Khaolo 5
“Testamente e Ncha”—Histori Kapa Tšōmo?
“Kajeno Testamente e Ncha e ka hlalosoa e le buka e hlahlobiloeng haholo ho feta tsohle libukeng tsa lefatše.” Ho boletse joalo Hans Küng bukeng ea hae “On Being a Christian.” ’Me o ne a nepile. Ho theosa le lilemo tse 300 tse fetileng, Mangolo a Segerike a Bokreste a hlahlobiloe haholo. A ’nile a aroloa ka likarolo tse nyenyane ’me a qanolloa ka lintlha tse nyenyane ho feta libuka leha e le life tse ling.
1, 2. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Mangolo a Segerike a Bokreste a ’nile a tšoaroa joang ho theosa le lilemo tse 300 tse fetileng? (b) Ke liqeto life tse makatsang tseo bahlahlobi ba bang ba li fihletseng?
LIQETO tse fihletsoeng ke bahlahlobi ba bang e bile tse makatsang. Morao koana lekholong la bo19 la lilemo, Ludwig Noack oa Jeremane o ile a fihlela qeto ea hore Molaetsa o Molemo oa Johanne o ngotsoe ka 60 C.E. ke morutuoa ea ratoang—eo, ho latela Noack, e neng e le Judase! Monna oa Lefora Joseph Ernest Renan o ile a hlahisa hore mohlomong tsoho ea Lazaro ke bolotsana bo neng bo lokiselitsoe ke Lazaro ka boeena ho tšehetsa boipolelo ba Jesu ba hore ke moetsi oa mehlolo, empa setsebi sa thuto ea bolumeli sa Lejeremane Gustav Volkmar o ile a tsitlallela hore ho ke ke ha etsahala hore e be Jesu ea boleloang historing o tlile a ipolela hore ke Messia.1
2 Ka lehlakoreng le leng, Bruno Bauer o ile a etsa qeto ea hore Jesu ha a e-s’o ka a e-ba teng ho hang! “O ne a lumela hore matla a sebele a neng a etsa lintho Bokresteng ba pele e ne e le Philo, Seneca, le Batho ba lumelang lithuto tsa Bokreste le lifilosofi tsa Bagerike. Qetellong o ile a bolela hore ha ho mohla Jesu a kileng a ba teng historing . . . hore bolumeli ba Bokreste bo simolohile morao lekholong la bobeli la lilemo le hore bo ne bo e-tsoa Bojodeng boo ho bona Bostoike e neng e le bona bo ka sehloohong.”2
3. Ba bangata ba sa ntsane ba e-na le boikutlo bofe ka Bibele?
3 Kajeno, ke ba seng bakae ba nang le likhopolo tse fetelletseng joalo. Empa haeba u bala lingoliloeng tsa litsebi tsa kajeno, u tla fumana hore ba bangata ba sa ntsane ba lumela hore Mangolo a Segerike a Bokreste a tšoere khopolo-taba, tšōmo, le ho fetelletsa litaba. Na hoo ke ’nete?
A Ngotsoe Neng?
4. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba hore na libuka tsa Mangolo a Segerike a Bokreste li ngotsoe neng? (b) Maikutlo a mang ke afe mabapi le hore na Mangolo a Segerike a Bokreste a ngotsoe neng?
4 Ho nka nako hore litšōmo le likhopolo-taba li hōle. Kahoo potso e reng, Libuka tsee li ngotsoe neng?, ke ea bohlokoa. Rahistori Michael Grant, o bolela hore mengolo ea histori ea Mangolo a Segerike a Bokreste e qalile “lilemong tse mashome a mararo kapa a mane ka mor’a lefu la Jesu.”4 Moepolli oa lintho tsa khale tse amanang le Bibele William Foxwell Albright o qotsitse C. C. Torrey a fihlela qeto “ea hore Melaetsa e Molemo kaofela e ngotsoe pele ho 70 A.D. le hore ha ho letho ho eona leo e ka bang le ne le e-s’o ngoloe lilemong tse mashome a mabeli ka mor’a Ho Thakhisoa [ha Morena].” Khopolo ea Albright ka boeena e ne e le hore ho ngoloa ha eona ho phethiloe “eseng ka mor’a hoo e ka bang 80 A.D.” Ba bang ba hlaha ka likhakanyo tse fapaneng hanyenyane le tseo, empa boholo ba lumellana hore ho ngoloa ha “Testamente e Ncha” ho ne ho se ho phethiloe qetellong ea lekholo la pele la lilemo.
5, 6. Re lokela ho fihlela qeto efe ’neteng ea hore Mangolo a Segerike a Bokreste a ngotsoe haufi haholo le nako ea liketsahalo tseo a li tlalehang?
5 See se bolela eng? Albright o etsa qeto ea hore: “Sohle seo re ka se buang ke hore nako e pakeng tsa lilemo tse mashome a mabeli le tse mashome a mahlano e fokola haholo bakeng sa ho lumella tšilafalo leha e le efe e bonahalang ea litaba tsa bohlokoa esita le ea mantsoe a tobileng a lipolelo tsa Jesu.”5 Moprofesa Gary Habermas oa phaella: “Melaetsa e Molemo e ngotsoe haufi haholo le nako eo e e tlalehang, empa hangata histori ea boholo-holo e hlalosa liketsahalo tse etsahetseng makholo a lilemo pejana. Empa, bo-rahistori ba kajeno ba khona hore ka katleho ba fumane le tsona liketsahalo tsa linakong tsena tsa boholo-holo.”6
6 Ka mantsoe a mang, likarolo tsa histori tsa Mangolo a Segerike a Bokreste li tšoaneloa ke hore bonyane li lumeloe joalokaha ho lumeloa histori ea lefatše. Ka sebele, nakong ea mashome a seng makae a lilemo pakeng tsa liketsahalo tsa Bokreste ba pele le ho tlalehoa ha tsona ka ho ngoloa, ho ne ho se nako ea hore litšōmo le likhopolo-taba li hōle ’me li amoheloe ka ho pharalletseng.
Bopaki ba ba Boneng ka Mahlo
7, 8. (a) Ke bo-mang ba neng ba sa ntsane ba phela ha Mangolo a Segerike a Bokreste a ngoloa a bile a abjoa? (b) Re lokela ho fihlela qeto efe tumellanong le tlhaloso ea Moprofesa F. F. Bruce?
7 Sena ke ’nete haholo ha re talima ’nete ea hore boholo ba litlaleho tseo li bua ka bopaki ba ba boneng ka mahlo. Sengoli sa Molaetsa o Molemo oa Johanne se itse: “Ke eena morutuoa enoa [morutuoa eo Jesu a neng a mo rata] ea pakang litaba tsena, ea li ngotseng.” (Johanne 21:24, TLP) Sengoli sa buka ea Luka se re: “Re li [neiloe] ke ba iponetseng tsona ka sebele e sa le ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentsoe.” (Luka 1:2) Ha a bua ka ba boneng tsoho ea Jesu ka mahlo, moapostola Pauluse o itse: “Ba bangata ho bona ba sa le teng, ’me ba bang ba se ba shoele.”—1 Ba-Korinthe 15:6.
8 Ntlheng ena, Moprofesa F. F. Bruce o bolela ntho e thahasellisang: “Ho hang ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo kamoo ho bonahalang lingoli tse ling li nahana kateng, ho qapa mantsoe le liketso tsa Jesu lilemong tseo tsa pele, ha barutuoa ba Hae ba bangata hakana ba ne ba ntse ba le teng, ba neng ba ka hopola se etsahetseng le se sa kang sa etsahala. . . . Barutuoa ba ne ba ke ke ba nka monyetla oa ho ngola lintho tse sa nepahalang (re se re sa re letho ka ho sotha linnete ka boomo), ho neng ho tla pepesoa hang-hang ke ba neng ba tla thabela haholo ho etsa joalo. Ka lehlakoreng le leng, e ’ngoe ea lintlha tse matla tsa boboleli ba baapostola qalong ke ho ipiletsa ha bona ka kholiseho ho seo bamameli ba se tsebang; ha ba re feela, ‘Re lipaki tsa lintho tsena,’ empa hape, ‘Joale ka ha le tseba le lōna’ (Liketso 2:22).”7
Na Taba e Ngotsoeng e ka Tšeptjoa?
9, 10. Mabapi le Mangolo a Segerike a Bokreste, re ka kholiseha ka eng?
9 Na ho ka etsahala hore e be bopaki bona ba ba boneng ka mahlo bo ne bo tlalehiloe ka nepo empa hamorao ba silafatsoa? Ka mantsoe a mang, na litšōmo le likhopolo-taba li ile tsa kenngoa ka mor’a hore ho ngoloa ha litaba qalong ho phethoe? Re se re bone hore taba e ngotsoeng Mangolong a Segerike a Bokreste e boemong bo molemo ho feta libuka leha e le life tse ling tsa boholo-holo. Kurt le Barbara Aland, litsebi tsa taba e ngotsoeng ka Segerike Bibeleng, ba thathamisa hoo e batlang e le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 5 000 tse pholohileng ho tloha mehleng ea khale ho fihlela kajeno, tse ling tsa tsona e le tsa khale hoo e ka bang lekholong la bobeli la lilemo C.E.8 Ka kakaretso se pakoang ke bopaki bona bo boholo ke hore ha e le hantle taba e ngotsoeng e nepahetse. Ho phaella moo, ho na le liphetolelo tse ngata tsa boholo-holo—ea khale ka ho fetisisa e le ea hoo e ka bang selemong sa 180 C.E.—tse re thusang ho paka hore taba e ngotsoeng e nepahetse.9
10 Kahoo, ka boahloli leha e le bofe, re ka kholiseha hore likhopolo-taba le litšōmo ha lia ka tsa kenella ka Mangolong a Segerike a Bokreste ka mor’a hore lingoli tse ngotseng qalong li phethe mosebetsi oa tsona. Ha e le hantle taba e ngotsoeng eo re nang le eona e tšoana le eo lingoli li e ngotseng qalong, ’me ho nepahala ha eona ho tiisoa ke ’nete ea hore Bakreste ba mehleng eo ba ne ba e amohela. Joale, na rōna re ka hlahloba bonnete ba histori ea Bibele ka ho e bapisa le histori e ’ngoe ea boholo-holo? E, ho isa bohōleng bo itseng.
Bopaki ba Litokomane
11. Bopaki ba litokomane tse ka thōko bo tšehetsa litlaleho tsa histori tsa Mangolo a Segerike a Bokreste hakae?
11 Ha e le hantle, bakeng sa liketsahalo tsa bophelo ba Jesu le baapostola ba hae, bopaki ba litokomane tse ka thōko ho Bibele bo fokola haholo. Sena ke sona se ka lebelloang, kaha lekholong la pele la lilemo, ha ho bapisoa, Bakreste e ne e le sehlopha se senyenyane se neng se sa kenelle lipolotiking. Empa bopaki boo histori ea lefatše e fanang ka bona bo lumellana le seo re se balang ka Bibeleng.
12. Josephus o re bolella eng ka Johanne Mokolobetsi?
12 Ka mohlala, ka mor’a hore Heroda Antipase a khutle a hlōtsoe ntoeng ’me hoo ho tume, rahistori oa Mojode Josephus, ha a ngola ka 93 C.E., o itse: “Ho Bajode ba bang timetso ea lebotho la Heroda e ne e bonahala e le phetetso ea Molimo, ’me ka sebele e le phetetso e loketseng, bakeng sa tsela eo a ileng a tšoara Johanne ka eona, ea bitsoang Mokolobetsi. Hobane Heroda o ne a ’molaile, le hoja e ne e le monna ea molemo ’me a khothallelitse Bajode ho phela bophelo bo lokileng, ho sebelisa toka ho banab’abo bona le ho inehela ho Molimo.”10 Ka hona Josephus o tiisa tlaleho ea Bibele ea hore Johanne Mokolobetsi e ne e le monna ea lokileng ea neng a bolela pako le ea ileng a bolaoa ke Heroda.—Mattheu 3:1-12; 14:11.
13. Josephus o tšehetsa joang hore histori ea Jakobo le Jesu ka boeena ke ’nete?
13 Josephus o boetse o bua ka Jakobo, ngoan’abo Jesu, eo, Bibele e re bolellang hore qalong ha aa ka a latela Jesu empa hamorao o ile a fetoha moholo ea tsebahalang Jerusalema. (Johanne 7:3-5; Ba-Galata 1:18, 19) O ngola ka ho tšoaroa ha Jakobo ka mantsoe ana: “[Moprista e moholo Ananus] o ile a phutha baahloli ba Lekhotla le Phahameng la Bajode ’me a tlisa ka pel’a bona monna ea bitsoang Jakobo, ngoan’abo Jesu ea neng a bitsoa Kreste, le ba bang ba itseng.”11 Ha a ngola mantsoe ana, Josephus o phaella ka ho tiisa hore “Jesu, ea neng a bitsoa Kreste” e ne e le motho oa sebele, ea kileng a ba teng historing.
14, 15. Tacitus o fana ka tšehetso efe tlalehong ea Bibele?
14 Lingoli tse ling tsa pele le tsona li bua ka lintho tse boletsoeng ka Mangolong a Segerike. Ka mohlala, Melaetsa e Molemo e re bolella hore boboleli ba Jesu tikolohong ea Palestina bo ile ba atleha haholo. Ha a ahloleloa lefu ke Ponse Pilato, balateli ba hae ba ne ba ferekane ’me ba tepelletse. Kapele ka mor’a moo, ka sebete barutuoa bona bana ba ile ba tlatsa Jerusalema ka molaetsa oa hore Morena oa bona o tsositsoe. Ka lilemo tse seng kae, Bokreste bo ile ba hasana ’Musong oa Roma kaofela.—Mattheu 4:25; 26:31; 27:24-26; Liketso 2:23, 24, 36; 5:28; 17:6.
15 Bopaki ba ’nete ena bo hlaha ho rahistori oa Roma Tacitus, eo e neng e se motsoalle oa Bokreste. Ha a ngola kapele ka mor’a 100 C.E., o bolela ka mahloriso a sehlōhō a Nero ho Bakreste ’me oa phaella: “Christus, moqapi oa lebitso leo, o ne a fumane kotlo ea lefu pusong ea Tibere, ka kahlolo ea ’musi Ponse Pilato, ’me tumela-khoela e kotsi e ile ea thibeloa ka nakoana, empa ea boela ea qhoma, eseng Judea feela, ha habo lefu leo, empa le ka hare ho motse-moholo [Roma] ka booona.”12
16. Ke ketsahalo efe ea histori eo Bibele e buang ka eona eo Suetonius le eena a buang ka eona?
16 Ho Liketso 18:2 sengoli sa Bibele se bua ka ’nete ea hore “[moemphera oa Roma] Klaude o na a laetse hore ba-Jode bohle ba tlohe Roma.” Rahistori oa Moroma oa lekholong la bobeli la lilemo Suetonius le eena o bua ka ho lelekoa hona. Bukeng ea hae The Deified Claudius, rahistori eo o re: “Kaha ka mehla Bajode ba ne ba etsa mefere-fere ka tlhohlelletso ea Chrestus, [Klaude] o ile a ba leleka Roma.”13 Haeba Chrestus mona e le Jesu Kreste ’me haeba liketsahalo tsa Roma li ne li tšoana le tsa metseng e meng, joale merusu eo e ne e hlile e sa etsoe ka tlhohlelletso ea Kreste (ke hore, balateli ba Kreste). Ho fapana le hoo, e ne e le karabelo ea Bajode e mabifi mosebetsing o etsoang ka botšepehi oa boboleli oa Bakreste.
17. Ke mehloli efe eo Justin Martyr a neng a ka e fumana lekholong la bobeli la lilemo e neng e tšehetsa tlaleho ea Bibele ea mehlolo ea Jesu le lefu la hae?
17 Justin Martyr, ha a ngola bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo, o ngotse mabapi le lefu la Jesu: “Hore lintho tsena li hlile li etsahetse, u ka netefatsa ka Liketso tsa Ponse Pilato.”14 Ho phaella moo, ho latela Justin Martyr, litlaleho tsona tsena li ne li bua ka mehlolo ea Jesu, eo a buang tjena ka eona: “Hore O entse lintho tseo, u ka ithuta ka Liketso tsa Ponse Pilato.”15 Ke ’nete hore “Liketso” tsena, kapa litlaleho tsa molao, ha li sa le eo. Empa ho hlakile hore li ne li le teng lekholong la bobeli la lilemo, ’me ka kholiseho Justin Martyr o ile a phephetsa babali ba litaba tsa hae hore ba li hlahlobe ho tiisa ’nete ea seo a se buileng.
Bopaki ba Baepolli ba Lintho Tsa Khale
18. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho fana ka tšehetso efe mabapi le boteng ba Ponse Pilato?
18 Litšibollo tsa baepolli ba lintho tsa khale le tsona li bontšitse kapa li tiisitse seo re se balang Mangolong a Segerike. Ka hona, ka 1961 lebitso la Ponse Pilato le ile la fumanoa mongolong o mong lithakong tsa lebala la lipapali la Roma le Cesarea.16 Ho fihlela ho sibolloa sena, ka ntle ho Bibele ka boeona, ho ne ho e-na le bopaki bo fokolang feela ba boteng ba ’musi enoa oa Roma.
19, 20. Ke batho bafe ka Bibeleng ba boletsoeng ke Luka (ho Luka le Liketso) bao boteng ba bona bo pakiloeng ke ho epolloa ha lintho tsa khale?
