Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • E Thehiloe ho Liketso 21:1-17

      1-4. Ke hobane’ng ha Pauluse a e-ea Jerusalema, hona o tla etsahalloa ke eng moo?

      KE LILLO feela ha Pauluse le Luka ba tloha Miletase. Ruri ha ho bonolo hore ba arohane le baholo ba Efese bao ba ba ratang haholo. Baromuoa bana ba babeli ba eme ka har’a sekepe. Thoto ea bona e se e loketse tsela ’me ba pakile lintho tseo ba tla li hloka leetong. Hape ba nkile chelete e bokeletsoeng bakeng sa Bakreste ba hlokang ba Judea ’me ba labalabela hore e fihle moo e eang teng.

      2 Ho foka moea o mosesaane o isang liseile koana le koana ’me sekepe se tloha boemakepeng bo tletseng lerata. Banna bana ba babeli le bo-mphato’a bona ba supileng, ba sheba bara ba bo bona ba saretsoeng ba emeng lebopong. (Lik. 20:4, 14, 15) Bara ba bo rona ba ka sekepeng ba ba tsokela matsoho ho fihlela ba se ba sa bonahale.

  • “Ho ke ho Etsahale Thato ea Jehova”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • 5. Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba tsamaea ka tsela efe ha ba e-ea Tire?

      5 Sekepe seo Pauluse le bo-mphato ba hae ba neng ba se palame se ile sa ‘potlaka.’ Ka mantsoe a mang, se ne se tsamaea hantle se sa tsukutlehe ho fihlela ba fihla Kose letsatsing lona leo. (Lik. 21:1) Ho bonahala eka sekepe se ile sa emisa moo bosiu pele se fetela Rhode le Patara. Ha bara ba bo rona ba le Patara lebopong le ka boroa la Asia Minor, ba ile ba palama sekepe se seholo sa thepa se ileng sa ba isa ka ho toba Tire, Foenisia. Ha ba le tseleng, ba ile ba feta “sehlekehleke sa Saeprase se le ka letsohong le letšehali [la boemakepe].” (Lik. 21:3) Ke hobane’ng ha Luka mongoli oa Liketso a ile a bolela ntlha ee?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela