Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • Empa na Liketso 14:23 e ne e sa bontša hore baholo ka har’a liphutheho ba lokela ho khetheloa tšebeletso ka ‘ho sarolloa ha matsoho,’ joalokaha ho voutuoa? Tsa pele tsa lihlooho tseo tsa Molula-Qhooa tse nang le sehlooho se reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng” li ile tsa lumela hore temana ena e ne e sa utloisisoe nakong e fetileng. Likhetho li ne li sa etsoe ka hore litho tsohle tsa phutheho li ‘sarolle matsoho’ har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. Ho e-na le hoo, ho ile ha bontšoa hore baapostola le ba fuoeng taelo ke bona ke bona ba neng ba ‘sarolla matsoho a bona.’ Sena se ne se sa etsoe ka hore phutheho e kopanele voutung empa se ne se etsoa ka ho beha batho ba tšoanelehang matsoho. Lena e ne e le letšoao la tiiso, tumello, kapa khetho.k Ka linako tse ling liphutheho tsa pele tsa Bokreste li ne li etsa lipuello tsa banna ba tšoanelehang, empa khetho ea ho qetela kapa tumello e ne e fanoa ke baapostola, ba neng ba fuoe taelo e tobileng ke Kreste, kapa e fanoa ke ba fuoeng taelo ke baapostola. (Lik. 6:1-6) Molula-Qhooa o ile oa lebisa tlhokomelo tabeng ea hore ke feela mangolong a neng a ea ho balebeli ba nang le boikarabelo (Timothea le Tite), moo moapostola Pauluse, tlas’a tataiso ea moea o halalelang, a ileng a fana ka litaelo tsa ho khetha balebeli. (1 Tim. 3:1-13; 5:22; Tite 1:5) Ha ho mangolo a bululetsoeng a lebisitsoeng liphuthehong a neng a e-na le litaelo tse joalo.

  • Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • k Ha leetsi la Segerike khei·ro·to·neʹo le hlalosoa joaloka le bolelang feela ‘ho khetha ka ho sarolla letsoho,’ le sitoa ho hlokomela moelelo oa morao oa lentsoe leo. Ka hona, A Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott, e hlophisitsoeng ke Jones le McKenzie eaba e hatisoa bocha ka 1968, e hlalosa lentsoe lena e le le bolelang “ho otlolla letsoho, ka morero oa ho vouta pokanong e itseng . . . II. c. acc. pers. [ha le sebelisoa ho motho], ho khetha, ka nepo ka ho phahamisa matsoho . . . b. hamorao, ka tloaelo, le bolela ho thonya, . . . ho thonya bakeng sa tšebeletso e itseng ka Kerekeng, [pre·sby·teʹrous] Lik. Baap. [Liketso tsa Baapostola] 14.23.” Tšebeliso eo ea morao e ne e tloaelehile mehleng ea baapostola; lentsoe lena le ile la sebelisoa ka kutloisiso eo ke rahistori oa Mojode Josephus ho Jewish Antiquities, Buka 6, khaolo 4, serapa 2, le khaolo 13, serapa 9. Sebōpeho sa puo ka bosona ho Liketso 14:23 Segerikeng sa pele se bontša hore Pauluse le Barnabase ke bona ba neng ba etsa se boletsoeng moo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela