Tsoelo-pele ea Histori ea Tokoloho ea ho Bua
HO PHOLLETSA le histori batho ba ’nile ba loanela tokoloho ea ho bua. Melao e ’nile ea etsoa, lintoa li ’nile tsa loanoa ’me batho ba ’nile ba shoela tokelo ea ho hlalosa maikutlo phatlalatsa.
Ke hobane’ng ha tokelo e bonahalang e le ea tlhaho joalo e ile ea tsosa khang, esita le ho isa ntlheng ea ho tšolla mali? Ke hobane’ng ha lichaba tsa nakong e fetileng le tsa kajeno, li ile tsa fumana ho hlokahala ho khina kapa esita le ho hanela ka ho feletseng tšebeliso ea tokelo ee?
Maikutlo mabapi le tokoloho ea ho bua ea batho a ’nile a fetoha ho tloha boemong bo bong bo feteletseng ho ea ho bo bong ho pholletsa le histori. Ka linako tse ling tokoloho ea ho bua e ’nile ea talingoa e le tokelo e lokelang ho thabeloa. Ka linako tse ling e ’nile ea nkoa e le bothata bo lokelang ho nkeloa bohato ke mebuso kapa malumeli.
Kaha histori e tletse ka litlaleho tsa ba ileng ba loanela tokelo ea ho bolela maikutlo phatlalatsa, hoo hangata ho neng ho lebisa ho hlorisoeng ha bona ka sehlōhō kapa ho bolaoa, ho hlahlojoa bocha ha tse ling tsa liketsahalo tsena ho tla re fa temohisiso ka bothata bona.
Liithuti tsa histori li ka ’na tsa hopola rafilosofi oa Mogerike Socrates (470-399 B.C.E.), eo lipono le lithuto tsa hae li neng li talingoa e le tšusumetso e bolisang boitšoaro ba bacha ba Athene. Hona ho ile ha baka tšabo e khōlō har’a baeta-pele ba lipolotiki le ba bolumeli ba sehlopha sa ba boholong sa Magerike ’me ha lebisa lefung la hae. Boipiletso ba hae bo tiileng ka pel’a lekhotla leo qetellong le ileng la mo fumana a le molato bo setse e le bo bong ba boitšireletso bo hlakileng ka ho fetisisa ba tokoloho ea ho bua: “Haeba le ka la ntokolla hona joale tlas’a boemo ba hore ho hang ha ke sa lokela ho bua maikutlo a ka tabeng ena ea ho batla bohlale, le hore haeba ke fumanoa ke etsa sena hape ke tla shoa, ke re ho lōna, ‘Banna ba Athene, ke tla utloa Molimo ho e-na le lōna. Ha ke ntse ke phela ’me ke e-na le matla, ha ho mohla ke tla khaotsa ho latela filosofi le ho fana ka keletso le ho susumetsa mang kapa mang ho lōna eo ke kopanang le eena. Ka lebaka lena, kholisehang hore ke tla etsa seo Molimo a se laelang . . .’ ’Me Baathene, ke tsoela pele ho re, ‘Ebang lea ntokolla kapa che; empa le utloisise hore le ka mohla nke ke ka etsa ka tsela e fapaneng, esita le haeba ke tlameha ho shoela seo ka makhetlo a mangata.’”
Ha nako e ntse e tsamaea, histori ea pele ea Roma e bile le liphetoho ho ea lithibelong tse ’maloa, ’me ho tloha moo ea boela ea khutlela lithibelong tse ngata ha ’muso o ntse o atoloha. Sena se ile sa tšoaea ho qaleha ha nako e lerootho ka ho fetisisa ea tokoloho ea ho bua. Nakong ea puso ea Tiberiuse (14-37 C.E.), ho ne ho sa eloe hloko maikutlo a ba neng ba bua ka sebete khahlanong le ’muso kapa litsamaiso tsa oona. ’Me e ne e se Roma feela e neng e le khahlanong le tokoloho ea ho bua; e ne e le nakong ena ha baeta-pele ba Bajuda ba ne ba qobella Ponse Pilato ho bolaea Jesu ka lebaka la thuto ea hae hape le ho laela baapostola ho khaotsa ho bolela. Bana le bona ba ne ba ikemiselitse ho shoa ho e-na le ho khaotsa.—Liketso 5:28, 29.
