Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 2-LA 8 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TŠENOLO 7-9
“Bongata bo Boholo bo se Nang Palo bo Hlohonolofatsoa ke Jehova”
(Tšenolo 7:9) Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu; ’me ho ne ho e-na le makala a palema matsohong a bona.
it-1-E 997 ¶1
Bongata bo Boholo
Potso ke hore na, haeba bongata bo boholo ke batho ba tla pholoha ’me ba phele lefatšeng, ke hobane’ng ha ho thoe ‘bo ka pel’a terone ea Molimo le ka pel’a Konyana’? (Tše 7:9) Ka linako tse ling, ka Bibeleng ha ho buuoa ka ho ‘ema’ ho bontšoa hore motho kapa sehlopha se fumane kamohelo ka pel’a motho eo ba emeng ka pel’a hae. (Pes 1:5; 5:5; Lipr 22:29; AT; Lu 1:19) Haele hantle, Tšenolo khaolo 6 e re “marena a lefatše le ba boemong bo ka sehloohong le balaoli ba sesole le ba ruileng le ba matla le lekhoba le leng le le leng le motho e mong le e mong ea lokolohileng” ba batla ho ipatela ‘sefahleho sa Ea lutseng teroneng le khalefong ea Konyana, hobane letsatsi le leholo la khalefo ea bona le tlile, ’me ke mang ea ka khonang ho ema?’ (Tše 6:15-17; bapisa le Lu 21:36) Kamoo ho bonahalang kateng, “bongata bo boholo” ke batho ba ileng ba pholoha letsatsi la khalefo ’me ba khona ho “ema” e le ba amohetsoeng ke Molimo le Konyana.
(Tšenolo 7:14) Kahoo hang-hang ka re ho eena: “Moren’a ka, ke uena ea tsebang.” A re ho ’na: “Bana ke ba tsoang matšoenyehong a maholo, ’me ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.
it-2-E 1127 ¶4
Matšoenyeho
Hoo eka bang lilemo tse mashome a mararo kamor’a hore Jerusalema e felisoe, moapostola Johanne o ile a bolelloa hore bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle, merabeng eohle le bathong bohle ke “ba tsoang matšoenyehong a maholo.” (Tše 7:13, 14) Taba ea hore bongata bo boholo bo tsoa ‘matšoenyehong a maholo’ e bontša hore ba ile ba pholoha. Sena se pakoa ke mantsoe a hlahang ho Liketso 7:9, 10 a reng: “Empa Molimo o ne a e-na le eena [Josefa], ’me a mo lopolla matšoenyehong ’ohle a hae.” Hore ebe Josefa o ile a ntšoa matšoenyehong, ha se hore feela o ile a thusoa hore aa mamelle empa o ile a thusoa le hore a tsoe ho ’ona.
(Tšenolo 7:15-17) Ke ka lebaka leo ba leng ka pel’a terone ea Molimo; ’me ba mo etsetsa tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae; ’me Ea lutseng teroneng o tla ala tente ea hae holim’a bona. 16 Ba ke ke ba hlola ba lapa kapa ba nyoroa, kapa ba bataoloa ke letsatsi kapa mocheso leha e le ofe o tlabolang, 17 hobane Konyana, e leng har’a terone, e tla ba lisa, ’me e tla ba tataisetsa lilibeng tsa metsi a bophelo. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”
it-1-E 996-997
Bongata bo Boholo
Kamoo re ka bo Tsebang Kateng. Tlhaloso ea bongata bo boholo e hlaha ho Tšenolo khaolo ea 7 le litemaneng tse ling tse tšoanang le eona. Tšenolo 7:15-17 e bua ka ha Molimo a “ala tente ea hae holim’a bona,” ha bo ‘tataisetsoa lilibeng tsa metsi a bophelo’ le ha Molimo a “hlakola meokho eohle mahlong a bona.” Ho Tšenolo 21:2-4 ho na le lipolelo tse tšoanang tse kang: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho,” “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona” le hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” Mona ha ho buuoe ka batho ba leholimong moo ‘Jerusalema e mocha a theohang teng’ empa ho buuoa ka lefatšeng moo batho ba phelang teng.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 7:1) Ka mor’a sena ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše, e le hore ho se ke ha e-ba le moea o ka fokang lefatšeng kapa leoatleng kapa sefateng leha e le sefe.
Ho Tiisa Iseraele ea Molimo
4 Ha ho pelaelo hore mangeloi ana a mane a emela lihlopha tse ’nè tsa mangeloi, ao Jehova a a sebelisang ho thibela ho phethahatsoa ha kahlolo ho fihlela nakong e behiloeng. Ha mangeloi a lokolla meea eo ea khalefo ea Molimo hore e foke joaloka setsokotsane ka nako e le ’ngoe ho tloha leboea, boroa, bochabela le bophirimela, thipitlo e tla ba e kholo ka mokhoa o tšabehang. E tla tšoana le ha Jehova a ne a sebelisa meea e mene ho qhalakanya Baelame ba boholo-holo, a ba pshatlakanya le ho ba felisa, empa eona e tla etsahala ka tekanyo e kholo haholo. (Jeremia 49:36-38) E tla ba sefefo se seholohali ho feta “sefefo se matla” seo Jehova a ileng a felisa sechaba sa Baammone ka sona. (Amose 1:13-15) Ha ho karolo ea mokhatlo oa Satane lefatšeng e tla khona ho ema ka letsatsi la khalefo ea Jehova, ha a tlosa qoso eohle bobusing ba hae ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 83:15, 18; Esaia 29:5, 6.
(Tšenolo 9:11) Li na le morena ea li okametseng, lengeloi la mohohlo. Ka Seheberu lebitso la lona ke Abadone, empa ka Segerike lebitso la lona ke Apolione.
it-1-E 12
Abadone
Abadone, lengeloi la mohohlo ke mang?
Ho Tšenolo 9:11, lentsoe “Abadone” le sebelisitsoe e le lebitso la “lengeloi la mohohlo.” Lentsoe la Segerike le tšoanang le leo e leng Apolione le bolela “Motimetsi.” Lilemong tsa bo 1900, ho ne ho lekoa ka hohle ho etsa hore lengoloi leo ho buuaoang la lona boprofeteng bona le tšoanele batho ba kang: Moemphera Vespasian, Muhammad esita le Napoleon ’me hangata lengeloi leo ho ne ho thoe le na le “bosatane.” Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore Tšenolo 20:1-3 e bua ka lengeloi le se nang “bosatane” le nang le “senotlolo sa mohohlo” leo eleng moemeli oa Molimo ’me le tla tlama Satane le ho mo lahlela ka mohlong. Ha The Interpreter’s Bible e hlalosa lengolo la Tšenolo 9:11 e re: “Leha ho le joalo, Abadone ke lengoloi la Molimo eseng la Satane leo Molimo a le fang mosebetsi oa ho timetsa.”
Ho latela mangolo a Seheberu ao re qetang ho bua ka ona, hoa hlaka hore ʼavad·dohnʹ e tšoana le Sheole le lefu. Ho Tšenolo 1:18 Jesu Kreste o re: “Ke phela ka ho sa feleng le kamehla, ’me ke na le linotlolo tsa lefu le tsa Hadese.” Matla ao a e-nang le ’ona mabapi le mohohlo a bontšoa ho Luka 8:31. Matla ao a ho timetsa, a akarelletsa a ho timetsa Satane ’me a hlakisitsoe hantle ho Baheberu 2:14 e reng Jesu o ile a nka karolo maling le nameng “e le hore ka lefu la hae a ka etsa lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose.” Ho Tšenolo 19:11-16 o hlalosoa e le ’Molai le Motimetsi ea khethiloeng ke Molimo.—Sheba le APOLIONE.
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 7:1-12) Ka mor’a sena ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’nè tsa lefatše, a tšoere ka tieo meea e mene ea lefatše, e le hore ho se ke ha e-ba le moea o ka fokang lefatšeng kapa leoatleng kapa sefateng leha e le sefe. 2 Ka bona lengeloi le leng le nyoloha bochaba-tsatsi, le e-na le tiiso ea Molimo ea phelang; la hoeletsa ka lentsoe le phahameng mangeloi a mane a neng a nehiloe hore a senye lefatše le leoatle, 3 la re: “Le se ke la senya lefatše kapa leoatle kapa lifate, ho fihlela ka mor’a hore re tiise makhoba a Molimo oa r ona liphatleng tsa ’ona.” 4 Ka utloa palo ea ba neng ba tiisitsoe, likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ba tiisitsoeng molokong o mong le o mong oa bara ba Iseraele: 5 Molokong oa Juda ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Rubene ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Gade ba likete tse leshome le metso e ’meli; 6 molokong oa Ashere ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Nefthali ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Manase ba likete tse leshome le metso e ’meli; 7 molokong oa Simeone ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Levi ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Isakare ba likete tse leshome le metso e ’meli; 8 molokong oa Zabulone ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Josefa ba likete tse leshome le metso e ’meli;molokong oa Benjamine ho tiisitsoe ba likete tse leshome le metso e ’meli. 9 Ka mor’a lintho tsena ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu; ’me ho ne ho e-na le makala a palema matsohong a bona. 10 Bo ntse bo hoeletsa ka lentsoe le phahameng, bo re: “Poloko ea r ona e tsoa ho Molimo oa r ona, ea lutseng teroneng, le Konyana.” 11 Mangeloi kaofela a ne a eme a potile terone le baholo le lib opuoa tse phelang tse ’nè, eaba a itihela fatše ka lifahleho ka pel’a terone ’me a rapela Molimo, 12 a re: “Amen! Poko le khanya le bohlale le liteboho le tlhompho le bonatla le matla li be ho Molimo oa r ona ka ho sa feleng le kamehla. Amen.”
LA 9-LA 15 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“ ‘Lipaki Tse Peli’ Lia Bolaoa Ebile Lia Tsosoa”
(Tšenolo 11:3) Ke tla etsa hore lipaki tsa ka tse peli li profete ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng li apere lesela la mokotla.”
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Lipaki tse peli tseo ho buuoang ka tsona ho Tšenolo khaolo ea 11 ke bo-mang?
Tšenolo 11:3 e bua ka lipaki tse peli tse neng li tla profeta ka matsatsi a 1 260. Tlaleho eo e tsoela pele ho re sebata ‘se tla li hl ola le ho li bolaea.’ Empa ka mor’a “matsatsi a mararo le halofo,” lipaki tsena tse peli li ne li tla boela li phele, e leng se neng se tla makatsa bashebelli.—Tšen. 11:7, 11.
Lipaki tsee tse peli ke bo-mang? Boitsebiso bo tlalehong ena bo re thusa ho li khetholla. Ntlha ea pele, re bolelloa hore “li tšoantšetsoa ke lifate tse peli tsa mohloaare le liluloana tse peli tsa mabone.” (Tšen. 11:4) Sena se re hopotsa seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare tse hlalositsoeng boprofeteng ba Zakaria. Ho ile ha boleloa hore lifate tseo tsa mohloaare li tšoantšetsa “batlotsuoa ba babeli,” e leng ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Joshua, ‘ba eme haufi le Morena oa lefatše lohle.’ (Zak. 4:1-3, 14) Ntlha ea bobeli, lipaki tseo tse peli li hlalosoa li etsa lipontšo tse tšoanang le tse neng li etsoa ke Moshe le Elia.—Bapisa Tšenolo 11:5, 6 le Numere 16:1-7, 28-35, 28-35 le 1 Marena 17:1; 18:41-45
Litlaleho tsee tse peli li tšoana ka eng? Tlaleho ka ’ngoe e bua ka batlotsuoa ba Molimo ba ileng ba etella mosebetsi pele nakong ea ha ba ne ba lekoa. Kahoo, ha Tšenolo khaolo ea 11 e phethahala, barab’abo rona ba tlotsitsoeng ba neng ba etella mosebetsi pele nakong ea ha ho thehoa ’Muso oa Molimo leholimong ka 1914 ba ile ba bolela ba apere “lesela la mokotla” ka lilemo tse tharo le halofo.
Ha mosebetsi oa ho bolela ba apere lesela la mokotla o fihla qetellong, batlotsuoa bana ba ile ba bolaoa ka tsela ea tšoantšetso ha ba ne ba kenngoa teronkong ka nako e khutšoanyane, e tšoantšetsang matsatsi a mararo le halofo. Lira tsa batho ba Molimo li ne li bona eka mosebetsi oa ho bolela o khaolitse, e leng se ileng sa li thabisa haholo.—Tšen. 11:8-10.
Empa joalokaha boprofeta bo ne bo boletse, qetellong ea matsatsi a mararo le halofo, lipaki tse peli li ile tsa boela tsa etsa mosebetsi oa tsona. Batlotsuoa bana ba ile ba lokolloa teronkong, ’me Molimo a sebelisa Morena oa bona, e leng Jesu Kreste, ho khetha ba tšepahalang. Ka 1919, ba ile ba ba har’a ba ileng ba khethoa hore e be “lekhoba le tšepahalang le le masene,” ’me ba hlokomele batho ba Molimo moeeng matsatsing a ho qetela.—Mat. 24:45-47; Tšen. 11:11, 12.
Ho thahasellisang ke hore, Tšenolo 11:1, 2 e amahanya liketsahalo tsena le nako eo ka eona tempele ea moea e neng e tla lekanngoa kapa e hlahlojoe. Malakia khaolo ea 3 le eona e bua ka ho lekanngoa ha tempele ea moea ho lateloang ke ho hloekisoa ha eona. (Mal. 3:1-4) Ho hlahlojoa le ho lekanngoa ha tempele ho ne ho tla nka nako e kae? Ho ile ha qala ka 1914 ho fihlela mathoasong a 1919. Nako ena e akaretsa matsatsi a 1 260 (likhoeli tse 42) esita le matsatsi a mararo le halofo a tšoantšetso ao ho buuoang ka ’ona ho Tšenolo khaolo ea 11.
Ruri rea thaba hore ebe Jehova o lokiselitse tlhoekiso ena ea moea, ho itlhoekisetsa sechaba se khethehileng bakeng sa mesebetsi e metle. (Tite 2:14) Ho phaella moo, re ananela mohlala oa batlotsuoa bana ba tšepahalang ba ileng ba etella mosebetsi pele nakong ea teko ’me ea e-ba lipaki tse peli tsa tšoantšetso.
(Tšenolo 11:7) Ha li qetile ho paka, sebata se nyolohang ka mohohlong se tla loana le tsona ’me se li hlole le ho li bolaea.
(Tšenolo 11:11) Ka mor’a matsatsi a mararo le halofo moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho tsona, ’me tsa ema ka maoto, eaba tšabo e kholo e oela ba li bonang.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 10:9, 10) Ka tloha ka ea ho lengeloi ’me ka le bolella hore le mphe moqolo o monyenyane. La re ho ’na: “O nke ’me u o je, ’me o tla etsa hore mpa ea hao e babe, empa ka hanong la hao o tla ba monate joaloka mahe a linotši.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane letsohong la lengeloi ka o ja, ’me ka hanong la ka o ne o le monate joaloka mahe a linotši; empa ha ke o jele, mpa ea ka ea baba.
it-2-E 880-881
Moqolo
Seo Moqolo o se Tšoantšetsang. “Moqolo” o sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ka makhetlo a ’maloa ka Bibeleng. Ezekiele le Zakaria ka bobeli ba ile ba bona moqolo o ngotsoeng ka mahlakoreng a mabeli. Kaha ho ne ho sebelisoa lehlakore le le leng la moqolo ha ho ne ho ngoloa, hore ebe o ne o ngoetsoe ka mahlakoreng a mabeli ho ne ho bontša hore litaba tse ka ho oona tsa kahlolo li boima ebile li lokela ho nkoa ka botebo. (Eze 2:9–3:3; Zak 5:1-4) Ponong ea Tšenolo, ea lutseng teroneng o nkile moqolo o nang le litiiso tse supileng ka letsohong la hae le letona, li thibetse hore ho se ke ha bonahala hore na ho ngotsoe’ng ho fihlela Konyana ea Molimo e li bula. (Tše 5:1, 12; 6:1, 12-14) Hamorao hona ponong eo, Johanne o ile a bontšoa moqolo eaba o laeloa hore a o je. O ne o ne o utloahala o le monate empa oa etsa hore ka mpeng ea hae ho babe. Kaha moqolo o ne o butsoe, ho ne ho le bonolo ho utloisisa molaetsa o ngotsoeng ho oona. Ha Johanne a bala molaetsa o ka har’a moqolo ona, o ile a utloa o le monate empa ka hare ho oona ho ne ho e-na le litaba tse seng monate tseo a neng a lokela ho li profeta. (Tše 10:1-11) Ezekiele le eena o ile a thulana le boemo bo tšoanang ka hore moqolo oo a neng a o fuoe o ne o e-na le “lipina tsa koli-ea-malla le sello le seboko.”—Eze 2:10.
(Tšenolo 12:1-5) Ha bonoa pontšo e kholo leholimong, mosali ea apereng letsatsi, ’me khoeli e ne e le ka tlas’a maoto a hae, ’me a roetse moqhaka oa linaleli tse leshome le metso e ’meli hloohong, 2 ’me e ne e le moimana. O hoeletsa a le mahlabeng a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha. 3 Ha bonoa pontšo e ’ngoe leholimong, ’me, bonang! drakone e kholo e ’mala oa mollo, e nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome le mefapa-hlooho e supileng lihloohong tsa eona; 4 mohatla oa eona o hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo, ’me oa li lihela tlaase lefatšeng. Drakone ea tsoela pele e eme ka pel’a mosali ea neng a le haufi le ho beleha, e le hore, ha a beleha, e ka harola ngoana oa hae. 5 A tsoala mora, e motona, ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe. Ngoana oa hae a nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.
it-2-E 187 ¶7-9
Bohloko ba Pelehi
Lengolong la Tšenolo, moapostola Johanne o ile a bona mosali oa leholimo a ‘a hoeletsa a le mahlabeng a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha.’ O ile a “a tsoala mora, e motona, ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe.” Drakone e ne e batla ho bolaea ngoana eo empa o ile “a nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.” (Tše 12:1, 2, 4-6) Hore ebe ngoana eo o ile a nkeloa ho Molimo, ho bontša hore o ne a mo nka e le ngoana oa hae. Mehleng ea khale ho ne ho tloaelehile hore ha ngoana a qeta ho hlaha a isoe ho ntat’ae e le hore a ka mo amohela. Taba ena e bontša hore ’mè ea qetang beleha ke “mosali” oa Molimo e leng “Jerusalema oa holimo,” ’mè oa Jesu Kreste le “barab’abo” ba tlotsitsoeng.—Gal 4:26; Heb 2:11, 12, 17.
Mosali oa Molimo e ne e tla ba ea phethatseng ’me o ne a ke ke a ba le mahlaba a pelehi ha a ba le ngoana. Ho ba le mahlaba a pelehi ho tšoantšetsa hore mosali oa hlokomela hore o haufi haholo le ho ba le ngoana le hore joale o lokela ho mo lebella.—Tše 12:2.
‘Mora eo e motona’ e ne e tla ba mang? O ne a lokela ho “lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe.” Ho ile ha hla ha buuoa ka taba ena ho Pesaleme ea 2:6-9 mabapi le Morena oa Bomesia oa Molimo. Empa Johanne o ile a bona pono ena e se joale Kreste a ne a tsoaloe, a shoa a ba a tsosoa. Joale pono ena e ne e bolela ho tsoaloa ha ’Muso oa Bomesia o neng o tla etelloa pele ke Jesu Kreste eo joale a seng a tsositsoe ’me a seng a lutse “ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela lira tsa hae li ka behoa joaloka setuloana sa maoto a hae.”—Heb 10:12, 13; Pes 110:1; Tše 12:10.
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 10:1-11) Ka bona lengeloi le leng le matla le theoha leholimong, le apere leru, ’me mookoli o ne o le holim’a hlooho ea lona, sefahleho sa lona se le joaloka letsatsi, ’me maoto a lona a le joaloka litšiea tsa mollo, 2 letsohong la lona le ne le tšoere moqolo o monyenyane o butsoeng. La beha leoto la lona le letona holim’a leoatle, empa le letšehali la le beha holim’a lefatše, 3 eaba le hoeletsa ka lentsoe le phahameng feela joaloka tau ha e puruma. Ha le hoeletsa, lialuma tse supileng tsa ntša mantsoe a tsona. 4 Joale ha lialuma tse supileng li bua, ke ne ke le lekhatheng la ho ngola; empa ka utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: “Tiisa lintho tseo lialuma tse supileng li li buileng, ’me u se ke ua li ngola fatše.” 5 Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme holim’a leoatle le holim’a lefatše la phahamisetsa letsoho la lona le letona leholimong, 6 ’me la hlapanya ka Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, ea bopileng leholimo le lintho tse ho lona le lefatše le lintho tse ho lona le leoatle le lintho tse ho lona, la re: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho; 7 empa matsatsing a ha ho utloahala molumo oa lengeloi la bosupa, ha le le haufi le ho letsa terompeta ea lona, sephiri se halalelang sa Molimo ho ea ka litaba tse molemo tseo a ileng a li bolella makhoba a hae baprofeta ka sebele se fihlisoa qetellong.” 8 Lentsoe leo ke ileng ka le utloa le tsoa leholimong le boetse le bua le ’na le re: “E-ea, u nke moqolo o butsoeng o letsohong la lengeloi le emeng holim’a leoatle le holim’a lefatše.” 9 Ka tloha ka ea ho lengeloi ’me ka le bolella hore le mphe moqolo o monyenyane. La re ho ’na: “O nke ’me u o je, ’me o tla etsa hore mpa ea hao e babe, empa ka hanong la hao o tla ba monate joaloka mahe a linotši.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane letsohong la lengeloi ka o ja, ’me ka hanong la ka o ne o le monate joaloka mahe a linotši; empa ha ke o jele, mpa ea ka ea baba. 11 Ba re ho ’na: “U boele u profete mabapi le batho le lichaba le maleme le marena a mangata.”
