Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
“O ne a ee a amohele ka mosa bohle ba tlang ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo.”—LIKETSO 28:30, 31, “NW.”
1, 2. Pauluse o ne a e-na le bopaki bofe ba hore o tšehelitsoe ke Molimo, ’me o behile mohlala ofe?
KA MEHLA Jehova o tšehetsa baboleli ba ’Muso. Hoo e ne e le ’nete hakaakang ka moapostola Pauluse! Ka tšehetso ea Molimo, o ile a hlaha ka pel’a babusi, a mamella merusu ea lihlopha tsa mahoohoo, ’me ka sebete a phatlalatsa ’Muso oa Jehova.
2 Esita le ha e le motšoaruoa Roma, Pauluse “o ne a ee a amohele ka mosa bohle ba tlang ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo.” (Liketso 28:30, 31, NW) Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa Lipaki tsa Jehova kajeno! Re ka ithuta ho hongata tšebeletsong ea Pauluse joalokaha e tlalehiloe ke Luka likhaolong tse qetellang tsa buka ea Bibele ea Liketso.—20:1–28:31.
Balumeli ’Moho Baa Matlafatsoa
3. Ho ile ha etsahala eng Troase, ’me ho ka bontšoa tšoano efe pakeng tsa hoo le mehla ea rōna kajeno?
3 Ka mor’a hore morusu o neng o le Efese o kokobele, Pauluse o ile a ntšetsa leeto la hae la boraro la boromuoa pele. (20:1-12) Leha ho le joalo, ha a le lekhatheng la ho leba Syria ka sekepe, o ile a ithuta hore Bajode ba ne ba rerile ho ’molaea. Kaha e ka ’na eaba ba ne ba rerile ho kena sekepeng sona seo le ho bolaea Pauluse, o ile a tsamaea ka tsela e fetang Macedonia. Ha a le Troase, o ile a qeta beke a ntse a matlafatsa balumeli ’moho joalokaha balebeli ba tsamaeang har’a Lipaki tsa Jehova ba etsa hona joale. Bosiung bo etellang pele ho tloha ha hae, Pauluse o ile a fana ka puo e telele ho fihlela har’a mpa ea bosiu. Eutyke, a lutse fensetereng, ho bonahala eka o ne a khathetse ke mosebetsi o boima oa letsatsi leo. O ile a thella a sa ntsane a khalehile eaba o oela lefung la hae a theoha mokatong oa boraro, empa Pauluse a mo khutlisetsa bophelong. E tlameha e be see se ile sa tlisa thabo e kaakang! Ka hona, nahana ka thabo e tla tlisoa ke ha ba limillione-millione ba tsosoa lefatšeng le lecha le tlang.—Johanne 5:28, 29.
4. Mabapi le tšebeletso, Pauluse o ile a ruta baholo ba Efese eng?
4 Ha a le Mileta, tseleng e eang Jerusalema, Pauluse o ile a kopana le baholo ba Efese. (20:13-21, NW) O ile a ba hopotsa hore o ba rutile “ka ntlo le ntlo” le hore o “behile bopaki ka ho phethahetseng ho Bajode le ho Bagerike ka pako mabapi le Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” Ba ileng ba fetoha baholo qetellong ba ne ba se ba bakile ba bile ba e-na le tumelo. Hape moapostola o ne a ile a ba koetlisetsa ho phatlalatsa ’Muso ka sebete ho ba sa lumelang tšebeletsong ea ntlo le ntlo joaloka e etsoang ke Lipaki tsa Jehova kajeno.
5. (a) Pauluse o behile mohlala o motle joang mabapi le tataiso ea moea o halalelang? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba ne ba hloka keletso ea ho ‘lisa mohlape kaofela’?
5 Pauluse o ile a beha mohlala ka ho amohela tataiso ea moea o halalelang oa Molimo. (20:22-30) A “tlamiloe ke moea,” kapa a ikutloa a tlamehile ho latela ketello-pele ea oona, moapostola o ne a tla ea Jerusalema, le hoja a ne a letetsoe ke litlamo le matšoenyeho moo. O ne a nka bophelo e le ba bohlokoa, empa ho eena ho boloka botšepehi ho Molimo e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, joalokaha ho lokela ho ba joalo ho rōna. Pauluse o ile a phehella baholo ho ‘lisa mohlape kaofela oo moea o halalelang o neng o ba beile balebeli ba oona.’ Ha a se a “tlohile” (mohlomong ka lefu), “liphiri tse bohale” li ne li ‘sa tl’o qenehela mohlape.’ Banna ba joalo ba ne ba tla hlaha har’a baholo ka bobona, ’me barutuoa ba sa lemoheng ba ne ba tla amohela lithuto tsa bona tse sothehileng.—2 Ba-Thessalonika 2:6.
6. (a) Ke hobane’ng ha ka kholiseho Pauluse a ne a ka laeletsa baholo ho Molimo? (b) Pauluse o ile a latela molao-motheo oa Liketso 20:35 joang?
6 Ho ne ho hlokahala hore baholo ba lule ba falimehile moeeng e le hore ba itebele khahlanong le bokoenehi. (20:31-38) Moapostola o ne a ba rutile Mangolo a Seheberu le lithuto tsa Jesu, tse nang le matla a halaletsang a neng a ka ba thusa ho amohela ’Muso oa leholimo, “lefa hammoho le bahalaleli bohle.” Ka ho sebeletsa ho itlhokomela hammoho le ba tsamaeang le eena, Pauluse o ile a boela a khothalletsa baholo ho ba ba sebetsang ka thata. (Liketso 18:1-3; 1 Ba-Thessalonika 2:9) Haeba re phehella tsela e tšoanang ’me re thusa ba bang ho fumana bophelo bo sa feleng, re tla ananela mantsoe a Jesu: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” Kutloisiso ea polelo ena e fumanoa ka hare ho Melaetsa e Molemo empa e qotsitsoe ke Pauluse feela, eo e ka ’nang eaba o ile a e amohela ka polelo ea molomo kapa ka pululelo. Re ka thabela thabo e khōlō haeba re itela joaloka Pauluse. O ne a itetse hoo ho tloha ha hae ho ileng ha etsa hore baholo ba Efese ba sareloe haholo!
A ho Etsoe Thato ea Jehova
7. Pauluse o behile mohlala joang ka ho ikokobeletsa thato ea Molimo?
7 Ha leeto la Pauluse la boraro la boromuoa le atamela qetellong ea lona (hoo e ka bang ka 56 C.E.), o ile a beha mohlala o motle oa ho ikokobeletsa thato ea Molimo. (21:1-14, NW) Ha a le Cesarea, eena le metsoalle ea hae ba ile ba lula le Filippi, eo barali ba hae ba bane ba baroetsana ba neng ba “profeta,” ba bolela liketsahalo tse tlang esale pele ka moea o halalelang. Moo moprofeta oa Mokreste Agabuse o ile a itlama matsoho le maoto ka senyepa sa Pauluse ’me moea oa mo susumelletsa ho bolela hore Bajode ba ne ba tla tlama mong’a sona ha a le Jerusalema ’me ba nehelane ka eena matsohong a Balichaba. Pauluse o ile a re: “Ha kea itokisetsa feela ho tlangoa empa hape le ho shoela Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.” Barutuoa ba ile ba lumellana le hoo, ba re: “A ho etsoe thato ea Jehova.”
8. Haeba ka linako tse ling re fumana ho le thata ho amohela keletso e ntle, re ka ’na ra hopola eng?
8 Pauluse o ile a bolella baholo ba Jerusalema seo Molimo o se entseng har’a Balichaba ka tšebeletso ea hae. (21:15-26, TLP) ’Me haeba re ka fumana ho le thata ho amohela keletso e ntle, re ka hopola kamoo Pauluse a ileng a e amohela ka teng. Ho paka hore o ne a sa rute Bajode ba linaheng tsa Balichaba “ho koenehela Moshe,” o ile a utloa keletso ea baholo ea hore a itlhoekise ho latela litšebeletso hammoho le banna ba bang ba bane ba be ba itefelle litšenyehelo. Le hoja lefu la Jesu le ile la tlosa Molao tseleng, Pauluse ha aa ka a etsa phoso ea letho ka ho phethahatsa likarolo tsa oona tse mabapi le likano.—Ba-Roma 7:12-14.
Ho Hlaseloa ke Sehlopha sa Mahoohoo Empa ba sa Kenoe ke Tšabo
9. Mabapi le pefo ea sehlopha sa mahoohoo, ho na le tšoano efe pakeng tsa liphihlelo tsa Pauluse le tsa Lipaki tsa Jehova kajeno?
