‘Evangeli e Lokela ho Boleloa Pele’
“E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.”—MAREKA 13:10.
1. Ke ntho efe e ’ngoe e etsang hore Lipaki tsa Jehova e be tse fapaneng le malumeli ’ohle a Bokreste-’mōtoana, hona hobane’ng?
HAR’A bohle ba ipolelang e le Bakreste, ke Lipaki tsa Jehova feela tse nkang boboleli ba evangeli ka ho teba. Li etsa sehlopha se le seng feela seo ho sona setho se seng le se seng se ikutloang se e-na le tlameho ea botho ea ho atamela moahelani oa sona kamehla ho buisana le eena ka merero ea Molimo. Ke hobane’ng ha ho le tjee? Hobane Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ikutloa hore, joaloka Mokreste, e tlameha ho ba molateli ea hatang moo Kreste a hatileng teng. (1 Petrose 2:21) Hoo ho akarelletsa eng?
2. Batho ba bangata ba talima Jesu Kreste joang, empa mosebetsi oa hae oa sehlooho ha a le lefatšeng e ne e le ofe?
2 Likelellong tsa ba bangata, Jesu Kreste e ne e mpa e le motho feela ea neng a etsa liketso tse molemo: O ne a folisa ba kulang, a fepa ba lapileng, ’me a bontša lerato le mosa ho ba hlokang. Empa Jesu o ile a etsa ho hongata haholo. Pele ho tsohle, e ne e le ’moleli ea chesehang oa evangeli ea ’Muso oa Molimo. Likhoeli tse seng kae kamor’a kolobetso ea hae nōkeng ea Jordane, Jesu o ile a qala ho bolela phatlalatsa, “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:17) Tlaleho ea Mareka e bolela hore: “Jesu a tla Galilea, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo; a re: Nako li phethehile, ’muso oa Molimo o atametse; bakang, ’me le lumele Evangeli.”—Mareka 1:14, 15.
3, 4. (a) Le hoja Jesu a ne a phekola maloetse a mefuta eohle, o ile a hatisa eng tšebeletsong ea hae? (b) Jesu o ne a rometsoe eng? (c) Jesu o ile a tšoantša mosebetsi oa hae oa boboleli le eng, ’me o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba etse eng?
3 Jesu o ile a bitsa Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne hore ba mo latele, ’me rea bala: “Jesu a ea le Galilea eohle, a ntse a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle e ho batho.” Ha matšoele a Galilea a leka ho mo tšoara, o ile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” Eaba o tsoela pele ho bolela masynagogeng a Judea.—Mattheu 4:18-23; Luka 4:43; Luka 4:44, NW.
4 Ha a boetse a khutlela Galilea, Jesu “a ’na a ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) O ile a tšoantša mosebetsi oa hae oa boboleli le ho kotula ’me a re: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mattheu 9:35-38) Esita leha matšoele a ne a sa mo fe phomolo, “o ile a ba amohela ka mosa ’me a qala ho bua le bona ka ’muso oa Molimo, ’me a folisa ba hlokang ho phekoloa.”—Luka 9:11, NW.
5. Ha Jesu a rōma baapostola ba hae le barutuoa ba bang tšebeletsong, o ile a ba nea litaelo life?
5 Ke ’nete hore Jesu o ile a folisa ba kulang, ’me ka linako tse ling a fepa ba lapileng. Empa kaholimo ho tsohle, o ne a tšoarehile ka ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Hape o ne a batla hore balateli ba hae ba etse ho tšoanang. A koetlisitse baapostola ba hae, o ile a ba rōma ka bobeli ho ea bolela, a re: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 10:7) Luka o oa bolela: “A ba roma ho bolela ’muso oa Molimo, le ho folisa ba kulang.” (Luka 9:2) Jesu o ile a boela a nea barutuoa ba 70 taelo ea ho ‘phekola ba kulang le ho tsamaea ba ntse ba ba bolella hore ’muso oa Molimo o atametse.’—Luka 10:9.
6. Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a nea balateli ba hae litaelo life tse amanang le tšebeletso ea bona?
6 Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a nea balateli ba hae ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli le ho o atolosa. O ile a ba laela hore: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Ho feta moo, o itse: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Kahona, ntho ea pele eo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba e ela hloko ke boboleli ba evangeli ea ’Muso oa Molimo.
’Muso o Lokelang ho Boleloa Mehleng ea Rōna
7. Jesu o ile a re’ng ka mosebetsi oa boboleli o neng o tla etsoa nakong ea “ho fela ha lefatše”?
7 Boprofeteng ba hae ka liketsahalo tse neng li tla ba teng nakong ea “ho fela ha lefatše,” Jesu o ile a bolela hore: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:3, 14) Kapa joalokaha ho boletsoe ho Mareka 13:10: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.”—Bona hape Tšenolo 14:6, 7.
8. (a) Evangeli e ne e akarelletsa eng mehleng ea baapostola? (b) Molaetsa oa evangeli, o akarelletsa eng kajeno?
8 “Mehleng ea qetello,” evangeli ea ’Muso e akarelletsa ho hongata ho feta seo e se entseng mehleng ea Jesu. O ne a bolela hore ’Muso o ne o atametse, a hlokomelisa ka ’nete ea hore o ne a le har’a batho e le Messia le Morena. (2 Timothea 3:1; Mattheu 4:17; Luka 17:21) Evangeli e neng e boleloa ke Bakreste ba pele e ne e akarelletsa taba ea tsoho ea Jesu le ho nyolohela ha hae leholimong, ’me e khothalletsa ba bonolo ho lumela ’Musong o tlang. (Liketso 2:22-24, 32; 3:19-21; 17:2, 3; 26:23; 28:23, 31) Kaha joale re fihlile ‘bofelong ba lefatše,’ boboleli ba evangeli ea ’Muso bo akarelletsa molaetsa o susumetsang oa hore ’Muso o hlomiloe maholimong.—Tšenolo 11:15-18; 12:10.
Ke Bo-mang Ba Tla Bolela Evangeli?
9. (a) Ba bang ba ka ’na ba phea khang joang hore kajeno boboleli ba evangeli ha bo tlame Bakreste kaofela? (b) Jehova o ile a sebelisa bo-mang ho bolela lentsoe la hae mehleng e fetileng, ’me see se bolela eng ho rōna kajeno?
9 Ke bo-mang kajeno, ba lokelang ho kopanela mosebetsing oa boboleli? Ka ho totobetseng Bokreste-’mōtoana bo ikutloa hore hase tlamo ho e mong le e mong, ’me ke ’nete hore ha Jesu a ne a bolela hore evangeli e ne e tla boleloa, ha aa ka a qaqisa hore na ke bo-mang ba neng ba tla etsa mosebetsi oo. Leha ho le joalo, ke bo-mang ba bang bao Jehova a neng a tla ba sebelisa bakeng sa mosebetsi o joalo ha e se ba lumetseng Lentsoeng la hae ’me ba qalile ho le sebelisa bophelong ba bona? Ha Jehova a rera ho lemosa lefatše la moloko oa batho o khopo ka timetso e tlang mehleng ea Noe, o ile a sebelisa motho ea neng “a tsamaea le Molimo.” (Genese 6:9, 13, 14; 2 Petrose 2:5) Ha a ne a batla hore melaetsa ea boprofeta e fetisetsoe ho Iseraele, o ile a rōma ‘bahlanka ba hae, baprofeta.’ (Jeremia 7:25; Amose 3:7, 8) Sechaba se inehetseng sa Iseraele e ne e le sechaba sa lipaki tsa hae. (Exoda 19:5, 6; Esaia 43:10-12) E, Jehova o sebelisa bahlanka ba hae ba inehetseng e le lipaki tsa hae.
10. Ho tsoa mantsoeng a ho Mattheu 28:19, 20 ho ka bonoa joang hore taelo ea ho etsa barutuoa e sebetsa ho Bakreste bohle?
10 Ba bang ba ’nile ba re taelo ea ho etsa barutuoa, e fanoeng ho Mattheu 28:19, 20, e ne e fanoe ho baapostola feela ’me kahona ha e sebetse ho Bakreste ka kakaretso. Empa hlokomela seo Jesu a se boleletseng: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho ruta barutuoa bohle ba bacha ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a neng a li laetse. ’Me e ’ngoe ea lintho tseo Jesu a neng a li laetse e ne e le ho ‘ea le ho etsa barutuoa.’ Ka sebele, barutuoa bohle ba bacha ba ne ba tla lokela ho rutoa ho boloka le eona taelo ena e khethehileng.
11. (a) Ke tlamo efe e neng e le holim’a phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo? (b) Ho hlokahala eng hore motho a bolokehe, ’me hoo ho akarelletsa eng?
11 Phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ne e bitsoa ‘Batho ba Molimo ba khethiloeng ba ruiloeng hore ba tle ba bolele lithoko tsa ea ba bitsitseng lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ (1 Petrose 2:9) Litho tsa eona li ne li pakela ’Muso oa Molimo ka cheseho. (Liketso 8:4, 12) ‘Bahalaleli’ bohle, Bakreste ba tlotsitsoeng ba Roma ba ile ba bolelloa hore “ka molomo motho o etsa polelo ea phatlatsa bakeng sa ho bolokeha” le hore “mang le mang ea rapelang lebitso la Jehova o tla bolokeha.” (Ba-Roma 1:7; 10:9, 10, 13, NW) Polelo ena ea phatlalatsa bakeng sa polokeho, e etsoang ha motho a kolobetsoa, e boetse e akarelletsa boboleli ba phatlalatsa ba evangeli ea ’Muso oa Jehova.
12, 13. (a) ‘Polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea rōna’ e boletsoeng ho Ba-Heberu 10:23, NW, e akarelletsa eng? (b) Pesaleme ea 96 e bontša tlhokahalo ea polelo ea phatlalatsa kantle ho phutheho joang? (c) Tšenolo 7:9, 10 e tšehetsa see joang?
12 Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu hore: “A re itšoarelleng ka tieo polelong ea phatlalatsa ea tšepo ea rōna re sa sisinyehe hobane ea [re] tšepisitseng oa tšepeha.” (Ba-Heberu 10:23, NW) Polelo ena ea phatlalatsa ha ea lekanyetsoa feela libokeng tsa phutheho. (Pesaleme ea 40:9, 10) Ho Pesaleme ea 96:2, 3, 10 re bona ka ho hlaka taelo ea boprofeta ea ho bolela kantle ho phutheho, lichabeng, ka mantsoe ana: “Le bolele poloko ea hae ka matsatsi-tsatsi. Le bolele khanya ea hae har’a lichaba, le mehlolo ea hae har’a mefuta eohle! E-reng har’a lichaba: Jehova oa busa.” Ka sebele, ho Mattheu 28:19, 20 le Liketso 1:8, Jesu o ile a laela Bakreste ho bolela lichabeng.
13 Pauluse o tsoela pele ho supa boboleli bona ba phatlalatsa ka mantsoe a eang ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba Baheberu: “Kamehla a re ke re hlahiseng ka eena sehlabelo sa thoriso ho Molimo, ke hore, tholoana ea melomo e etsang polelo ea phatlalatsa ea lebitso la hae.” (Ba-Heberu 13:15, NW) Bukeng ea Tšenolo, “bongata bo boholo ba batho” bo bokelletsoeng ho tsoa lichabeng tsohle, bo boetse bo bonoa bo hoa ka lentsoe le phahameng: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” (Tšenolo 7:9, 10) Kahona, nakong ena ea qetello ea tsamaiso ea lintho, boboleli ba evangeli bo etsoa ke Lipaki tse inehetseng tsa Jehova, masala a baena ba Kreste ba moea le metsoalle ea bona e kang linku e etsang “bongata bo boholo ba batho.” Empa ba lokela hore ba hle ba etse mosebetsi oo joang?
“Phatlalatsa le Ka Ntlo le Ntlo”
14. Jesu o ne a etsa boboleli ba hae hokae, ’me re ka ithuta molao-motheo ofe ho see?
14 Jesu o ne a bolela ka ho toba bathong. Ka mohlala, re bala hore o ne a ruta masynagogeng. Hobane’ng? Hobane batho ba ne ba bokana moo ka Sabbatha ’me ba mamela ho baloa ha Mangolo le tlhaloso ea ’ona. (Mattheu 4:23; Luka 4:15-21) Jesu o ne a boetse a bolella batho tseleng, lebopong la leoatle, letsoapong, selibeng kathōko ho motse, le malapeng. Kae kapa kae moo ho neng ho e-na le batho, Jesu o ne a ba bolella.—Mattheu 5:1, 2; Mareka 1:29-34; 2:1-4, 13; 3:19; 4:1, 2; Luka 5:1-3; 9:57-60; Johanne 4:4-26.
15. (a) Jesu o ile a nea barutuoa ba hae litaelo life ha a ba rōma ho ea bolela? (b) Bahlalosi ba bang ba Bibele ba ’nile ba hlalosa see joang?
15 Ha Jesu a rōma barutuoa ba hae ho ea bolela, o ile a boela a ba rōma ho batho ka ho toba. Hona ho bonoa litaelong tsa hae tse tlalehiloeng ho Mattheu 10:1-15, 40-42. Ho Temana ea 11 o ile a bolela hore: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo; le lule ha hae le be le tlohe.” The Jerusalem Bible e fetolela temana ena tjena: “Le batle ea ka tšeptjoang,” joalokaha eka barutuoa ba ne ba tla botsa motho e mong ea hlahelletseng kapa ea tsebang haholo motseng ho fumana hore na ke mang ea neng a e-na le botumo bo botle eo kahona a neng a tšoaneloa ke molaetsa. (Bona hape Weymouth le King James Version.) Ena ke tlhaloso eo bahlalosi ba bang ba Bibele ba fanang ka eona bakeng sa temana ea 11.
16. Ke tlhahlobo efe e se nang leeme ea mantsoe a Jesu ho Mattheu 10:11 e bontšang kamoo baapostola ba neng ba lokela ho batla ba tšoanelehang?
16 Leha ho le joalo, ho lokela hore ho hopoloe hore, ka kakaretso, litsebi tsa lithuto tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana ha li ee ka ntlo le ntlo, ’me bahlalosi ba bangata ba Bibele ba sekamela ho hlaloseng Mangolo ka kutloisiso ea phihlelo ea bona. Tlhahlobo e se nang leeme ea taelo ea Jesu e bontša hore o ne a bua ka hore barutuoa ba hae ba batle batho ka bomong, e bang ke ka ntlo le ntlo kapa phatlalatsa le ho ba nea molaetsa oa ’Muso. (Mattheu 10:7) Karabelo ea bona e ne e tla bontša hore na ba ne ba tšoaneleha kapa che.—Mattheu 10:12-15.
17. Ke eng se pakang hore barutuoa ba Jesu ba ne ba sa etele feela batho ba tšoanelehang ba itšetlehile ka lipuello kapa ka ho etsa tokisetso le bona esale pele?
17 Sena se bonoa mantsoeng a Jesu ho Mattheu 10:14: “E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna.” Jesu o ne a bua ka ho etela batho ha barutuoa ba hae ba sa mengoa. Ke ’nete hore ba ne ba tla be ba amohele bolulo ho le leng la malapa a neng a arabela molaetseng. (Mattheu 10:11) Empa ntho e ka sehloohong e ne e le mosebetsi oa boboleli. Ho Luka 9:6 ho boleloa hore: “Eaba ba tsoa, ba ea le metse le metsana, ba bolela Evangeli, ba folisa batho kahohle.” (Bona hape Luka 10:8, 9.) Ba tšoanelehang ba neng ba amohela barutuoa malapeng a bona joaloka baprofeta, mohlomong ba ba fa “mohope feela oa metsi a batang,” kapa esita le bolulo, ba ne ba ke ke ba lahleheloa ke moputso oa bona. Ba ne ba tla utloa molaetsa oa ’Muso.—Mattheu 10:40-42.
