Litaba Tse Molemo Bakeng sa Batho ba Lichaba Tsohle
“Le tla ba lipaki tsa ka . . . le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—LIKETSO 1:8.
1. Joaloka mesuoe ea Bibele re ela hloko eng, hona hobane’ng?
MESUOE e hloahloa ha e ele hloko feela seo e se bolellang liithuti empa e boetse e ela hloko mokhoa oo e se bolelang ka oona. Le rōna re etsa se tšoanang kaha re mesuoe ea ’nete ea Bibele. Re ela hloko molaetsa oo re o bolellang ba bang le mekhoa eo re e sebelisang. Molaetsa oa rōna, e leng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ha o fetohe, empa re feto-fetola mekhoa eo re o fetisang ka eona. Hobane’ng? E le hore re finyelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang.
2. Re etsisa bo-mang ha re feto-fetola mekhoa eo re e sebelisang ha re bolela?
2 Ka ho feto-fetola mekhoa eo re e sebelisang ha re bolela, re etsisa bahlanka ba Molimo ba boholo-holo. Nka ka mohlala moapostola Pauluse. O ile a re: “Ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda . . . Ho ba hlokang molao ka ba joaloka ea hlokang molao . . . Ho ba fokolang ka ba ea fokolang, e le hore nka rua ba fokolang. Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang.” (1 Bakorinthe 9:19-23) Mokhoa oa Pauluse oa ho feto-fetoha le maemo o ile oa atleha. Le rōna re tla atleha haeba ka mosa re ikamahanya le maemo a batho bao re buisanang le bona.
Ho Isa “Lipheletsong Tsa Lefatše”
3. (a) Re tobane le phephetso efe mosebetsing oa rōna oa boboleli? (b) Mantsoe a Esaia 45:22 a phethahala joang kajeno?
3 Phephetso e khōlō eo baboleli ba litaba tse molemo ba tobaneng le eona ke ea tšimo e khōlō—e leng ‘lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Matheu 24:14) Lilemong tse lekholo tse fetileng, bahlanka ba bangata ba Jehova ba ile ba sebetsa ka thata ba hasa litaba tse molemo libakeng tse ncha. Liphello e bile life? Keketseho e tsotehang lefatšeng ka bophara. Mathoasong a lilemo tsa bo-1900, ho ne ho boleloa linaheng tse seng kae feela, empa hona joale Lipaki Tsa Jehova li bolela ka mafolofolo linaheng tse 235! Ka sebele, litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa ho isa le “lipheletsong tsa lefatše.”—Esaia 45:22.
4, 5. (a) Ke bo-mang ba phethileng karolo ea bohlokoa ho haseng litaba tse molemo? (b) Liofisi tse ling tsa makala li ile tsa re’ng ka ba tsoang mose ba sebeletsang masimong a makala a tsona?
4 Ke’ng se tlisang tsoelo-pelo ee? Ke lintho tse ngata. Baromuoa ba koetlisitsoeng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower le barab’abo rōna ba fetang 20 000 ba sa tsoa fumana mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebetsi ba entse tlatsetso e khōlō. Ho tlatselitse le Lipaki tse ling tse ngata tse falletseng linaheng tseo ho nang le tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso ho tsona tse ileng tsa itefella litšenyehelo tsa ho ea moo. Bakreste bana ba itetseng—e leng banna le basali, ba hōlileng le ba bacha, masoha le ba lenyalong—ba phetha karolo ea bohlokoa ho boleleng molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle. (Pesaleme ea 110:3; Baroma 10:18) Re ananela seo haholo. Hlokomela seo liofisi tse ling tsa makala li se ngotseng ka ba tsoang mose ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo masimong a makala ao.