19 Molaetseng o Molemo oa Luka, re bala hore Johanne Mokolobetsi o qalile tšebeletso ea hae “ha . . . Lysaniase e le moteterareke oa Abilene.” (Luka 3:1) Ba bang ba ne ba belaella polelo eo hobane Josephus a buile ka Lysaniase ea neng a busa Abilene ea shoeleng ka 34 B.C.E., nako e telele pele ho tsoalo ea Johanne. Leha ho le joalo, baepolli ba lintho tsa khale ba sibollotse mongolo o mong Abilene o buang ka Lysaniase e mong eo e neng e le moteterareke (’musi oa setereke) pusong ea Tibere, ea neng a busa e le Cesare oa Roma ha Johanne a qala tšebeletso ea hae.17 Ho ka etsahala hore e be enoa e ne e le Lysaniase eo Luka a neng a bua ka eena.
20 Ho Liketso re bala hore Pauluse le Barnabase ba ile ba romeloa Cypera ho ea etsa mosebetsi oa boromuoa ’me ha ba le moo ba kopana le ’musisi Sergiuse Pauluse, “monna ea hlalefileng.” (Liketso 13:7) Bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, boepolli bo ileng ba etsoa Cypera bo ile ba sibolla mongolo o ngotsoeng ka 55 C.E. o buang ka eena monna enoa. Mabapi le sena, moepolli oa lintho tsa khale G. Ernest Wright o re: “Ke bona boitsebiso feela boo re nang le bona bo buang ka ’musisi enoa ka ntle ho Bibele ’me hoa thahasellisa hore Luka o re fa lebitso la hae le tlotla ea hae e nepahetseng.”18
21, 22. Ke mekhoa efe ea bolumeli e teng tlalehong ea Bibele e tiisitsoeng ke litšibollo tsa baepolli ba lintho tsa khale?
21 Ha a le Athene, Pauluse o boletse hore o ile a bona aletare e neng e nehetsoe “Ho Molimo o sa tsejoeng.” (Liketso 17:23) Ho sibollotsoe lialetare tse nehetsoeng ka Selatine ho melimo e sa tsejoeng likarolong tse ling tsa naha ea ’Muso oa Roma. E ’ngoe e ile ea fumanoa Pergame e e-na le mongolo oa Segerike, ho tšoana le kamoo o neng o tla ba kateng Athene.
22 Hamorao, ha a le Efese, Pauluse o ile a hanyetsoa ka mabifi ke batho ba teang lintho tsa silevera, ba neng ba fumana chelete ka ho etsa litempele le litšoantšo tsa molimotsana Artemise. Efese e ne e boleloa e le “’maballi oa tempele ea mofumahali Artemise e moholo.” (Liketso 19:35, TLP) Tumellanong le sena, ho sibollotsoe liemahale tse nyenyane tse ’maloa tsa letsopa le tsa majoe tsa Artemise sebakeng seo e neng e le Efese ea boholo-holo. Lekholong le fetileng la lilemo, ho ile ha epolloa masalla a tempele e khōlō ka boeona.
Li Utloahala e le ’Nete
23, 24. (a) Ke hokae moo re fumanang bopaki bo matla ka ho fetisisa ba ’nete ea ho ngoloa ha Mangolo a Segerike a Bokreste? (b) Ke tšobotsi efe e lulang e le teng tlalehong ea Bibele e pakang hore ke ’nete? Bontša.
23 Kahoo, histori le ho epolloa ha lintho tsa khale li bontša likarolo tsa histori tsa Mangolo a Segerike, ’me ka tekanyo e itseng li bile li tiisa hore likarolo tseo ke ’nete. Empa, hape, bopaki bo matla ka ho fetisisa ba ’nete ea mengolo ena bo libukeng tseo ka botsona. Ha u li bala, ha ho utloahale eka ke litšōmo. Lia utloahala hore ke ’nete.
24 Ntho e ’ngoe ke hore, li toba ’nete haholo. Nahana ka se tlalehiloeng ka Petrose. Ho hlōleha ha hae ho hlabisang lihlong ho tsamaea holim’a metsi ho boletsoe ka ho qaqileng. Joale, Jesu o re ho moapostola enoa ea hlomphehang haholo: “Tloha ho ’na, Satane!” (Mattheu 14:28-31; 16:23) Ho feta moo, ka mor’a ho pheha khang e matla ea hore esita le haeba ba bang kaofela ba ka furalla Jesu, le ka mohla eena a ke ke a etsa joalo, Petrose o ile a robala tebelong ea hae ea bosiu eaba joale o latola Morena oa hae ka makhetlo a mararo.—Mattheu 26:31-35, 37-45, 73-75.
25. Ke mefokolo efe ea baapostola eo lingoli tsa Bibele li e pepesang ka ho toba ’nete?
25 Empa hase Petrose feela eo ho pepesoang mefokolo ea hae. Tlaleho eo e tobang ’nete ha e pate khang ea baapostola ea hore na e moholo har’a bona ke mang. (Mattheu 18:1; Mareka 9:34; Luka 22:24) Leha e le hona hore e qoba ho re bolella hore ’m’a baapostola Jakobo le Johanne o ile a kōpa Jesu hore a fe bara ba hae litulo tse phahameng ka ho fetisisa ’Musong oa hae. (Mattheu 20:20-23) “Ho tlakoloha ho matla ka khalefo” ho bileng teng pakeng tsa Barnabase le Pauluse le hona ho ngotsoe ka botšepehi.—Liketso 15:36-39, NW.
26. Ke taba efe ka tsoho ea Jesu e neng e tla akarelletsoa feela haeba e ne e le ’nete?
26 Hape, ho tšoanela hore ho hlokomeloe ’nete ea hore buka ea Luka e re bolella hore ke “basali ba neng ba tsoile Galilea ba latela Jesu,” ba tsebileng pele ka tsoho ea Jesu. Ena ke taba e sa tloaelehang haholo sechabeng sa lekholong la pele la lilemo se neng se busoa ke banna. Ka sebele, ho latela tlaleho eo, seo basali bao ba neng ba se bua se ile sa “e-ba joale ka tšōmo” ho baapostola. (Luka 23:55–24:11) Haeba histori e Mangolong a Segerike hase ’nete, e tlameha e be e iqapetsoe. Empa ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ne a ka qapa pale e hlahisang batho ba hlomphehang hakaalo ka mokhoa o seng motle joalo? Lintlha tsena li ne li tla akarelletsoa feela haeba e ne e le ’nete.
Jesu—Motho oa Sebele
27. Rahistori e mong o netefatsa joang hore Jesu o kile a ba teng historing?
27 Ba bangata ba ’nile ba talima Jesu kamoo a hlalosoang kateng ka Bibeleng e le pale e iqapetsoeng e entsoeng eka ke ’nete. Empa rahistori Michael Grant o re: “Haeba re sebelisa Testamente e Ncha, joalokaha re lokela ho e sebelisa, re lokela ho sebelisa litekanyetso tsa mofuta o tšoanang le tseo re neng re tla li sebelisa mengolong e meng ea boholo-holo e tšoereng boitsebiso ba histori, re ke ke ra latola boteng ba Jesu joalokaha re ke ke ra latola boteng ba batho ba bangata ba bahedene bao le ka mohla ho sa belaelloeng boteng ba bona joaloka batho ba hlahelletseng historing.”19
28, 29. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Melaetsa e Molemo e mene e fana ka setšoantšo se tšoanang sa botho ba Jesu?
28 Hase boteng ba Jesu feela empa le botho ba hae bo hlahella ka Bibeleng e le bo utloahalang e le ’nete e tiileng. Ha ho bonolo ho iqapela motho ea sa tloaelehang e be joale ho hlahisoa setšoantšo sa hae se tšoanang ka har’a buka kaofela. E batla e le ho ke keng ha etsahala hore lingoli tse ’nè tse fapaneng li ngole ka motho a le mong ’me ka mehla li etse setšoantšo sa hae se tšoanang haeba kannete ho se mohla motho eo a kileng a ba teng. ’Nete ea hore ka ho totobetseng Jesu ea hlalosoang Melaetseng e Molemo e mene kaofela ke motho a le mong ke bopaki bo kholisang ba hore Melaetsa e Molemo ke ’nete.
29 Michael Grant o qotsa potso e loketseng haholo: “Ho tla joang hore, ho theosa le lineano tsohle tsa Melaetsa e Molemo ho se mekhelo, ho hlaha setšoantšo se entsoeng ka tsela e tiileng se tsotehang sa mohlankana ea khahlehang ea tsamaeang ka bolokolohi har’a basali ba mefuta eohle, ho akarelletsa bao ho hang ba neng ba sa hlomphehe, ho se le mohlala feela oa ho laoloa ke maikutlo, ho etsa lintho ka tsela eo e seng ea tlhaho, kapa boitlhompho bo fetelletseng, empa, ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe, a boloka sebopeho se bonolo ka botšepehi?”20 Karabelo feela ke hore kannete motho ea joalo o kile a ba teng ’me o ne a itšoere ka tsela eo Bibele e e bolelang.
