KHAOLO EA 24
“E-ba Sebete”
Bajuda ba batla ho bolaea Pauluse ’me Pauluse o khona ho ipuella ka pel’a Felixe
E Thehiloe ho Liketso 23:11–24:27
1, 2. Ke hobane’ng ha Pauluse a sa makatsoa ke mahloriso a mo hlahelang Jerusalema?
KA MOR’A hore Pauluse a pholosoe matsohong a mokhopi o halefileng Jerusalema, o boetse o kena teronkong. Moapostola enoa ea chesehang ha aa makatsoa ke mahloriso a mo hlahelang Jerusalema. O ile a bolelloa hore a lebelle “teronko le mahloriso” motseng ona. (Lik. 20:22, 23) Le hoja a sa tsebe hantle hore na o tla hlaheloa ke’ng, oa tseba hore o tla tsoela pele ho utloa bohloko ka lebaka la lebitso la Jesu.—Lik. 9:16.
2 Le baprofeta ba Bakreste ba ile ba lemosa Pauluse hore o tla tlangoa ’me ho nehelanoe ka eena ho “batho ba lichaba.” (Lik. 21:4, 10, 11) Mokhopi oa Bajuda o sa tsoa leka ho mo bolaea ’me nakoana ka mor’a moo ho ne ho bonahala eka litho tsa Lekhotla le Phahameng la Bajuda li ‘tla tloha li bolaea Pauluse’ kaha li ne li phehile khang ka seo Pauluse a neng a se buile. Joale moapostola enoa ke motšoaruoa matsohong a masole a Roma ’me o talimane le liteko tse eketsehileng le liqoso. (Lik. 21:31; 23:10) Ka sebele moapostola Pauluse o hloka khothatso.
3. Re fumana khothatso hokae e le hore re tsoele pele ho etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate?
3 Nakong ena ea bofelo, rea tseba hore “barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.” (2 Tim. 3:12) Le rona re hloka khothatso nako le nako e le hore re ka tsoela pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate. Ka sebele re ananela likhothatso tseo re li fumanang ka nako e loketseng ha re le libokeng le ka har’a lingoloa tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale.” (Mat. 24:45) Jehova o re tšepisitse hore bahanyetsi ba rona ba ke ke ba re felisa re le sehlopha ebile ba ke ke ba atleha ho emisa mosebetsi oa rona oa ho bolela litaba tse monate. (Esa. 54:17; Jer. 1:19) Leha ho le joalo, ke’ng se ileng sa etsahalla moapostola Pauluse? Na o ile a fumana khothatso e le hore a ka tsoela pele ho fana ka bopaki bo hlakileng ho sa tsotellehe khanyetso? Haeba ho joalo, o ile a khothatsoa joang, hona o ile a etsa’ng?
Ho Nyopisa “’Mommori oa ho Bolaea Pauluse” (Liketso 23:11-34)
4, 5. Pauluse o ile a fumana khothatso efe ’me ke hobane’ng ha e tlile ka nako e loketseng?
4 Moapostola Pauluse o ile a fumana khothatso eo a e hlokang bosiung ba ka mor’a hore a lokolloe Lekhotleng le Phahameng la Bajuda. Bibele e re: “Morena a tla ho Pauluse a re: ‘E-ba sebete hobane joalokaha u ile oa fana ka bopaki bo hlakileng ka ’na Jerusalema, u tla boela u mpakele le Roma.’” (Lik. 23:11) Ka lebaka la mantsoe ao a Jesu a khothatsang, Pauluse o ile a tiisetsoa hore o tla lopolloa. O ne a tseba hore o tla pholoha e le hore a fihle Roma ’me a be le monyetla oa ho paka ka Jesu moo.
5 Khothatso eo Pauluse a ileng a e fuoa moo e ile ea tla ka nako e loketseng. Letsatsing le latelang, banna ba Bajuda ba fetang 40 ba ile ba etsa ‘kano, ba re ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse.’ Bajuda bao ba ne ba ikemiselitse ho bolaea moapostola Pauluse hoo ba ileng ba etsa “’mommori oa ho [mo] bolaea.” Haeba morero oa bona o mobe o ne o ke ke oa atleha, ba ne ba lumela hore ba tla oeloa ke bomalimabe. (Lik. 23:12-15) Baprista ba ka sehloohong le baholo ba ne ba ba lumeletse ho ntšetsa pele morero oa bona oa hore Pauluse a khutlisetsoe Lekhotleng le Phahameng la Bajuda hore a boele a hlongoe lipotso ho netefatsa litaba tse mo amang. Empa ha a le tseleng, batho bao ba ne ba tla mo lalla e le hore ba mo bolaee.