5 “Lipaki tsena tse ratehang li etella pele mosebetsing oa boboleli o etsoang libakeng tse ka thōko, li thusa ho theha liphutheho tse ncha ebile li tlatsetsa khōlong ea moea ea bara le barali babo rōna ba moo.” (Ecuador) “Haeba barab’abo rōna ba makholo ba tsoang linaheng tse ling ba sebeletsang mona ba ne ba ka tsamaea, botsitso ba liphutheho bo ne bo tla ameha. Ho ba teng ha bona mona ke tlhohonolofatso ho rōna.” (Dominican Republic) “Liphuthehong tsa rōna tse ngata, ho na le baralib’abo rōna ba bangata, ka linako tse ling ba etsa hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong. (Pesaleme ea 68:11) Boholo ba bona ba sa le bacha ’neteng, empa baralib’abo rōna ba masoha ba bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng tse ling ba thusa bana ba bacha ka tsela e tsotehang ka hore ba ba koetlise. Barali bana babo rōna ba tsoang mose ke mpho e le ruri ho rōna!” (Naha e ’ngoe ea Europe Bochabela) Na u kile ua nahana ka ho sebeletsa naheng e ’ngoe?a—Liketso 16:9, 10.
“Banna ba Leshome ba Tsoang Lipuong Tsohle”
6. Zakaria 8:23 e bua joang ka phephetso ea lipuo tse sa tšoaneng mosebetsing oa rōna oa boboleli?
6 Phephetso e ’ngoe e khōlō ke ea lipuo tse ngata tse buuoang lefatšeng. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele la re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) Phethahatsong ea kajeno ea boprofeta bona, banna ba leshome ba emela bongata bo boholo, bo profetiloeng ho Tšenolo 7:9. Empa hlokomela hore ho latela boprofeta ba Zakaria, “banna ba leshome” ba ne ba sa tl’o tsoa lichabeng tsohle feela empa ba ne ba tla ‘tsoa lipuong tsohle tsa lichaba.’ Na re se re bone phethahatso ea boprofeta boo ba bohlokoa? E, re e bone.
7. Ke lipalo-palo life tse bontšang hore batho “ba tsoang lipuong tsohle” ba finyelloa ka litaba tse molemo?
7 Nahana ka lipalo-palo tsena. Lilemong tse 50 tse fetileng, lingoliloeng tsa rōna li ne li hatisoa ka lipuo tse 90. Kajeno palo eo e nyolohetse ho lipuo tse fetang 400. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le lekile ka hohle ho hlahisa lingoliloeng esita le ka lipuo tse buuoang ke batho ba seng bakae feela. (Matheu 24:45) Ka mohlala, hona joale lingoliloeng tsa Bibele li fumaneha ka puo ea Greenland (e buuoang ke batho ba 47 000), ka puo ea Sepalauane (e buuoang ke batho ba 15 000), le ka puo ea Seyape (e buuoang ke batho ba ka tlaasenyana ho ba 7 000).
“Monyako o Moholo” o Lebisang Menyetleng e Mecha
8, 9. Ke’ng se re buletseng “monyako o moholo,” hona Lipaki tse likete li entse’ng ka seo?
8 Leha ho le joalo, mehleng ena ho ka ’na ha se ke ha hlokahala hore re ee libakeng tse hōle ho ea bolella batho ba maleme ’ohle litaba tse molemo. Lilemong tsa morao tjena, ho fihla ha bajaki le baphaphathehi ba limilione linaheng tse tsoetseng pele ho entse hore ho be le bajaki ba bangata ba buang lipuo tse ngata. Ka mohlala, Paris, Fora ho buuoa lipuo tse ka bang 100. Ho buuoa tse 125 Toronto, Canada; ’me ho buuoa tse fetang 300 London, Engelane! Batho bana ba tsoang linaheng tse ling ba masimong a liphutheho tse ngata ba bula “monyako o moholo” o lebisang menyetleng e mecha ea ho bolella batho ba lichaba tsohle litaba tse molemo.—1 Bakorinthe 16:9.