18, 19. (a) Ho latela Liketso 5:42, Bakreste ba pele ba ne ba etsa mosebetsi oa bona oa boboleli joang? (b) Mantsoe a Pauluse ho Liketso 20:20, 21 a bontša joang hore o ne a bua ka tšebeletso ho ba sa lumelang, e seng mosebetsi oa bolisa ho ba kahare?
18 Kamor’a ho theoa ha phutheho ea Bokreste, rea bala mabapi le baapostola: “Letsatsi le leng le le leng tempeleng le ka ntlo le ntlo ba ile ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho phatlalatsa evangeli ea Kreste, Jesu.” (Liketso 5:42, NW; Reference Bible, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Polelo ea Segerike e fetoletsoeng e le “ka ntlo le ntlo” ke kat’ oiʹkon. Mona ka·taʹ e sebelisitsoe ka kutloisiso ea ho aba. Kahoo ho ka ’na ha thoe boboleli ba barutuoa bo ne bo abjoa ka ntlo le ntlo. Ba ne ba sa ete feela ka mokhoa oa setsoalle o lokiselitsoeng esale pele. Tšebeliso e tšoanang ea ka·taʹ e fumanoa ho Luka 8:1 polelong ho “ea le metse le metsana.”
19 Polelo e tšoanang, kat’ oiʹkous, e sebelisitsoe ke moapostola Pauluse e le ka bongateng ho Liketso 20:20, NW. Mona o boletse hore: “Ha kea ka ka tlohela ho . . . le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Polelo “ka ntlo le ntlo” e behoa e le “ka malapeng a lōna” liphetolelong tse ling. Kahoo bahlalosi ba bang ba Bibele ba Bokreste-’mōtoana ba re Pauluse o ne a supa maeto a bolisa malapeng a balumeli. Empa mantsoe a Pauluse a latelang a bontša hore o ne a bua ka tšebeletso ho ba sa lumelang, hobane o bolela hore: “Ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Liketso 20:21.
20. (a) Lipaki tsa Jehova li boletse evangeli ea ’Muso ho isa boholeng bofe mehleng ea rōna? (b) Ba bang ba ka ’na ba talima taba ea ho tsoela pele ka boboleli joang?
20 Kahona mokhoa ona oa ho finyella batho o lokela ho sebelisoa mehleng ea rōna ha “Evangeli ena ea ’muso” e tlameha ho “boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14) Ka lilemo tse fetang 65, phatlalatsa le ka ntlo le ntlo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela ka cheseho evangeli ea ’Muso oa Molimo o hlomiloeng—joale linaheng tse 210. Ke bopaki bo bokaakang bo finyelloang! ’Me li etsa sena ho sa tsotellehe ’nete ea hore batho ba bangata kajeno ba utloa molaetsa “ba sa arabele,” ba bang ba bile ba tenehile. (Mattheu 13:15, NW) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li qophella ho bolela libakeng tseo batho ba hanang ho mamela kapa ba bileng ba li hanyetsang? Potso ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
U Ne U Tla Araba Joang?
◻ Mangolo a bontša hore tšebeletso ea Jesu e ne e khetholloa ka eng?
◻ Baapostola ba ne ba neiloe litaelo life tšebeletsong ea bona?
◻ Ke mosebetsi ofe o lokelang ho etsoa mehleng ea rōna, hona hobane’ng?
◻ Jehova o ne a tla sebelisa bo-mang ho bolela evangeli mehleng ea rōna?
◻ Mosebetsi oa boboleli o lokela ho finyelloa hokae hona joang?