Marco Tosatti, o ile a botsa: “Haeba tlhahlobo ea saense e sebelisitsoeng ho Shroud e ne e sebelisitsoe linthong tse ling tse tloaelehileng tse rapeloang, ho ne ho tla fihleloa qeto efe?”
Ka ho hlakileng, ha ho motho ea bohlale ea ka batlang ho rapela reliki ea bohata. Empa na leo ke lona feela lebaka leo re lokelang ho nahana ka lona?
Bibele e Re’ng?
Bibele ha e bolele hore batho ba Molimo ba hauhetsoeng, Baiseraele ba boholo-holo, ba ile ba rapela lireliki tsa bolumeli ha ba le botlamuoeng Egepeta. Ke ’nete, mopatriareka Jakobo o ile a shoela Egepeta ’me masapo a hae a ile a isoa naheng ea Kanana moo a ileng a epeloa teng ‘lehaheng le tšimong ea Makpela.’ Mor’a hae Josefa o shoelletse Egepeta ’me le eena qetellong masapo a hae a ile a isoa Kanana hore a epeloe teng. (Genese 49:29-33; 50:1-14, 22-26; Exoda 13:19) Leha ho le joalo, ha ho moo Mangolo a bontšang hore Baiseraele ba kile ba rapela masapo a Jakobo le Josefa joaloka lireliki tsa bolumeli.
Hape, nahana ka se ileng sa etsahala tabeng ea moprofeta Moshe. Tlas’a tataiso ea Molimo, o ile a etella Baiseraele pele ka lilemo tse 40. Joale, ha a le lilemo li 120, o ile a nyolohela Thabeng ea Nebo, moo a ileng a talima Naha e Tšepisitsoeng eaba oa shoa. Mikaele, lengeloi le leholo, o ile a loana le Diabolose ba tseka setopo sa Moshe, ’me Satane o ile a hlōleha boitekong leha e le bofe ba ho sebelisa setopo sena ho tšoasa Baiseraele borapeling ba lireliki. (Juda 9) Le hoja ka ho utloahalang ba ile ba siama ka baka la lefu la Moshe, ha ba ka ba rapela masapo a hae. Ha e le hantle, Molimo o ile oa sitisa ntho e joalo ka ho pata Moshe lebitleng le sebakeng se sa tsejoeng ke motho.—Deuteronoma 34:1-8.
Babuelli ba bang ba borapeli ba lireliki ba qotsa 2 Marena 13:21, e reng: “Eitse mohlomong, ha ho patoa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la [moprofeta] Elisha, ’me mofu ha a thétsa masapo a Elisha, eaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.” Ona e ne e le mohlolo o amanang le masapo a hlokang bophelo a e mong oa baprofeta ba Molimo. Empa Elisha o ne a shoele a sa “tsebe letho leha le le leng” nakong ea mohlolo oo. (Moeklesia 9:5, 10) Kahoo, tsoho ena e lokela ho amahanngoa le matla a Jehova Molimo a ho etsa mehlolo, a susumetsoang ke moea oa hae o halalelang kapa matla a hae a sebetsang. Ke habohlokoa ho hlokomela hore Mangolo ha a bolele hore masapo a Elisha a kile a rapeloa.
Ba bang ho Bokreste-’mōtoana ba buella ho rapela lireliki ka baka la se boleloang ho Liketso 19:11, 12, (BPN) moo re balang: “Molimo a etsa liketso tse matla, tse sa tloaelehang, ka matsoho a [moapostola] Paulosi, hoo ha lituku kapa liforesekoto tse amileng ’mele oa hae li ne li beoa holim’a bakuli, maloetse a ne a ee a fole, le meea e mebe e tsoe ho bona.” Ka kōpo hlokomela hore ke Molimo o neng o etsa mesebetsi eo e sa tloaelehang, o sebelisa Pauluse. Moapostola ka boeena ha a ka a etsa mesebetsi e joalo ka matla a hae, ’me ha ho mohla a kileng a amohela ho rapeloa ke motho leha e le ofe.—Liketso 14:8-18.
Ho Hohlana le Lithuto tsa Bibele
Ha e le hantle, ho rapela lireliki tsa bolumeli ho hohlana le lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka mohlala, lebaka le ka sehloohong la borapeli bona ke tumelo ea hore sephefumolohi sa motho ha se shoe. Batho ba limillione ba inehetseng bao e leng litho tsa likereke ba lumela hore liphefumolohi tsa batho bohle ba nkoang e le “bahalaleli” le ba rapeloang lia phela leholimong. Batho bana ba tšepahalang ba rapela “bahalaleli” ba joalo, ba batla tšireletso ea bona le ho kōpa hore ba kene lipakeng tsa Molimo le mokōpi. Ha e le hantle, ho latela buka e ’ngoe e sebelisoang kerekeng, Mak’hatholike a amahanya lireliki le “matla a ho kenella ha Mohalaleli pakeng tsa batho le Molimo.”
