-
“Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
14, 15. (a) Mangeloi a ile a re Kreste o tla khutla joang, ’me a ne a bolela’ng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Ke joang ho khutla ha Kreste ho ileng ha e-ba “ka mokhoa o tšoanang” le ho tsamaea ha hae?
14 Joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena, Jesu o ile a nyolohela leholimong eaba ha a sa bonahala. Leha ho le joalo, baapostola ba 11 ba ile ba ’na ba ema moo ba shebile leholimong. Qetellong, ho ile ha hlaha mangeloi a mabeli ’me a ba khalemela ka bonolo, a re: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le shebile leholimong? Jesu ea tlohileng ho lona a isoa leholimong o tla tla ka mokhoa o tšoanang le oo le boneng a ea leholimong ka oona.” (Lik. 1:11) Na mangeloi a ne a bolela hore Jesu o tla khutla ka oona ’mele oo, joalokaha malumeli a mang a ruta seo? Che, a ne a sa bolele seo. Re tseba joang?
15 Mangeloi ha aa ka a re Jesu o tla khutla ka sebopeho se tšoanang, empa a itse o tla khutla “ka mokhoa o tšoanang.”b O ile a tsamaea ka mokhoa ofe? Ha mangeloi a bua, o ne a se a sa bonahale. Ke banna bao ba seng bakae feela, e leng baapostola, ba ileng ba lemoha hore Jesu ha a sa le eo lefatšeng ’me o tseleng o ea ho Ntate oa hae leholimong. Kreste o ne a tla khutla ka mokhoa o tšoanang le oo. Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Kajeno ba nang le kutloisiso ea moea ke bona feela ba lemohang hore Jesu o se a le teng ’me o qalile ho busa. (Luka 17:20) Ho hlokahala hore re lemohe bopaki ba hore o teng ’me re bolelle ba bang e le hore le bona ba ka bona hore nako e se e lekane motinyane.
-
-
“Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
b Mona Bibele e sebelisa lentsoe la Segerike troʹpos, le bolelang “mokhoa,” eseng mor·pheʹ, le bolelang “sebopeho.”
-