9 Lipaki tse likete li tobana le phephetso ena ka hore li ithute puo e ’ngoe. Tse ngata li fumana ho le thata; empa thabo e tlisoang ke ho thusa bajaki le baphaphathehi ho ithuta ’nete e ka Lentsoeng la Molimo e feta hōle mathata ao li tobanang le ’ona. Selemong se seng haufinyane tjena, ho batho ba bang le ba bang ba lekholo ba ileng ba kolobetsoa likopanong tsa setereke naheng e ’ngoe ea Europe Bophirimela, ba ka bang 40 ba ne ba tsoa naheng e ’ngoe.
10. U sebelisitse bukana ea Good News for People of All Nations joang? (Bona lebokose le reng “Litšobotsi Tsa Bukana ea Good News for People of All Nations,” leqepheng la 26.)
10 Ke ’nete hore ba bangata ba rōna ha re boemong ba ho ithuta puo e ’ngoe. Empa re ka kenya letsoho ho thuseng bajaki ka hore re sebelise hamolemo bukana e ncha e sa tsoa lokolloa e reng Good News for People of All Nations,b e nang le molaetsa o ipiletsang oa Bibele ka lipuo tse ngata. (Johanne 4:37) Na u sebelisa bukana ee tšebeletsong?
Ha Batho ba sa Amohele Litaba Tse Molemo
11. Ke phephetso efe e ’ngoe e hlahang masimong a mang?
11 Ha tšusumetso ea Satane e ntse e tota lefatšeng, phephetso e ’ngoe e atisang ho hlaha ke ea batho ba sa amoheleng litaba tse molemo masimong a mang. Ha e le hantle, sena ha se re makatse, kaha Jesu o ile a bolela esale pele hore se tla etsahala. Ha a bua ka mehla ena ea rōna, o ile a re: “Lerato la ba bangata le tla fola.” (Matheu 24:12) Ka sebele ba bangata ha ba sa lumela ho Molimo ebile ha ba sa hlompha Bibele hakaalo. (2 Petrose 3:3, 4) Ke kahoo, libakeng tse ling tsa lefatše e bang batho ba seng bakae feela ba fetohang barutuoa ba Kreste ba bacha. Empa sena hase bolele hore boiteko ba bara le barali babo rōna ba ratehang ba Bakreste ba bolelang ka botšepehi libakeng tseo batho ba sa amoheleng litaba tse molemo ke ba lefeela. (Baheberu 6:10) Hobane’ng? Nahana ka se latelang.
12. Ke lintlha life tse peli tseo e leng pakane ea mosebetsi oa rōna oa boboleli?
12 Kosepele ea Matheu e totobatsa lintlha tse peli tsa sehlooho tseo e leng pakane ea mosebetsi oa rōna oa boboleli. E ’ngoe ke hore re “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19) E ’ngoe ke hore molaetsa oa ’Muso o thusa ho fana ka “bopaki.” (Matheu 24:14) Lintlha tseo ka bobeli ke tsa bohlokoa, empa ena ea bobeli eona ea ikhetha. Hobane’ng?
13, 14. (a) Ke tšobotsi efe e ikhethang ea pontšo ea ho ba teng ha Kreste? (b) Re lokela ho hopola eng, haholo-holo ha re bolela libakeng tseo batho ba sa amoheleng litaba tse molemo?
13 Mongoli oa Bibele Matheu o tlaleha hore baapostola ba ile ba botsa Jesu ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ha Jesu a arabela, o ile a re tšobotsi e ’ngoe e ikhethang e ne e tla ba mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara. Na o ne a bua ka ho etsa barutuoa? Che. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Kahoo Jesu o ile a bontša hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e ne e tla ba karolo ea bohlokoa ea pontšo.
14 Kahoo, ha re ntse re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re lokela ho hopola hore esita le haeba ka linako tse ling re sa atlehe ho etsa barutuoa, re atleha ho fana ka “bopaki.” Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang, ba tseba seo re se etsang, ’me kahoo re kopanela ho phethahatseng boprofeta ba Jesu. (Esaia 52:7; Tšenolo 14:6, 7) Mocha e mong oa Paki ea bitsoang Jordy oa Europe Bophirimela, o re: “Ke thaba haholo ho tseba hore Jehova oa ntšebelisa hore ke be le seabo ho phethahatseng Matheu 24:14.” (2 Bakorinthe 2:15-17) Ha ho pelaelo hore le uena u ikutloa joalo.
