-
“Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
1, 2. Ke eng e ikhethang ka leeto leo Barnabase le Saule ba itokisetsang lona, ’me mosebetsi oa bona o tla thusa joang hore Liketso 1:8 e phethahale?
KE THABO feela letsatsing lena phuthehong ea Antioke. Moea o halalelang o khethile Barnabase le Saule har’a baprofeta ba bangata le matichere hore ba ise litaba tse monate libakeng tse hole.a (Lik. 13:1, 2) Ke ’nete hore ho ’nile ha sebelisoa banna ba tšoanelehang. Leha ho le joalo, nakong e fetileng baromuoa ba ne ba e-ea libakeng tseo Bokreste bo seng bo ntse bo amohetsoe. (Lik. 8:14; 11:22) Lekhetlong lena, Barnabase le Saule—hammoho le Johanne Mareka, eo e neng e tla ba mohlanka—ba tla romeloa linaheng tseo ho tsona batho ba bangata ba e-s’o utloe litaba tse monate.
2 Lilemo tse ka bang 14 pele ho mona, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ho khethoa ha Barnabase le Saule hore e be baromuoa ho tla thusa hore boprofeta bona ba Jesu bo phethahale!b
-
-
“Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
4. (a) Ke eng se ileng sa susumetsa hore Barnabase le Saule ba khethoe, hona balumeli-’moho ba ile ba itšoara joang ha ba khethoa? (b) Re ka tšehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng joang ka har’a phutheho?
4 Empa ke hobane’ng ha ka ho khetheha moea o halalelang o ile oa laela hore Barnabase le Saule ba khethoe ho “etsa mosebetsi”? (Lik. 13:2) Bibele ha e bolele lebaka la seo. Seo re se tsebang ke hore moea o halalelang o ile oa laela hore banna bana ba khethoe. Ha ho se bontšang hore baprofeta ba Antioke le mesuoe ea teng ba ile ba hanyetsa qeto ena. Ho e-na le hoo, ba ile ba tšehetsa khetho ena ka ho felletseng. Ak’u inahanele kamoo e tlamehang ebe Barnabase le Saule ba ile ba ikutloa kateng ha barab’abo bona ba Bakreste, ba sa ba honohele, ho e-na le hoo, ba “itima lijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.” (Lik. 13:3) Le rona re lokela ho tšehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng ka phuthehong ea Bakreste, ho akarelletsa banna ba khethetsoeng hore e be balebeli ba phutheho. Ho e-na le ho ba shoela mona, re lokela ho ‘ba nahanela le ho ba rata haholo ka lebaka la mosebetsi oa bona.’—1 Bathes. 5:13.
-