LA 16-LA 22 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TŠENOLO 13-16
“U se ke oa Tšaba Libata Tse Tšosang”
(Tšenolo 13:1, 2) Ea ema holim’a lehlabathe la leoatle. Ka bona sebata se nyolohang ka leoatleng, se e-na le linaka tse leshome le lihlooho tse supileng, le mefapa-hlooho e leshome linakeng tsa sona, empa lihloohong tsa sona se e-na le mabitso a nyefolang. 2 Joale sebata seo ke se boneng se ne se le joaloka lengau, empa maoto a sona a ne a le joaloka a bere, ’me molomo oa sona o le joaloka molomo oa tau. Drakone ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.
Jehova ke “Mosenoli oa Liphiri”
6 Qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Jesu ea tsositsoeng bafung o ile a fa Johanne letoto la lipono tse hlollang. (Tšen. 1:1) Ho e ’ngoe ea tsona, Johanne o ile a bona Diabolose, a tšoantšetsoa ke drakone, e eme lebopong la leoatle le leholo. (Bala Tšenolo 13:1, 2.) Johanne o ile a boela a bona sebata se makatsang se e-tsoa leoatleng ’me Diabolose a se fa matla a maholo. Hamorao, lengeloi le ile la bolella Johanne hore sebata se ’mala o sekareleta, e leng setšoantšo sa sebata seo ho buuoang ka sona ho Tšenolo 13:1, se emela “marena a supileng” kapa mebuso. (Tšen. 13:14, 15; 17:3, 9, 10) Nakong eo Johanne a neng a ngola boprofeta bona ka eona, marena a mahlano a ne a se a oele, a le mong a ntse a busa ’me e mong “a e-s’o fihle.” Mebuso eo kapa mebuso e matla ea lefatše ke efe? A re ke re tšohleng hlooho ka ’ngoe ea sebata seo ho builoeng ka sona ho Tšenolo. Re tla boela re bone kamoo boprofeta ba Daniele bo ileng ba fana ka boitsebiso bo qaqileng kateng mabapi le e meng ea mebuso ena, ka linako tse ling esita le lilemo tse makholo pele e e-ba teng.
(Tšenolo 13:11) Ka bona sebata se seng se nyoloha lefatšeng, ’me se ne se e-na le linaka tse peli joaloka konyana, empa sa qala ho bua joaloka drakone.
(Tšenolo 13:15) Sa nehoa ho fa setšoantšo sa sebata phefumoloho, e le hore setšoantšo sa sebata se ka bua le ho etsa hore ho bolaoe bohle bao ka tsela leha e le efe ba neng ba ke ke ba rapela setšoantšo sa sebata.
Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
26 Ebe ke ofe? Ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—o tšoanang le hlooho ea bosupa ea sebata sa pele empa o phetha karolo e ’ngoe e khethehileng! Ho se khetholla ponong e le sebata se arohileng ho re thusa hore re bone ka ho hlaka kamoo se sebetsang se le seng kateng lefatšeng. Sebata sena sa tšoantšetso se linaka li peli se entsoe ka mebuso e ’meli ea lipolotiki e ntseng e le teng, e ipusang, empa e sebelisanang. Linaka tsa sona tse peli tse ‘joaloka tsa konyana’ li bontša hore se iketsa se bonolo le se sa hlaseleng, se nang le sebopeho sa puso e bohlale eo lefatše lohle le lokelang ho retelehela ho eona. Empa se bua joaloka “drakone” ka hore se sebelisa khatello le litšoso esita le pefo e totobetseng hohle moo mokhoa oa sona oa puso o sa amoheloeng. Ha sea khothalletsa ho ikokobelletsa ’Muso oa Molimo tlas’a puso ea Konyana ea Molimo empa, ho e-na le hoo, se khothalelitse ho ikokobelletsa se batloang ke Satane, e leng drakone e kholo. Se khothalelitse likarohano tsa bochaba le lehloeo le tlatsetsang ho rapeleng sebata sa pele.
Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
30 Ho phethahala ha histori ho bontša hore setšoantšo sena ke mokhatlo o ileng oa buelloa, oa khothalletsoa oa ba oa tšehetsoa ke Brithani le United States, oo qalong o neng o tsejoa e le Selekane sa Lichaba. Hamorao, ho Tšenolo khaolo ea 17, o tla hlaha o tšoantšetsoa ke ntho e fapaneng, e le sebata se phelang, se phefumolohang se ’mala o sekareleta se ikemetseng. Sehlopha sena sa machaba ‘sea bua,’ kaha ka boithoriso se bolela hore ke sona feela se ka tlisetsang moloko oa batho khotso le tšireletseho. Empa bonneteng se fetohile sebaka seo lichaba tseo e leng litho tsa sona li seollanang ho sona ka lipuo tse telele le mahlapa. Se ’nile sa sokela sechaba leha e le sefe kapa batho leha e le bafe ba sa ikokobeletseng matla a sona ka hore se tla ba qhelela thoko kapa se tla ba hlorisetsa ruri. Ha e le hantle, Selekane sa Lichaba se lelekile lichaba tse sa kang tsa amohela likhopolo tsa sona. Qalong ea matšoenyeho a maholo, “linaka” tsa sesole tsa setšoantšo sa sebata li tla phetha mosebetsi oa ho ripitla.—Tšenolo 7:14; 17:8, 16.
31 Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše, setšoantšo sa sebata—seo joale se hlahileng e se e le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng—se ’nile sa hla sa bolaea. Ka mohlala, ka 1950 lebotho la Machaba a Kopaneng le ile la kenella ntoeng pakeng tsa Korea Leboea le Korea Boroa. Lebotho la Machaba a Kopaneng, hammoho le la Makorea a ka Boroa, le ile la bolaea Makorea a ka Leboea le Machaena a hakanyetsoang ho batho ba 1 420 000. Ka ho tšoanang, ho tloha ka 1960 ho fihlela ka 1964, mabotho a Machaba a Kopaneng a ne a loana Congo (Kinshasa). Ho feta moo, baeta-pele ba lefatše, ba akarelletsang mopapa Paul VI le mopapa John Paul II, ba ’nile ba tsoela pele ho tiisa hore setšoantšo sena ke tšepo ea ho qetela ea batho e molemohali ea ho tlisa khotso. Ba tsitlella hore haeba batho ba sa se sebeletse, moloko oa batho o tla itimetsa. Kahoo ka tsela ea tšoantšetso ba etsa hore ho bolaoe batho bohle ba hanang ho khema le setšoantšo seo le ho se rapela.—Deuteronoma 5:8, 9.
