Tšepo ea Tsoho ke ea Sebele!
“Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho.”—Liketso 24:15.
1. Ke hobane’ng ha re ka ba le tšepo tsohong?
JEHOVA o re file mabaka a utloahalang a ho ba le tšepo tsohong. Lentsoe la hae le re bafu ba tla tsoha, ba phele hape. ’Me morero oa hae mabapi le ba robetseng lefung o tla fela o phethahale. (Esaia 55:11; Luka 18:27) Ha e le hantle, Molimo o se a bontšitse matla a hae a ho tsosa bafu.
2. Tšepo ea tsoho e ka re ruisa molemo joang?
2 Tumelo tokisetsong ea Molimo ea ho tsosa bafu ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e ka re matlafatsa ha re sithabetse. Ho tiea ha tšepo ea tsoho ho ka boela ha re thusa hore re tšepahale ho Ntate oa rōna oa leholimo esita le ho isa lefung. Mohlomong, tšepo ea rōna ea tsoho e tla matlafatsoa ha re ntse re hlahloba ho tsosoa ha batho ho tlalehiloeng ka Bibeleng. Mehlolo ena kaofela e ile ea finyelloa ka matla a tsoang ho Morena ea Phahameng Jehova.
Ba Ile ba Amohela Bafu ba Bona ka Tsoho
3. Elija o ile a fuoa matla a ho etsa eng ha mora oa mohlolohali oa Sarepta a e-shoa?
3 Ha a hlahloba ka tsela e hlollang tumelo e bontšitsoeng ke lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Basali ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho.” (Baheberu 11:35; 12:1) E mong oa basali bao e ne e le mohlolohali ea futsanehileng motseng oa Foenisia oa Sarepta. Kaha o ile a amohela moprofeta oa Molimo Elija ka mofuthu, phofo ea hae le oli li ile tsa bolokeha ka mohlolo nakong ea tlala e ka beng e ile ea mo bolaea hammoho le mora oa hae. Ha ngoana a e-shoa hamorao, Elija o ile a mo robatsa setulong se kang bethe, a rapela, a paqama holim’a moshanyana enoa ka makhetlo a mararo, ’me a kōpa ka tieo: “Oho, Jehova, Molimo oa ka, moea oa ngoana a o ke o boele ka ho eena!” Molimo o ile a fela a etsa hore moea, kapa bophelo, o boele ho moshanyana enoa. (1 Marena 17:8-24) Ak’u inahanele hore na mohlolohali eo o ile a thaba hakaakang ha tumelo ea hae e putsoa ka tsoho eo e leng eona ea pele e tlalehiloeng—ea mora oa hae ea ratoang!
4. Elisha o ile a etsa mohlolo ofe Shuneme?
4 Mosali e mong ea ileng a amohela mofu oa hae ka tsoho o ne a lula motseng oa Shuneme. E ne e le mosali oa monna-moholo, ’me o ile a bontša mosa ho moprofeta Elisha le mohlokomeli oa hae. O ile a putsoa ka mora. Leha ho le joalo, lilemo tse ’maloa hamorao, o ile a bitsa moprofeta enoa, ea ileng a fumana moshanyana habo a se a shoele. Ka mor’a hore Elisha a rapele ’me a nke mehato e itseng, “nama ea ngoana ea futhumala” butle-butle. O ile a “ethimola hasupa, ’me ngoana a tutubolla mahlo a hae.” Ha ho pelaelo hore tsoho ena e ile ea tlisetsa ’mè enoa le mora oa hae thabo e khōlō. (2 Marena 4:8-37; 8:1-6) Empa ba tla thaba haholoanyane hakaakang ha ba tsosetsoa bophelong lefatšeng nakong ea “tsoho e molemonyana”—e ba hlahisetsang monyetla oa hore ho se be le mohla ba tla boela ba shoe! Ke sesosa se sekaakang sa ho leboha Molimo ea lerato oa tsoho, Jehova!—Baheberu 11:35.
5. Elisha o ile a ameha joang mohlolong o itseng esita le ka mor’a lefu la hae?
5 Esita le ka mor’a lefu la Elisha le lepato la hae, Molimo o ile a sebelisa moea o halalelang hore masapo a hae a be matla. Rea bala: ‘Eitse mohlomong, ha [Baiseraele ba itseng] ba pata mofu, ba bona ho hlaha sehlopha [sa Bamoabe]. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, ’me mofu ha a thetsa masapo a Elisha, eaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.’ (2 Marena 13:20, 21) E tlameha ebe monna eo o ile a makala le ho thaba hakaakang! Ak’u inahanele thabo e tla ba teng ha baratuoa ba rōna ba tsosetsoa bophelong tumellanong le morero oa Jehova Molimo o tiileng!
Mora oa Molimo o Ile a Tsosa Bafu
6. Jesu o ile a etsa mohlolo ofe pel’a motse oa Naine, ’me ketsahalo ee e ka ’na ea re ama joang?
6 Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o re file mabaka a utloahalang a ho lumela hore bafu ba ka tsosoa, ’me ba lebella ho phela ka ho sa feleng. Se ileng sa etsahala pel’a motse oa Naine se ka re thusa ho hlokomela hore mohlolo o joalo o ka etsahala ka matla a Molimo. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a kopana le ba llelang mofu ba nkile setopo sa mohlankana e mong ba se ntšetsa ka ntle ho motse ho ea se pata. E ne e le ngoana ea mong oa mosali oa mohlolohali. Jesu o ile a re ho mosali eo oa mohlolohali: “Khaotsa ho lla.” Eaba o ama mojaro oa mofu ’me a re: “Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!” Eaba oa lula ’me a bua. (Luka 7:11-15) Ka sebele mohlolo ona o eketsa kholiseho ea rōna ea hore tšepo ea tsoho ke ntho ea sebele.
7. Ke’ng se ileng sa etsahalla morali oa Jairuse?
7 Hape, nahana ka ketsahalo e amanang le Jairuse, molaoli ea okamelang oa synagoge ea Kapernauma. O ile a kōpa Jesu hore a tl’o thusa morali oa hae ea ratoang ea lilemo li 12, ea neng a le makhatheng a ho shoa. Kapele ho ile ha tlalehoa hore ngoanana eo o shoele. Ha a phehella Jairuse ea mesarelong hore a sebelise tumelo, Jesu o ile a ea le eena ha hae, moo bongata bo neng bo lla teng. Ba ile ba tšeha ha Jesu a ba bolella: “Ngoana e monyenyane ha aa shoa, empa o robetse.” Ha e le hantle o ne a shoele, empa Jesu o ne a le haufi le ho bontša hore batho ba ka tsosetsoa bophelong hantle feela joalokaha ba ka tsosoa borokong bo tebileng. Ha a tšoara ngoanana eo ka letsoho, o ile a re: “Ngoanana, tsoha!” O ile a tsoha hang-hang, ’me “batsoali ba hae ba hlōloa ke thabo.” (Mareka 5:35-43; Luka 8:49-56) Ha ho pelaelo hore litho tsa lelapa li tla “hlōloa ke thabo” ha baratuoa ba tsona ba shoeleng ba tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise.
8. Jesu o ile a etsa’ng lebitleng la Lazaro?
8 E ne e le matsatsi a mane Lazaro a shoele ha Jesu a ne a atamela lebitla la hae ’me a tlosa lejoe le neng le le monyako oa lona. Ka mor’a hore a rapele phatlalatsa e le hore bashebelli ba tsebe hore o ne a itšetlehile ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona, Jesu o ile a hooa: “Lazaro, tsoa!” Eaba oa tsoa! Matsoho a hae le maoto a ne a ntse a thatetsoe ka masela a thatelang bafu, ’me sefahleho sa hae se ne se koahetsoe ka lesela. Jesu a re: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.” Ha ba bona mohlolo ona, ba bangata ba neng ba le moo ho tla tšelisa likhaitseli tsa Lazaro, Maria le Maretha, ba ile ba lumela ho Jesu. (Johanne 11:1-45) Na tlaleho ee ha e u tlatse tšepo ea hore baratuoa ba hao ba ka ’na ba tsosetsoa bophelong lefatšeng le lecha la Molimo?
9. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore hona joale Jesu a ka tsosa bafu?
9 Ha Johanne Mokolobetsi a le teronkong, Jesu o ile a mo romella molaetsa ona o khothatsang: “Ba foufetseng ba boetse baa bona, . . . le bafu ba ntse ba tsosoa.” (Matheu 11:4-6) Kaha Jesu ha a sa ntse a le lefatšeng o ile a tsosa bafu, ka sebele a ka etsa seo e le sebōpuoa sa moea se matla seo Molimo a se fileng matla. Jesu ke “tsoho le bophelo,” ’me ho tšelisa hakaakang ho tseba hore nakong e tlang e haufi “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe”!—Johanne 5:28, 29; 11:25.
Tsoho ea Bafu ba Bang e Matlafatsa Tšepo ea Rōna
10. U ka hlalosa joang tsoho ea pele e ileng ea tlalehoa e le e entsoeng ke moapostola?
10 Ha Jesu a ne a roma baapostola ba hae e le baboleli ba ’Muso, o ile a re: “Le tsose batho ba shoeleng.” (Matheu 10:5-8) Ka sebele, e le hore ba ka etsa sena, ba ne ba tlameha ho itšetleha ka matla a Molimo. Joppa ka 36 C.E., Dorkase (Tabitha) mosali ea tšabang Molimo o ile a robala lefung. Liketso tsa hae tse molemo li ne li akarelletsa ho etsa liaparo bakeng sa bahlolohali ba futsanehileng, bao lefu la hae le ileng la etsa hore ba lle haholo. Barutuoa ba ile ba mo lokisetsa lepato ’me ba romela batho ho ea lata moapostola Petrose, mohlomong hore a tl’o ba tšelisa. (Liketso 9:32-38) O ile a leleka bohle kamoreng e ka holimo, a rapela ’me a re: “Tabitha, tsoha!” O ile a sheba, a lula a otlolohile, a tšoara Petrose ka letsoho, ’me Petrose a mo phahamisa. Tsoho ena eo e leng eona ea pele e tlalehiloeng e le e entsoeng ke moapostola e ile ea etsa hore ba bangata e be balumeli. (Liketso 9:39-42) E boetse e re neha mabaka a mang a ho ba le tšepo tsohong.
11. Tsoho ea ho qetela ke efe tlalehong ea Bibele?
11 Tsoho ea ho qetela tlalehong ea Bibele e etsahetse Troase. Ha Pauluse a ne a emisa moo leetong la hae la boraro la boromuoa, o ile a tsoela pele ho bua ho fihlela ka khitla. Ka lebaka la ho hatelloa ke mokhathala, mohlomong ke mocheso oa mabone a mangata le ho petetsana ha batho sebakeng seo ho kopanetsoeng ho sona, mohlankana e mong ea bitsoang Eutikase o ile a robala ’me a oa a le fensetereng ea mokato oa boraro. O ile ‘a nkoa a se a shoele,’ eseng feela hore o ne a akhehile. Pauluse o ile a ikakhela holim’a Eutikase, a mo kopa, eaba o bolella ba shebeletseng: “Khaotsang ho tlatsa lerata, etsoe soule ea hae e ho eena.” Pauluse o ne a bolela hore mohlankana eo o tsositsoe. Ba leng teng “ba tšeliseha ho feta tekanyo.” (Liketso 20:7-12) Kajeno, bahlanka ba Molimo ba tšeliseha haholo ka ho tseba hore bao e neng e le metsoalle ea bona tšebeletsong ea Molimo ba tla tsoha.
Tsoho—Tšepo ea Khale
12. Pauluse o ile a bontša hore o kholisehile ka eng ha a le ka pel’a ’Musisi oa Moroma Felixe?
12 Ha a le nyeoeng ka pel’a ’Musisi oa Moroma Felixe, Pauluse o ile a fana ka bopaki: “Ke lumela lintho tsohle tse behiloeng Molaong le tse ngotsoeng Baprofeteng; ’me ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:14, 15) Likarolo tsa Lentsoe la Molimo, tse kang ‘Molao,’ li re’ng ha li bua ka tsoho ea bafu?
13. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Molimo o ne a bua ka tsoho ha a ne a fana ka boprofeta ba pele?
13 Molimo ka boeena o ne a bua ka tsoho ha a ne a fana ka boprofeta ba pele Edene. Ha a ne a ahlola “noha ea pele,” Satane Diabolose, Molimo o itse: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Tšenolo 12:9; Genese 3:14, 15) Ho loma serethe sa peō ea mosali ho ne ho bolela ho bolaea Jesu Kreste. E le hore Peō eo e khobe hlooho ea noha ka mor’a moo, Kreste o ne a tla tlameha ho tsoha bafung.
14. Ke joang Jehova ‘e seng Molimo oa bafu, empa e leng oa ba phelang’?
14 Jesu o ile a re: “Hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a ho senola, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, ha a bitsa Jehova ‘Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.’ Eena ke Molimo, eseng oa bafu, empa oa ba phelang, kaha kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:27, 37, 38; Exoda 3:6) Abrahama, Isaka le Jakobo ba ne ba shoele, empa morero oa Molimo oa ho ba tsosa o ne o tiile hoo ho eena ho neng ho le joalokaha eka baa phela.
15. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a e-na le lebaka la ho lumela tsohong?
15 Abrahama o ne a e-na le lebaka la ho ba le tšepo tsohong, hobane ha eena le mosali oa hae, Sara, ba ne ba tsofetse haholo, ’me ba se ba shoele tabeng ea matla a ho hlahisa bana, ka mohlolo Molimo o ile a tsosolosa matla a bona a ho hlahisa bana. Sena se ne se tšoana le tsoho. (Genese 18:9-11; 21:1-3; Baheberu 11:11, 12) Ha mora oa bona Isaka a ne a le lilemo tse ka bang 25, Molimo o ile a bolella Abrahama hore a mo etse sehlabelo. Leha ho le joalo, hantle feela ha Abrahama a ne a le haufi le ho bolaea Isaka, lengeloi la Jehova le ile la thiba letsoho la hae. Abrahama o ile a “lekanya hore Molimo o ne a khona ho . . . tsosa [Isaka] esita le bafung; ’me ho tloha moo a fela a mo amohela hape ka tsela ea tšoantšetso.”—Baheberu 11:17-19; Genese 22:1-18.
16. Hona joale Abrahama o robetse lefung a letetse eng?
16 Abrahama o ne a e-na le tšepo ea hore ho tla ba le tsoho tlas’a puso ea Mesia, Peō e tšepisitsoeng. Boemong bo phahameng ba hae pele e e-ba motho oa nama, Mora oa Molimo o ile a lemoha tumelo ea Abrahama. Ka lebaka leo, ha e le motho oa nama, Jesu Kreste, o ile a bolella Bajuda: “Abrahama ntate oa lōna o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka.” (Johanne 8:56-58; Liproverbia 8:30, 31) Hona joale Abrahama o robetse lefung, o letetse ho tsohela bophelong lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo oa Bomesia.—Baheberu 11:8-10, 13.
Bopaki bo Tsoang Molaong le Lipesalemeng
17. ‘Lintho tse behiloeng Molaong’ li ile tsa bua joang ka tsoho ea Jesu Kreste?
17 Tšepo ea Pauluse ea tsoho e ne e le tumellanong le “lintho tsohle tse behiloeng Molaong.” Molimo o ile a bolella Baiseraele: “Le tlise ngata ea litholoana tsa pele tsa kotulo ea lōna ho moprista. [Ka la 16 Nisane] o tla tsokela ngata koana le koana ka pel’a Jehova ho le fumanela kamohelo.” (Levitike 23:9-14, NW) Mohlomong Pauluse o ne a nahanne ka molao ona ha a ngola sena: “Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” E le “litholoana tsa pele,” Jesu o ile a tsosoa ka la 16 Nisane, 33 C.E. Hamorao, nakong ea ho ba teng ha hae, ho ne ho tla ba le tsoho ea ‘litholoana tsa morao’—balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka moea.—1 Bakorinthe 15:20-23; 2 Bakorinthe 1:21; 1 Johanne 2:20, 27.
18. Petrose o ile a bontša joang hore tsoho ea Jesu e ne e boletsoe esale pele Lipesalemeng?
18 Lipesaleme le tsona li tšehetsa tsoho. Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose o ne a qotsa Pesaleme ea 16:8-11 ha a re: “Etsoe Davida o re mabapi le [Kreste], ‘Ke ne ke e-na le Jehova ka mehla ka pel’a mahlo a ka; hobane o ka letsohong la ka le letona e le hore le ka mohla ke se ke ka sisinngoa. Ka lebaka lena pelo ea ka e ile ea hlasimoloha ’me leleme la ka la thaba haholo. Ho feta moo, esita le nama ea ka e tla lula ka tšepo; hobane ha u na ho tlohela soule ea ka Hadese, leha e le hore u tla lumella oa hao ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng hore a bone ho bola.’” Petrose o ile a eketsa: “[Davida] o ile a bona esale pele ’me a bolela malebana le tsoho ea Kreste, hore ha aa ka a tloheloa Hadese leha e le hore nama ea hae e ile ea bona ho bola. Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa.”—Liketso 2:25-32.
19, 20. Petrose o ile a qotsa Pesaleme ea 118:22 neng, ’me see se ne se amana joang le lefu la Jesu le tsoho ea hae?
19 Matsatsi a itseng hamorao, Petrose o ile a ema ka pel’a Sanhedrine ’me a boela a qotsa Lipesaleme. Ha a botsoa hore na o ile a phekola mokōpakōpa o holofetseng joang, moapostola enoa o itse: “A ho tsejoe ke lōna kaofela le ke batho bohle ba Iseraele, hore ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha, eo le ileng la mo khokhothela thupeng empa eo Molimo a ileng a mo tsosa bafung, ka enoa monna enoa o fela a eme mona ka pel’a lōna a phetse hantle. [Jesu] ke ‘lejoe le ileng la tšoaroa ke lōna lihahi joaloka leo e seng la bohlokoa le fetohileng hlooho ea sekhutlo.’ Ho feta moo, ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”—Liketso 4:10-12.
20 Mona Petrose o ne a qotsa Pesaleme ea 118:22, seo e se buileng a se sebelisa lefung la Jesu le tsohong ea hae. Bajuda ba ile ba lahla Jesu ka lebaka la tšusumetso ea baeta-pele ba bona ba bolumeli. (Johanne 19:14-18; Liketso 3:14, 15) ‘Ho lahla ha lihahi lejoe lena’ ho ile ha fella ka lefu la Kreste, empa ‘ho fetoha ha lejoe lena hlooho ea sekhutlo’ ho ne ho bontša ho tsosetsoa ha hae khanyeng ea moea leholimong. Joalokaha mopesaleme a boletse esale pele, “le bile teng le tsoa ho Jehova.” (Pesaleme ea 118:23, NW) Ho etsa “lejoe” lena Hlooho ea sekhutlo ho ne ho akarelletsa ho mo phahamisa e le Morena ea Tla Behoa.—Baefese 1:19, 20.
Ho Matlafatsoa ke Tšepo ea Tsoho
21, 22. Jobo o buile ka tšepo efe, joalokaha e tlalehiloe ho Jobo 14:13-15, ’me e ka tšelisa ba shoetsoeng joang kajeno?
21 Le hoja ka borōna ho se mohla re kileng ra bona motho a tsosoa bafung, re hlokometse litlaleho tse itseng tsa Mangolo tse re kholisang ka tsoho. Ka lebaka leo, re ka ba le tšepo e ileng ea boleloa ke motho ea lokileng Jobo. Ha a ne a le mahlomoleng, o ile a kōpa ka tieo: “[Jehova] Hoja u ka mpata Sheole, ua mpoloka sephiring, . . . ua ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola! Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape? . . . U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:13-15, NW) Molimo o ‘tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hae,’ ka cheseho a lakatse ho tsosa Jobo. Seo se re fa tšepo e kaakang!
22 Setho sa lelapa se tšabang Molimo se ka ’na sa kula haholo, joaloka Jobo, ’me se ka ba sa hlōloa ke sera sena lefu. Ba shoetsoeng ba ka ’na ba lla ka lebaka la ho sareloa, joalokaha Jesu a ile a llisoa ke lefu la Lazaro. (Johanne 11:35) Empa ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore Molimo o tla bitsa ’me ba mohopolong oa hae ba tla araba! Ho tla ba joalokaha eka ba khutlile leetong—ba sa kule kapa ba sa holofala, empa ba phela hantle.
23. Ba bang ba bontšitse joang hore ba kholisehile ka tšepo ea tsoho?
23 Lefu la Mokreste ea hōlileng ea tšepahalang le ile la susumelletsa balumeli-’moho le eena ho ngola: “Ka kōpo amohela mantsoe a bontšang hore re u utloela bohloko ha u lahlehetsoe ke ’mè oa hao. Ho setse nako e khutšoanyane pele re mo amohela ha a se a khutlile—a le motle a bile a tletse bophelo!” Batsoali ba ileng ba lahleheloa ke mora oa bona ba itse: “Re lebeletse ka thabo e khōlō letsatsi leo Jason a tla tsoha ka lona! O tla talima ho mo potoloha ’me a bone Paradeise eo a neng a e labalabela hakana. . . . Ke khothatso e kaakang ho rōna ba neng ba mo rata hore re be teng le rōna.” E, re ka leboha hakaakang hore ebe tšepo ea tsoho ke ea sebele!
U ka Araba Joang?
• Tumelo tokisetsong ea Molimo ea ho tsosa bafu e ka re ruisa molemo joang?
• Ke liketsahalo life tse tlalehiloeng Mangolong tse re fang lebaka la ho ba le tšepo tsohong?
• Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore tsoho ke tšepo ea khale?
• Re ka ba le tšepo efe e matlafatsang ka bafu?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ka matla a tsoang ho Jehova, Elija o ile a tsosa mora e monyenyane oa mohlolohali
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ha Jesu a ne a tsosa morali oa Jairuse, batsoali ba hae ba ile ba hlōloa ke thabo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Petrose ka sebete o ile a paka hore Jesu o tsositsoe bafung