“Ke Ipiletsa ho Cesare!”
MAHOOHOO a tšoara monna ea se nang tšireletso ’me a qala ho mo shapa. A lumela hore o tšoaneloa ke ho shoa. Feela ka nako eo ho bonahalang hore mahoohoo a tla mo bolaea, ho hlaha masole ’me a mo hloibila ka thata letšoeleng leo le befileng. Monna enoa ke moapostola Pauluse. O hlasetsoe ke Bajuda ba thohotheletsoeng ho hanyetsa boboleli ba hae le ba mo qosang ka ho silafatsa tempele. O lopolloa ke Baroma, ba etelletsoeng pele ke molaoli oa bona, Claudiase Lysiase. Moferefereng ona Pauluse o tšoaroa ka lebaka la ho belaelloa ka tlōlo ea molao.
Likhaolo tse supileng tse qetellang buka ea Liketso li thathamisitse nyeoe e qalileng ka tšoaro ena. Ho utloisisa boemo ba Pauluse ba molao, lintho tseo a qosoang ka tsona, boitšireletso ba hae le mekhoa ea ho ahlola ea Baroma ho etsa hore re utloisise likhaolo tsena haholoanyane.
Tlhokomelong ea Claudiase Lysiase
Mesebetsi ea Claudiase Lysiase e ne e akarelletsa ho boloka taolo Jerusalema. Mookameli oa hae, e leng ’musisi oa Judea oa Moroma, o ne a lula Cesarea. Seo Lysiase a ileng a se etsa tabeng ea Pauluse se ka bonahala e le ho sireletsa motho pefong hape e le ho tšoaroa ha moferekanyi oa khotso. Khato ea Bajuda e ile ea susumeletsa Lysiase hore a ise motšoaruoa oa hae liahelong tsa sesole Toreng ea Antonia.—Liketso 21:27–22:24.
Lysiase o ne a tlameha ho fumana hore na Pauluse o entse’ng. Nakong ea moferefere, o ne a sa ka a tseba letho. Ntle ho tšenyo ea nako, o ile a laela hore Pauluse a ‘hlahlojoe ka ho shapuoa, e le hore a ka tseba ka botlalo hore na ke ka lebaka la’ng ha ba ne ba hooa khahlanong le Pauluse.’ (Liketso 22:24) Mokhoa ona o ne o tloaelehile bakeng sa ho fumana bopaki ho batlōli ba molao, makhoba le ba bang ba maemong a tlaase. E ka ’na eaba sephali (flagrum) se ne se phetha morero oo, empa se ne se tšosa. Liphali tse ling li ne li e-na le libolo tsa tšepe tse leketlileng liketaneng. Tse ling, li ne li e-na le marapo a loheletsoeng masapo le likotoana tsa tšepe. Li ne li ntša maqeba a mabe, li hlenhlanya nama.
Ke mothating ona moo Pauluse a ileng a senola hore ke moahi oa Roma. Moroma ea e-s’o ahloloe o ne a ke ke a shapuoa habohloko, kahoo, ha Pauluse a phatlalatsa litokelo tsa hae, hoo ho ile ha sebetsa hang-hang. Ha ofisiri ea Roma e ne e khahlapetsa kapa e otla moahi oa Roma, e ne e ka ’na ea lahleheloa ke boemo ba eona. Hoa utloahala hore ka mor’a moo Pauluse o ile a tšoaroa joaloka motšoaruoa ea khethehileng, ea neng a ka amohela baeti.—Liketso 22:25-29; 23:16, 17.
Kaha Lysiase o ne a sa tsebe liqoso, o ile a isa Pauluse ka pel’a Sanhedrine e le hore a tsebe lebaka la moferefere ona. Empa Pauluse o ile a tsosa khang ha a bua ka hore o ahloleloa taba ea tsoho. Ho se utloane ho ile ha e-ba matla hoo Lysiase a ileng a tšoha hore Pauluse o tla tsekolloa, ’me Lysiase o ile a boela a tlameha ho mo hloibila ho Bajuda ba halefileng.—Liketso 22:30–23:10.
Lysiase o ne a sa batle ho ikarabella ka lefu la moahi oa Roma. Ha a tseba hore ho na le morero oa polao, o ile a potlakela ho isa motšoaruoa oa hae Cesarea. Molao o ne o batla hore batšoaruoa ba eang ho balaoli ba baholo ba ee le litlaleho tse behileng nyeoe ka ho hlaka. Litlaleho tseo li ne li tla akarelletsa liphello tsa lipatlisiso tsa pele, mabaka a bohato bo nkiloeng le maikutlo a ’matlisisi oa nyeoe. Lysiase o ile a tlaleha hore Pauluse o ne a ‘qosoa ka litsekisano tsa Molao oa Bajuda, eseng letho le tšoaneloang ke lefu kapa litlamo,’ ’me o ile a laela baqosi ba Pauluse hore ba hlahise pelaelo ea bona ka pel’a ’musisi Felixe.—Liketso 23:29, 30.