(Tšenolo 13:16, 17) Se qobella batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, le ba ruileng le ba futsanehileng, le ba lokolohileng le makhoba, hore ba fuoe letšoao matsohong a bona a matona kapa liphatleng tsa bona, 17 le hore ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao, lebitso la sebata kapa palo ea lebitso la sona.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Tšenolo—II
13:16, 17. Ho sa tsotellehe mathata ao re ka ’nang ra thulana le ’ona ha re etsa mesebetsi ea rona ea letsatsi le letsatsi, e kang “ho reka kapa ho rekisa,” ha rea lokela ho lumella sebata ho re hatella hore se laole bophelo ba rona. Ho amohela ‘letšoao la sebata matsohong a rona kapa liphatleng tsa rona’ ho tla tšoana le ho lumella sebata hore se laole liketso tsa rona kapa hore se ame menahano ea rona.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 16:13, 14) Ka bona lipolelo tse bululetsoeng tse tharo tse sa hloekang tse neng li shebahala joaloka lihoho li tsoa molomong oa drakone le molomong oa sebata le molomong oa moprofeta oa bohata. 14 Ha e le hantle, ke lipolelo tse bululetsoeng ke bademona ’me li etsa lipontšo, ’me li ea ho marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho a bokellela ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Tšenolo—II
16:13-16. ‘Lipolelo tse bululetsoeng tse sa hloekang’ li emela mashano a bademona ao morero oa ’ona e leng ho tiisa hore marena a lefatše ha a susumetsoe ke ho tšolloa ha likotlolo tse supileng tsa bohale ba Molimo empa ho e-na le hoo, a laoloa hore a hanyetse Jehova.—Mat. 24:42, 44.
(Tšenolo 16:21) Sefako se seholo seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela holim’a batho se tsoa leholimong, eaba batho ba nyefola Molimo ka lebaka la kotlo ea sefako, hobane kotlo ea sona e ne e le kholo ka ho sa tloaelehang.
‘Topollo ea Lona e Atametse’!
9 Ha matšoenyeho a maholo a se a qalile, eo e tla be e se nako ea ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ Nako ea teng e tla be e fetile. E tla be e le nako ea “bofelo”! (Matheu 24:14) Ka sebete bahlanka ba Molimo ba tla phatlalatsa molaetsa o matla oa kahlolo ho batho bohle. Molaetsa oo e ka ’na ea e-ba oa hore lefatše le khopo la Satane le haufi le ho felisoa. Bibele e bapisa molaetsa oo le sefako ha e re: “Sefako se seholo seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela holim’a batho se tsoa leholimong, eaba batho ba nyefola Molimo ka lebaka la kotlo ea sefako, hobane kotlo ea sona e ne e le kholo ka ho sa tloaelehang.”—Tšenolo 16:21.
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 16:1-16) Ka utloa lentsoe le phahameng le tsoang sehalalelong le re ho mangeloi a supileng: “E-eang ’me le tšollele likotlolo tse supileng tsa bohale ba Molimo lefatšeng.” 2 La pele la tloha eaba le tšollela sekotlolo sa lona lefatšeng. Batho ba neng ba e-na le letšoao la sebata le ba neng ba rapela setšoantšo sa sona, ba tsoa seso se kotsi le se bolaeang. 3 La bobeli la tšollela sekotlolo sa lona leoatleng. La fetoha mali a joaloka a motho ea shoeleng, ’me moea o mong le o mong o phelang oa shoa, e, lintho tse ka leoatleng. 4 La boraro la tšollela sekotlolo sa lona linokeng le lilibeng tsa metsi. Tsa fetoha mali. 5 Ka utloa lengeloi le holim’a metsi le re: “Uena, Ea teng le ea neng a le teng, Ea tšepahalang, u lokile, hobane u entse liqeto tsena, 6 hobane ba ile ba tšolla mali a bahalaleli le a baprofeta, ’me u ba file mali hore ba a noe. Ba tšoaneloa ke seo.” 7 Ka utloa aletare e re: “E, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, liqeto tsa hao tsa boahloli ke tsa ’nete ’me li lokile.” 8 La bone la tšollela sekotlolo sa lona letsatsing; ’me letsatsi la nehoa hore le tlabole batho ka mollo. 9 Batho ba tlaboloa ke mocheso o moholo, empa ba nyefola lebitso la Molimo, ea nang le matla holim’a likotlo tsena, ’me ha baa ka ba baka e le hore ba mo tlotlise. 10 La bohlano la tšollela sekotlolo sa lona holim’a terone ea sebata. ’Muso oa sona oa fifala, eaba ba qala ho itoma maleme ka lebaka la bohloko ba bona, 11 empa ba nyefola Molimo oa leholimo ka lebaka la bohloko ba bona le ka lebaka la liso tsa bona, ’me ha baa ka ba baka mesebetsing ea bona. 12 La botšelela la tšollela sekotlolo sa lona holim’a noka e kholo ea Eufrate, ’me metsi a eona a psha, e le hore tsela e ka lokisoa bakeng sa marena a tsoang bochaba-tsatsi. 13 Ka bona lipolelo tse bululetsoeng tse tharo tse sa hloekang tse neng li shebahala joaloka lihoho li tsoa molomong oa drakone le molomong oa sebata le molomong oa moprofeta oa bohata. 14 Ha e le hantle, ke lipolelo tse bululetsoeng ke bademona ’me li etsa lipontšo, ’me li ea ho marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho a bokellela ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle. 15 “Bonang! Ke tla joaloka lesholu. Ho thaba ea lulang a falimehile ’me a boloka liaparo tsa hae tsa ka ntle, e le hore a se ke a tsamaea a hlobotse ’me batho ba talima lihlong tsa hae.” 16 Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.
LA 23-LA 29 DECEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TŠENOLO 17-19
“Ntoa ea Molimo e Tla Felisa Lintoa Tsohle”
(Tšenolo 19:11) Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu. Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete, ’me o ahlola le ho loana ka ho loka.
(Tšenolo 19:14-16) Hape, mabotho a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng. 15 Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona, ’me o tla li lisa ka molamu oa tšepe. Hape o hatakela sehatelo sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle. 16 Seaparong sa hae sa ka ntle, esita le seropeng sa hae, o na le lebitso le ngotsoeng, Morena oa marena le Khosi ea likhosi.