6. Morero oa ho bolaea Pauluse o ile oa pepesoa joang ’me kajeno bacha ba ka latela mohlala oa mochana oa Pauluse joang?
6 Leha ho le joalo mochana oa Pauluse o ile a utloela ka morero ona eaba o bolella Pauluse. Eaba Pauluse o re mohlankana enoa a bolelle molaoli oa sesole oa Moroma Claudiase Lisiase. (Lik. 23:16-22) Ka sebele Jehova o rata bacha ba tšoanang le mochana enoa oa Pauluse ea sa boleloang ka lebitso, kaha ba bontša sebete ’me ba etsa bonnete ba hore lintho li tsamaela batho ba Molimo hantle hape ka botšepehi ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho etsa mesebetsi e amanang le ’Muso.
7, 8. Claudiase Lisiase o ile a etsa litokisetso life ho sireletsa Pauluse?
7 Hang-hang ha Claudiase Lisiase molaoli oa banna ba 1000 a se a tsebile ka morero ona o mobe khahlanong le Pauluse, o ile a laela hore ho lokisoe masole a 470, banna ba marumo le banna ba lipere, hore ba tlohe Jerusalema bosiung boo ’me ba sireletse Pauluse ho ea fihla Sesarea. Ha a fihla moo, ba ne ba lokela hore ba nehelane ka eena ho ’Musisi Felixe.a Sesarea e ne e le setsi sa Roma sa tsamaiso ea puso se laolang Judea. Le hoja ho ne ho e-na le Bajuda ba lulang moo empa boholo ba baahi ba moo e ne e le Balichaba. Ho ne ho e-na le khotso Sesarea ho fapana le Jerusalema, moo batho ba bangata ba neng ba khetholla malumeli a mang ’me ba keneletse merusung. Sesarea e ne e boetse e le ntlo-kholo ea mabotho a sesole sa Roma a Judea.
8 Lisiase o ile a boloka molao oa Roma ’me a romela lengolo ho Felixe a hlalosa taba ena. Lisiase o ile a bolela hore ha a utloa hore Pauluse ke moahi oa Roma, o ile a mo pholosa ho Bajuda ba neng ba le haufi le ho mo “bolaea.” O ile a bolela hore ha aa ka a fumana Pauluse a le molato oa ntho leha e le efe e “tšoaneloang ke lefu kapa teronko,” empa ka lebaka la morero o mobe o khahlanong le Pauluse o ile a mo fetisetsa ho Felixe e le hore ’musisi enoa a mamele baqosi ba hae ’me a ahlole tabeng ena.—Lik. 23:25-30.
9. (a) Litokelo tsa Pauluse li ile tsa hatakeloa joang le hoja e ne e le moahi oa Roma? (b) Re ka sebelisa litokelo tseo re nang le tsona joaloka baahi joang?
9 Na Lisiase o buile ’Nete lengolong lee? Eseng ka ho feletseng. Ho bonahala eka o ne a ipeha ka botleng. Ha e le hantle o ne a sa pholose Pauluse hobane a utloile hore ke moahi oa Roma. Ho ekelletsa moo, Lisiase o ile a pata hore o laetse hore Pauluse a “fasoe ka liketane tse peli” ’me hamorao a “hlongoe lipotso a ntse a shapuoa.” (Lik. 21:30-34; 22:24-29) Ka ho etsa joalo, Lisiase o ne a hataketse litokelo tsa Pauluse joaloka moahi oa Roma. Kajeno Satane o sebelisa bahanyetsi ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng hore ba hlohlelletse mahloriso ’me ba ka ’na ba re sitisa ho sebeletsa Molimo ka bolokolohi. Empa joaloka Pauluse, batho ba Molimo ba ka sebelisa litokelo tseo ba nang le tsona e le baahi ’me ba batla tšireletso ea molao.
“Ke Thabela ho Ipuella ka Pel’a Hao” (Liketso 23:35–24:21)
10. Pauluse o ile a qosetsoa lintho life tse tebileng?
10 Ha Pauluse a le Sesarea, o ne a ‘lebetsoe ka phaleising ea Heroda’ a letetse hore baqosi ba hae ba tsoang Jerusalema ba fihle. (Lik. 23:35) Moprista ea Phahameng Ananiase, ’muelli ea bitsoang Tertulase le sehlopha sa banna ba baholo ba ile ba tla ka mor’a matsatsi a mahlano. Tertulase o ile a qala ka ho rorisa Felixe ka seo a neng a se etsetsa Bajuda mohlomong e le hore a iqekisetse ho eena.b Joale ha Tertulase a kena tabeng o ile a re Pauluse ke ‘motho ea kotsi haholo e bile o hlohlelletsa Bajuda lefatšeng lohle hore ba fetohele ’muso. Ke moeta-pele oa lequloana la Banazaretha. O ile a ba a leka ho silafatsa tempele eaba baa mo tšoara.’ Bajuda ba bang ba ile ba “mo tlatsa, ba re lintho tsena ke ’nete.” (Lik. 24:5, 6, 9) Ho hlohlelletsa bofetoheli, ho etella pele lequloana le kotsi le ho silafatsa tempele e ne e le liqoso tse tebileng tse neng li ka etsa hore a ahloleloe lefu.
11, 12. Pauluse o ile a hanyetsa liqoso tse khahlanong le eena joang?
11 Joale ha Pauluse a lumelloa ho bua, o ile a re: “Ke thabela ho ipuella ka pel’a hao.” O ile a latola lintho tseo a neng a qosoa ka tsona. O ne a sa ka a silafatsa tempele, ebile o ne a sa ka a leka ho hlohlelletsa bofetoheli. O ile a bolela hore e ne e le “lilemo tse ngata” a tlohile Jerusalema ’me o ne a tlisitse “lithuso,” e leng monehelo bakeng sa Bakreste bao e ka ’nang eaba ba futsanehile ka lebaka la tlala le mahloriso. Pauluse o ile a tiisa hore pele a kena ka tempeleng o ne a “hloekile ho ea ka Molao” le hore o ile a leka ka matla hore a be le “letsoalo le khutsitseng ka pel’a Molimo le batho.”—Lik. 24:10-13, 16-18.
12 Leha ho le joalo, Pauluse o ile a lumela hore ‘tsela ena eo ba e bitsang lequloana, ke tsela eo a sebeletsang Molimo oa baholo-holo ba hae ka eona.’ O ile a tiisa hore o lumela “lintho tsohle tse hlahang Molaong le libukeng tsa Baprofeta” ’me joaloka baqosi ba hae o ne a e-na le tšepo ea hore “Molimo o tla tsosa batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.” Joale Pauluse o ile a kopa hore baqosi ba hae ba hlahise bopaki, eaba o re: “[Banna] bana ba teng ba hle ba bolele hore na ba mphumane ke le molato oa eng ka Lekhotleng le Phahameng la Bajuda. Ba ka nqosa ka ntho ena e le ’ngoe eo ke ileng ka e bua ke eme ka pel’a bona ha ke re: ‘Kajeno ke qosoa hobane ke e-na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha.’”—Lik. 24:14, 15, 20, 21.
13-15. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka Pauluse e le mohlala o motle oa ho paka ka sebete ka pel’a balaoli ba lefatše?
13 Pauluse o re behetse mohlala oo re ka o latelang haeba ho ka etsahala hore re isoe ka pel’a balaoli ba lefatše ka lebaka la bolumeli ba rona ’me re qosoa ka bohata ka hore re hlohlelletsa morusu, re bafetoheli, kapa re litho tsa “lequloana le kotsi.” Ha aa ka a iqekisetsa ho ’musisi joalokaha Tertulase a ile a etsa. O ile a lula a khobile matšoafo ebile a hlompha. O ile a khetha mantsoe a hae ka hloko ’me a fana ka bopaki bo utloahalang le ba ’nete. Pauluse o ile a re “Bajuda ba tsoang profinseng ea Asia,” ba neng ba mo qositse ka hore o silafatsa tempele ha ba eo le hore ka molao o lokela ho bua le bona ’me a utloe liqoso tsa bona.—Lik. 24:18, 19.