’Musisi Felixe o Hlōleha ho Liha Kahlolo
Taolo ea profinse e ne e le matleng a Felixe. Haeba a rata, o ne a ka khetha ho sebelisa moetlo oa sebaka kapa molao o laolang tlōlo ea molao—o neng o sebetsa ho batho ba maemo a phahameng le ho liofisiri tsa ’muso. O ne o tsejoa e le ordo, kapa lethathamo. Hape o ne a ka sebelisa molao oa extra ordinem, o neng o ka sebelisetsoa tlōlo efe kapa efe ea molao. ’Musi oa profinse o ne a lebeletsoe ho ‘se nahane feela ka se etsoang Roma, empa se lokelang ho etsoa ka kakaretso.’ Kahoo, taba-boholo e ne e sieloa eena hore a e ahlole.
Ha ho tsejoe makolopetso ’ohle a molao oa Roma ea boholo-holo, empa nyeoe ea Pauluse e nkoa e le “tlaleho e behang mohlala ea mokhoa oa ho ahlola oa liprofinse extra ordinem.” ’Musisi o ne a thusoa ke baeletsi ha a mamela liqoso tse etsoang ke batho. Moqosuoa o ne a bitsoa ho tla tobana le moqosi, ’me o ne a ka itšireletsa, empa qoso e ne e le boikarabelo ba moqosi. ’Maseterata o ne a fana ka kahlolo leha e le efe eo a bonang e loketse. O ne a ka etsa qeto hang-hang kapa a chechisa kahlolo ka nako e sa boleloang, ’me ha ho le joalo moqosuoa o ne a bolokoa litlamong. Setsebi se bitsoang Henry Cadbury se re, “Ha ho pelaelo hore ha matla a lutse ho motho a le mong joalo, ’musi o ne a le boemong ba ho inehela ‘tšusumetsong e sa lokelang’ le ho fuoeng tjotjo—ea ho lokolla motho, ea ho mo ahlola, kapa ea ho khutlisetsa nyeoe morao.”
Moprista ea Phahameng Ananiase, banna ba hōlileng ba Bajuda le Tertulase qalong ba ne ba qosa Pauluse ho Felixe ka hore ke ‘motho ea kotsi haholo ea bileng a hlohlelletsang bofetoheli har’a Bajuda.’ Ba ne ba bolela hore ke moeta-pele oa “lequloana la Banazaretha” le hore o ne a leka ho silafatsa tempele.—Liketso 24:1-6.
Bahlaseli ba pele ba Pauluse ba ne ba nahana hore o ne a kentse Molichaba ea bitsoang Trofimase ka lebaleng la Bajuda feela.a (Liketso 21:28, 29) Ha e le hantle, ea neng a belaelloa ka hore o tlōtse molao e ne e le Trofimase. Empa haeba Bajuda ba ne ba hlalosa ketso eo ba belaellang Pauluse ka eona e le ho thusa kapa ho tšehetsa tlōlo ea molao, le eona e ne e ka nkoa e le tlōlo e lokeloang ke lefu. ’Me ho bonahala Roma e ne e butse monyetla oa ho amohela kahlolo ea lefu bakeng sa tlōlo ena ea molao. Kahoo, haeba Pauluse a ne a tšoeroe ke mapolesa a Bajuda a tempele eseng Lysiase, Sanhedrine e ka be e ile ea bua nyeoe ea hae le ho mo ahlola ntle ho bothata.
Bajuda ba ne ba beha lebaka la hore seo Pauluse a se rutang hase tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda, kapa bolumeli bo amohelehang (religio licita). Ho e-na le hoo, se ne se lokela ho nkoa se sa lumelloe ke molao, ebile e le bohlaba-phio.
Ba ne ba boetse ba bolela hore Pauluse o “hlohlelletsa bofetoheli har’a Bajuda bohle ho pholletsa le lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Liketso 24:5) Moemphera Claudiase o ne a sa tsoa nyatsa Bajuda ba Alexandria ka ho “tsosa moferefere o moholo lefatšeng lohle.” Lintho tsena li tšoana ka mokhoa o tsotoang. Rahistori A. N. Sherwin-White o ile a re: “Qoso ena e tšoana hantle le eo Mojuda a neng a ka qosoa ka eona nakong ea Khosana Claudiase kapa lilemong tsa pele tsa Nero. Bajuda ba ne ba leka ho susumelletsa ’musi ho nka hore ha ho moo boboleli ba Pauluse bo fapaneng teng le ho baka pherekano sechabeng hohle moo Bajuda ba leng teng ’Musong. Ba ne ba tseba hore babusi ba ne ba sa ikemisetsa ho ahlola motho ka liqoso tsa bolumeli feela ’me kahoo ba ne ba leka ho fetola liqoso tsa bolumeli ho li etsa liqoso tsa bopolotiki.”
Pauluse o ile a itšireletsa liqosong tsa bona kaofela. ‘Ha kea baka pherekano. Ke ’nete hore ke setho sa seo ho thoeng ke “lequloana,” empa ho ba setho ho akarelletsa ho boloka melao ea Sejuda. Moferefere ona o tsositsoe ke Bajuda ba bang ba Asia. Haeba ba e-na le pelaelo, ba lokela ho tla mona ba tl’o e hlahisa.’ Pauluse o ile a fetola liqoso tseo hore e be liphehisano tsa bolumeli har’a Bajuda, tseo Baroma ba se nang tsebo e ntle ea tsona. Kaha Felixe o ne a tšaba Bajuda ba seng ba ntse ba hana ho laoloa, o ile a phomotsa lekhotla, a hlile a thibela ka molao hore ho se ke ha tsoeloa pele. Pauluse ha aa ka a neheloa Bajuda, ba neng ba bolela hore ba hlalefile, hape ha aa ka a ahloloa ka molao oa Roma, ebile ha aa ka a lokolloa. Felix o ne a ke ke a qobelloa ho liha kahlolo, ’me ho phaella tabeng ea ho batla ho ratoa ke Bajuda, o ne a e-na le morero o mong oa ho lieha—o ne a tšepile hore Pauluse o tla mo fa tjotjo.—Liketso 24:10-19, 26.b
Litaba Lia Fetoha Tlas’a Porkiase Festase
Bajuda ba ile ba tsosa liqoso tsa bona lilemo tse peli hamorao Jerusalema ha ho fihla ’musisi e mocha e leng Porkiase Festase, ba kōpa hore Pauluse a isoe sebakeng se pusong ea bona. Empa Festase o ile a araba ka tieo, a re: “Hase mokhoa oa Baroma ho nehelana ka motho leha e le ofe ho thabisa batho pele motho ea qosoang a kopana le baqosi ba hae lifahleho li talimane ’me a fumana monyetla oa ho bua ho itšireletsa ho seo a belaelloang ka sona.” Rahistori Harry W. Tajra o re: “Festase o ile a lemoha kapele hore ho reroa polao e sa lumelloang ka molao khahlanong le moahi oa Roma.” Kahoo Bajuda ba ile ba bolelloa hore ba hlahise taba ea bona Cesarea.—Liketso 25:1-6, 16.
Ke hona moo Bajuda ba ileng ba tiisa hore Pauluse “o tšoanela hore a se ke a hlola a phela,” leha ho le joalo ha baa ka ba fana ka bopaki, ’me Festase o ile a bona hore Pauluse ha aa etsa letho le tšoanelang lefu. Festase o ile a hlalosetsa e mong ea boholong, a re: “Ba ne ba mpa ba e-na le liphehisano tse itseng le eena malebana le borapeli ba bona ba molimo le malebana le Jesu ea itseng ea neng a shoele empa eo Pauluse a neng a ntse a tiisa hore oa phela.”—Liketso 25:7, 18, 19, 24, 25.
Ho ne ho hlakile hore Pauluse ha a na molato oa ho qosoa ka eng kapa eng ea bopolotiki, empa phehisanong ea bolumeli, ho bonahala Bajuda ba ile ba pheha khang hore ke lekhotla la bona feela le tšoanelehang bakeng sa ho sebetsa taba ena. Na Pauluse o ne a tla ea Jerusalema bakeng sa kahlolo ea litaba tsee? Festase o ile a botsa Pauluse hore na o tla ea, empa ha e le hantle e ne e le kōpo e sa lokelang. Ho khutlela Jerusalema moo baqosi e neng e tla ba baahloli ho ne ho bolela hore Pauluse o tla neheloa Bajuda. Pauluse o ile a re: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Cesare, moo ke tšoanelang ho ahloloa teng. Ha kea fosetsa Bajuda . . . Ha ho motho ea ka nehelanang ka ’na ho bona ho ba thabisa. Ke ipiletsa ho Cesare!”—Liketso 25:10, 11, 20.
Ha Moroma a ne a bua mantsoe ana, puso ea profinse e ne e felloa ke matla. Tokelo ea hae ea ho ipiletsa (provocatio) e ne e le “ea sebele, e akaretsang le e sebetsang.” Kahoo, ka mor’a hore a buisane le baeletsi ba hae ka mathata a taba ena, Festase o ile a re: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.”—Liketso 25:12.