Ha Molaetsa oa Rōna o Hanyetsoa
15. (a) Jesu o ile a lemosa balateli ba hae ka eng esale pele? (b) Ke eng e re nolofalletsang ho bolela ho sa tsotellehe khanyetso?
15 Khanyetso le eona ke phephetso e ’ngoe boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso. Jesu o ile a lemosa balateli ba hae esale pele a re: “Le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Matheu 24:9) Joaloka Bakreste ba pele, balateli ba Jesu kajeno ba ’nile ba hlouoa, ba hanyetsoa le ho hlorisoa. (Liketso 5:17, 18, 40; 2 Timothea 3:12; Tšenolo 12:12, 17) Linaheng tse ling, hona joale ba thibetsoe ke mebuso. Leha ho le joalo, kaha Bakreste ba ’nete ba mamela Molimo, ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso linaheng tseo. (Amose 3:8; Liketso 5:29; 1 Petrose 2:21) Ke’ng se ba nolofalletsang ho etsa seo, hammoho le Lipaki tse ling kaofela lefatšeng ka bophara? Jehova o ba matlafatsa ka moea oa hae o halalelang.—Zakaria 4:6; Baefese 3:16; 2 Timothea 4:17.
16. Jesu o ile a bontša joang hore mosebetsi oa boboleli o amana le moea oa Molimo?
16 Jesu o ile a totobatsa hore moea oa Molimo o amana haufi le mosebetsi oa boboleli ha a re ho balateli ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8; Tšenolo 22:17) Tatellano eo lintho li etsahalang ka eona temaneng ena ke ea bohlokoa. Qalong, barutuoa ba ile ba amohela moea o halalelang, ka mor’a moo ba paka lefatšeng ka bophara. Ke ka thuso ea moea oa Molimo feela ba neng ba ka ba le matla a ho mamella ho fana ka “bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:13, 14; Esaia 61:1, 2) Ke kahoo ka nepo Jesu a ileng a bua ka moea o halalelang e le “mothusi.” (Johanne 15:26) O ile a re moea oa Molimo o ne o tla ruta barutuoa ba hae le ho ba tataisa.—Johanne 14:16, 26; 16:13.
17. Moea o halalelang o re thusa joang ha re tobana le khanyetso e matla?
17 Moea oa Molimo kajeno o re thusa ka litsela life ha re tobana le khanyetso e matla boboleling ba litaba tse molemo? Moea oa Molimo oa re matlafatsa, ebile o hanyetsa ba re hlorisang. Ho hlakisa sena, nahana ka se ileng sa etsahala bophelong ba Morena Saule.
Ba Hanyetsoa ke Moea oa Molimo
18. (a) Ke phetoho efe e mpe e ileng ea etsahalla Saule? (b) Saule o ile a sebelisa litsela life ho hlorisa Davida?
18 Saule o qalile hantle e le morena oa pele oa Iseraele, empa hamorao ha aa ka a mamela Jehova. (1 Samuele 10:1, 24; 11:14, 15; 15:17-23) Ka lebaka leo, moea oa Molimo ha oa ka oa hlola o tšehetsa morena eo. Saule o ile a halefela Davida ka mabifi, ea neng a se a tlotselitsoe ho ba morena ea hlahlamang ’me a tšehetsoa ke moea oa Molimo. (1 Samuele 16:1, 13, 14) Ho ile ha bonahala eka Davida a ka hlaseleha habonolo. Etsoe o ne a inketse harepa feela, ha Saule eena a tšoere lerumo. Kahoo ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsa harepa, “Saule a betsa lerumo a re: ‘Ke tla hlabella Davida leboteng!’ empa Davida a qoba ka pel’a hae, habeli.” (1 Samuele 18:10, 11) Ka mor’a moo, Saule o ile a mamela mora oa hae Jonathane, motsoalle oa Davida, ’me a hlapanya a re: “Ka Jehova ea phelang, [Davida] a ke ke a bolaoa.” Empa ka mor’a moo, Saule a boela “a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo.” Leha ho le joalo, Davida “a fola ka pel’a Saule, hoo a ileng a hlaba leboteng ka lerumo.” Davida o ile a baleha, empa Saule a mo lelekisa. Nakong eo ea bohlokoa, moea oa Molimo o ile oa fetoha mohanyetsi oa Saule. Ka tsela efe?—1 Samuele 19:6, 10.
