KHAOLO EA 9
“Molimo ha a Leeme”
Bakreste ba qala ho bolella Balichaba ba sa bollang litaba tse monate
E Thehiloe ho Liketso 10:1–11:30
1-3. Petrose o bona pono efe, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re utloisise seo e se bolelang?
KE HOETLA selemong sa 36 C.E. Letsatsi lea chesa ha Petrose a ntse a rapela holim’a ntlo motseng oa Jopa o haufi le kou ea likepe. Joale ho se ho fetile matsatsi a itseng e le moeti ntlong ena. Hore ebe o lutse ntlong ena ho bontša hore ha a leeme. Mong’a ntlo ena, e leng monna ea bitsoang Simone, ke mosuhi oa matlalo, ’me ha se Bajuda bohle ba neng ba ka lula le motho ea joalo.a Leha ho le joalo, Petrose o tla tloha a ithuta thuto ea bohlokoa mabapi le hore Jehova ha a leeme.
2 Ha Petrose a ntse a rapela, o haptjoa kelellong. Seo a se bonang ponong se ne se ka tšoenya Mojuda ofe kapa ofe. Ho theoha sejana se kang lesela la line seo ka har’a sona ho nang le liphoofolo tse sa hloekang ho latela Molao. Ha Petrose a bolelloa hore a hlabe a je, o re: “Ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hloekang.” Ka makhetlo a mararo ho thoe ho eena: “Khaotsa ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng ha lia hloeka.” (Lik. 10:14-16) Pono eo e ile ea ferekanya Petrose, empa ha aa ka a ferekana ka nako e telele.
3 Pono ee ea Petrose e ne e bolela’ng? Ke habohlokoa hore re utloisise hore na e bolela’ng, hobane e bontša hantle kamoo Jehova a talimang batho kateng. Kaha re Bakreste ba ’nete, re ke ke ra fana ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo ntle le hore re talime batho kamoo Molimo a ba talimang kateng. E le hore re utloisise se boleloang ke pono ea Petrose, a re hlahlobeng liketsahalo tse hlollang tse amanang le eona.
O ne a “Lula a Rapela Molimo ka Matla” (Liketso 10:1-8)
4, 5. Korneliase e ne e le mang, hona ho ile ha etsahala’ng ha a ntse a rapela?
4 Petrose o ne a sa tsebe hore letsatsing le etellang leo pele, Sesarea e ka bang lik’hilomithara tse 50 ka leboea, monna ea bitsoang Korneliase le eena o ile a bona pono e tsoang ho Molimo. Korneliase, molaoli oa lekholo oa Moroma, e ne e le monna ea ‘rapelang Molimo ’me a mo hlompha.’b E ne e boetse e le hlooho ea lelapa e behang mohlala o ikhethang, hobane “monna enoa le ba lelapa la hae ba ne ba rapela Molimo ’me ba mo hlompha.” Korneliase e ne e se mosokolohi oa Mojuda; e ne e le Molichaba ea sa bollang. Leha ho le joalo, o ne a utloela Bajuda ba hlokang bohloko, ’me a ba thusa ka lintho tsa nama. Monna enoa ea pelo e ntle o ile “a rapela Molimo ka matla.”—Lik. 10:2.
5 Hoo e ka bang ka 3:00 thapama, Korneliase o ne a ntse a rapela eaba o bona pono eo ho eona lengeloi le ileng la re ho eena: “Molimo o utloile lithapelo tsa hao ebile o bona lintho tseo u li etsetsang bafutsana. O lula a u hopola ka lebaka la lintho tsena.” (Lik. 10:4) Ho latela tataiso ea lengeloi, Korneliase o ile a roma banna hore ba bitse moapostola Petrose. Kaha Korneliase e ne e le Molichaba ea sa bollang o ne a tla tloha a etsahalloa ke ntho e neng e e-s’o ka e mo etsahalla. O ne a tla tloha a fumana molaetsa oa poloko.
6, 7. (a) Pheta phihlelo e bontšang hore Molimo o araba lithapelo tsa batho ba pelo li ntle ba batlang ho tseba ’nete ka eena. (b) Re ka etsa qeto efe ka liphihlelo tse joalo?
6 Na Molimo o arabela lithapelo tsa batho ba pelo li ntle kajeno ba batlang ho tseba ’nete ka eena? Nahana ka phihlelo ena. Mosali e mong oa Albania o ile a fumana Molula-Qhooa o nang le sehlooho se buang ka ho holisa bana.c O ile a re ho Paki e neng e mo etetse: “U tla makala ha u utloa hore ke ntse ke rapela Molimo hore a nthuse ke holise barali ba ka. U rometsoe ke eena! U nkotlile botsekeng!” Mosali enoa le barali ba hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele, ’me ha nako e ntse e tsamaea monna oa hae le eena a ithuta le bona.
7 Na see se etsahetse ka tšohanyetso? Le hanyenyane! Liphihlelo tsa mofuta ona li ’nile tsa etsahala khafetsa lefatšeng lohle—ka makhetlo a mangata hoo ho ke keng ha thoe ke tsa tšohanyetso. Joale, re ka etsa qeto efe? Ea pele, Jehova o araba lithapelo tsa batho ba pelo li ntle ba batlang ho ithuta ka eena. (1 Mar. 8:41-43; Pes. 65:2) Ea bobeli, re tšehelitsoe ke mangeloi mosebetsing oa rona oa ho bolela litaba tse monate.—Tšen. 14:6, 7.
‘Petrose o ne a Maketse’ (Liketso 10:9-23a)
8, 9. Moea o ile oa re’ng ho Petrose, ’me o ile a nka khato efe?
8 Moo ‘Petrose a sa ntseng a maketse’ hore na ebe pono ena e bolela’ng a le marulelong, mangosa a Korneliase a atamela ntlo eo. (Lik. 10:17) Na Petrose, ea neng a ile a bolela ka makhetlo a mararo hore a ke ke a ja lijo tse nkoang li sa hloeka ho latela Molao, o ne a tla lumela ho tsamaea le banna baa ’me a kene lapeng la Molichaba? Ka tsela e itseng moea o halalelang o ile oa mo bontša hore na thato ea Molimo ke efe tabeng ena. Petrose o ile a bolelloa hore: “Ho na le banna ba bararo ba tlileng ho uena. Theoha u tsamaee le bona. U se ke oa ba lesisitheho ho tsamaea le bona hobane ke ’na ea ba rommeng.” (Lik. 10:19, 20) Ha ho pelaelo hore pono ea sejana se kang lesela la line eo Petrose a e boneng e ile ea mo hlomella ho mamela tataiso ea moea o halalelang.
9 Ha Petrose a utloa hore Korneliase o laetsoe ke Molimo hore a mo late, o ile a lumella mangosa ana a Balichaba hore a kene ka tlung “a re . . . ba robaletse.” (Lik. 10:23a) Moapostola enoa oa moikokobetsi o ne a se a ntse a ikamahanya le liphetoho tse ncha tse mabapi le thato ea Molimo.
10. Jehova o tataisa batho ba hae joang, ’me re ka ipotsa lipotso life?
10 Ho fihlela kajeno, Jehova o tataisa batho ba hae mohato ka mohato. (Liprov. 4:18) O tataisa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ka moea oa hae o halalelang. (Mat. 24:45) Ka linako tse ling, ho ka ’na ha etsoa liphetoho tse itseng tseleng eo re utloisisang Lentsoe la Molimo ka eona kapa tsamaisong ea mokhatlo o hlophisitsoeng. Re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Ke nka liphetoho tse joalo joang? Na ke amohela tataiso ea moea oa Molimo litabeng tsee?’
Petrose a “Laela Hore ba Kolobetsoe” (Liketso 10:23b-48)
11, 12. Petrose o ile a etsa’ng ha a fihla Sesarea, ’me o ne a ithutile eng?
11 Letsatsi le hlahlamang leo Petrose a boneng pono ka lona, eena le ba bang ba robong—mangosa a mararo a rometsoeng ke Korneliase le ‘bana babo ba tšeletseng’ ba Bajuda ba tsoang Jopa—ba leba Sesarea. (Lik. 11:12) Kaha Korneliase o ne a lebelletse Petrose, o ne a bokeletse “beng ka eena le metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo”—bao ho hlakileng hore kaofela e ne e le Balichaba. (Lik. 10:24) Ha Petrose a fihla, a etsa ntho e ’ngoe eo ho seng mohla a kileng a nahana hore a ka e etsa, a kena ka tlung ea Molichaba ea sa bollang! Petrose a re: “Le tseba hantle hore molao ha o lumelle Bajuda ho kopana le batho ba merabe e meng kapa ho ba atamela. Empa Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse.” (Lik. 10:28) Nakong ena Petrose o ile a utloisisa hore morero oa pono ena e ne e se feela ho mo ruta ka mofuta oa lijo tseo motho a lokelang ho li ja. Ha aa lokela “ho re motho [esita le Molichaba] o silafetse.”
12 E mong le e mong ea neng a le teng o ne a labalabela ho utloa seo Petrose a tla ba bolella sona. Korneliase o ile a re: “Kaofela ha rona re eme ka pel’a Jehova ho tla utloa lintho tsohle tseo a u laetseng hore u li bue.” (Lik. 10:33) Ak’u inahanele hore na u ne u tla ikutloa joang haeba motho ea thahasellang a u bolella seo! Petrose o ile a qala puo ea hae ka mantsoe ana a matla, a re: “Joale ke utloisisa hantle hore Molimo ha a leeme empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.” (Lik. 10:34, 35) Petrose o ne a ithutile hore pono ea Molimo ka batho ha e susumetsoe ke morabe, mofuta kapa ponahalo ea motho. Petrose o ile a tsoela pele ho paka ka tšebeletso ea Jesu, lefu la hae le tsoho.
13, 14. (a) Ho sokoloha ha Korneliase le Balichaba ba bang ka 36 C.E. e bile habohlokoa joang? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola batho ka chebahalo ea bona?
13 Ho ile ha etsahala ntho eo ho seng mohla e kileng ea etsahala: “Ha Petrose a ntse a bua,” moea o halalelang oa theohela holim’a ‘batho bao ba lichaba.’ (Lik. 10:44, 45) Tlaleho ena ea Mangolo ke eona feela e buang ka moea o theohela ho batho pele ba kolobetsoa. Ha Petrose a bona pontšo ena ea hore Molimo o ba amohetse o ile a “laela hore [sehlopha seo sa Balichaba se] kolobetsoe.” (Lik. 10:48) Ho sokoloha hona ha Balichaba ka 36 C.E. ho ile ha bontša hore Jehova ha a sa sebelisana le Bajuda ka tsela e khethehileng. (Dan. 9:24-27) Kaha Petrose e ne e le eena ea li hulang pele ketsahalong ena, o ile a sebelisa ‘senotlolo sa ’Muso’ sa boraro ebile e le sa ho qetela. (Mat. 16:19) Senotlolo sena se ile sa bulela Balichaba ba sa bollang monyetla oa ho ba Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea.
14 Rona baboleli ba ’Muso ba kajeno, rea hlokomela hore “Molimo ha a leeme.” (Bar. 2:11) Thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe.” (1 Tim. 2:4) Ka hona, le ka mohla ha rea lokela ho ahlola batho ka chebahalo ea bona. Mosebetsi oa rona ke ho fana ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo, ’me seo se akarelletsa ho bolela litaba tse monate ho batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, mofuta ofe, kapa bolumeli bofe.