Linakong tse ngata haholo tsa histori, litokelo tsa sechaba tse neng li fanoa ke mebuso hangata li ne li fetoloa kapa li huloa ha motho a rata, e leng ho ileng ha lebisa lintoeng tse tsoelang pele bakeng sa tokoloho ea ho bua. Ho qala Mehleng e Bohareng, batho ba bang ba ne ba batla polelo e ngotsoeng e hlakisang litokelo tsa bona, ’me taolo ea ’muso e ne e sehetsoe meeli holim’a litokelo tseo. Ka lebaka leo, ho ile ha qaleha ho qaptjoa ha litokelo tsa bohlokoa tse sireletsang sechaba. Har’a tsena e ne le Magna Carta, letšoao le tsejoang haholo litabeng tsa litokelo tsa botho. Hamorao ho ile ha tla Litokelo tse Sireletsang Sechaba Engelane (1689), Phatlalatso ea Litokelo ea Virginia (1776), Phatlalatso ea Litokelo tsa Motho ea Fora (1789) le Litokelo tse Sireletsang Sechaba United States (1791).
Lekholong la bo17, la bo18 le la bo19 la lilemo ho ile ha utloahala mantsoe a baeta-pele ba hlaheletseng ba histori ba buella ka sebete tokoloho ea ho itlhalosa. Ka 1644 seroki sa Lenyesemane John Milton, ea ka hopoloang haholo ka Paradise Lost, o ile a ngola pampitšana ea Areopagitica e le khang eo a e tšetlehang khahlanong le lithibelo tsa tokoloho ea ho hatisa lingoliloeng.
Lekholong la bo18 la lilemo ho ile ha ba le khōlo tokolohong ea ho bua Engelane, le hoja lithibelo li ne li ntse li le teng. Amerika, lihlopha tsa batho li ne li tsitlella tokoloho ea ho bua, ka molomo hammoho le ka lingoliloeng. Ka mohlala, ka la 28 September, 1776, Constitution of the Commonwealth of Pennsylvania, ka karolo e ile ea bolela: “Hore batho ba na le tokelo ea ho fumana tokoloho ea ho bua, le ea ho ngola, le ea ho phatlalatsa maikutlo a bona, ka hona tokoloho ea ho hatisa lingoliloeng ha ea lokela ho thibeloa.”
Polelo ena e ile ea susumetsa ho etsoa ha Sehlomathiso sa Pele Molaong oa Motheo oa United States ka 1791, se ileng sa phatlalatsa monahano oa bathehi ba Molao oa Motheo oa Amerika mabapi le litokelo tsa bohlokoa tsa batho: “Lekhotla la Sechaba le Etsang Molao le ke ke la etsa molao mabapi le ho thehoa ha bolumeli, kapa ho thibela tšebetso ea bona e lokolohileng; kapa ho fokotsa tokoloho ea ho bua, kapa ea ho hatisa lingoliloeng; kapa tokelo ea batho ea ho kopana hammoho ka khotso le ho kōpa hore ’Muso o lokise litletlebo.”
Rafilosofi oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo John Stuart Mill o ile a hatisa moqoqo oa hae “On Liberty” ka 1859. Hangata oa qotsoa ebile ho ’nile ha buuoa ka oona e le e ’ngoe ea lipolelo tse hlaheletseng ka ho fetisisa tse tšehetsang ho bua ka bolokolohi.
Leha ho le joalo, lintoa tsa tokelo ea ho bua phatlalatsa ka bolokolohi, ha lia ka tsa fela ha ho fihla lilemo tseo ho nahanoang hore ke tsa tlhahiso-leseling tsa lekholong lena la bo20 la lilemo. Ka mohlala, ka lebaka la boiteko ba ho khina tokoloho ea ho bua Amerika, liphatlalatso tse sireletsang tokoloho eo li ’nile tsa utloahala liholong tsa toka, makhotleng a tlaasana hammoho le Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States.
