Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Pauluse o Fenya Mathata
PAULUSE o boemong bo sithabetsang. Eena hammoho le batho ba 275 ba ka har’a sekepe se tšoarisitsoeng bothata ke Euroakuilo—moea o matla ka ho fetisisa oa Mediterranean. Sefefo sena se matla hoo letsatsi le sa bonahaleng motšehare, esita le tsona linaleli bosiu. Ka ho utloahalang, bapalami ba tšohile hore ba tla lahleheloa ke bophelo ba bona. Leha ho le joalo, Pauluse o ba khothatsa ka ho ba phetela seo a se senoletsoeng ke Molimo ka toro: “Ha ho soule ho lōna e tla lahleha, ke sekepe feela se tla lahleha.”—Liketso 27:14, 20-22.
Bosiung ba letsatsi la bo14 la sefefo seo, basesisi ba ile ba sibolla ntho e ’ngoe e ba makatsang—metsi a ne a le botebo ba lifathome tse 20 feela.a Ka mor’a ho tsamaea sebakanyana, ba ile ba lekanya botebo ba metsi hape. Lekhetlong lena, metsi a botebo ba lifathome tse 15. Ba haufi le moo ho omileng! Empa litaba tsena tse thabisang li tsamaea le liphello tse tebileng. Kaha sekepe sena se ntse se akholetsoa pele le morao metsing a seng a sa teba hakaalo ebile e le bosiu, se ka ’na sa otla mafika ’me sa soahlamana. Ka bohlale, basesisi ba lahlela liankora. Ba bang ba bona ba batla ho theola sekeiti le ho tšela ka sona, e le ha ba leka lehlohonolo leoatleng.b Empa Pauluse oa ba thiba. O bolella molaoli oa lebotho le masole: “Ntle le hore banna bana ba lule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.” Molaoli o mamela Pauluse, ’me ka ho tšoenyeha, bapalami bohle ba 276 ba emela hore e be ka meso.—Liketso 27:27-32.
Ho Senyeha ha Sekepe
Hoseng ho hlahlamang, bapalami ba sekepe ba bona kou e nang le lebōpo. Ba tsohile molota, basesisi ba sekepe ba poma liankora ’me ba phahamisetsa seile e ka pele moeeng. Sekepe se qala ho sesetsa lebōpong—ha ho pelaelo hore ke ka har’a litlatse tsa thabo.—Liketso 27:39, 40.
Leha ho le joalo, ka tšohanyetso sekepe se qaoa lehlabatheng. Ho hobe le ho feta, maqhubu a befileng a soahlamanya karolo e ka morao ea sekepe, se robeha likoto-koto. Bapalami bohle ba tlameha ho tlohela sekepe! (Liketso 27:41) Empa sena se hlahisa bothata. Boholo ba bapalami—ho kopanyelletsa le Pauluse—ke batšoaruoa. Tlas’a molao oa Roma, molebeli ea tlohellang batšoaruoa ba hae hore ba pholohe o lokela ho fumana kotlo eo ba neng ba reretsoe ho e fuoa. Ka mohlala, haeba ho ne ho ka baleha ’molai, molebeli ea ileng a mo hlokomoloha o ne a lokela ho lefa ka bophelo ba hae.
Moo a tšabang liphello tse joalo, masole a ikemisetsa ho bolaea batšoaruoa bohle. Leha ho le joalo, molaoli oa lebotho, ea neng a e-na le botsoalle ho Pauluse, o kena lipakeng. O laela bohle ba ka khonang hore ba ikakhele metsing ’me ba sesetse moo ho omileng. Ba sa khoneng ho sesa ba lokela ho itšoareletsa ka mapolanka kapa lintho tse ling tse tsoang sekepeng. Ka bonngoe, bapalami ba tsoang sekepeng se senyehileng ba khasetsa lebōpong. Phethahatsong ea mantsoe a Pauluse, ha ho bophelo bo ileng ba lahleha!—Liketso 27:42-44.
Mohlolo o Etsahalang Malta
Sehlopha seo se khathetseng se fumana setšabelo sehlekehlekeng se bitsoang Malta. Baahi ba teng ke “batho ba buang puo esele,” ha e le hantle, “babarebare” (barʹba·ros, ka Segerike).c Empa batho ba Malta ha ba khopo. Ho e-na le hoo, Luka, motsoalle oa Pauluse ea neng a tsamaea le eena, o tlaleha hore ba “bontša mosa oa botho o fetang o tloaelehileng, kaha ba ile ba hotetsa mollo ’me ba re amohela kaofela ka ho re thusa ka lebaka la pula e neng e e-na le ka lebaka la ho bata.” Pauluse ka boeena o ile a thusa baahi bao ba Malta ho roalla le ho beselletsa.—Liketso 28:1-3, NW, mongolo o botlaseng ba leqephe.
Ka tšohanyetso, marabe o ithatela letsohong la Pauluse! Baahi ba sehlekehlekeng ba nahana hore e tlameha ebe Pauluse ke ’molai. Ho ka etsahala hore ebe ba na le tumelo ea hore Molimo o otla baetsalibe ka ho hlasela karolo ea ’mele ea bona e sebelitseng ha ba etsa sebe. Empa bonang! Se makatsang baahi bana ke hore Pauluse o hlohlorela marabe enoa mollong. Joalokaha tlaleho ea Luka ea boneng ka mahlo e bolela, “ba ne ba lebeletse hore [Pauluse] o tla ruruha ka lebaka la bohloko kapa ka tšohanyetso a otlane fatše a shoe.” Baahi bana ba sehlekehlekeng ba fetola maikutlo a bona ’me ba qala ho re e tlameha ebe Pauluse ke molimo.—Liketso 28:3-6.
Pauluse o qeta likhoeli tse tharo tse hlahlamang a le Malta, ’me nakong eo o folisa ntate oa Pabliase, monna ea ka sehloohong sehlekehlekeng sena, ea ileng a mo amohela ka kamohelo e mofuthu ea baeti, o bile o folisa le ba bang ba tšoenngoang ke mafu a mang. Ho phaella moo, Pauluse o jala peo ea ’nete, e fellang ka litlhohonolofatso tse ngata ho baahi ba Malta ba nang le kamohelo e mofuthu ea baeti.—Liketso 28:7-11.
Seo re ka Ithutang Sona
Pauluse o ile a thulana le liphephetso tse ngata tšebeletsong ea hae. (2 Bakorinthe 11:23-27) Tlalehong e ka holimo, e ne e le motšoaruoa ka lebaka la litaba tse molemo. Joale o ile a tlameha ho tobana le liteko tseo a neng a sa li lebella: sefefo se matla le ho senyeha ha sekepe ho ileng ha qetella ho etsahetse. Linthong tsena tsohle, Pauluse ha aa ka a thekesela boikemisetsong ba hae ba ho ba ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo. Ho ea ka phihlelo, o ile a ngola: “Maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ka bobeli ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilippi 4:12, 13.
Le ka mohla, mathata a bophelo ha aa lokela ho fokolisa boikemisetso ba rōna ba ho ba basebeletsi ba chesehang ba Molimo oa ’nete! Ha ho hlaha liteko tse sa lebelloang, re jarisa Jehova phahlo ea rōna. (Pesaleme ea 55:22) Joale re leta ka mamello ho bona hore na o etsa joang hore re khone ho mamella teko eo. Ka nako e tšoanang, re tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi, re kholisehile hore oa re tsotella. (1 Bakorinthe 10:13; 1 Petrose 5:7) Ka ho lula re tiile ho sa tsotellehe se hlahang, rōna—joaloka Pauluse—re ka fenya mathata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tloaelo, fathome e nkoa e le litsoe tse ’nè, kapa hoo e ka bang limithara tse 1,8.
b Sekeiti e ne e le seketsoana se neng se sebelisoa bakeng sa ho ea lebōpong la leoatle ha sekepe se emisitsoe ka ankora pel’a lebōpo. Ho hlakile hore basesisi ba ne ba leka ho pholosa bophelo ba bona ba sa tsotelle bophelo ba ba tla sala sekepeng, ba neng ba se na tsebo ea ho sebetsana le sekepe.
c Word Origins ea Wilfred Funk e re: “Bagerike ba ne ba khesa lipuo tse ling ntle le ea bona, ’me ba ne ba re ba utloahala eka ba ntse ba re ‘bare-bare,’ ’me ba ne ba bitsa motho leha e le ofe ea buang lipuo tseo barbaros [babarebare].”