9 Hangata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa boloka botšepehi ho Molimo ha li talimane le pefo e etsoang ke lihlopha tsa mahoohoo. (Ka mohlala, bona 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 180-90.) Bajode ba tsoang Asia Minor ka ho tšoanang ba ile ba fehla morusu oa sehlopha sa mahoohoo khahlanong le Pauluse. (21:27-40) Ha ba bona Trofime Moefese a e-na le eena, ka bohata ba ile ba qosa moapostola ka hore o silafatsa tempele ka ho kenya Bagerike ka har’a eona. Pauluse o ne a le lekhatheng la ho bolaoa ha ’maseterata oa Moroma Klaude Lysiase le banna ba hae ba emisa morusu oo! Joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele (empa ho bakiloe ke Bajode), Lysiase o ile a laela hore Pauluse a kenngoe litlamong (Liketso 21:11) Moapostola o ne a le lekhatheng la ho isoa mehahong ea masole e neng e hokahane le lekhotla la tempele ha Lysiase a ithuta hore Pauluse e ne e se mohlohlelletsi oa bofetoheli khahlanong le ’muso empa e ne e le Mojode ea lumelletsoeng ho kena sebakeng sa tempele. Ha a fumana tumello ea ho bua, Pauluse o ile a buisana le batho ka Seheberu.
10. Bajode ba Jerusalema ba ile ba amohela puo ea Pauluse joang, ’me ke hobane’ng ha a sa ka a shapuoa?
10 Pauluse o ile a fana ka bopaki bo sebete. (22:1-30) O ile a itsebahatsa e le Mojode ea rupetsoeng ke Gamaliele ea neng a hlonepshoa haholo. Moapostola o ile a hlalosa hore ha a le tseleng e eang Damaseka ho ea hlorisa balateli ba Tsela Eo, o ne a foufale ha a bona Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, empa Ananiase a etsa hore a boele a bone. Hamorao Morena o ne a ile a bolella Pauluse: “Tloha, ke tla u romela lichabeng hole.” Mantsoe ao a ile a oela joaloka tlhase morung. Ha le hooa le bolela hore Pauluse ha aa tšoanela ho phela, letšoele le ile la lahlela liaparo tsa lona fatše ’me la thunthetsa lerōle sebakeng ka khalefo. Kahoo Lysiase o ile a laela hore Pauluse a isoe mehahong ea masole ho ea hlahlojoa ka ho shapuoa ho ithuta hore na ke hobane’ng ha Bajode ba ne ba le khahlanong le eena. Ho mo shapa (ka ntho e nang le marapo a letlalo a nang le mafito kapa a kentsoeng meutloa ea tšepe kapa lesapo) ho ile ha thibeloa ha Pauluse a botsa: ‘Na le na le tokelo ea ho shapa motho oa Roma a e-so ho ahloloe?’ Ha a ithuta hore Pauluse e ne e le moahi oa Roma, Lysiase o ile a tšoha ’me a mo isa ka pel’a Lekhotla le Phahameng ho ea ithuta hore na ke hobane’ng ha a ne a qosoa ke Bajode.
11. Pauluse e ne e le Mofarisi ntlheng efe?
11 Ha Pauluse a qala boitšireletso ba hae ka pel’a Lekhotla le Phahameng ka ho bolela hore o ile a “itšoara ka letsoalo le hloekileng ka ho phethahetseng ka pel’a Molimo,” Moprista e Moholo Ananiase o ile a laela hore a otloe. (23:1-10, NW) Pauluse o ile a re, “Molimo o tla u otla, uena lebota le hlatsoisitsoeng hore le be lesoeu.” Ba bang ba ile ba botsa: “Na u rohaka moprista e moholo?” Ka baka la ho se bone hantle mahlong, e ka ’na eaba Pauluse o ne a sa hlokomele hore na Ananiase ke mang. Empa ha a hlokomela hore lekhotla leo le entsoe ka Bafarisi le Basadduci, Pauluse o ile a re: ‘Ke Mofarisi ea ahloloang ka lebaka la tšepo ea tsoho.’ Sena se ile sa khaola Lekhotla le Phahameng ka lehare, hobane Bafarisi ba ne ba lumela tsoho athe Basadduci ba ne ba sa e lumele. Ho ile ha hlaha khohlano e khōlō hoo Lysiase a ileng a lokela ho pholosa moapostola.
12. Pauluse o ile a phonyoha morero oa ho felisa bophelo ba hae joang Jerusalema?
12 Ka mor’a moo Pauluse o ile a phonyoha morero oa ho felisa bophelo ba hae. (23:11-35) Bajode ba mashome a mane ba ne ba hlapantse hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba ’molaile. Mochan’a Pauluse o ile a mo tlalehela sena a ba a tlalehela Lysiase. A lebetsoe ke sesole, moapostola o ile a isoa ho ’Musi Antonius Felixe Cesarea, motse-moholo oa Roma oo e neng e le setsi sa tsamaiso ea Judea. Ka mor’a ho tšepisa Pauluse hore o tla mamela nyeoe ea hae, Felixe o ile a ’moloka a lebetsoe tlung ea Borena ea boahloli ea Heroda e Moholo, ntlo-khōlō ea ’musi.
Ho ba Sebete ka Pel’a Babusi
13. Pauluse o ile a pakela Felixe ka eng, hona e le ka phello efe?
13 Ka potlako moapostola o ile a itšireletsa khahlanong le liqoso tsa bohata ’me a pakela Felixe ka sebete. (24:1-27) Ka pel’a banģosi ba Bajode, Pauluse o ile a bontša hore ha aa ka a hlohlelletsa sehlopha sa mahoohoo ho etsa morusu. O ile a bolela hore o lumela lintho tse boletsoeng Molaong le Baprofeteng ’me o ne a tšepile ‘tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.’ Pauluse o ne a ile Jerusalema ka “lithuso” (menehelo bakeng sa balateli ba Jesu bao e ka ’nang eaba bofuma ba bona bo ne bo bakiloe ke mahloriso) ’me o ne a ile a hloekisoa ho latela litšebeletso. Le hoja Felixe a ile a chechisetsa kahlolo morao, hamorao Pauluse o ile a ’molella hammoho le mosali oa hae Drusilla (morali oa Heroda Agrippa I) ka Kreste, ho loka, boitšoaro, le kahlolo e tlang. A tšositsoe ke puo e joalo, Felixe o ile a leleka Pauluse. Leha ho le joalo, hamorao o ile a ’na a romela molaetsa oa ho bitsa moapostola khafetsa, a tšepile hore o tla fumana tjotjo le hoja a sa ka a e fumana. Felixe o ne a tseba hore Pauluse ha a na molato empa o ile a mo tlohela a tlamiloe ka tšepo ea ho khahlisa Bajode. Lilemo tse peli hamorao, Felixe o ile a hlahlangoa ke Porciuse Festuse.
14. Pauluse o ile a ithuisa molemo tokisetsong efe ea molao ha a hlaha ka pel’a Festuse, ’me u fumana eng e tšoanang le eo ho see?
14 Pauluse o ile a boela a fana ka boitšireletso ka sebete ka pel’a Festuse. (25:1-12, TLP) Haeba moapostola o ne a lokeloa ke lefu, o ne a ke ke a leka ho le qoba, empa ho ne ho se motho ea ka nehelanang ka eena ho Bajode ho ba khahlisa. Pauluse o ile a re: “Ke ipiletsa ho Sesare,” a ithuisa molemo tokelong ea moahi oa Roma ea hore a qosoe Roma (ka pel’a Nero ka nako eo). Ha boipiletso boo bo se bo amohetsoe, Pauluse o ne a tla “beha bopaki Roma,” joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. (Liketso 23:11, NW) Lipaki tsa Jehova le tsona li ithuisa molemo litokisetsong tsa ho ‘sireletsa le ho thea litaba tse molemo ka molao.’—Ba-Filippi 1:7, NW.
15. (a) Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahatsoa ha Pauluse a hlaha ka pel’a Morena Agrippa le Cesare? (b) Saule o ile a ‘raha litsenene’ joang?
15 Morena Heroda Agrippa II oa Judea leboea le khaitseli’ae Berenice (eo a neng a e-na le kamano e kang ea lenyalo le eena le hoja e ne e le ngoan’abo) ba ile ba utloa Pauluse ha a etetse Festuse Cesarea. (25:13–26:23, NW) Ka ho pakela Agrippa le Cesare, Pauluse o ile a phethahatsa boprofeta ba hore o ne a tla isa lebitso la Morena ho marena. (Liketso 9:15) Ha a bolella Agrippa se neng se etsahale tseleng e eang Damaseka, Pauluse o ile a bolela hore Jesu o ne a re: “Ho tsoela pele ho raha litsenene ke ho ithatafaletsa ka bouena.” Joalokaha poho e manganga e intša kotsi ka ho hana ho hlajoa ka tsenene, Saule o ne a intšitse kotsi ka ho loantša balateli ba Jesu, ba neng ba tšehelitsoe ke Molimo.
16. Festuse le Agrippa ba ile ba arabela joang bopaking ba Pauluse?
16 Festuse le Agrippa ba ile ba arabela joang? (26:24-32, NW) A sa khone ho utloisisa tsoho ’me a hloletsoe ka baka la kholiseho ea Pauluse, Festuse o ile a re: “Ho ithuta haholo hoa u hlantša!” Ka ho tšoanang, hona joale ba bang ba qosa Lipaki tsa Jehova ka hore lia hlanya, le hoja li hlile li tšoana le Pauluse ka “ho bolela lipolelo tsa ’nete le tsa kelello e hlaphohileng.” Agrippa, ea ileng a felisa nyeoe empa a lumela hore Pauluse a ka be a lokollotsoe hoja a se ke a ipiletsa ho Cesare, o ile a re, “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa ho fetoha Mokreste.”
Kotsi Leoatleng!
17. U ne u tla hlalosa likotsi tseo ho ileng ha talimanoa le tsona leoatleng nakong ea leeto la Pauluse la ho ea Roma joang?
17 Leeto la ho ea Roma le ile la pepesetsa Pauluse “likotsi leoatleng.” (2 Ba-Korinthe 11:24-27) Ofisiri ea lebotho e bitsoang Juliuse e ne e ikarabella holim’a batšoaruoa ba neng ba tsamaea ka sekepe ho tloha Cesarea ho ea Roma. (27:1-26) Ha sekepe sa bona se ema Sidone, Pauluse o ile a lumelloa ho etela balumeli, ba ileng ba mo khatholla moeeng. (Bapisa le 3 Johanne 14, 15.) Ha a le Myra, Asia Minor, Juliuse o ile a palamisa batšoaruoa sekepe sa lijo-thollo se neng se ea Italy. Ho sa tsotellehe meea e matla e neng e hlaha sekepe sa bona ka pele, ba ile ba khona ho fihla seemelong sa likepe sa Fair Havens haufi le motse oa Kreta oa Lasea. Hoba a tlohe moo ho kena tseleng e eang Fenixe, moea o matla o hlahang leboea-bochabela o ile oa nka sekepe. Ba tšohile ho teba Syrte (lehlabatheng le tebe-tebe le tebileng) pel’a Afrika leboea, bakhanni ba sekepe ba ile ba “kokobetsa masela,” mohlomong liseile le lipalo tse li emisang. Sekepe se ne se ile sa fasoa ka liropo ho se pota-pota e le hore mateano a likarolo tsa sekepe a se ke a ngamoha. Se ntse se tsukutloa ke moea o matla letsatsing le hlahlamang, sekepe se ile sa fokotsoa boima ka ho lahlela thepa leoatleng. Letsatsing la boraro, ba ile ba lahla thepa e emisang liseile (liseile kapa liropo tse sa sebetseng). Ha ho bonahala eka tšepo ea fela, lengeloi la itlhahisa ho Pauluse ’me la ’molella hore a se tšohe, hobane o ne a tla ema ka pel’a Cesare. E ile ea e-ba topollo e kaakang ha moapostola a bolela hore baeti bohle ba ne ba tla theohela lebōpong sehleke-hlekeng se seng!
18. Qetellong ho ile ha etsahala joang ka Pauluse le ba neng ba tsamaea le eena ka sekepe?
18 Ba ka sekepeng ba ile ba fela ba pholoha. (27:27-44) Har’a mpa ea bosiu ka letsatsi la bo14, bakhanni ba sekepe ba ile ba elelloa hore ba ne ba le haufi le ho fihla naheng e omileng. Liteko tse ileng tsa etsoa metsing li ile tsa tiisa sena, ’me liankora li ile tsa theoloa ho qoba ho soahlamana majoeng. Ka qophello ea Pauluse, banna ba 276 kaofela ba ile ba kopanela ho ja lijo. Joale sekepe se ile sa fokotsoa boima ka ho lahlela koro ka leoatleng. Ha letsatsi le chaba, bakhanni ba sekepe ba ile ba khaola liankora, ba lokolla masokoana, ’me ba phahamisa seili hore e khannoe ke moea. Sekepe se ile sa theohela holim’a lebōpo le koahetsoeng ke metsi, ’me karolo e ka morao ea sekepe ea qala ho arohana likoto. Empa e mong le e mong o ile a fihla naheng e omileng a sireletsehile.
19. Ho ile ha etsahala joang ka Pauluse Malta, ’me o ile a etsetsa ba bang eng moo?
19 Ba le metsi tlepere! ba bile ba khathetse, ba phonyohileng sekepeng se robehileng ba ile ba iphumana ba le Malta, moo baahi ba sehleke-hleke ba ileng ba ba bontša “mosa oa botho o sa tloaelehang.” (28:1-16, NW) Leha ho le joalo, ha Pauluse a beha lithupa mollong, mofuthu o ile oa tsosa marabe e robetseng e neng e ithatetse ka letsoho la hae. (Hona joale ha ho sa na linoha tse chefu Malta, empa sena e ne e le “sebōpuoa se nang le mahloko a kotsi.”) Batho ba Malta ba ne ba nahana hore Pauluse e ne e le ’molai le hore “toka ea phetetso” e ne e ke ke ea mo lumella ho phela, empa kaha ha aa ka a oela fatše eaba oa shoa kapa hona ho ruruha ka baka la mahloko ao, ba ile ba re ke molimo. Hamorao Pauluse o ile a phekola ba bangata, ho akarelletsa ntat’a Publiuse, ofisiri e khōlō ea Malta. Likhoeli tse tharo hamorao, Pauluse, Luka, le Aristarke ba ile ba tloha ka sekepe se nang le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse” (Kastore le Polluxe, melimo ea mafahla eo ho thoeng e rata basesisi). Ha sekepe se emisa Puzzeole, Juliuse o ile a tsamaea le molebeli oa hae. Pauluse o ile a leboha Molimo ’me a khothala ha Bakreste ba tsoang motse-moholo oa Roma ba kopana le bona ’Marakeng oa Appiuse le Matlong a Phapohelo a Mararo a neng a le Tseleng ea Appiuse. Qetellong, ha a le Roma, Pauluse o ile a lumelloa ho lula a le mong, le hoja a ne a lebetsoe ke lesole.
Tsoela Pele ho Phatlalatsa ’Muso oa Jehova!
20. Pauluse o ile a ipoloka a tšoarehile ka tšebetso efe ka kamoreng ea hae Roma?
20 Ka kamoreng ea hae Roma, ka sebete Pauluse o ile a phatlalatsa ’Muso oa Jehova. (28:17-31) O ile a bolella banna ba baholo ba Bajode: “Hobane ke tlamiloe ka lehlaahlela lena ka baka la tšepo ea Iseraele.” Tšepo eo e ne e akarelletsa ho amohela Messia, e leng ntho e ’ngoe eo le rōna re tlamehang ho ikemisetsa ho hlokofatsoa ka baka la eona. (Ba-Filippi 1:29) Le hoja boholo ba Bajode bao ba sa ka ba lumela, Balichaba ba bangata le masala a Bajode ba ne ba e-na le boemo bo nepahetseng ba pelo. (Esaia 6:9, 10) Ka lilemo tse peli (hoo e ka bang 59-61 C.E.) Pauluse o ile a amohela bohle ba tlang ho eena, “a bolela ’muso oa Molimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiea hohle, a se ke a thibeloa ke motho.”
21. Ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, Pauluse o behile mohlala ofe?
21 Ho bonahala eka Nero o ile a phatlalatsa hore Pauluse ha a na molato ’me a mo lokolla. Joale moapostola o ile a tsosolosa mosebetsi oa hae hammoho le Timothea le Tite. Leha ho le joalo, o ile a boela a kenngoa teronkong Roma (hoo e ka bang ka 65 C.E.) ’me mohlomong o ile a shoela tumelo matsohong a Nero. (2 Timothea 4:6-8) Empa ho fihlela qetellong, Pauluse o ile a beha mohlala o motle joaloka ’moleli oa ’Muso ea sebete. Mehleng ena ea qetello, ka oona moea oo, e se eka bohle ba inehetseng ho Molimo ba ka phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka sebete!
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Pauluse o ile a fa baholo ba Efese koetliso efe ea tšebeletso?
◻ Pauluse o behile mohlala oa ho ikokobeletsa thato ea Molimo joang?
◻ Mabapi le pefo ea sehlopha sa mahoohoo, ho na le tšoano efe pakeng tsa liphihlelo tsa Pauluse le tsa Lipaki tsa Jehova kajeno?
◻ Pauluse o ile a ithuisa molemo tokisetsong efe ea molao ha a le ka pel’a ’Musi Festuse, ’me ke eng e tšoanang le see mehleng ea kajeno?
◻ Pauluse o ile a ipoloka a tšoarehile mosebetsing ofe ka kamoreng ea hae Roma, ’me o behile mohlala ofe?