Tsamaea Tšabong ea Jehova
“Ha [phutheho] e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang e ile ea ’na ea ata.”—LIKETSO 9:31, “NW.”
1, 2. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha phutheho ea Bokreste e kena nakong ea khotso? (b) Le hoja Jehova a lumella mahloriso, o boetse o etsa eng?
MORUTUOA e mong o ne a talimane le teko e khōlō ka ho fetisisa. Na o ne a tla boloka botšepehi ho Molimo? E, ka sebele! O ne a tsamaile tšabong ea Molimo, ka thothomelo ho Moetsi oa hae, ’me o ne a tla shoa e le paki e tšepahalang ea Jehova.
2 ’Moloki eo oa botšepehi ea tšabang Molimo e ne e le Setefane, “monna ea tletseng tumelo le Moea o Halalelang.” (Liketso 6:5) Polao ea hae e ile ea tsosa leqhubu la mahloriso, empa ka mor’a moo phutheho eohle ho pholletsa le Judea, Galilea, le Samaria e ile ea kena nakong ea khotso ’me ea hahoa moeeng. Ho feta moo, “ha e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang e ile ea ’na ea ata.” (Liketso 9:31, NW) Re le Lipaki tsa Jehova kajeno, re ka kholiseha hore Molimo o tla re hlohonolofatsa ho sa tsotellehe hore na re latsoa khotso kapa mahloriso, joalokaha ho bontšitsoe ho Liketso likhaolo 6 ho ea ho 12. Kahoo a re tsamaeeng tšabong e nang le tlhompho ho Molimo ha re hlorisoa kapa re sebelise khefu leha e le efe e bang teng mahlorisong bakeng sa ho ikhaha moeeng le tšebeletso e eketsehileng e mafolo-folo ho oona.—Deuteronoma 32:11, 12; 33:27.
Ho Tšepahala ho Isa Qetellong
3. Jerusalema ho ile ha hlōloa bothata bofe, hona joang?
3 Esita le haeba mathata a hlaha linakong tsa khotso, tlhophiso e ntle e ka thusa ho a rarolla. (6:1-7, NW) Bajode ba buang Segerike ba Jerusalema ba ile ba belaela ka hore bahlolohali ba bona ba ne ba hlokomolohuoa kabong ea letsatsi le letsatsi ea lijo ’me ho sekameloa ka ho balumeli ba Bajode ba buang Seheberu. Bothata bona bo ile ba raroloha ha baapostola ba khetha banna ba supileng hore ba hlokomele “mosebetsi ona o hlokahalang.” E mong oa bona e ne e le Setefane.
4. Setefane o ile a arabela joang liqosong tsa bohata?
4 Leha ho le joalo, ka potlako Setefane ea tšabang Molimo o ile a talimana le teko. (6:8-15) Ho ile ha hlaha banna ba bang ba itseng ba neng ba hanyetsa Setefane. Ba bang e ne e le ba ‘Synagoge ea Batlamolohi,’ mohlomong e le Bajode ba neng ba isitsoe kholehong ke Baroma eaba hamorao baa lokolloa kapa e le makhoba a ileng a fetoha basokolohi ba Bajode ka mor’a hore a lokolloe. Kaha li ile tsa hlōleha ho phahamisa bohlale le moea oa tsona khahlanong le moea le bohlale tseo Setefane a neng a bua ka tsona, lira tsa hae li ile tsa mo isa Lekhotleng le Phahameng. Moo lipaki tsa bohata li ile tsa re: ‘Re utloile monna enoa a re Jesu o tla felisa tempele a be a fetole mekhoa eo re e neiloeng ke Moshe.’ Leha ho le joalo, esita le bahanyetsi ba hae ba ne ba ka bona hore Setefane e ne e se mofosi empa o ne a e-na le sefahleho se elileng sa lengeloi, lenģosa la Molimo le neng le kholisehile hore le tšehelitsoe ke oona. Se ne se fapane hakaakang le lifahleho tsa bona, tse neng li tletse lonya le bokhopo kahobane ba inehelletse Satane!
5. Setefane o ile a bolela lintlha life ha a ntse a paka?
5 Ha a botsoa ke Moprista e Moholo Kaiafa, Setefane o ile a fana ka bopaki bo sebete. (7:1-53) Ho lokolisa ha hae histori ea Iseraele ho ile ha bontša hore Molimo o ne o rerile ho behella Molao le tšebeletso ea tempele ka thōko ha Messia a e-tla. Setefane o ile a bontša hore Moshe, molopolli eo Mojode e mong le e mong a neng a ipolela a mo hlompha, o ile a latoloa ke Baiseraele, joalokaha esita le ka nako eo ba ne ba hana ho amohela Ea tlisang topollo e kholoanyane. Ka ho bolela hore Molimo ha o lule matlong a entsoeng ka matsoho, Setefane o ne a bontša hore tempele le tsamaiso ea eona ea borapeli e ne e tla feta. Empa kaha baahloli ba hae ba ne ba sa tšabe Molimo kapa hona ho rata ho tseba thato ea Oona, Setefane o ile a re: ‘Lōna ba melala e thata, le hanela moea o halalelang ka mehla. Ke ofe moprofeta eo bo-ntat’a lōna ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ea boletseng pele ho tla ha Ea lokileng eo le mo ekileng joale, eo le leng babolai ba hae.’
6. (a) Pele ho lefu la hae, Setefane o ile a ba le phihlelo efe e matlafatsang tumelo? (b) Ke hobane’ng ha ka nepo Setefane a ne a ka re: “Morena Jesu, amohela moea oa ka”?
6 Polelo ea Setefane e sebete e ile ea lebisa polaong ea hae. (7:54-60) Baahloli ba ile ba halefa ka baka la ho pepesoa hona ha molato oa bona lefung la Jesu. Empa tumelo ea Setefane e ile ea matlafatsoa hakaakang ha a ‘lelala holimo ’me a bona khanya ea Molimo le Jesu a eme letsohong la Oona le letona’! Joale Setefane o ne a ka talimana le lira tsa hae ka kholiseho ea hore o entse thato ea Molimo. Le hoja Lipaki tsa Jehova li se na lipono, re ka ba le khutso e tšoanang e fanoang ke Molimo ha re hlorisoa. Ka mor’a hore ba ntšetse Setefane ka ntle ho Jerusalema, lira tsa hae li ile tsa qala ho mo tlepetsa ka majoe, o ile a ipiletsa: “Morena Jesu, amohela moea oa ka!” Sena se ne se loketse hobane Molimo o ne o file Jesu matla a ho tsosetsa ba bang bophelong. (Johanne 5:26; 6:40; 11:25, 26) A khumame ka mangole, Setefane o ile a hooa: “Morena, u se ke ua ba balla sebe sena!” Eaba o ithoballa lefung e le moshoela-tumelo, joalokaha balateli ba bang ba Jesu ba ’nile ba ho etsa ho tloha ka nako eo, esita le mehleng ea kajeno.
Mahloriso a Hasanya Litaba Tse Molemo
7. Mahloriso a ile a tlisa eng?
7 Ha e le hantle lefu la Setefane le ile la fella ka ho hasanngoa ha litaba tse molemo. (8:1-4) Mahloriso a ile a qhalanya barutuoa bohle ho pholletsa le Judea le Samaria haese baapostola feela. Saule, ea neng a amohetse polao ea Setefane, o ile a hlasela phutheho ka mabifi joaloka sebatana, a hlasela ntlo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe ho hulanya balateli ba Jesu ho ea ba koalla teronkong. Ha barutuoa ba qhalantsoeng ba ntse ba tsoela pele ho bolela, morero oa Satane oa ho thiba baboleli ba ’Muso ba tšabang Molimo ka ho ba hlorisa o ile oa nyopa. Ka ho tšoanang, hangata mahloriso a ’nile a hasanya litaba tse molemo kapa a lebisa tlhokomelo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso kajeno.
8. (a) Ho ile ha etsahala eng e le phello ea boboleli bo ileng ba etsoa Samaria? (b) Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa bobeli seo Jesu a neng a mo file sona joang?
8 Moevangeli Filippi o ile a ea Samaria ho “bolela Kreste teng.” (8:5-25) Ho ile ha tlala thabo e khōlō motseng oo ha litaba tse molemo li boleloa, meea e litšila e lelekoa, ’me batho ba phekoloa. Baapostola Jerusalema ba ile ba romela Petrose le Johanne Samaria, ’me ha ba rapela ba bile ba beha ba kolobelitsoeng matsoho, barutuoa ba bacha ba ile ba amohela moea o halalelang. Simone ea neng a sa tsoa kolobetsoa eo e neng e le leselamose pele o ile a leka ho reka matla ana, empa Petrose a re: ‘Lichelete tsa hao a li ke li timele le uena. Pelo ea hao ha ea loka pel’a Molimo.’ Ha a bolelloa hore a bake ’me a kōpe tšoarelo ka tieo ho Jehova, o ile a kōpa baapostola hore ba mo rapelle. Sena se lokela ho susumetsa bohle ba tšabang Jehova kajeno hore ba rapelle thuso ea Molimo bakeng sa ho lebela pelo. (Liproverbia 4:23) (Ketsahalong ena ho ile ha hlaha lentsoe “simony,” “ho reka kapa ho rekisa tšebeletso ea kereke kapa boemo ka kerekeng.”) Petrose le Johanne ba ile ba bolela litaba tse molemo metseng e mengata ea Samaria. Ka hona, Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa bobeli seo Jesu a mo fileng sona ho bula monyako oa tsebo le monyetla oa ho kena ’Musong oa leholimo.—Mattheu 16:19.
9. Moethiopia eo Filippi a ileng a mo pakela e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha monna eo a ne a ka kolobetsoa?
9 Joale lengeloi la Molimo le ile la fa Filippi kabelo e ncha. (8:26-40, NW) Koloi e neng e le tseleng e tsoang Jerusalema e ea Gaza e ne e palangoe ke “leqhalaha,” ofisiri ea letlotlo la mofumahali Kandace oa Ethiopia. E ne e se leqhalaha nameng, le neng le thibetsoe ho kena phuthehong ea Bajode, empa le ne le ile Jerusalema ho rapela joaloka mosokolohi ea bolotseng. (Deuteronoma 23:1) Filippi o ile a fumana leqhalaha leo le ntse le bala buka ea Esaia. Ha a memeloa hore a hloelle koloing, Filippi o ile a hlalosa boprofeta ba Esaia ’me ‘a le bolella litaba tse molemo tsa Jesu.’ (Esaia 53:7, 8) Ka potlako Moethiopia eo o ile a hooa: “Bona! Letamo la metsi; ke eng e nthibelang ho kolobetsoa?” Ho ne ho se letho le mo thibang, kaha o ne a tseba ka Molimo ’me joale o ne a se a lumela ho Kreste. Kahoo Filippi o ile a kolobetsa Moethiopia eo, eo joale a ileng a tsamaea a thabile. Na ho na le letho le u thibelang ho kolobetsoa?
Mohlorisi oa Sokoloha
10, 11. Ho ile ha etsahala’ng ka Saule oa Tarese ha a le tseleng e eang Damaseka le nako e khutšoanyane ka mor’a moo?
10 Khabareng, Saule o ne a ntse a batla ho etsa hore balateli ba Jesu ba latole tumelo ea bona tlas’a tšokelo ea ho kenngoa teronkong kapa lefu. (9:1-18a, NW) Moprista e moholo (mohlomong Kaiafa) o ile a mo fa mangolo a eang masynagogeng a Damaseka a mo fang matla a ho tlisa banna le basali ba “Tsela Eo,” kapa mokhoa oa bophelo o theiloeng mohlaleng oa Kreste, ba tlamiloe Jerusalema. Hoo e ka bang motšehare ha a le haufi le Damaseka, khanya e tsoang leholimong e ile ea tsekema ’me lentsoe la botsa: “Saule, Saule, ke hobane’ng ha u ntlhorisa?” Ba neng ba e-na le Saule ba ile ba utloa “molumo oa lentsoe” empa ha baa ka ba utloisisa se boleloang. (Bapisa le Liketso 22:6, 9.) Tšenolo eo e fokolang ea Jesu ea tlotlisitsoeng e ne e lekane ho foufatsa Saule. Molimo o ile oa sebelisa morutuoa Ananiase ho etsa hore a boele a bone.
11 Hoba a kolobetsoe, eo pele e neng e le mohlorisi o ile a fetoha ea hlorisoang. (9:18b-25) Bajode ba Damaseka ba ne ba batla ho bolaea Saule. Leha ho le joalo, bosiu barutuoa ba ile ba mo theolela fatše ka lesoba le neng le le leboteng, mohlomong a le ka har’a seroto se seholo se lohiloeng ka ropo kapa makala a lohelletsoeng hammoho. (2 Ba-Korinthe 11:32, 33) E ka ’na eaba lesoba leo e ne e le fensetere e neng e hahelletsoe leboteng la ntlo ea morutuoa e mong. E ne e se ketso e bokoala ho baleha lira le ho tsoela pele ho bolela.
12. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka Saule ha a le Jerusalema? (b) Phutheho e ile ea tsoella joang?
12 Ha a le Jerusalema, Barnabase o ile a thusa barutuoa ho amohela Saule e le molumeli-’moho. (9:26-31, NW) Moo ka sebete Saule o ile a hanyetsa Bajode ba buang Segerike, bao ka ho tšoanang ba ileng ba leka ho ’molaea. Ka ho hlokomela sena, baena ba ile ba mo isa Cesarea ’me ba mo romela Tarese, motseng oa habo Cilicia. Ho pholletsa le Judea, Galilea, le Samaria, phutheho e ile ea “kena nakong ea khotso, ea hahoa” moeeng. Ha e ntse e ‘tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang, e ile ea ’na ea ata.’ Sena ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa liphutheho tsohle kajeno haeba li tla amohela litlhohonolofatso tsa Jehova.
Balichaba ba Fetoha Balumeli!
13. Ke mehlolo efe eo Molimo o ileng oa fa Petrose matla a ho e etsa Lydda le Joppo?
13 Petrose le eena o ne a lutse a tšoarehile. (9:32-43) Ha a le Lydda (eo joale e seng e le Lod) Lehoatateng la Sarone, o ile a folisa Enea ea neng a holofetse. Phekolo ena e ile ea etsa hore ba bangata ba retelehele ho Morena. Joppo, morutuoa ea ratoang Tabitha (Dorkase) o ile a kula ’me a shoa. Ha Petrose a fihla, bahlolohali ba ntseng ba lla ba ile ba ’montša liaparo tse entsoeng ke Dorkase le tseo e ka ’nang eaba ba ne ba li apere. O ile a tsosa Dorkase, ’me ha litaba tsa sena li hasana, ba bangata ba ile ba fetoha balumeli. Petrose o ile a lula Joppo le Simone mosuhi, eo ntlo ea hae e neng e le pel’a leoatle. Basuhi ba ne ba inela makoko a liphoofolo ka leoatleng ’me ba a tšela ka kalaka pele ba tlosa boea. Makoko a thapisitsoeng a ne a fetoloa letlalo ka ho a tšela ka lero le tsoang limeleng tse ling tse itseng.
14. (a) Kornele e ne e le mang? (b) Ke eng eo e neng e le ’nete ka lithapelo tsa Kornele?
14 Ka nako eo (36 C.E.), ho ile ha ba le phetoho e hlokomelehang sebakeng se seng. (10:1-8) Molichaba ea chesehang Kornele, molaoli oa lekholo oa Moroma ea neng a laola banna ba ka bang lekholo, o ne a phela Cesarea. O ne a etelletse pele ‘lekhotla la Italia,’ leo ho bonahalang eka le ne le entsoe ka banna ba thaothiloeng har’a baahi ba Roma le banna ba lokollotsoeng Italy. Le hoja Kornele a ne a tšaba Molimo, e ne e se mosokolohi oa Mojode. Ponong, lengeloi le ile la ’molella hore lithapelo tsa hae li “nyolohetse pel’a Molimo, li tle li hopoloe.” Esita le hoja ka nako eo Kornele a ne a e-s’o inehele ho Jehova, o ile a amohela karabelo ea thapelo ea hae. Empa joalokaha lengeloi le ne le laetse, o ile a romela molaetsa oa hore ho latoe Petrose.
15. Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose a ntse a rapela a le ka holim’a ntlo ea Simone?
15 Khabareng, Petrose o ile a ba le pono ha a ntse a rapela a le ka holim’a ntlo ea Simone. (10:9-23) Ponong, o ile a bona leholimong ho theoha sejana se kang lakane se tletseng libopuoa tse maoto a mane, lihahabi, le linonyana tse litšila. Ha a laeloa hore a hlabe a je, Petrose o ile a re o ne a e-s’o ka a e-ja eng kapa eng e silafalitsoeng. O ile a bolelloa: “Tseo Molimo o li hloekisitseng, u se ke ua re, li litšila.” Pono eo e ile ea makatsa Petrose haholo, empa o ile a latela tataiso ea moea. Ka hona, eena le baena ba bang ba tšeletseng ba Bajode ba ile ba tsamaea le baromuoa ba Kornele.—Liketso 11:12.
16, 17. (a) Petrose o ile a bolella Kornele le ba phuthehileng tlung ea hae eng? (b) Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose a ntse a bua?