14 Ho tsotehang le ho feta ke hore Pauluse ha aa ka a tsilatsila ho fana ka bopaki bo mabapi le seo a se lumelang. O ile a bolela ka sebete hore o lumela tsoho, e leng taba e neng e bakile pherekano e kholo ha a le ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda. (Lik. 23:6-10) Ha Pauluse a ipuella, o ile a hatisa tšepo ea tsoho. Hobane’ng? Hobane Pauluse o ne a fana ka bopaki mabapi le Jesu le hore o tsohile bafung, e leng seo bahanyetsi bao ba neng ba sa se lumela. (Lik. 26:6-8, 22, 23) Ha e le hantle, Pauluse o ne a qosetsoa hore o lumela tsohong ea bafu le hore Jesu o ile a tsosoa bafung.
15 Joaloka Pauluse, re ka paka ka sebete ’me ra matlafatsoa ke seo Jesu a se boleletseng barutuoa ba hae ha a re: “Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.” Na re lokela ho tšoenyeha ka seo re tla se bua? Che, kaha Jesu o ile a re tiisetsa a re: “Ha ba le isa ho ba boholong le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng. Le bue eng kapa eng eo le tla susumetsoa hore le e bue ka nako eo kaha le ke ke la bua ka bolona empa moea o halalelang o tla le thusa ho bua.”—Mar. 13:9-13.
“Felixe a Tšoha” (Liketso 24:22-27)
16, 17. (a) Felixe o ile a sebetsa nyeoe ea Pauluse joang? (b) Ho ka etsahala hore ke hobane’ng ha Felixe a ile a tšoha, empa ke hobane’ng ha a ile a ’na a kopana le Pauluse?
16 E ne e se lekhetlo la pele ’Musisi Felixe a utloa seo Bakreste ba se lumelang. Bibele e re: “Kaha Felixe o ne a tseba litaba tse amanang le Tsela ea Morena hantle, o ile a chechisa nyeoe ea banna bana a re: ‘Hang ha Lisiase mookameli oa sesole a fihla, ke tla etsa qeto ka litaba tsena tsa lona.’ A laela molaoli oa sesole hore a koalle Pauluse empa a fuoe bolokolohi bo itseng le hore a lumelle metsoalle ea hae ho mo thusa ka lintho tseo a li hlokang.”—Lik. 24:22-27.
17 Matsatsi a seng makae hamorao, Felixe hammoho le mosali oa hae Drusila oa Mojuda, ba ile ba romeletsa hore ho bitsoe Pauluse ’me ba “mo mamela ha a ntse a hlalosa hore na ho lumela ho Jesu ho bolela’ng.” (Lik. 24:24) Leha ho le joalo, ha Pauluse a bua ka “lintho tse nepahetseng, boitšoaro le ka nako eo Molimo a tla ahlola batho, Felixe [o ile] a tšoha,” mohlomong kahobane lintho tse joalo li ne li tšoenya letsoalo la hae ka lebaka la bokhopo boo a neng a bo entse bophelong ba hae. Kahoo o ile a re ho Pauluse: “Tsamaea, ha ke fumana monyetla ke tla u bitsa hape.” Felixe o ile a kopana le Pauluse ka makhetlo a mangata ka mor’a moo, eseng hobane a batla ho tseba ’nete empa hobane a tšepile hore Pauluse o tla mo fa tjotjo.—Lik. 24:25, 26.
18. Ke Hobane’ng ha Pauluse a ile a bua le Felixe le mosali oa hae ka “lintho tse nepahetseng, boitšoaro le ka nako eo Molimo a tla ahlola batho”?
18 Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua le Felixe le mosali oa hae ka “lintho tse nepahetseng, boitšoaro le ka nako eo Molimo a tla ahlola batho”? Hopola hore ba ne ba batla ho tseba hore na motho ea ‘lumelang ho Kreste Jesu’ o lokela ho etsa’ng. Kaha Pauluse o ne a tseba hore ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, ba khopo ebile ha baa loka, o ile a totobatsa se neng se lokela ho etsoa ke bohle bao e neng e tla ba balateli ba Jesu. Seo Pauluse a ileng a se bua se ne se bontša phapang e kholo pakeng tsa melao ea Molimo e lokileng le bophelo bo neng bo pheloa ke Felixe le mosali oa hae. Sena se ne se lokela ho ba thusa hore ba bone hore batho bohle ba ikarabella ho Molimo bakeng sa seo ba se nahanang, seo ba se buang le seo ba se etsang le hore kahlolo eo ba talimaneng le eona ka pel’a Molimo ke ea bohlokoa ho feta kahlolo ea Pauluse. Ha se feela Felixe a ileng “a tšoha.”