19. Moea oa Molimo o ile oa sireletsa Davida joang?
19 Davida o ile a balehela ho moprofeta Samuele, empa Saule a roma banna ba hae ho ea tšoara Davida. Ha ba fihla moo Davida a ipatileng teng, “moea oa Molimo oa e-ba holim’a manģosa a Saule, eaba le ’ona a qala ho itšoara joaloka baprofeta.” A ile a susumetsoa ke moea oa Molimo hoo a ileng a lebala ka ho feletseng morero oo a o tletseng. Saule o ile a romela banna ka makhetlo a mang a mabeli hore ba tle le Davida, ’me ha ’na ha etsahala ntho e tšoanang ka makhetlo ao. Qetellong, Morena Saule o ile a ikisa ho Davida, empa le eena a hlōleha ho hanyetsa moea oa Molimo. Ha e le hantle, moea o halalelang o ile oa mo sitisa ho tsamaea “letsatsi leo lohle le bosiu boo bohle”—’me oa fa Davida nako e lekaneng ea hore a balehe.—1 Samuele 19:20-24.
20. Re ka ithuta eng tlalehong ea ha Saule a hlorisa Davida?
20 Tlaleho ena e buang ka Saule le Davida e ruta thuto e matlafatsang: Ba hlorisang bahlanka ba Molimo ba ke ke ba atleha ha ba hanyetsoa ke moea oa Molimo. (Pesaleme ea 46:11; 125:2) Jehova o ne a rerile hore Davida e tla ba morena oa Iseraele. Ho ne ho se motho le ea mong ea neng a ka fetola seo. Mehleng ea rōna, Jehova o rerile hore “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa.” Ha ho motho le ea mong ea ka thibelang seo ho etsahala.—Liketso 5:40, 42.
21. (a) Bahanyetsi ba bang kajeno ba etsa’ng? (b) Re kholisehile ka eng?
21 Baeta-pele ba bang ba bolumeli le ba lipolotiki ba leka ho re thibela ka ho sebelisa liketselletso le likhoka. Empa Jehova o tla sireletsa batho ba Hae kajeno, feela joalokaha a ile a sireletsa Davida moeeng. (Malakia 3:6) Ka hona, joaloka Davida, re re ka kholiseho: “Ke tšepile Molimo. Nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?” (Pesaleme ea 56:11; 121:1-8; Baroma 8:31) E se eka ka thuso ea Jehova re ka tsoela pele re tobana le liphephetso tsohle ha re ntse re phetha thōmo eo Molimo a re fileng eona ea ho bolella batho ba lichaba tsohle litaba tse molemo tsa ’Muso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lebokose le reng “Ba Khotsofetse Haholo,” leqepheng la 22.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha re feto-fetola mekhoa eo re e sebelisang ha re bolela?
• Ho butsoe “monyako o moholo” o lebisang menyetleng efe e mecha?
• Mosebetsi oa rōna oa boboleli o finyella eng, esita le libakeng tseo batho ba sa amoheleng litaba tse molemo?
• Ke hobane’ng ha ho se mohanyetsi ea ka emisang boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso?