“Ba Khaotsa ho mo Phehisa Khang Eaba ba Tlotlisa Molimo” (Liketso 11:1-18)
15, 16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba phehisana le Petrose, ’me o ile a hlalosa lebaka la seo a se entseng joang?
15 Ho ka etsahala hore Petrose o ne a chesehela ho ea Jerusalema a e’o bolela se etsahetseng. Ho bonahala hore litaba tsa hore Balichaba ba sa bollang ba “amohetse lentsoe la Molimo” li ile tsa fihla pele a fihla. Kapele ka mor’a hore Petrose a fihle, “batho ba tšehetsang lebollo ba mo nyatsa.” Ba ne ba tšoentsoe ke hore ebe o kene ‘ka tlung ea batho ba sa bollang a ba a ja le bona.’ (Lik. 11:1-3) Taba e ne e se hore na Balichaba e ne e ka ba balateli ba Kreste. Ho e-na le hoo, barutuoa bao ba Bajuda ba ne ba hlile ba phehella hore ho hlokahala hore Balichaba ba boloke Molao—ho akarelletsa le oa lebollo—e le hore ba sebeletse Jehova ka tsela e amohelehang. Ho hlakile hore barutuoa ba bang ba Bajuda ba ne ba thatafalloa ho amohela hore Molao oa Moshe ha o sa sebetsa.
16 Petrose o ile a hlalosa seo a se entseng joang? Ho ea ka Liketso 11:4-16, o ile a bua ka lintho tse ’nè tse neng li bontša hore o fumane tataiso e tsoang leholimong: (1) pono eo Molimo a ileng a mo bontša eona (Temana ea 4-10); (2) taelo ea moea (Temana ea 11 le 12); (3) lengeloi le ileng la etela Korneliase (Temana ea 13 le ea 14); le (4) ho tšolleloa ha moea o halalelang holim’a Balichaba. (Temana ea 15 le 16) Petrose o ile a lihela likhala ka ho botsa potso e matla, a re: “Joale haeba Molimo o ba [Balichaba ba lumelang] file mpho [ea moea o halalelang] e tšoanang hantle le eo a e fileng rona [Bajuda] ba lumetseng ho Morena Jesu Kreste, ’na ke ne ke boetse ke le mang hore ke sitise Molimo?”—Lik. 11:17.
17, 18. (a) Bopaki ba Petrose bo ile ba hlahisetsa Bakreste ba Bajuda teko efe? (b) Ke hobane’ng ha ho se bonolo hore phutheho e momahane, ’me re lokela ho ipotsa lipotso life?
17 Bopaki boo Petrose a ileng a fana ka bona bo ile ba qobella Bakreste bao ba Bajuda hore ba bontše hore na ba eme hokae. Na ba ne ba tla khona ho tlohela leeme ka ho felletseng ’me ba amohele Balichaba ba sa tsoa kolobetsoa e le Bakreste-’moho le bona? Bibele e re: “Ha [baapostola le Bakreste ba bang ba Bajuda] ba utloa lintho tsena, ba khaotsa ho mo phehisa khang eaba ba tlotlisa Molimo ba re: ‘Rea hlakeloa joale hore Molimo o file le batho ba lichaba monyetla oa ho baka e le hore ba fumane bophelo.’” (Lik. 11:18) Boikutlo boo bo botle bo ile ba etsa hore phutheho e momahane.
18 Hore phutheho e momahane e ka ba phephetso, hobane barapeli ba ’nete ba tsoa ‘lichabeng tsohle, malokong ’ohle, merabeng eohle le lipuong tsohle.’ (Tšen. 7:9) Ka lebaka leo liphuthehong tse ngata ho na le batho ba merabe, litso le limelo tse sa tšoaneng. Re lokela ho ipotsa lipotso tsena: ‘Na ke ntšitse leeme ka metso pelong ea ka? Na ke ikemiselitse hore le ka mohla tsela eo ke tšoarang barab’eso ba Bakreste ka eona e se ke ea susumetsoa ke mekhoa ea lefatše lee e arolang batho—e kang bochaba, boikutlo ba ho phahamela merabe e meng, ho ikakasa ka setso le khethollo ea morabe?’ Hopola se ileng sa etsahalla Petrose (Kefase) lilemo tse itseng ka mor’a hore Balichaba ba pele ba sokolohe. O ile a susumetsoa ke leeme la ba bang, ’me a “tloha” ho Bakreste ba Balichaba ’me Pauluse a tlameha ho mo khalemela. (Bagal. 2:11-14) Re lokela ho lula re itebetse khahlanong le leraba la leeme.