16 Joale Balichaba ba pele ba ne ba le lekhatheng la ho utloa litaba tse molemo. (10:24-43) Ha Petrose le ba tsamaeang le eena ba fihla Cesarea, Kornele, beng ka eena, le metsoalle ea hae e haufi ba ne ba se ba ntse ba letile. Kornele o ile a itihela maotong a Petrose, empa ka boikokobetso moapostola o ile a hana ho khumameloa joalo. O ile a bolela kamoo Jehova a tlotsitseng Jesu ka moea o halalelang le matla e le Messia ’me a hlalosa hore e mong le e mong ea lumelang ho eena o fumana tšoarelo ea libe.
17 Joale Jehova o ile a nka khato. (10:44-48) Ha Petrose a sa ntsane a bua, Molimo oa tšollela moea o halalelang holim’a Balichaba bao ba lumelang. Hona moo ka eona nako eo, ba ile ba tsoaloa ke moea oa Molimo ’me ba bululeloa ho bua lipuo lisele le ho o tlotlisa. Kahoo, ka nepo ba ile ba kolobetsoa ka lebitso la Jesu Kreste. Kahoo Petrose o ile a sebelisa senotlolo sa boraro ho bulela Balichaba ba tšabang Molimo monyako oa tsebo le monyetla oa ho kena ’Musong oa leholimo.—Mattheu 16:19.
18. Baena ba Bajode ba ile ba arabela joang ha Petrose a hlalosa hore Balichaba ba ‘kolobelitsoe ka moea o halalelang’?
18 Hamorao, batšehetsi ba lebollo ba ile ba phehisana khang le Petrose Jerusalema. (11:1-18) Ha a hlalosa kamoo Balichaba ba ileng ba “kolobetsoa ka Moea o Halalelang,” baena ba hae ba Bajode ba ile ba khotsofala ’me ba tlotlisa Molimo, ba re: “Efela Molimo o neile le ba-lichaba pako, hore ba bone bophelo.” Le rōna re lokela ho amohela ha re hlakisetsoa thato ea Molimo.
Phutheho ea Balichaba ea Theoa
19. Ho ile ha tla joang hore barutuoa ba bitsoe Bakreste?
19 Joale phutheho ea pele ea Balichaba e ile ea theoa. (11:19-26, NW) Ha barutuoa ba qhalanngoa ke mahloriso a hlahileng ka baka la Setefane, ba bang ba ile ba ea Antioke, Syria, e neng e tsebahala ka borapeli bo litšila le tšilafalo ea boitšoaro. Ha ba ntse ba bolella batho ba buang Segerike litaba tse molemo moo, “letsoho la Jehova le ne le e-na le bona,” ’me ba bangata ba ile ba fetoha balumeli. Barnabase le Saule ba ile ba ruta selemo se le seng moo, ’me “ke Antioke moo ka lekhetlo la pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea bomolimo.” Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a fana ka tataiso ea hore ba bitsoe joalo, hobane lentsoe la Segerike khre·ma·tiʹzo, le bolela “tataiso ea bomolimo” ’me ka mehla le sebelisoa ka Mangolong mabapi le se tsoang ho Molimo.
20. Agabuse o ile a bolela’ng esale pele, ’me phutheho ea Antioke e ile ea arabela joang?
20 Baprofeta ba tšabang Molimo le bona ba ile ba tla Antioke ba tsoa Jerusalema. (11:27-30) E mong e ne e le Agabuse, ea ileng a bontša “ka Moea hore tlala e kholo e tla oela lefatše lohle.” Boprofeta boo bo ile ba phethahatsoa nakong ea puso ea moemphera oa Roma Klaude (41-54 C.E.), ’me rahistori Josephus o bua ka ‘tlala ena e kholo.’ (Jewish Antiquities, XX, 51 [ii, 5]; XX, 101 [v, 2]) E susumetsoa ke lerato, phutheho ea Antioke e ile ea romella baena ba hlokang ba Judea monehelo.—Johanne 13:35.
Mahloriso ha a Atlehe
21. Heroda Agrippa I o ile a nka khato efe khahlanong le Petrose, empa e le ka phello efe?
21 Nako ea khotso e ile ea fela ha Heroda Agrippa I a qala ho hlorisa ba tšabang Jehova Jerusalema. (12:1-11) Heroda o ile a bolaea Jakobo ka sabole, mohlomong o ile a mo khaola hlooho e le eena moapostola oa pele oa ho ba moshoela-tumelo. Ha a bona hore sena se khahlisitse Bajode, Heroda o ile a kenya Petrose teronkong. Ho bonahala eka moapostola eo o ne a tlamelletsoe ka mahlaahlela ho masole a mabeli ka mahlakoreng ka bobeli, ha a mang a mabeli a ne a lebetse sele ea hae. Heroda o ne a rerile ho ’molaea ka mor’a Paseka le matsatsi a mahobe a sa lomosoang (Nisane 14-21), empa lithapelo tsa phutheho lebitsong la hae li ile tsa arabeloa hantle feela ka nako, joalokaha tsa rōna le tsona li arabeloa joalo hangata. Sena se etsahetse ha ka mohlolo lengeloi la Molimo le lokolla moapostola eo.
22. Ho ile ha etsahala’ng ha Petrose a ea tlung ea ’m’a Mareka, Maria?
22 Ka potlako Petrose o ile a ea tlung ea Maria (’m’a Johanne Mareka), moo ho bonahalang eka e ne e le sebaka sa liboka tsa Bokreste. (12:12-19) Lefifing, ngoananyana oa lekhabunyane Rhode o ile a tseba lentsoe la Petrose empa a mo siea keiting e notletsoeng. E ka ’na eaba pele barutuoa ba ile ba nahana hore Molimo o romile lenģosa la lengeloi le emetseng Petrose ’me le bua ka lentsoe le tšoanang le la hae. Leha ho le joalo, ha ba mo amohela, Petrose o ile a ba bolella hore ba tlalehele Jakobo le baena (mohlomong baholo) ka ho lokolloa ha hae. Joale o ile a ba siea ’me a ipata a sa senole sebaka seo a lebang ho sona e le ho qoba ho ba beha kotsing kapa ho ipeha kotsing haeba ba ka hlongoa lipotso. Ho batloa ha Petrose ke Heroda ha hoa ka ha ba le litholoana, ’me balebeli ba ile ba ahloloa, mohlomong ba ba ba bolaoa.
23. Puso ea Heroda Agrippa I e ile ea fela joang, ’me re ka ithuta eng ho see?
23 Ka 44 C.E. puso ea Heroda Agrippa I e ile ea fela ka tšohanyetso Cesarea ha a le lilemo li 54. (12:20-25, NW) O ne a le moeeng oa ho loantša Bafenicia ba Tyre le Sidone, ba ileng ba fa mohlanka oa hae Blaste tjotjo hore a lokisetse puisano eo ho eona ba neng ba ka kōpa khotso. Ka “letsatsi le behiloeng” (leo hape e neng e le mokete oa ho hlompha Cesare Klaude), Heroda o ile a apara seaparo sa borena, eaba o lula setulong sa kahlolo, ’me a qala ho fana ka puo ho sechaba. Ha ba arabela bamameli ba ile ba hoeletsa: “Lentsoe la molimo, eseng la motho!” Hang-hang, lengeloi la Jehova le ile la mo otla “hobane ha aa ka a fana ka khanya ho Molimo.” Heroda o ile “a jeoa ke libōkō ’me a shoa.” E se eka mohlala ona o lemosang o ka re susumelletsa ho tsoela pele ho tsamaea tšabong ea Jehova, ho qoba boikhohomoso le ho mo fa khanya bakeng sa seo re se etsang joaloka batho ba hae.
24. Sehlooho se tlang se tla bontša eng mabapi le katoloso?
24 Ho sa tsotellehe mahloriso a Heroda, “lentsoe la Jehova le ile la tsoela pele ho hōla le ho hasana.” Ha e le hantle, joalokaha sehlooho se tlang se tla bontša, barutuoa ba ne ba ka lebella katoloso e eketsehileng. Hobane’ng? Hobane ba ne ba “tsamaea tšabong ea Jehova.”
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Setefane o ile a bontša joang hore o tšaba Jehova, joalokaha bahlanka ba Molimo ba bangata ba entse ho tloha ka nako eo?
◻ Lefu la Setefane le ile la ba le phello efe mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, hona na ho na le se ka bapisoang le see mehleng ea kajeno?
◻ Ke joang mohlorisi Saule oa Tarese a ileng a fetoha ea tšabang Jehova?
◻ Balumeli ba pele ba Balichaba e ne e le bo-mang?
◻ Liketso khaolo 12 e bontša joang hore mahloriso ha a thibe ba tšabang Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Khanya e tsoang leholimong e ile ea tsekema ’me lentsoe la botsa: “Saule, Saule, ke hobane’ng ha u ntlhorisa?”