Armagedone—Ntoa ea Molimo e Tla Felisa Lintoa Tsohle
Hafeela batho ba khopo ba ntse ba busa, batho ba lokileng ba ke ke ba ba le khotso le tšireletseho. (Liproverbia 29:2; Moeklesia 8:9) Ho hlakile hore re ke ke ra felisa ho se tšepahale le bokhopo hafeela batho ba bo etsang ba ntse ba le teng. Ke kahoo ho hlokahalang hore ho felisoe batho ba khopo e le hore ho ka ba le khotso le toka ka ho sa feleng. Solomone o itse: “Ea khopo ke thekollo bakeng sa ea lokileng.”—Liproverbia 21:18.
Kaha Molimo ke eena Moahloli, re ka kholiseha hore maemong ’ohle o tla ahlola batho ba khopo ka ho loka. Abrahama o ile a botsa potso ena: “Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?” Abrahama o ile a lemoha hore Jehova o etsa se nepahetseng ka linako tsohle! (Genese 18:25) Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova ha a thabele ho timetsa batho ba khopo; o ba timetsa hobane a se na boikhethelo.—Ezekiele 18:32;2 Petrose 3:9.
it-1-E 1146 ¶1
Pere
Ponong ea tšoantšetso ea moapostola Johanne, Jesu Kreste o hlaha a palame pere e tšoeu ’me le ba mo latelang le bona ba palame lipere tse tšoeu. Pono eo Johanne a ileng a e bontšoa e emela ntoa e lokileng le ea toka eo Jesu a tla e loana bakeng sa lira tsa Ntate oa hae. (Tše 19:11, 14) Pejana, Jesu Kreste o tla lula teroneng ’me ka mor’a moo ho latele mathata a mangata a tšoantšetsoang ke bapalami ba fapaneng ba lipere.—Tše 6:2-8.
(Tšenolo 19:19, 20) Ka bona sebata le marena a lefatše le mabotho a ’ona a bokane ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae. 20 Sebata sa tšoaroa, ’me hammoho le sona ha tšoaroa moprofeta oa bohata ea ileng a etsa ka pel’a sona lipontšo tseo ka tsona a ileng a khelosa ba ileng ba amohela letšoao la sebata le ba fanang ka borapeli ho setšoantšo sa sona. Ba sa ntse ba phela, ba liheloa ka letšeng la mollo le tukang sebabole.
Morena oa Mohlabani oa Hlola ka Armagedone
24 Sebata se lihlooho li supileng, se linaka li leshome se tsoang leoatleng, se emelang mokhatlo oa lipolotiki oa Satane, se liheloa moo se tla lebaloa, hammoho le moprofeta oa bohata, e leng ’muso oa lefatše oa bosupa. (Tšenolo 13:1, 11-13; 16:13) Ha “ba sa ntse ba phela,” kapa ba sa ntse ba hanyetsa batho ba Molimo lefatšeng ba kopane, ba liheloa ka “letšeng la mollo.” Na ebe lee ke letša la sebele la mollo? Che, hobane le sebata le moprofeta oa bohata hase liphoofolo tsa sebele. Ho e-na le hoo, le tšoantšetsa timetso e feletseng, ea ho qetela, ea ka ho sa feleng. Mona ke hona moo hamorao lefu le Hadese hammoho le Diabolose ka boeena ba tla liheloa teng. (Tšenolo 20:10, 14) Ka sebele hase sebaka se chesang seo ho sona ho hlokofatsoang ba khopo ka ho sa feleng, kaha khopolo ea sebaka se joalo ka boeona e manyala ho Jehova.—Jeremia 19:5; 32:35; 1 Johanne 4:8, 16.
(Tšenolo 19:21) Empa ba bang kaofela ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere, e leng sabole e neng e tsoa molomong oa hae. Linonyana kaofela tsa khora linama tsa bona.
Morena oa Mohlabani oa Hlola ka Armagedone
25 Ba bang bohle bao e neng e se karolo ea puso ka ho toba empa leha ho le joalo e le karolo e ke keng ea lokisoa ea lefatše lena le bolileng la batho, ka ho tšoanang “ba bolaoa ka sabole e telele ea ea palameng pere.” Jesu o tla bolela hore ba loketsoe ke lefu. Kaha tabeng ea bona ha ho boleloe letho ka letša la mollo, na re ka lebella hore ba tla tsoha? Ha ho moo re bolelloang hore ba bolailoeng ke Moahloli ea behiloeng ke Jehova ka nako eo ba tla tsosoa. Joalokaha Jesu ka boeena a boletse, bohle bao e seng “linku” ba ea “mollong o sa feleng o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae,” ke hore, “phelisong e sa feleng.” (Matheu 25:33, 41, 46) Ena ke eona tlhoro ea ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.’—2 Petrose 3:7; Nahume 1:2, 7-9; Malakia 4:1.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 17:8) Sebata seo u se boneng se ne se le teng, empa ha se eo, leha ho le joalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong, ’me se tla ea timetsong. Ha ba bona kamoo sebata se neng se le teng, empa se se se le sieo, leha ho le joalo se tla ba teng, ba lulang lefatšeng ba tla makala ka ho hlolloa, empa mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo ho tloha ho thehoeng ha lefatše.
Sephiri se Hlollang Sea Rarolloa
5 “Sebata . . . se ne se le teng.” E, se bile teng e le Selekane sa Lichaba ho tloha ka la 10 January, 1920, ho ea pele, ’me ho ne ho e-na le lichaba tse 63 tse kentseng letsoho ho sona ka linako tse fapaneng. Empa, hamorao, Japane, Jeremane le Italy li ile tsa ikhula, ’me linaha tseo pele e neng e le Soviet Union tsa ntšoa Selekaneng seo. Ka September 1939 mohatelli oa Bonazi oa Jeremane o ile a qala Ntoa ea II ea Lefatše. Kaha se ne se hlolehile ho boloka khotso lefatšeng, ho bonahala hore Selekane sa Lichaba se ile sa oela mohohlong oa ho se sebetse. Ka 1942 selekane seo e ne e se e le maobane. Hantle feela ka eona nako eo ea makhaola-khang—eseng pele ho eona kapa ka mor’a eona—Jehova o ile a hlalosetsa batho ba hae sohle se boleloang ke pono ena! Kopanong eo ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha, N. H. Knorr o ne a ka bolela hore “sebata . . . ha se eo” tumellanong le boprofeta. Eaba o botsa potso e reng, “Na Selekane se tla lula se ntse se le ka sekoting?” Ha a qotsa Tšenolo 17:8, a arabela ka hore: “Mokhatlo oa lichaba tsa lefatše o tla hlaha hape.” ’Me ke sona se hlileng sa etsahala—e leng ho ileng ha paka hore Lentsoe la Jehova la boprofeta le nepile!