Leha ho le joalo, ho latela Bibele, sephefumolohi sa motho se ea shoa. Batho ha ba na liphefumolohi tse sa shoeng ka har’a bona tse ka khonang ho phela ka ntle ho ’mele ka mor’a lefu. Ho fapana le hoo, Mangolo a re: “’Me Jehova Molimo a tsoela pele ho etsa motho ka lerōle le tsoang mobung le ho bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba sephefumolohi se phelang.” (Genese 2:7, NW) Ho e-na le ho ruta hore batho ba na le liphefumolohi tse sa shoeng, Bibele e re: “Sephefumolohi se etsang sebe—sona ka bosona se tla shoa.” (Ezekiele 18:4, NW) Sena se sebetsa ho batho bohle—ho kopanyelletsa le batho bao hamorao ba neng ba nkoa joaloka “bahalaleli”—hobane kaofela re futsitse sebe le lefu ho motho oa pele, Adama.—Ba-Roma 5:12.
Ho rapela “bahalaleli” ho lokela ho qojoa hobane ha ho mohla ba ileng ba laeloa ho kena lipakeng tsa mang kapa mang le Molimo. Jehova Molimo o laetse hore ke Mora oa hae Jesu Kreste feela ea ka etsang sena. Moapostola Pauluse o boletse hore Jesu ha “a shoela rōna feela—o tsohile bafung, ’me o eme letsohong le letona la Molimo ho re rapella.”—Ba-Roma 8:34, The Jerusalem Bible; bapisa le Johanne 14:6, 14.
Lebaka le leng la ho qoba ho rapela “bahalaleli” le lireliki tsa bolumeli tse amanang le bona ke seo Bibele e se bolelang ka borapeli ba litšoantšo. O mong oa Melao e Leshome o nehiloeng Baiseraele o ne o re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa: hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.” (Exoda 20:4, 5) Makholo a lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena: “Baratuoa ba ka, le ke le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.” (1 Ba-Korinthe 10:14) Ka ho tšoanang, moapostola Johanne o ngotse: “Bana, itebeleng khahlanong le litšoantšo.”—1 Johanne 5:21, NW.
Ka hona, ho rapela batho ba nkoang e le “bahalaleli” le lireliki tsa bolumeli ha ho tšehetsoe ke Bibele ho hang. Leha ho le joalo, batho ba bang ba rata ha ho e-na le ntho e ’ngoe e nkoang e halalela e ka bonoang le ho angoa ’me ba nahana hore e na le matla a pholosang. Ha e le hantle batho ba bangata ba nahana hore lireliki tsa bolumeli li na le kamano e bonahalang mahareng a leholimo le lefatše. Ak’u nahane ka taba ena ho se hokae.
Ha se ka ho bona le ka ho ama lireliki tsa bolumeli motho a nkang bohato tumellanong le mantsoe a Jesu ka borapeli boo Molimo o bo batlang. Jesu o itse: “Empa nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23, 24) Jehova Molimo “ke Moea,” batho ba ke ke ba ’mona ka mahlo. Ho mo rapela “ka moea” ho bolela hore tšebeletso ea rōna e halalelang ho Molimo e susumetsoa ke pelo e tletseng lerato le tumelo. (Mattheu 22:37-40; Ba-Galata 2:16) Re ke ke ra rapela Molimo ‘ka ’nete’ ka ho rapela lireliki, empa re ka etsa joalo ka ho lahla mashano a bolumeli, ka ho ithuta thato ea oona joalokaha e senotsoe ka Bibeleng le ho e etsa.
Ka hona ha ho makatse ha setsebi James Bentley se lumela hore ‘Baheberu ba boholo-holo ha ho mohla ba kileng ba sebelisa borapeli ba lireliki. Hape o boletse hore lekholong la bone la lilemo, pakeng tsa lefu la Setefane le ha Lucian a epolla setopo sa hae, boikutlo ba Bakreste mabapi le lireliki bo ile ba fetoha ka ho felletseng. Leha ho le joalo, lekholong la bohlano la lilemo C.E., Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi bo ne bo se bo khaolitse ho khomarela thuto e hlakileng ea Bibele e buang ka borapeli ba litšoantšo, boemo ba bafu, le karolo ea Jesu Kreste joaloka “ea re rapellang.”—Ba-Roma 8:34; Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-14.
Haeba re batla hore borapeli ba rōna bo thabise Molimo, re tlameha ho etsa bonnete ba hore ha bo amane le mofuta leha e le ofe oa borapeli ba litšoantšo. Hore borapeli ba rōna bo amohelehe, bo tlameha ho lebisoa ho ’Mōpi, Jehova Molimo, eseng ho reliki kapa sebōpuoa leha e le sefe. (Ba-Roma 1:24, 25; Tšenolo 19:10) Hape re tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele le ho haha tumelo e matla. (Ba-Roma 10:17; Ba-Heberu 11:6) ’Me haeba re tsamaea tseleng ea borapeli ba ’nete, re tla nka mohato tumellanong le bopaki ba Mangolo bo hlollang ba hore borapeli ba lireliki ha bo thabise Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Masapo a Elisha ha aa ka a rapeloa le hoja a ile a ameha tsohong