Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho ba “Likotsing Leoatleng”
    Molula-Qhooa—1999 | March 15
    • Ka lebaka la ho hloka lisebelisoa—esita le sesupa-tsela—bakhanni ba likepe ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba khanna ka pono feela. Ka lebaka leo, leeto e ne e e-ba le sireletsehileng ka ho fetisisa ha ho bonahala hantle—hangata ho tloha mafelong a May ho ea mahareng a September. Likhoeli tse peli pele le ka mor’a nako eo, bahoebi ba ne ba ka ’na ba ipeha kotsing ha ba tsamaea ka likepe. Empa mariha, hangata moholi le maru li ne li sira matšoao a meeli a entsoeng fatše le letsatsi motšehare le linaleli bosiu. Ho tsamaea ka sekepe ho ne ho nkoa ho khaolitse (ka Selatine, mare clausum) ho tloha ka la 11 November ho ea ho la 10 March, ntle le maemong a qobellang kapa a potlakileng. Ba tsamaeang ho ella qetellong ea nako ena ea selemo ba ne ba ipeha kotsing ea hore ba hlole boema-kepeng ba naha esele mariha.—Liketso 27:12; 28:11.

  • Ho ba “Likotsing Leoatleng”
    Molula-Qhooa—1999 | March 15
    • Ka sebele Pauluse o ne a elelletsoe likotsi tsa nako ea selemo e sa lokelang bakeng sa ho nka leeto la leoatleng. O ile a ba a fana ka keletso khahlanong le ho tsamaea ka sekepe mafelong a September kapa mathoasong a October, ha a re: “Banna, ke lemoha hore ho sesisa sekepe ho tla ba le tšenyehelo le tahlehelo e khōlō eseng feela ea thepa le sekepe empa le ea lisoule tsa rōna.” (Liketso 27:9, 10) Leha ho le joalo, ofisiri ea sesole e neng e ikarabella e ile ea hlokomoloha mantsoe ana, ka lebaka leo, sekepe se ile sa robehela Malta.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela