Mohlala o Bululetsoeng oa Mosebetsi oa Bokreste oa Boromuoa
“Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste.”—1 BA-KORINTHE 11:1.
1. Litsela tse ling tseo ka tsona Jesu a behetseng balateli ba hae mohlala o babatsehang oo ba lokelang ho o etsisa ke life? (Ba-Filippi 2:5-9)
JESU o behetse barutuoa ba hae mohlala o babatsehang hakaakang! Ka thabo o ile a siea khanya ea hae ea leholimo a tla lefatšeng ’me a phela har’a batho ba baetsalibe. O ne a ikemiselitse ho utloa bohloko bo boholo hore batho ba bolokehe ’me, habohlokoa ka ho fetisisa, hore a halaletse lebitso la Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 3:16; 17:4) Ha a ne a le nyeoeng e amang bophelo ba hae, ka sebete Jesu o ile a re: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.”—Johanne 18:37.
2. Ke hobane’ng ha Jesu ea tsositsoeng a ne a ka laela barutuoa ba hae hore ba ntšetse pele mosebetsi oo a neng a o qalile?
2 Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a neha barutuoa ba hae koetliso e babatsehang e le hore ba ka ntšetsa pele mosebetsi oa ho pakela ’nete ea ’Muso. (Mattheu 10:5-23; Luka 10:1-16) Ka hona, ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a khona ho fana ka taelo e reng: “E-eang . . . le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.
3. Mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ile oa eketseha joang, empa o ne o lebisitsoe haholo-holo libakeng life?
3 Ka lilemo tse latelang tse tharo le halofo, barutuoa ba Jesu ba ile ba utloa taelo ena empa ba etsa hore mosebetsi oa bona oa ho etsa barutuoa o felle ho Bajode, basokolohi ba Bajode, le Basamaria ba bolotseng. Joale, ka 36 C.E., Molimo o ile a etsa hore litaba tse molemo li boleloe ho monna ea sa bollang, Kornele, le ba ntlo ea hae. Lilemong tse latelang tse leshome, Balichaba ba bang ba ile ba tlisoa ka phuthehong. Leha ho le joalo, ho bonahala boholo ba mosebetsi bo ne bo etsoa libakeng tse ka bochabela ho Mediterranean.—Liketso 10:24, 44-48; 11:19-21.
4. Ke khatelo-pele efe e totobetseng e ileng ea etsahala hoo e ka bang ka 47-48 C.E.?
4 Ho ne ho hlokahala ntho e ’ngoe e neng e tla susumetsa kapa e neng e tla nolofalletsa Bakreste hore ba etse Bajode le Balichaba ba libakeng tse hōle barutuoa. Kahoo, hoo e batlang e le ka 47-48 C.E., baholo ba phutheho ea Antioke e Syria ba ile ba amohela molaetsa ona oa bomolimo: “Nkhetheleng Barnabase le Saule, ba ee mosebetsing oo ke ba bilelitseng oona.” (Liketso 13:2) Hlokomela hore ka nako eo Pauluse o ne a tsejoa ka lebitso la hae la pele, Saule. Hlokomela hape hore, Molimo o buile ka Barnabase pele ho Pauluse, mohlomong e le hobane ka nako eo ho ne ho nkoa hore Barnabase o moholo ho Pauluse.
5. Ke hobane’ng ha tlaleho ea leeto la Pauluse le Barnabase la boromuoa e le ea bohlokoa haholo ho Bakreste kajeno?
5 Tlaleho e qaqileng ea leeto la Pauluse le Barnabase la boromuoa e khothatsa Lipaki tsa Jehova haholo, haholo-holo baromuoa le bo-pula-maliboho ba tlohileng metseng ea habo bona ho ea sebeletsa sechabeng sesele. Ho feta moo, ka sebele ho hlahloba Liketso likhaolo 13 le 14 ho tla susumelletsa le ba eketsehileng hore ba etsise Pauluse le Barnabase ’me ba eketse karolo ea bona mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ho etsa barutuoa.
Sehleke-hleke sa Cypera
6. Baromuoa ba ile ba beha mohlala ofe Cypera?
6 Ka ntle ho tika-tiko baromuoa ba ile ba sesisetsa sekepe ho tloha koung ea Syria ea Selocia ho ea sehleke-hlekeng sa Cypera. Ka mor’a ho fihla Salamina, ha baa ka ba faposoa tseleng ea bona empa “ba bolela lentsoe la Molimo masynagogeng a ba-Jode.” Ba latela mohlala oa Kreste, ha baa ka ba khotsofalla ho nama maoto motseng oo le ho lebella hore baahi ba sehleke-hlekeng ba itlise ho bona. Ho e-na le hoo, “ba tsamaile le sehleke-hleke sohle.” Ntle le pelaelo sena se ne se akarelletsa ho tsamaea sebaka se selelele ka maoto le ho feto-fetola libaka tseo ba neng ba robala ho tsona, kaha Cypera ke sehleke-hleke se seholo, ’me leeto la bona le ne le kenella karolong e khōlō ea sona.—Liketso 13:5, 6, BPN.
7. (a) Ke ketsahalo efe e babatsehang e ileng ea etsahala Pafose? (b) Tlaleho ee e re khothalletsa ho ba le boikutlo bofe?
7 Qetellong ea leeto la bona, banna bana ba babeli ba ile ba putsoa ka phihlelo e hlollang motseng oa Pafose. ’Musi oa sehleke-hleke sena, Sergiuse Pauluse, o ile a mamela molaetsa oa bona ’me “a fetoha molumeli.” (Liketso 13:7, 12, NW) Hamorao Pauluse o ile a ngola: “Joale, bana beso, hopolang hore na le ne le le joang mohla Molimo a le bitsang. Ho ea ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lōna ba bohlale, ba matla kapa ba mali a borena.” (1 Ba-Korinthe 1:26, BPN) Leha ho le joalo, Sergiuse Pauluse o bile har’a ba matla ba ileng ba arabela. Phihlelo ena e lokela ho re khothalletsa kaofela, haholo-holo baromuoa, hore re be le pono e ntle ka ho pakela liofisiri tsa ’muso, joalokaha re khothalletsoa ho etsa joalo ho 1 Timothea 2:1-4. Ka linako tse ling batho ba leng maemong a phahameng ba ile ba thusa bahlanka ba Molimo haholo.—Nehemia 2:4-8.
8. (a) Ke kamano efe e fetohileng e teng pakeng tsa Barnabase le Pauluse ho tloha ka nako ee ho ea pele? (b) Barnabase e bile mohlala o motle ka tsela efe?
8 A susumetsoa ke moea oa Jehova, Pauluse o ile a phetha karolo e khōlō tabeng ea ho sokolla Sergiuse Pauluse. (Liketso 13:8-12) Hape, ho bonahala eka Pauluse o ile a etella pele ho tloha ka nako eo ho ea pele. (Bapisa le Liketso 13:7 le Liketso 13:15, 16, 43.) Sena se ne se le tumellanong le thomo ea bomolimo eo Pauluse a ileng a e fumana ka mor’a tšokoloho ea hae. (Liketso 9:15) Mohlomong khatelo-pele e joalo e ile ea beha boikokobetso ba Barnabase tekong. Leha ho le joalo, ho e-na le ho khopisoa ke phetoho ena, ho ka etsahala hore ebe Barnabase o ile a phelela se boleloang ke lebitso la hae, “Mora oa Matšeliso,” ’me a tšehetsa Pauluse ka botšepehi leetong lohle la boromuoa le ka mor’a lona ha Bakreste ba bang ba Bajode ba belaella ho nepahala ha tšebeletso ea bona ho Balichaba ba sa bollang. (Liketso 15:1, 2) Ona ke mohlala o motle hakaakang ho rōna kaofela, ho kopanyelletsa le batho ba lulang mahaeng a baromuoa le a Bethele! Re lokela hore ka linako tsohle re ikemisetse ho amohela liphetoho tsa puso ea Molimo ’me re tšehetse ka ho felletseng ba khethiloeng ho etella pele har’a rōna.—Ba-Heberu 13:17.
Sehlaba sa Asia Minor
9. Re ithuta eng ka boikemisetso ba Pauluse le Barnabase ba ho ea Antioke e Pisidia?
9 Ho tloha Cypera, Pauluse le Barnabase ba ile ba sesisetsa sekepe ho ella leboea k’hontinenteng ea Asia. Ka lebaka le itseng le sa boleloang, baromuoa bana ha baa ka ba lula sebakeng se lebopong la leoatle empa ba ile ba nka leeto le lelelele le le kotsi la lik’hilomithara tse ka bang 180 ba ea Antioke e Pisidia, e leng sehlabeng se bohareng sa Asia Minor. Leeto lena le ne le akarelletsa ho nyolosa lekhalong le thabeng le ho theohela phuleng e ka bang limithara tse 1 100 ka holimo ho bophahamo ba leoatle. Setsebi sa Bibele J. S. Howson se re: “Mekhoa e se nang molao le ea ho hlasela ea baahi ba lithabeng tseo tse arolang sehlaba . . . liphuleng tse lebopong la leoatle le ka boroa, e ne e tsebahala likarolong tsohle tsa histori ea boholo-holo.” Ho phaella moo, baromuoa ba ile ba ba kotsing ka baka la lintho tsa tlhaho. Howson oa phaella: “Ha ho setereke se seng Asia Minor, se tšoailoeng ka ho ikhethang ka ‘meroallo ea sona ea metsi’ ho feta karolo e lithaba ea Pisidia, moo linoka li neng li phatloha tlas’a lilomo tse khōlō, kapa li phalle ka matla har’a likhohlo tse patisaneng.” Makolopetso ana a re thusa hore re bone mofuta oa maeto ao baromuoa ba neng ba ikemiselitse ho a nka molemong oa ho phatlalatsa litaba tse molemo. (2 Ba-Korinthe 11:26) Ka ho tšoanang le kajeno, bahlanka ba bangata ba Jehova ba tobana le litšitiso tsa mefuta eohle e le hore ba ka finyella ho batho ’me ba ba arolele litaba tse molemo.
10, 11. (a) Pauluse o ile a etsa joang hore ho be le lintho tseo a lumellanang le bamameli ba hae ho tsona? (b) Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe Bajode ba bangata ba ne ba makalitsoe ke ho utloa ka ho utloisoa bohloko ha Messia? (c) Pauluse o ile a beha poloko ea mofuta ofe ka pele ho bamameli ba hae?
10 Kaha ho ne ho e-na le synagoge ea Bajode Antioke e Pisidia, baromuoa ba ile ba ea teng pele e le hore ba ka neha batho ba tloaelaneng haholoanyane le Lentsoe la Molimo monyetla oa ho amohela litaba tse molemo. Ha Pauluse a memeloa hore a bue, o ile a ema ’me a nehelana ka puo e monate haholo ea phatlalatsa. Puong eohle ea hae, o ile a etsa hore ho be le lintho tseo a lumellanang ho tsona le Bajode le basokolohi ba neng ba mametse. (Liketso 13:13-16, 26) Ka mor’a kenyelletso ea hae, Pauluse o ile a bua ka histori e tsebahalang ea Bajode, a ba hopotsa hore Jehova o ile a khetha bontat’a bona moholo ’me a ba lopolla Egepeta, le kamoo a ileng a ba thusa ka teng ho hlōla baahi ba Naha e Tšepisitsoeng. Joale Pauluse o ile a totobatsa litšebelisano tsa Jehova le Davida. Boitsebiso bo joalo bo ne bo ama Bajode ba lekholong la pele la lilemo hobane ba ne ba lebelletse hore Molimo a hlahise setloholo sa Davida hore e be mopholosi le ’musi oa ka ho sa feleng. Ha a fihla ntlheng ena, ka sebete Pauluse o ile a phatlalatsa: “Lelokong la eo [Davida], ka pallo ea oona, Molimo o hlahiselitse Iseraele ’Moloki, Jesu.”—Liketso 13:17-23.
11 Leha ho le joalo, Bajode ba ne ba lebelletse mopholosi eo e leng mohale oa ntoa ea neng a tla ba lopolla khatellong ea Baroma le ho phahamisa sechaba sa Bajode ka holimo ho lichaba tse ling tsohle. Ka hona, ntle ho pelaelo ba ile ba makala ha ba utloa Pauluse a bolela hore baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ile ba nehelana ka Messia hore a bolaoe. Ka sebete Pauluse o ile a phatlalatsa: “Empa Molimo o mo tsositse bafung.” Ho ea qetellong ea puo ea hae, o ile a bontša bamameli ba hae hore ba ka fumana poloko ea mofuta o hlollang. O ile a re: “Tsebang ka hoo hobane tšoarelo ea libe le e boleletsoe ka eena, le hoba e mong le e mong ea lumelang ho eena o beoa ea lokileng nthong tseo le neng le sitoa ho beoa ba lokileng ho tsona ke molao oa Moshe.” Pauluse o ile a qetella puo ea hae ka ho khothalletsa bamameli ba hae hore ba se ke ba baloa har’a ba bangata bao Molimo o ileng oa bolela esale pele hore ba ne ba ke ke ba natsa tokisetso ena e hlollang ea polokeho.—Liketso 13:30-41.
12. Puo ea Pauluse e bile le phello efe, ’me see se lokela ho re khothatsa joang?
12 Eo e bile puo e thehiloeng Mangolong e fanoeng hantle hakaakang! Bamameli ba ile ba arabela joang? “Ba-Jode ba bangata, le baproselyte ba sebeletsang Molimo, ba latela Pauluse le Barnabase.” (Liketso 13:43) Ke taba e re khothatsang hakaakang kajeno! E se eka le rōna ka ho tšoanang re ka etsa sohle se matleng a rōna hore re nehelane ka litaba tse molemo ka tsela e atlehang, ebang ke boboleling ba rōna ba phatlalatsa kapa ke litlhalosong tseo re fanang ka tsona libokeng tsa rōna tsa phutheho.—1 Timothea 4:13-16.
13. Ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore baromuoa ba tlohe Antioke e Pisidia, ’me ho phahama lipotso life mabapi le barutuoa ba bacha?
13 Batho ba Antioke e Pisidia ba sa tsoa thahasella ba ne ba sitoa ho ipolokela litaba tse molemo. Ka baka la sena, “ka sabbatha e hlahlamang, motse oa hla oa batla o e-ba hammoho kaofela, ho utloa litaba tsa Molimo.” ’Me ka potlako molaetsa oa tlala-tlala le motse. Ha e le hantle, “Lentsoe la [Jehova] la ’na la hasana naheng eo eohle.” (Liketso 13:44, 49) Ho e-na le ho amohela taba ena, Bajode ba lefufa ba ile ba atleha ho etsa hore baromuoa ba lelekoe motseng. (Liketso 13:45, 50) See se ile sa ama barutuoa ba bacha joang? Na ba ile ba nyahama eaba baa khathala?
14. Ke hobane’ng ha bahanyetsi ba ne ba ke ke ba felisa mosebetsi oo baromuoa ba neng ba o qalile, ’me re ithuta eng ho see?
14 Che, hobane ona e ne e le mosebetsi oa Molimo. Hape, baromuoa ba ne ba thehile moralo o tiileng oa tumelo ho Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng. Joale, ka ho totobetseng barutuoa ba bacha ba ne ba nka Kreste, eseng baromuoa, e le Moeta-pele oa bona. Ka hona, re bala hore “ba ne ba tletse thabo le Moea o Halalelang.” (Liketso 13:52) See se khothatsa hakaakang ho baromuoa le ho ba bang ba etsang barutuoa kajeno! Haeba re phetha karolo ea rōna ka boikokobetso le ka cheseho, Jehova Molimo le Jesu Kreste ba tla hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna.—1 Ba-Korinthe 3:9.
Ikone, Lystra, le Derba
15. Ke mokhoa ofe oo baromuoa ba ileng ba o sebelisa ha ba le Ikone, hona e le ka liphello life?
15 Joale Pauluse le Barnabase ba tsamaea lik’hilomithara tse 140 ka boroa bo ka bochabela ho ea motseng o latelang, Ikone. Ho tšaba mahloriso ha hoa ka ha ba thibela hore ba etse se tšoanang le seo ba se entseng Antioke. Ka baka lena, Bibele e re: “Ha lumela bongata bo boholo ba ba-Jode le ba ba-Gerike.” (Liketso 14:1) Hape, Bajode ba sa kang ba amohela litaba tse molemo ba ile ba tsosa khanyetso. Empa baromuoa ba ile ba mamella ’me ba qeta nako e ngata Ikone ba thusa barutuoa ba bacha. Joale, ka mor’a ho tseba hore bahanyetsi ba bona ba Bajode ba ne ba tla ba tlepetsa ka majoe, Pauluse le Barnabase ka bohlale ba ile ba balehela tšimong e ’ngoe, “Lystra le Derba le linaheng tsa teng.”—Liketso 14:2-6.
16, 17. (a) Ho ile ha etsahala joang ka Pauluse ha a le Lystra? (b) Litšebelisano tsa Molimo le moapostola li ile tsa ama monna ea mocha oa Lystra joang?
16 Ka sebete “ba ile ba tsoela pele ba bolela litaba tse molemo” tšimong ena e neng e sebetsoa ka lekhetlo la pele. (Liketso 14:7, NW) Ha Bajode ba leng Antioke e Pisidia le Ikone ba utloa ka sena, ba ile ba tla Lystra ’me ba susumelletsa matšoele hore a tlepetse Pauluse ka majoe. Kaha o ne a se na nako ea ho baleha, Pauluse o ile a tlepetsoa ka majoe, hoo bahanyetsi ba hae ba ileng ba kholoa hore o shoele. Ba ile ba mo hulanyetsa ka ntle ho motse.—Liketso 14:19.
17 Na u ka inahanela hore na see se ile sa bakela barutuoa ba bacha ho tsieleha ho hokaakang? Empa mohlolo oa mehlolo, ha ba pota-pota Pauluse, o ile a ema ka maoto! Bibele ha e bolele hore na ebe monna ea mocha ea bitsoang Timothea e ne e le e mong oa barutuoa bana. Ka sebele o ile a tseba litšebelisano tsa Molimo le Pauluse nakong e itseng ’me tsa ama kelello ea hae e ntseng e hōla ka ho tebileng. Pauluse lengolong la hae la bobeli ho Timothea o ile a ngola: “U rutehile thuto ea ka ruri, le ho etsa ha ka, . . . le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Lystra, le lihloriso life le life tseo ke li mameletseng; empa Morena o ntoetse ho tsona kaofela.” (2 Timothea 3:10, 11) Hoo e ka bang selemo kapa tse peli ka mor’a hore Pauluse a tlepetsoe ka majoe, o ile a khutlela Lystra ’me a fumana hore Timothea e monyenyane e ne e le Mokreste ea behang mohlala o motle, “a rorisoa ke baena ba Lystra le ba Ikone.” (Liketso 16:1, 2) Kahoo Pauluse o ile a mo khetha hore a tsamaee le eena. Sena se ile sa thusa Timothea hore a hōle moeeng, ’me ka mor’a nako e khutšoaane o ile a tšoaneleha hore a ka rongoa ke Pauluse ho etela liphutheho tse fapaneng. (Ba-Filippi 2:19, 20; 1 Timothea 1:3) Ka ho tšoanang, kajeno bahlanka ba chesehang ba Molimo ke tšusumetso e babatsehang ho bacha, bao ba bangata ba bona ba hōlang hore e be bahlanka ba bohlokoa ba Molimo, joaloka Timothea.
18. (a) Ho ile ha etsahala joang ka baromuoa ha ba le Derba? (b) Joale ba ne ba bulehetsoe ke monyetla ofe, empa ba ile ba khetha ho etsa joang?
18 Hoseng ho hlahlamang ka mor’a ho phonyoha ha hae lefu Lystra, Pauluse o ile a tsamaea le Barnabase ho ea Derba. Lekhetlong lena, ha baa ka ba lateloa ke bahanyetsi, ’me Bibele e bolela hore ‘ba ile ba etsa barutuoa ba bangata.’ (Liketso 14:20, 21) Ha ba se ba thehile phutheho Derba, Pauluse le Barnabase ba ile ba tlameha ho etsa qeto. Ho ne ho e-na le tsela e tloaelehileng e neng e hahiloe ke Baroma e tlohang Derba ho ea Tarese. Ho tloha moo e ne e se e le leeto le lekhutšoaane ho ea Antioke e Syria. Ho ka etsahala hore ena e ne e le tsela e loketseng ka ho fetisisa hore ba ka khutla ka eona, ’me mohlomong baromuoa bao ba ne ba ka ’na ba ikutloa hore ba hloka phomolo. Leha ho le joalo, e le ha ba etsisa Mong’a bona, Pauluse le Barnabase ba ile ba utloa hore ho sa na le tlhokahalo e khōloanyane.—Mareka 6:31-34.
Ho Etsa Mosebetsi oa Molimo ka Botlalo
19, 20. (a) Jehova o ile a hlohonolofatsa baromuoa joang ka baka la ho khutlela Lystra, Ikone, le Antioke? (b) See se fana ka thuto efe ho batho ba Jehova kajeno?