“Batho ba Bangata ba Ile ba Lumela ho Morena” (Liketso 11:19-26a)
19. Bakreste ba Bajuda ba Antioke ba ile ba qala ho bolella bo-mang litaba tse monate, hona liphello ea e-ba life?
19 Na balateli ba Jesu ba ile ba qala ho bolella Balichaba ba sa bollang litaba tse monate? Hlokomela hore na ho ile ha etsahala’ng hamorao Antioke ea Siria .d Motse ona o ne o e-na le Bajuda ba bangata, empa ho ne ho se na bora bo bokaalo pakeng tsa Bajuda le Balichaba. Ka hona, Antioke e ne e le tšimo e ntle eo ho eona Balichaba ba ka bolelloang litaba tse monate. Ke sebakeng sena moo barutuoa ba bang ba Bajuda ba ileng ba qala ho bolella “batho ba buang Segerike” litaba tse monate. (Lik. 11:20) E ne e se Bajuda ba buang Segerike feela ba neng ba bolelloa litaba tse monate empa li ne li bolelloa le Balichaba ba sa bollang. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi ona, ’me “batho ba bangata ba ile ba lumela ho Morena.”—Lik. 11:21.
20, 21. Barnabase o ile a bontša joang hore o inyenyefalitse, hona re ka bontša boinyenyefatso bo tšoanang joang tšebeletsong?
20 Phutheho ea Jerusalema e ile ea romela Barnabase Antioke hore a pakele batho bana ba ikemiselitseng ho mamela. Batho ba bangata ba ne ba thahasella litaba tse monate hoo mosebetsi ona o neng o le mongata haholo bakeng sa motho a le mong. Ke mang ea neng a ka tšoaneleha hamolemo ho mo thusa mosebetsing oo haese Saule, eo e neng e tla ba moapostola ho lichaba? (Lik. 9:15; Bar. 1:5) Na Barnabase o ne a tla nka hore Saule o tla qothisana lehlokoa le eena? Ho fapana le hoo, Barnabase o ile a inyenyefatsa. O ile a ithaopela ho ea Tarsase, a ea batla Saule, ’me a mo khutlisetsa Antioke hore a tl’o mo thusa. Ba ile ba sebetsa hammoho ka nako e etsang selemo ba khothatsa barutuoa phuthehong ea sebaka seo.—Lik. 11:22-26a.
21 Re ka bontša joang hore rea inyenyefatsa ha re phetha tšebeletso ea rona? Tšobotsi ena e akarelletsa ho amohela mefokolo ea rona. Kaofela re na le bokhoni bo sa tšoaneng. Ka mohlala, ba bang ba ka ipabola ka ho etsa bopaki bo sa reroang le ka ho bolela ka ntlo le ntlo empa ba thatafalloa ke ho etsa maeto a ho boela le ho qala lithuto tsa Bibele. Haeba u rata ho ntlafatsa litšobotsing tse itseng tsa tšebeletso, ke hobane’ng ha u sa kope thuso? Ka ho etsa joalo, u ka finyella ho hongata ’me u thabe haholo tšebeletsong.—1 Bakor. 9:26.
Ho Romeloa “Liphallelo ho Barutuoa” (Liketso 11:26b-30)
22, 23. Barab’abo rona ba Antioke ba ile ba bontša lerato la bona joang, ’me batho ba Molimo ba etsa se tšoanang joang kajeno?
22 Ke Antioke moo ka lekhetlo la pele “barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.” (Lik. 11:26b) Lebitso leo le amoheloang ke Molimo le hlalosa hantle batho ba latelang Kreste. Ha batho ba lichaba ba fetoha Bakreste, na ho ile ha e-ba le kamano ea bara ba motho pakeng tsa balumeli ba Bajuda le ba Balichaba? Hlokomela se ileng sa etsahala ha ho e-ba le tlala e kholo hoo e ka bang ka 46 C.E.e Mehleng ea boholo-holo, tlala e ne e ama haholo batho ba futsanehileng, ba neng ba se na chelete e ngata kapa lijo. Nakong eo ea tlala, Bakreste ba Bajuda ba lulang Judea, bao boholo ba bona ho neng ho bonahala e le batho ba futsanehileng, ba ne ba hloka lijo le lintho tse hlokahalang. Ha barab’abo rona ba Antioke—ho akarelletsa le Bakreste ba Balichaba—ba hlokomela hore barab’abo rona ba Judea ba hloka lintho tsena, ba ile ba ba romela “liphallelo.” (Lik. 11:29) Ruri lena ke lerato la sebele la bara ba motho.
23 Hoa tšoana le har’a batho ba Molimo kajeno. Ha re utloela hore barab’abo rona ba linaheng tse ling kapa naheng ea habo rona baa hloka, re ikemisetsa ho ba thusa. Likomiti Tsa Makala li potlakela ho lokisetsa hore ho etsoe Likomiti Tsa Liphallelo e le hore li hlokomele barab’abo rona bao ho ka etsahalang hore ba anngoe ke likoluoa tsa tlhaho, ho akarelletsa maholiotsoana, litšisinyeho tsa lefatše le litsunami. Liphallelo tsena tsohle li bontša hore re bara ba motho ba momahaneng e le kannete.—Joh. 13:34, 35; 1 Joh. 3:17.
24. Re ka bontša joang hore re nka ka ho teba se boleloang ke pono ea Petrose?
24 Kaha re Bakreste ba ’nete, re nka ka ho teba se boleloang ke pono eo Petrose a ileng a e bona ha a le marulelong a ntlo Jopa lekholong la pele la lilemo. Re rapela Molimo ea se nang leeme. Thato ea hae ke hore re fane ka bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa hae, ’me seo se akarelletsa ho bolella ba bang litaba tse monate ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, sechaba sefe kapa boemo ba bona ke bofe sechabeng. Joale a re ikemisetseng ho fa batho bohle ba tla re mamela monyetla oa ho amohela litaba tse monate.—Bar. 10:11-13.
a Bajuda ba bang ba ne ba nkela mosuhi oa matlalo fatše hobane mosebetsi oa hae o ne o etsa hore a tšoare makoko le litopo tsa liphoofolo tse sa hloekang hammoho le lintho tse nyonyehang tseo ho neng ho hlokahala hore a li sebelise. Basuhi ba ne ba nkoa ba sa lokela ho hlaha tempeleng, ’me ba ne ba sa lokela ho etsetsa khoebo ea bona sebakeng se bohole ba litsoe tse ka tlaase ho 50 kapa limithara tse ka bang 20 ho tloha motseng. E ka ’na eaba lena ke le leng la mabaka ao ntlo ea Simone e neng e le “pel’a leoatle.”—Lik. 10:6.
b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Korneliase le Lebotho la Roma.”
c Sehlooho seo se re: “Keletso e ka Tšeptjoang ea ho Holisa Bana,” ’me se hlaha Molula-Qhooeng oa November 1, 2006, leqepheng la 4 ho ea ho 7.
d Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Antioke ea Siria.”
e Rahistori oa Mojuda ea bitsoang Josephus, o bua ka ‘tlala eo e kholo’ nakong ea puso ea Moemphera Claudiase (41-54 C.E.).