Ho Nyoloha ka Mohohlong
6 Sebata se ’mala o sekareleta se ile sa fela sa nyoloha ka mohohlong. Ka la 26 June, 1945, ho ile ha hlajoa mokhosi o moholo San Francisco, U.S.A., ha lichaba tse 50 li voutela ho amohela Molao-motheo oa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Morero oa mokhatlo ona e ne e le “ho boloka khotso le tšireletseho ea machaba.” Selekane se ne se tšoana le Machaba a Kopaneng ka litšobotsi tse ngata. The World Book Encyclopedia e re: “Ka litsela tse ling, Machaba a Kopaneng a tšoana le Selekane sa Lichaba, se ileng sa hlophisoa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše . . . Lichaba tse ngata tse ileng tsa theha Machaba a Kopaneng e ne e le tsona hape tse ileng tsa theha Selekane. Joaloka Selekane, Machaba a Kopaneng a ile a theheloa hore a thuse ho boloka khotso pakeng tsa lichaba. Likarolo tse ka sehloohong tsa Machaba a Kopaneng li tšoana haholo le tsa Selekane seo.” Joale, ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke ho tsosolosoa ha sebata se ’mala o sekareleta. Lichaba tse ka bang 190 tseo e leng litho tsa ’ona li feta hole tse 63 tseo e neng e le litho tsa Selekane; a boetse a na le boikarabelo bo eketsehileng ho feta ba Selekane.
(Tšenolo 17:16, 17) Linaka tse leshome tseo u li boneng, le sebata, li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, li tla ja linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo. 17 Etsoe Molimo o ho kentse ka lipelong tsa tsona ho phetha monahano oa hae, ho phetha monahano oa tsona o le mong ka ho fa sebata ’muso oa tsona, ho fihlela ha mantsoe a Molimo a tla be a phethehile.
Jehova o Senola se “Tla Etsahala Haufinyane”
17 Leha ho le joalo, bolumeli ba bohata bo ke ke ba iphella feela. Seotsoa se tla lula se e-na le matla, se tla leka ho susumetsa marena hore a etse thato ea sona ho fihlela ha Molimo a susumetsa lipelo tsa ba boholong. (Bala Tšenolo 17:16, 17.) Haufinyane Jehova o tla etsa hore mekhatlo ea tsamaiso ea lipolotiki ea Satane, e emeloang ke Machaba a Kopaneng, e hlasele bolumeli. E tla felisa tšusumetso ea bona hammoho le maruo a bona. Mohlomong lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, batho ba bangata ba ne ba nahana hore bolumeli bo tla lula bo le matla bo bile bo hlomphuoa. Kajeno, seotsoa ha sea tsitsa mokokotlong oa sebata se ’mala o sekareleta. Leha ho le joalo, se ke ke sa oa butle. Se tla oa ka potlako ’me se tla oa habohloko.—Tšen. 18:7, 8, 15-19.
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 17:1-11) Le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo tse supileng la tla ’me la bua le ’na, la re: “Tloo, ke tla u bontša kahlolo ea seotsoa se seholo se lulang holim’a metsi a mangata, 2 seo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona, athe ba ahileng lefatšeng ba ile ba tahoa ke veine ea bohlola ba sona.” 3 La nkuka ka matla a moea la nkisa lefeelleng. Ka re heli! ’me ka bona mosali ea palameng sebata se ’mala o sekareleta se neng se tletse mabitso a nyefolang le se neng se e-na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. 4 Mosali eo o ne a apere bopherese le sekareleta, ’me o ne a khabile ka khauta le lejoe la bohlokoa le liperela ’me letsohong la hae o ne a tšoere senoelo sa khauta se neng se tletse lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae. 5 Phatleng ea hae ho ne ho ngotsoe lebitso, sephiri: “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” 6 Ka bona hore mosali eo o ne a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu. Joale, ha ke re heli! ’me ke mo bona ka makala ka makalo e kholo. 7 Kahoo lengeloi la re ho ’na: “U makaletse’ng? Ke tla u bolella sephiri sa mosali eo le sa sebata se mo jereng le se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome: 8 Sebata seo u se boneng se ne se le teng, empa ha se eo, leha ho le joalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong, ’me se tla ea timetsong. Ha ba bona kamoo sebata se neng se le teng, empa se se se le sieo, leha ho le joalo se tla ba teng, ba lulang lefatšeng ba tla makala ka ho hlolloa, empa mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo ho tloha ho thehoeng ha lefatše. 9 “Mona ke moo kelello e nang le bohlale e kenellang: Lihlooho tse supileng li bolela lithaba tse supileng, tseo mosali eo a lulang holim’a tsona. 10 Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane. 11 Sebata se neng se le teng empa se se se le sieo, e boetse ke morena oa borobeli, empa se hlaha ho tse supileng, ’me se tloha ho ea timetsong.
LA 30 DECEMBER LA-5 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Bona! Ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
(Tšenolo 21:1) Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile, ’me leoatle ha le sa le eo.
Leholimo le Lecha le Lefatše le Lecha
2 Makholo a lilemo pele ho mehla ea Johanne, Jehova o ne a ile a re ho Esaia: “Etsoe bonang! ke bopa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17; 66:22) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ha Bajuda ba tšepahalang ba khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E. ka mor’a hore ba be kholehong Babylona ka lilemo tse 70. Tsosolosong eo, ba ile ba theha mokhatlo o hloekisitsoeng, e leng “lefatše le lecha,” tlas’a tsamaiso ea puso e ncha, e leng “maholimo a macha.” Leha ho le joalo, moapostola Petrose o ile a bua ka ho phethahala ho hong ha boprofeta bona, a re: “Empa ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:13) Joale Johanne o bontša hore tšepiso ena e phethahala letsatsing la Morena. “Leholimo la pele le lefatše la pele,” e leng tsamaiso ea lintho ea Satane e nang le sebopeho sa puso se susumelitsoeng ke Satane le bademona ba hae, li tla feta. “Leoatle” le befileng la batho ba khopo, ba tletseng bofetoheli le tla khaotsa ho ba teng. Sebakeng sa lona e tla ba “leholimo le lecha le lefatše le lecha”—mokhatlo o mocha oa lefatšeng o tlas’a puso e ncha, e leng ’Muso oa Molimo.—Bapisa le Tšenolo 20:11
(Tšenolo 21:3, 4) Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. 4 O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”
“Bona! Ke Etsa Hore Lintho Tsohle li be Ncha”
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.” (Tšenolo 21:4) O tla hlakola meokho ea mofuta ofe? A ke ke a hlakola meokho ea thabo kapa e sirelelitseng mahlo a rona. Tšepiso ea Molimo e bua ka meokho e bakoang ke mahlomola le ho sareloa. Molimo a ke ke a hlakola meokho eo feela; o tla e felisa ka ho feletseng ka hore a felise lintho tse bakang meokho eo—e leng mahlomola le ho sareloa.
“Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ha ho na ntho e llisang batho ho feta lefu, e leng sera sa rona. Jehova o tla lokolla batho ba mo mamelang litleneng tsa lefu. Joang? Ka hore a felise ntho eo e leng eona e bakang lefu: sebe seo re se futsitseng ho Adama. (Baroma 5:12) Jehova o tla sebelisa sehlabelo sa thekollo sa Jesu ho etsa hore batho ba mo mamelang ba phethahale. Kahoo, sera sa ho qetela, e leng lefu, se tla “etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Batho ba tšepahalang ba tla phela kamoo Molimo a neng a rerile kateng—ba phele ka ho sa feleng ba phethahetse ’meleng.
‘Bohloko ha bo sa tla hlola bo e-ba teng.’ (Tšenolo 21:4) Ke bohloko ba mofuta ofe bo ke keng ba hlola bo e-ba teng? Bohloko bohle ba kelello, ba maikutlo le ba ’mele bo bakiloeng ke sebe le ho se phethahale le bo sulafalelitseng batho ba limilione bophelo, bo ke ke ba hlola bo e-ba teng.
(Tšenolo 21:5) Ea lutseng teroneng a re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” Hape, o re: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.”
Jehova, Molimo oa ’Nete
14 Re lokela ho nka ka ho teba seo Jehova a re bolellang sona ka Lentsoeng la hae. O seo a reng o sona, ’me o tla etsa seo a reng o tla se etsa. Re na le mabaka a utloahalang a ho tšepa Molimo. Re lokela ho lumela ha Jehova a re o tla tlisa “phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rona Jesu.” (2 Bathesalonika 1:8) Re boetse re lokela ho lumela ha Jehova a re o rata ba phehellang ho loka, ha a re o tla fa ba bontšang tumelo bophelo bo sa feleng le ha a re o tla felisa bohloko, ho bokolla, esita le lefu. Jehova o ile a tiisa ho tšepahala ha tšepiso ena ea ho qetela ka ho fa moapostola Johanne taelo e reng: “Ngola, hobane mantsoe ana aa tšepahala ’me ke a ’nete.”—Tšenolo 21:4, 5; Liproverbia 15:9; Johanne 3:36.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Tšenolo 20:5) (Bafu ba bang kaofela ha baa ka ba phela ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile.) Ena ke tsoho ea pele.
it-2-E 249 ¶2
Bophelo
Ha Molimo a ne a fa Adama litaelo, o ile a mo bolella hore haeba feela a ne a ka mamela, o ne a ke ke a shoa. (Gen 2:17) Ha sera sa ho qetela eleng lefu se se se entsoe lefeela bakeng sa batho ba mamelang, sebe se etsang hore ba shoe se tla be se le sieo. Lefu le ke ke la hlola e-ba teng ho hang. (1Ko 15:26) Lefu le tla etsoa lefeela qetellong ea puso ea Kreste eo buka ea Tšenolo e reng e tla nka lilemo tse sekete. Mona ho thoe bao e tla ba marena le baprista ’moho le Kreste ‘ba tla phela ’me ba buse e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete. “Bafu ba bang kaofela” ba sa kang “ba phela ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile” ke ba tl’o tsosoa ho elella qetellong ea lilemo tse sekete empa ba tla tsosoa pele Satane a lokolloa mohohlong hore a tl’o leka batho ka lekhetlo la ho qetela. Qetellong ea lilemo tse sekete, batho ba tla be ba se ba phethahetse, ba phela bophelo boo Adama le Eva ba neng ba bo phela pele ba etsa sebe. Ba tla hlola liteko tsa Satane ka mor’a hore a lokolloe ka nakoana mohohlong, ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng ba phethahetse.—Tše 20:4-10.
(Tšenolo 20:14, 15) Lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo. 15 Ho feta moo, mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.
it-2-E 189-190
Letša la Mollo
Poleloana ena e hlaha feela ka bukeng ea Tšenolo ’me ho na le seo e se emelang. Bibele ha e bolela hore na poleloana eo e bolela’ng le hore na e tšoantšetsang e re: “Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.”—Tše 20:14; 21:8.
Litaba tse ka har’a lengolo la Tšenolo li hlakisa hore na letša la mollo le tšoantšetsa’ng. Ho thoe lefu le liheloa ka letšeng la mollo. (Tše 19:20; 20:14) Ke ntho e hlakileng hore lefu le ke ke la cha. Hape, Diabolose e leng sebopuoa sa moea se sa bonahaleng se lahleloa ke letšeng. Empa kaha ke sebopuoa sa moea, a ke ke a khona ho cha.—Tše 20:10; bapisa le Ex 3:2 le Bhl 13:20.
Kaha letša la mollo le emela “lefu la bobeli,” ebile Tšenolo 20:14 e re “lefu le Hadese” li liheloa ka ho lona, ho hlakile hore letša le ke ke la emela lefu leo re le futsitseng ho Adama (Bar 5:12) kapa hore le ka bolela Hadese (Sheole). Ka hona, re ka re letša la mollo le emela mofuta o mong oa lefu, leo bafu ba lona ba ke keng ba tsoha hobane tlaleho ha e bue ka hore “letša” le khutlisa bafu ba lona joalokaha bafu ba shoeleng ka lebaka la sebe sa Adama ba tla boela ba phele. (Tše 20:13) Joale, bohle ba sa ngoloang ka “bukeng ea bophelo,” e leng bahanyetsi ba sa bakeng ba bobusi ba Molimo, ba tla lahleloa ka letšeng la mollo e leng timetso e sa feleng, lefu la bobeli.—Tše 20:15
’Malo oa Bibele
(Tšenolo 20:1-15) Ka bona lengeloi le theoha leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e kholo letsohong la lona. 2 La tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. 3 La e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile. Ka mor’a lintho tsena e tla lokolloa ka nakoana. 4 Ka bona literone, ’me ho ne ho e-na le ba ileng ba lula holim’a tsona, eaba ba fuoa matla a ho ahlola. E, ka bona meea ea ba bolailoeng ka selepe ka lebaka la bopaki boo ba ileng ba pakela Jesu ka bona le ka lebaka la ho bua ka Molimo, le ba neng ba sa rapela sebata kapa setšoantšo sa sona le ba neng ba sa amohela letšoao liphatleng tsa bona le matsohong a bona. Ba phela eaba ba busa e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete. 5 (Bafu ba bang kaofela ha baa ka ba phela ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile.) Ena ke tsoho ea pele. 6 Ho thaba ’me ho halalela mang kapa mang ea nang le kabelo tsohong ea pele; lefu la bobeli ha le na matla holim’a bona, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete. 7 Joale hang ha lilemo tseo tse sekete li felile, Satane o tla lokolloa hore a tsoe chankaneng ea hae, 8 ’me o tla tsoa ho ea khelosa lichaba tseo likhutlong tse ’nè tsa lefatše, Gogo le Magogo, ho li bokella bakeng sa ntoa. Palo ea tsona e kaalo ka lehlabathe la leoatle. 9 Tsa tsoela lefatšeng ka bophara le ho pota-pota liahelo tsa bahalaleli le motse o ratoang. Empa mollo oa theoha leholimong ’me oa li chesa. 10 Diabolose ea neng a li khelosa a liheloa ka letšeng la mollo le sebabole, moo sebata le moprofeta oa bohata ba neng ba se ba le hona teng; ’me ba tla hlokofatsoa bosiu le motšehare ka ho sa feleng le kamehla. 11 Ka bona terone e kholo e tšoeu le ea neng a lutse ho eona. Lefatše le leholimo tsa baleha ka pel’a hae, ’me ha lia ka tsa fumaneloa sebaka. 12 Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona. 13 Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona. 14 Lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo. 15 Ho feta moo, mang kapa mang ea sa kang a fumanoa a ngotsoe bukeng ea bophelo a liheloa ka letšeng la mollo.