[Lebokose le leqepheng la 22]
Ba Khotsofetse Haholo
“Ba thabile ebile ba khotsofaletse ho sebeletsa Jehova ba momahane.” Ao ke mantsoe a hlalosang lelapa le leng le ileng la fallela Bolivia le tloha Spain. Mora o ne a ile moo ho ea tšehetsa sehlopha se ka thōko. Batsoali ba hae ba ile ba khahloa ke kamoo a neng a bonahala a thabile kateng hoo ka mor’a nakoana lelapa lohle—ho akarelletsa bashemane ba bane ba pakeng tsa lilemo tse 14 le 25—le ileng la fallela moo a neng a sebeletsa teng. Hona joale bashemane ba bararo ho bao ke bo-pula-maliboho, ’me ea qalileng ho sebeletsa moo o sa tsoa ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.
Angelica, ea lilemo li 30, ea tsoang Canada, ea sebeletsang Europe Bochabela, o re: “Ho na le liphephetso tse ngata, empa ke khotsofatsoa ke ho thusa batho tšebeletsong. Ke boetse ke angoa ka ho teba ke mantsoe a kananelo ao Lipaki tsa moo li atisang ho a bua ha li nteboha hore ebe ke tletse ho tla li thusa.”
Bana ba motho ba ka bang lilemo li 30 ba tsoang United States, ba sebeletsang Dominican Republic, ba re: “Ho ne ho e-na le meetlo e mengata eo re lokelang ho ithuta eona. Leha ho le joalo, re ile ra tiisetsa kabelong ea rōna, ’me hona joale batho ba supileng bao re ithutang Bibele le bona ba tla libokeng.” Barali bana babo rōna ba babeli ba ile ba thusa ho hlophisa sehlopha sa bahoeletsi ba ’Muso motseng oo ho neng ho se na phutheho ho oona.
Morali e mong oabo rōna ea bitsoang Laura, ea ka bang lilemo li 30, o sebelelitse linaheng tse mose ka lilemo tse fetang tse ’nè. O re: “Ke nolofatsa bophelo ba ka ka boomo. Sena se thusa bahoeletsi ho hlokomela hore ho phela ka tsela e itekanetseng ke taba ea boikhethelo le e bontšang ho hlaphoheloa kelellong, hase taba ea ho futsaneha. Ho thusa ba bang, haholo-holo ba bacha, ho ntlisetsa thabo e fetang hōle mathata a ho sebeletsa naheng e ’ngoe. Nke ke ka khaotsa ho etsa tšebeletso ena e le hore ke phele ka tsela e ’ngoe e fapaneng, ebile ke tla tsoela pele ka eona hafeela Jehova a ntse a ntumella.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
Litšobotsi Tsa Bukana ea Good News for People of All Nations
Bukana ea Good News for People of All Nations e na le molaetsa o fellang leqepheng le le leng o ngotsoeng ka lipuo tse 92 tse sa tšoaneng. Molaetsa ona o ngoletsoe ’mali ka ho toba. Kahoo ha mong’a ntlo a bala molaetsa ona, o utloa eka u bua le eena.
Ho na le ’mapa oa lefatše ka hare sekoahelong. Sebelisa ’mapa ona ho theha botsoalle le mong’a ntlo. Mohlomong u ka supa naha eo u lulang ho eona ’me u bontše hore u ka rata ho tseba hore na eena o tsoa hokae. Ka tsela eo, u ka ’na ua etsa hore a phutholohe a be botsoalle ’me a lokolohe.
Selelekela sa bukana eo se thathamisa mehato e ’maloa eo re lokelang ho e nka e le hore re atlehe ho thusa batho ba buang puo eo re sa e utloisiseng. Ka kōpo bala mehato ena, ’me u e sebelise ka hloko.
Lethathamo la tse ka hare ha le bontše lipuo feela empa le bontša le matšoao a lipuo. Sena se u thusa ho tseba matšoao a lipuo tse sa tšoaneng a ngotsoeng lipampitšaneng tsa rōna le likhatisong tse ling tsa rōna.
[Setšoantšo]
Na u sebelisa bukana ee tšebeletsong?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Hona joale lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li fumaneha ka lipuo tse fetang 400
GHANA
LAPLAND (SWEDEN)
PHILIPPINES
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Na u ka sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso?
ECUADOR
DOMINICAN REPUBLIC