Moahloli Oliver Wendell Holmes, e monyenyane, oa Lekhotla le ka Holimo-limo la United States, o ile a hlalosa tumelo ea hae tabeng ea ho bua ka bolokolohi liqetong tse ngata tsa lekhotla. Ha a hlalosa tlhahlobo ea ho bua ka bolokolohi, o ile a re: “Haeba ho na le molao-motheo leha e le ofe oa Molao oa Motheo oo joang kapa joang o hlokang ho khomareloa ho feta leha e le ofe o mong ke molao-motheo oa ho nahana ka bolokolohi—e seng ho nahana ka bolokolohi ka ba lumellanang le rōna empa tokoloho ka khopolo eo re sa e rateng.”—United States v. Schwimmer, 1928.
Ke ho se natsoe ha molao-motheo ona ho tsositseng lintoa tsa makhotla tse lulang li tlisa liphetoho pakeng tsa tokoloho le khatello. Hangata maikutlo a bang teng ke “Ho bua ka bolokolohi bakeng sa ka—e seng uena.” Bukeng ea hae e reheletsoeng ka mantsoe ao, Nat Hentoff o bua ka liketsahalo tseo ho tsona basireletsi ba chesehang ba Sehlomathiso sa Pele ba fetohang ho tloha ka ho le letona ho ea ka ho le letšehali ho latela maikutlo a bona. O bua ka liketsahalo tseo ho tsona Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ileng la fetola tse ling tsa liqeto tsa lona, ho akarelletsa le tse ling tse amanang le liketsahalo tse amang Lipaki tsa Jehova le ho loanela ha tsona ka lilemo tokelo ea ho bua ka bolokolohi ka litumelo tsa bolumeli ba tsona. Mabapi le tsona, o ile a ngola: “Ka mashome a lilemo, litho tsa tumelo eo li tlatselitse haholo malebana le ho atolosoa ha tokoloho ea letsoalo ka liqoso tsa lekhotla tse amanang le molao oa motheo.”
Litsebi tse ngata tsa tlhahlobo ea molao le bo-rahistori ba mehleng ea kajeno ba ’nile ba ngola haholo ka lintoa tse ngata tsa lekhotla tse loannoeng ho sireletsa tokoloho ea ho bua bofelong ba lekholo lena la bo20 la lilemo, e seng Amerika feela empa le linaheng tse ling. Ha ho mohla tokoloho ea ho bua e tiisoang ka ho feletseng. Le hoja mebuso e ka ’na ea ithorisa ka tokoloho eo e e atolosetsang ho batho ba eona, tokoloho e ka fela ha ho e-ba le phetoho ’musong kapa ho baahloli ba lekhotla, joalokaha phihlelo e bontšitse. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa e-ba ka pele-pele ho loaneleng tokoloho ena ea bohlokoahali.
Bukeng ea hae ea These Also Believe, Moprofesa C. S. Braden oa ngola: “[Lipaki tsa Jehova] li phethile tšebetso e hlokomelehang pusong ea sechaba ka sechaba ka ntoa ea tsona ea ho sireletsa litokelo tsa tsona tsa sechaba, hobane ntoeng ea tsona li entse ho hoholo ho sireletsa litokelo tseo bakeng sa sehlopha se seng le se seng sa ba fokolang Amerika. Ha litokelo tsa sechaba tsa sehlopha leha e le sefe li hlaseloa, ha ho sehlopha leha e le sefe se seng seo litokelo tsa sona li sireletsehileng. Ka hona li entse tlatsetso e tobileng tšireletsong ea tse ling tsa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa pusong ea rōna ea sechaba ka sechaba.”
Batho ba ratang tokoloho ba sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha mebuso e meng le malumeli li ne li hanela batho ba tsona ka tokoloho ena. Ke ho haneloa ka tokelo ea botho ea motheo, ’me batho ba bangata ho pholletsa le lefatše ba utloisoa bohloko ke ho thibeloa ha tokoloho ena. Na boikutlo mabapi le tokoloho ea ho bua, esita le linaheng tse thabelang tokelo ena ea motheo, bo tla tsoela pele ho lula bo ntse bo fetoha? Na maikutlo a tokoloho ea ho bua a tla sebelisetsoa ho lokafatsa puo ea boitšoaro bo bobe kapa e litšila? Makhotla a se a ntse a loantšana ka khang ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Socrates o ile a tseka tokoloho ea ho bua
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei Capitolini, Roma