19, 20. (a) Tšebeletsong ea rona, re lokela ho sebetsana joang le batho ba bonahalang ba thahasella empa ha e le hantle ba sa batle hore ’nete e fetole tsela eo ba phelang ka eona? (b) Re tseba joang hore Felixe e ne e se motsoalle oa Pauluse?
19 Tšebeletsong ea rona, re ka ’na ra fumana batho ba tšoanang le Felixe. Qalong ba ka ’na ba bonahala ba thahasella ’nete empa ba sa batle hore ’nete e fetole tsela eo ba phelang ka eona. Re lokela ho ba hlokolosi ha re leka ho thusa batho ba joalo. Empa, joaloka Pauluse, ka bohlale re ka ba bolella hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba khahlise Molimo. Mohlomong ’nete e tla ama lipelo tsa bona. Leha ho le joalo, haeba ho totobala hore ha ba batle ho tlohela ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng, rea ba tlohela ebe re batla ba hlileng ba batlang ’nete.
20 Boemo ba pelo ea Felixe bo ile ba senoloa ke mantsoe a reng: “Ka mor’a lilemo tse peli, Felixe a hlahlangoa ke Porkiase Festase. Kaha Felixe o ne a batla ho khahlisa Bajuda, a siea Pauluse a koaletsoe.” (Lik. 24:27) Ka sebele Felixe e ne e se motsoalle oa Pauluse. Felixe o ne a tseba hore balateli ba “Tsela ea Morena” ha ba hlohlelletse bofetoheli ebile ha ba tsoe ’muso tlase. (Lik. 19:23) Hape o ne a tseba hore Pauluse haa tlola molao ofe kapa ofe oa Roma empa ho ntse ho le joalo o ile a mo tlohela litlamong e le hore a ka “khahlisa Bajuda.”
21. Ho ile ha etsahala eng ka Pauluse ka mor’a hore Porkiase Festase e be ’musisi, hona e tlameha ebe o ile a tsoela pele ho matlafatsoa ke’ng?
21 Joalokaha temana ea ho qetela ea Liketso khaolo ea 24 e bontša, Pauluse o ne a ntse a le teronkong ha Porkiase Festase a hlahlama Felixe e le ’musisi. Ka mor’a moo ho ile ha qala letoto la linyeoe ’me Pauluse o ile a hlaha ka pel’a babusi ba fapaneng. Ka sebele moapostola enoa ea sebete o ile a “isoa ka pel’a marena le babusisi.” (Luka 21:12) Joalokaha re tla bona, hamorao o ile a pakela ’musi ea matla ka ho fetisisa oa mehleng ea hae. Maemong ana kaofela, tumelo ea Pauluse ha ea ka ea sisinyeha. Ha ho pelaelo hore o ile a tsoela pele ho matlafatsoa ke mantsoe a Jesu a reng: “E-ba sebete!”
a Sheba lebokose la sehlooho se re’ng “Felixe, ’Musisi oa Judea.”
b Tertulase o ile a leboha Felixe ka hore e be sechaba se ‘phela ka khotso ka lebaka la hae.’ Leha ho le joalo, ’nete ke hore nakong eo Felixe e neng e le ’musisi Judea, ho ne ho e-na le lintoa tse ngata ho feta tse neng li le teng pusong ea babusisi ba tlileng pele ho eena ho fihlela nakong eo batho ba fetohelang ’muso oa Roma. Ntho e ’ngoe eo e neng e se ’nete ke taba ea hore Bajuda ba ne ba “ananela lintho tsena kaofela” tseo Felixe a li entseng. Ha e le hantle, Bajuda ba bangata ba ne ba sa rate Felixe ka lebaka la ho ba sulafalletsa bophelo le ho ba tšoara ka tsela e khopo ha ba ne ba fetohela ’muso.—Lik. 24:2, 3.