Lebaka Leo ka Lona ba sa Lumeleng
30, 31. Ke hobane’ng ha ba bangata ba sa amohele Mangolo a Segerike a Bokreste e le a nepahetseng historing ho sa tsotellehe bopaki bohle?
30 Kaha ho na le bopaki bo matla ba ho bolela hore Mangolo a Segerike ke histori ea ’nete, ke hobane’ng ha ba bang ba re hase eona? Ke hobane’ng ha ba bangata, le hoja ba amohela likarolo tsa ’ona e le ’nete, leha ho le joalo ba hana ho amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tšoereng? Lebaka le leholo ke hore Bibele e tlaleha lintho tseo bahlalefi ba kajeno ba sa batleng ho li lumela. Ka mohlala, e bolela hore Jesu o phethahalitse boprofeta haesitana le ho fana ka bona. Hape e bolela hore o ne a etsa mehlolo le hore ka mor’a lefu la hae o ile a tsosoa.
31 Lekholong lena la bo20 la lilemo la batho ba belaellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, lintho tse joalo ke tseo ba ke keng ba li lumela. Mabapi le mehlolo, Moprofesa Ezra P. Gould o re: “Ho na le thibelo e le ’ngoe eo bahlahlobisisi ba bang ba ikutloang hore ba lokafalitsoe ha ba e etsa . . . hore mehlolo ha e etsahale.”21 Ba bang ba lumela hore e ka ’na eaba Jesu o ne a phekola, empa e le feela ka tumelo, phekolo ea mofuta oa ‘ho susumetsoa ke kelello.’ Ha e le mehlolo e meng, boholo ba bona ba e hlalosa e le lintho tse iqapetsoeng kapa e le liketsahalo tsa sebele tse sothiloeng ha li phetoa.
32, 33. Ba bang ba lekile ho hlalosa mohlolo oa Jesu oa ho fepa letšoele le leholo joang, empa ke hobane’ng ha see se sa utloahale?
32 E le mohlala oa sena, nahana ka ketsahalo ea ha Jesu a fepa letšoele la batho ba fetang 5 000 ka mahobe a seng makae feela le litlhapi tse peli. (Mattheu 14:14-22) Setsebi sa lekholong la bo19 la lilemo Heinrich Paulus se ile sa hlahisa hore se hlileng se etsahetseng ke sena: Jesu le baapostola ba hae ba ile ba iphumana ba potiloe ke letšoele le leholo le lapileng. Kahoo o ile a etsa qeto ea ho behela barui ba neng ba le har’a bona mohlala o motle. O ile a nka lijo tse fokolang tseo eena le baapostola ba hae ba neng ba e-na le tsona eaba o li arolelana le letšoele. Ka potlako, ba bang ba neng ba tlile le lijo ba ile ba latela mohlala oa hae eaba ba arolelana tsa bona le ba bang. Qetellong, letšoele lohle le ile la feptjoa.22
33 Empa, haeba kannete sena ke sona se etsahetseng, e ne e le bopaki bo tsotehang ba matla a mohlala o motle. Ke hobane’ng ha pale e thahasellisang le e rutang hakaalo e ka sothoa ho etsa hore e utloahale eka ke mohlolo o phahametseng matla a tlhaho? Ka sebele, boiteko bohle bo joalo ba ho hlalosa mehlolo e se letho le mohlolo bo hlahisa mathata a mangata ho feta ao bo a rarollang. Hape kaofela bo theiloe moralong oa bohata. Bo qala ka ho hopola hore mehlolo e ke ke ea etsahala. Empa ke hobane’ng ha ho lokela ho ba joalo?
34. Haeba kannete Bibele e tšoere boprofeta bo nepahetseng le litlaleho tsa mehlolo ea ’nete, see se paka eng?
34 Ho latela litekanyetso tse utloahalang ka ho fetisisa, Mangolo a Seheberu hammoho le a Segerike ke histori ea ’nete, empa ka bobeli a tšoere mehlala ea boprofeta le mehlolo. (Bapisa le 2 Marena 4:42-44.) Joale, ho thoe’ng haeba boprofeta ke ’nete? Hape ho thoe’ng haeba mehlolo e hlile e etsahetse? Joale ka sebele ke Molimo o susumelitseng ho ngoloa ha Bibele, ’me kannete ke lentsoe la oona, eseng la motho. Khaolong e tlang, re tla tšohla tseko ea boprofeta, empa pele a re ke re hlahlobeng mehlolo. Lekholong lena la bo20 la lilemo na hoa utloahala ho lumela hore makholong a lilemo a pejana mehlolo e ile ea etsahala?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 66]
Ke hobane’ng ha Bibele e ne e ka tlaleha hore tsoho ea Jesu e ile ea tsejoa pele ke basali haeba kannete sena se sa etsahala?
[Lebokose le leqepheng la 56]
Tlhahlobisiso ea Kajeno e Fumanoa e Fokola
E le mohlala oa sebopeho se sa tsitsang sa tlhahlobisiso ea Bibele ea kajeno, nahana ka sena se builoeng ke Raymond E. Brown ka Molaetsa o Molemo oa Johanne: “Qetellong ea lekholo le fetileng la lilemo le lilemong tse qalang tsa lekholo lena la lilemo, tlhahlobisiso e ile ea feta nakong ea ho belaella haholo Molaetsa o Molemo. Johanne o boletsoe nakong ea morao haholo, esita le halofong ea bobeli ea lekholo la bo2 la lilemo. E le sehlahisoa sa lefatše la Bagerike, ho ne ho nahanoa hore ho hang ha e na molemo historing le hore e na le kamano e fokolang le Palestina ea Jesu oa Nazaretha . . .
“Ha ho boemo le bo bong bo sa angoang ke letoto la litšibollo tse sa lebelloang tsa baepolli ba lintho tsa khale, tsa litokomane, le tsa litaba tse ngotsoeng. Litšibollo tsena li entse hore re phephetse ka bohlale maikutlo a ho nyatsa a neng a se a batla a fetohile a molao le ho hlokomela hore na motheo o neng o tšehetsa ho qanolloa ha [lengolo la] Johanne ka mokhoa o tletseng lipelaelo haholo ke o sa tsitsang hakae. . . .
“Nako ea ho ngoloa ha Molaetsa ona o Molemo e chechiselitsoe morao ho ea lekholong la pele la lilemo kapa esita le pejana. . . . Mohlomong ho makatsang ka ho fetisisa ke hore, litsebi tse ling li bile li iteta sefuba ho hlahisa hape hore e ka ’na eaba Johanne mor’a Zebedea o amana le Molaetsa oo o Molemo”!3
Ke hobane’ng ha ho ka bonahala ho makatsa ho lumela hore Johanne o ngotse buka eo neano e bolelang hore ke ea hae? Hobane feela ho sa lumellane le likhopolo tseo bahlahlobisisi ba seng ba entse qeto ka tsona.
[Lebokose le leqepheng la 70]
Tlhaselo e ’Ngoe Hape ea Bibele
Timothy P. Weber oa ngola: “Litšibollo tsa tlhahlobisiso e phahameng li ile tsa tlama batho ba bangata ba sa rutehang hore ba belaelle matla a bona a ho utloisisa eng kapa eng [e ka Bibeleng]. . . . A. T. Pierson o ile a senola ho ferekana ha baevangeli ba bangata ha a bolela hore ‘joaloka Thuto ea Kereke ea Roma, [tlhahlobisiso e phahameng] e hlile e amoha batho ba tloaelehileng Lentsoe la Molimo ka hore ba hopole hore ke litsebi feela tse ka le hlalosang; ha Roma e beha moprista pakeng tsa motho le Lentsoe leo, tlhahlobisiso e beha mohlalosi ea rutehileng pakeng tsa molumeli le Bibele ea hae.’”23 Ka hona, tlhahlobisiso e phahameng ea kajeno e pepesoa e le tlhaselo e ’ngoe hape ea Bibele.
[Setšoantšo se leqepheng la 62]
Ho bonahala aletare ena e Pergame e ne e nehetsoe “ho melimo e sa tsejoeng”
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Lithako tsa hoo e kileng ea e-ba tempele e majaba-jaba ea Artemise eo Baefese ba neng ba ikhantša ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 64]
Ka botšepehi Bibele e tlaleha hore Petrose o ile a latola hore o tseba Jesu
[Setšoantšo se leqepheng la 67]
Ka ho hloka leeme Bibele e tlaleha “ho tlakoloha ho matla ka khalefo” ho bileng teng pakeng tsa Pauluse le Barnabase
[Setšoantšo se leqepheng la 68]
Hore e be Jesu o hlahisoa ka mokhoa o tšoanang Melaetseng e Molemo e mene ke bopaki bo matla ba hore melaetsa eo ke ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 69]
Bahlahlobisisi ba bangata ba kajeno ba nka feela hore mehlolo ha e etsahale