19 Ho e-na le ho tsamaea ka tsela e khutšoaane e eang hae, ka sebete baromuoa ba ile ba khutla ’me ba boela ba etela eona metse eo ho eona bophelo ba bona bo neng bo bile kotsing. Na Jehova o ile a ba hlohonolofaletsa kameho ee eo eseng ea boithati bakeng sa linku tse ncha? E, ka sebele, hobane tlaleho e bolela hore ba ile ba atleha ho “tiisa lipelo tsa barutuoa, ba ba khothatsa ho tiea tumelong.” Ka ho loketseng, ba ile ba bolella barutuoa bao ba bacha hore: “E ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Liketso 14:21, 22) Pauluse le Barnabase ba boetse ba ba hopotsa ka pitso ea bona joaloka majalefa-’moho ’Musong o tlang oa Molimo. Kajeno, re lokela ho khothatsa barutuoa ba bacha ka tsela e tšoanang. Re ka ba matlafatsa hore ba mamelle liteko ka ho beha ka pel’a bona tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a puso ea ’ona ’Muso oo oa Molimo oo Pauluse le Barnabase ba neng ba ruta ka ’ona.
20 Pele ba tloha motseng o mong le o mong, Pauluse le Barnabase ba ne ba thusa phutheho ea moo ba leng teng hore e be e hlophisehileng haholoanyane. Ka ho totobetseng, ba ne ba koetlisa banna ba tšoanelehang ’me ba ba khetha hore ba etelle pele. (Liketso 14:23) Ntle ho pelaelo sena se ile sa tlatsetsa hore ho be le keketseho e eketsehileng. Ka ho tšoanang, kajeno, baromuoa le ba bang, hangata ka mor’a ho thusa batho ba se nang phihlelo hore ba etse khatelo-pele ho fihlela ba ba boemong boo ba ka jarang boikarabelo, ka linako tse ling baa tloha ’me ba ntšetsa pele mosebetsi oa bona o motle libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ho tsona.
21, 22. (a) Ho ile ha etsahala joang ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba phethe leeto la bona la boromuoa? (b) See se hlahisa lipotso life?
21 Ha qetellong baromuoa ba khutlela Antioke e Syria, ba ne ba ikutloa ba khotsofetse haholo. Ka sebele, tlaleho ea Bibele e bolela hore ba ne “ba phethile ka botlalo” mosebetsi oo Molimo a neng a ba nehile ’ona. (Liketso 14:26, NW) Ka ho utloahalang, ha ba pheta liphihlelo “baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.” (Liketso 15:3) Empa ho thoe’ng ka nako e tlang? Na joale ba ne ba tla khotsofalla katleho eo ba bileng le eona ebe ha sa ba etsa boiteko bo eketsehileng? Che, ho hang. Ka mor’a ho etela sehlopha se busang se Jerusalema bakeng sa ho fumana qeto tabeng ea lebollo, bana ba babeli ba ile ba boela ba kena maetong a boromuoa. Khetlong lena ba ile ba tsamaea ka litsela tse sa tšoaneng. Barnabase o ile a tsamaea le Johanne Mareka ’me ba ea Cypera, ha Pauluse a ile a fumana ’mate e mocha, Silase, ’me ba tsamaea Syria le Cilicia. (Liketso 15:39-41) Ke leetong lena moo a ileng a khetha ho tsamaea le Timothea e mocha.
22 Bibele ha e bolele liphello tsa leeto la bobeli la Barnabase. Ha e le Pauluse, o ile a tsoela pele ho ea tšimong e ncha ’me a theha liphutheho tse ncha bonyane metseng e mehlano—Filippi, Berea, Thessalonika, Korinthe, le Efese. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse hore a be le katleho e babatsehang hakaale? Na melao-motheo e tšoanang e sebetsa le ho Bakreste ba etsang barutuoa kajeno?
Na U Sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu e le mohlala o babatsehang oo re ka o etsisang?
◻ Barnabase e bile mohlala ka tsela efe?
◻ Re ithuta eng puong ea Pauluse Antioke e Pisidia?
◻ Pauluse le Barnabase ba ile ba phetha kabelo ea bona ka ho felletseng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho mamella mahloriso ha moapostola Pauluse ho ile ha ba le phello e tebileng ho Timothea e mocha