Festase o ile a thabela ho tlosa Pauluse pel’a hae. Joalokaha a ile a lumela ho Heroda Agripa II matsatsi hamorao, nyeoe ena e ne e mo tsietsa. Joale Festase o ne a lokela ho ngolla moemphera lengolo le hlalosang nyeoe ena, empa ho Festase, liqoso li ne li akarelletsa maranrang ao a sa a utloisiseng a molao oa Bajuda. Leha ho le joalo, Agripa e ne e le setsebi sa litaba tse joalo, ke kahoo eitseng ha a bontša thahasello, a ileng a kōptjoa hang-hang hore a thuse ho ngola lengolo leo. Ha Festase a hlōleha ho utloisisa puo eo Pauluse a ileng a e bua ka pel’a Agripa, o ile a re: “Ua hlanya, Pauluse! Thuto e ngata ea u hlantša!” Empa Agripa o ne a utloisisa hantle haholo. O ile a re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.” Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba ikutloa joang ka mabaka a Pauluse, Festase le Agripa ba ile ba lumellana hore Pauluse ha a na molato ’me o ne a ka lokolloa hoja o ne a sa ipiletsa ho Cesare.—Liketso 25:13-27; 26:24-32.
Qetello ea Kahlolo e Eang Holimo le Tlaase
Ha Pauluse a fihla Roma, o ile a bitsetsa banna ba baholo ba Bajuda ho tla ba ruta le ho bona hore na ba tseba eng ka eena. Seo se ne se ka ’na sa senola ho hong ka boikemisetso ba baqosi ba hae. Ho ne ho tloaelehile hore balaoli ba Jerusalema ba batle thuso ea Bajuda ba Roma ho hlahlela nyeoe, empa Pauluse o ile a utloa hore ha baa fuoa litaelo tsa letho ka eena. Ha Pauluse a ntse a emetse nyeoe, o ile a lumelloa ho hira ntlo le ho bolela ka bolokolohi. Ho bebofaletsoa lintho hona ho ne ho ka ’na ha bolela hore maikutlong a Baroma, Pauluse o ne a se na molato.—Liketso 28:17-31.
Pauluse o ile a hlola litlamong ka lilemo tse ling tse peli. Hobane’ng? Bibele ha e qaqise. Ka tloaelo moipiletsi o ne a koalloa ho fihlela baqosi ba hae ba hlahisa qoso, empa mohlomong Bajuda ba Jerusalema, ha ba hlokomela hore mabaka a nyeoe ea bona aa fokola, ha baa ka ba fihla ho hang. Mohlomong tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho khutsisa Pauluse halelele kamoo ho khonehang e ne e le hore ba se ke ba hlaha. Ho sa tsotellehe lebaka la bona, ho bonahala eka Pauluse o ile a ema ka pel’a Nero, a fumanoa a se na molato, ’me qetellong a lokolloa hore a tsoele pele le mesebetsi ea hae ea boromuoa—hoo e ka bang lilemo tse hlano ka mor’a hore a tšoaroe.—Liketso 27:24.
Ke khale bahanyetsi ba ’nete ba ‘rera khathatso ka molao’ ho thibela mosebetsi oa Bokreste oa boboleli. Sena ha sea lokela ho re makatsa. Jesu o itse: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Pesaleme ea 94:20, King James Version; Johanne 15:20) Leha ho le joalo, le rōna Jesu o re file bolokolohi ba ho bolella lefatše lohle litaba tse molemo. (Matheu 24:14) Kahoo, feela joalokaha moapostola Pauluse a ile a hanyetsa mahloriso le khanyetso, Lipaki tsa Jehova kajeno li ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafilipi 1:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebota le majabajaba la majoe, le bolelele ba litsoe tse tharo, le ne le arola Lebala la Balichaba ho lebala le ka hare. Ka linako tse sa tšoaneng, leboteng lena ho ne ho ngoloa litemoso, tse ling li ngotsoe ka Segerike ’me tse ling li ngotsoe ka Selatine: “Ho se ke ha e-ba motho oa molata ea kenang ka hare ho mokoallo ona le lekhoakhoeng le pota-potileng sehalalelo. Mang kapa mang ea tšoaroang o tla ba le molato oa lefu la hae le tla latela seo.”
b Leha ho le joalo, taba ena e ne e sa lumelloe ke molao. Mohloli o mong oa litaba o re: “Tlas’a litokisetso tsa molao oa ho qhekella, Lex Repetundarum, motho ofe kapa ofe ea pusong kapa tsamaisong o ne a haneloa ho kōpa kapa ho amohela tjotjo hore a kenye motho e mong litlamong kapa a mo lokolle, ho ahlola motšoaruoa kapa ho se mo ahlole kapa hona ho mo lokolla.”