KHAOLO EA 14
“Re Lumellane”
Kamoo sehlopha se busang se ileng sa etsa qeto le kamoo e ileng ea etsa hore liphutheho li momahane
E Thehiloe ho Liketso 15:13-35
1, 2. (a) Sehlopha se busang sa phutheho ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo se tobane le lipotso life tsa bohlokoa? (b) Bara baa babo rona ba tla thusoa ke eng hore ba etse qeto e nepahetseng?
E MONG le e mong o thahasella ho tseba hore na ho tla etsoa qeto efe. Baapostola le baholo ba ka kamoreng ena e Jerusalema baa shebana, baa lemoha hore ona ke motsotso oa bohlokoa. Khang ea lebollo e hlahisitse lipotso tsa bohlokoa. Na Bakreste ba tlas’a Molao oa Moshe? Na ho lokela ho ba le phapang pakeng tsa Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba?
2 Banna ba etellang pele ba se ba hlahlobile bopaki bo bongata. Ba nahanne ka Lentsoe la Molimo la boprofeta esita le bopaki boo ba bo boneng bo senotseng tlhohonolofatso ea Jehova. Ba se ba ntšitse maikutlo a bona ka ho feletseng. Ho na le bopaki bo bongata haholo mabapi le taba ena. Ho hlakile hore moea oa Jehova oa ba tataisa. Na banna baa ba tla latela tataiso eo?
3. Ho hlahloba tlaleho e ho Liketso khaolo ea 15 ho tla re ruisa molemo joang?
3 Ho hlokahala hore ba be le tumelo e tiileng le sebete hore ba amohele tataiso ea moea tabeng ena. Ho ka etsahala hore baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ba hloee le ho feta. Hape, ba ka ’na ba hanyetsoa ke banna ba ka phuthehong ba ikemiselitseng ho etsa hore batho ba Molimo ba boele ba itšetlehe ka Molao oa Moshe. Sehlopha se busang se tla etsa joang? A re boneng. Ha re ntse re hlahloba tlaleho ena, re tla hlokomela kamoo banna bao ba behileng mohlala o lateloang ke Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova kajeno. Kaha re Bakreste, ke mohlala oo ho hlokahalang hore le rona re o latele ha re etsa liqeto kapa re tobana le mathata.
“Libuka Tsa Baprofeta li Lumellana le Taba Ena” (Liketso 15:13-21)
4, 5. Jakobo o ile a fana ka leseli lefe le hlahang Lentsoeng la Molimo la boprofeta?
4 Morutuoa Jakobo, e leng ngoan’abo Jesu ka ’mè oa bona, o ile a bua.a Ho bonahala eka e ne e le molula-setulo oa seboka sena. Mantsoe a hae a ile a akaretsa seo sehlopha se lumellaneng ka sona. Jakobo o ile a re ho banna bana ba bokaneng: “Simeone o sa tsoa re phetela kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a amohela batho ba lichaba tse ling e le hore ba ka bitsoa ka lebitso la hae. Libuka tsa Baprofeta li lumellana le taba ena.”—Lik. 15:14, 15.
5 Mohlomong mantsoe a Simeone, kapa Simone Petrose, le bopaki ba Barnabase le Pauluse a ile a hopotsa Jakobo mangolo a loketseng a chabisang taba eo ho buuoang ka eona. (Joh. 14:26) Ha Jakobo a qeta ho re “libuka tsa Baprofeta li lumellana le taba ena,” o ile a qotsa mantsoe a Amose 9:11, 12. Buka eo e ne e le har’a karolo ea Mangolo a Seheberu ao ka tloaelo a neng a bitsoa “mantsoe a Baprofeta.” (Mat. 22:40; Lik. 15:16-18) U tla hlokomela hore mantsoe ao Jakobo a ileng a a qotsa a batlile a fapana le a hlahang bukeng ea Amose kajeno. Mohlomong Jakobo o ile a qotsa Bibeleng e bitsoang Septuagint, ea Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng Segerikeng.
6. Mangolo a ile a fana ka leseli joang tabeng eo ho neng ho buisanoa ka eona?
6 Jehova o ile a sebelisa moprofeta Amose ho bolela esale pele hore ho tla tla nako eo A tla tsosa “ntlo ea Davida,” e leng, lesika la borena le lebisang ’Musong oa Bomesia. (Ezek. 21:26, 27) Na Jehova o ne a tla boela a sebelisana le sechaba sa Bajuda ka tsela e khethehileng? Che. Boprofeta boo bo boetse bo re “batho ba lichaba tsohle” ba ne ba tla bokelloa hammoho hore e be batho “ba bitsoang ka lebitso la [Molimo].” Hopola hore Petrose o ne a sa tsoa paka hore Molimo “ha aa ka a khetholla pakeng tsa rona [Bakreste ba Bajuda] le bona [balumeli ba Balichaba] empa o ile a ba hloekisa lipelo ka lebaka la tumelo ea bona.” (Lik. 15:9) Ka mantsoe a mang, thato ea Molimo ke hore Bajuda le Balichaba ka ho tšoanang e be majalefa a ’Muso. (Bar. 8:17; Baef. 2:17-19) Ha ho kae kapa kae moo boprofeta bo bululetsoeng bo kileng ba re balumeli ba Balichaba ba lokela ho bolla kapa ho sokolohela Bojudeng pele e e-ba majalefa a ’Muso.
7, 8. (a) Jakobo o ile a khothalletsa eng? (b) Re lokela ho utloisisa mantsoe a Jakobo joang?
7 Kahobane Jakobo o ne a susumelitsoe ke bopaki ba Mangolo le bopaki bo matla boo a bo utloileng, o ile a re: “Kahoo maikutlo a ka ke hore re se ke ra khathatsa batho bana ba lichaba ba seng ba rapela Molimo empa ba ngolloe hore ba qobe lintho tse amanang le melimo ea litšoantšo, boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano, liphoofolo tse fenethiloeng le mali. Ho tloha mehleng ea khale, esale ho e-na le batho ba rutang ba sebelisa libuka tsa Moshe motseng o mong le o mong hobane batho ba li balloa matlong a thapelo ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”—Lik. 15:19-21.
8 Na Jakobo o ne a sebelisa matla a hae hampe mohlomong kahobane e le molula-setulo oa seboka seo ’me a ba etsetsa qeto ea seo ba lokelang ho se etsa? Le hanyenyane! Ha Jakobo a re “kahoo maikutlo a ka ke,” o ne a sa leke ho ba etsetsa qeto, o ne a ba khothalletsa hore ba itšetlehe ka bopaki bo tekiloeng le ka seo Mangolo a se bolelang ka taba eo.
9. Seo Jakobo a se khothallelitseng se ne se e-na le melemo efe?
9 Na Jakobo o ne a ba khothalletsa ntho e nepahetseng? Ho hlakile hore ho joalo hobane baapostola le baholo ba ile ba amohela seo hamorao. Ho ile ha tlisa melemo efe? Seo a se khothalletsang se ne se ke ke sa “khathatsa,” kapa sa “thatafalletsa” Bakreste ba Balichaba ka ho ba imetsa ka Molao oa Moshe. (Lik. 15:19; New International Version) Hape, qeto ena e ne e tla hlompha matsoalo a Bakreste ba Bajuda, bao ka lilemo ba ’nileng ba utloa “libuka tsa Moshe . . . li balloa matlong a thapelo ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”b (Lik. 15:21) Ka sebele seo a ba khothallelitseng sona se ne se tla tiisa maqhama a Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ka holim’a tsohle, se ne se tla thabisa Jehova Molimo kaha se ne se lumellana le morero oa hae. Ee e bile tsela e molemo hakaakang ea ho rarolla bothata bo neng bo ka baka karohano phuthehong eohle ea batho ba Molimo le ho senya khotso ea eona! Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa phutheho ea Bakreste kajeno!
10. Sehlopha se Busang sa kajeno se latela mohlala oa sa lekholong la pele la lilemo joang?
10 Joalokaha ho boletsoe khaolong e fetileng, Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova kajeno se tšoana le sa lekholong la pele la lilemo ka ho itšetleha ka Jehova, ’Musi oa Bokahohle, le Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho, bakeng sa ho fumana tataiso litabeng tsohle.c (1 Bakor. 11:3) Se etsa see joang? Albert D. Schroeder, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ho tloha ka 1974 ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka March 2006, o ile a re: “Sehlopha se Busang se kopana Laboraro, se qala seboka seo ka thapelo se kopa tataiso ea moea oa Jehova. Se leka ka hohle hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e sebetsoang le qeto e ’ngoe le e ’ngoe e etsoang e lumellane le Lentsoe la Molimo Bibele.” Ka ho tšoanang, Milton G. Henschel, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ka nako e telele ’me a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka March 2003, o ile a botsa liithuti tse abeloang mangolo sehlopheng sa bo101 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower potso ea bohlokoa, a re: “Na lefatšeng ho na le mokhatlo o mong oo Sehlopha sa oona se Busang se hlahlobang Lentsoe la Molimo, Bibele, pele se etsa liqeto tsa bohlokoa?” Karabo e totobetse.
Ho Romeloa Banna ba Khethiloeng (Liketso 15:22-29)
11. Qeto ea sehlopha se busang e ile ea fetisetsoa joang liphuthehong?
11 Sehlopha se busang sa Jerusalema se ne se le ntsoe-leng ha se etsa qeto tabeng ea lebollo. Leha ho le joalo, e le hore barab’abo rona ba momahane liphuthehong, ho ne ho hlokahala hore ba tsebisoe qeto eo ka tsela e hlakileng, e ntle le e khothatsang. See se ne se ka etsoa ka tsela efe e molemo? Bibele e re: “Baapostola, baholo le phutheho eohle ba etsa qeto ea hore ho khethoe banna ba babeli har’a bona ba ka tsamaeang le Pauluse le Barnabase ho ea Antioke. Ba khetha Silase le Judase ea bitsoang Barsabase. Banna bana ba ne ba le har’a ba etellang pele.” Ho phaella moo, ho ile ha ngoloa lengolo le ileng la romeloa ka banna bao e le hore le ka baloa liphuthehong tsohle tse Antioke, Siria le Silisia.—Lik. 15:22-26.
12, 13. Ke molemo ofe o ileng oa finyelloa ke ho romela (a) Judase le Silase? (b) lengolo le tsoang sehlopheng se busang?
12 Kaha Judase le Silase e ne e le ‘banna ba neng ba le har’a ba etellang pele,’ ba ne ba tšoaneleha ka botlalo ho ba baemeli ba sehlopha se busang. Moifo oo oa banna ba bane o ne o tla hlakisa hore molaetsa oo ba o tlisitseng e ne e se feela karabo ea potso ea lebollo, empa e ne e le tataiso e ncha e tsoang ho sehlopha se busang. Ha banna bao ba khethiloeng ba le teng, ba ne ba tla etsa hore ho be le maqhama a matla pakeng tsa Bakreste ba Bajuda ba Jerusalema le Bakreste ba Balichaba ba tšimong. Ee e bile qeto e bohlale le e lerato hakaakang! Ha ho pelaelo hore e ile ea etsa hore batho ba Molimo ba be le khotso ’me ba momahane.
13 Lengolo leo le ile la fa Bakreste ba Balichaba litaelo tse hlakileng eseng feela tabeng ea lebollo empa le mabapi le seo ba lokelang ho se etsa hore Jehova a ba amohele a be a ba hlohonolofatse. Taba ea sehlooho lengolong leo e ne e re: “Moea o halalelang o re thusitse ho fihlela qeto ea hore re se ke ra le ekeletsa moroalo empa hore le ’ne le etse lintho tsena tse hlokahalang, le qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo, mali, lintho tse fenethiloeng le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Haeba le qoba lintho tsena le tla atleha. Salang ka khotso.”—Lik. 15:28, 29.
14. Ho tla joang hore ebe batho ba Jehova ba momahane lefatšeng la kajeno le tletseng karohano?
14 Kajeno, Lipaki Tsa Jehova tse ka holimo ho 8 000 000 liphuthehong tse fetang 100 000 lefatšeng lohle li lumela ntho e tšoanang li bile li momahane. Ho tla joang hore li momahane, haholo-holo ha ho tletse pherekano le karohano lefatšeng kajeno? Ntho e ka sehloohong e etsang hore li momahane ke tataiso e hlakileng eo Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho, a fanang ka eona a sebelisa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” e leng Sehlopha se Busang. (Mat. 24:45-47) Hape li momahane hobane mokhatlo oohle oa bara ba motho lefatšeng ka bophara o mamela tataiso ea Sehlopha se Busang o sa qobelloe.
Ba Ile ba “Thaba Haholo” (Liketso 15:30-35)
15, 16. Khang e mabapi le lebollo e ile ea rarolloa joang, ’me ke eng e entseng hore ho be le phello eo e ntle?
15 Tlaleho ea Liketso e tsoela pele ho re bolella hore ha barab’abo rona ba tsoang Jerusalema ba fihla Antioke, ba ile ba “bokella phutheho eohle ’me ba e fa lengolo leo.” Bara ba bo rona ba ile ba etsa joang ha ba fumana tataiso e tsoang sehlopheng se busang? “Ka mor’a hore phutheho e bale mantsoe ao a khothatsang [a lengolong leo], ea thaba haholo.” (Lik. 15:30, 31) Ho feta moo, Judase le Silase ba ile “ba khothatsa barutuoa ka makhetlo a mangata le ho ba matlafatsa.” Kahoo, banna bana ba babeli e ne e le “baprofeta,” joalokaha Barnabase, Pauluse le ba bang ba ne ba bitsoa baprofeta e leng lentsoe le sebelisoang ho batho ba neng ba phatlalatsa kapa ba tsebahatsa thato ea Molimo.—Lik. 13:1; 15:32; Ex. 7:1, 2.
16 Ho ne ho hlakile hore Jehova o hlohonolofalitse sohle se entsoeng hore ho fumanoe tharollo. Ke eng e entseng hore ho be le phello ee e ntle? Ha ho pelaelo hore e bile tataiso e hlakileng le e nakong ea sehlopha se busang, e thehiloeng Lentsoeng la Molimo le tataisong ea moea o halalelang. Ho phaella moo, e bile tsela e lerato eo liqeto li ileng tsa fetisetsoa ka eona liphuthehong.
17. Ke mohlala ofe oo bara ba bo rona ba lekholong la pele la lilemo ba o behetseng balebeli ba potoloho kajeno?
17 Kajeno Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se latela mohlala oo ha se fa mokhatlo oohle oa bara ba motho lefatšeng ka bophara tataiso e nakong. Ha ho entsoe liqeto, li fetisetsoa liphuthehong ka tsela e hlakileng le e tobileng. Tsela e ’ngoe eo li fetisoang ka eona ke ka hore balebeli ba potoloho ba etele liphutheho. Bara bana ba bo rona ba itetseng ba etela liphutheho ka ho fapana, ba fana ka tataiso e hlakileng le khothatso. Joaloka Pauluse le Barnabase, ba qeta nako e ngata tšebeletsong, “ba ruta ba bile ba phatlalatsa litaba tse monate tsa lentsoe la Jehova.” (Lik. 15:35) Joaloka Judase le Silase, “ba khothatsa [bar’ababo rona]” ka lipuo tse ngata le ho ba matlafatsa.
18. Batho ba Molimo ba ka tsoela pele ba fumana tlhohonolofatso ea Jehova hafeela ba etsa eng?
18 Liphutheho tsona li lokela ho etsa joang? Liphutheho lefatšeng lohle li tla thusoa ke eng hore li tsoele pele li e-na le khotso li bile li momahane lefatšeng lee le tletseng likarohano? Hopola hore ke morutuoa Jakobo eo hamorao a ileng a re: “Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hloekileng, hape o na le khotso, ha a manganga, o itokiselitse ho mamela . . . Batho ba sebelisanang hantle le batho ba bang, ba etsa hore ho be le khotso ’me qetellong ba etsa lintho tse lokileng.” (Jak. 3:17, 18) Ha re tsebe hore na Jakobo o ne a nahanne ka seboka sa Jerusalema kapa che. Empa ha re hlahloba liketsahalo tse tlalehiloeng ho Liketso khaolo ea 15, ho hlakile hore tlhohonolofatso ea Jehova e ba teng hafeela ho e-na le bonngoe le tšebelisano.
19, 20. (a) Ke eng e ileng ea bontša ka ho hlaka hore phutheho ea Antioke e na le khotso e bile e momahane? (b) Eaba Pauluse le Barnabase ba khona ho etsa eng?
19 Ho ne ho totobetse hore joale phutheho ea Antioke e na le khotso e bile e momahane. Ho e-na le ho ngangisana le barab’abo rona ba tsoang Jerusalema, barab’abo rona ba Antioke ba ile ba ananela ketelo ea Judase le Silase, etsoe e bile feela “ka mor’a hore ba qete nako e itseng ba le moo, [ba ileng] ba tsamaea ba khutlela ho batho ba ba rommeng eaba barutuoa ba re ba tsamaee hantle,” ka mantsoe a mang, ba khutlela Jerusalema.d (Lik. 15:33) Re kholisehile hore le barab’abo rona ba Jerusalema ba ile ba thaba ha banna bao ba babeli ba ba phetela tsa leeto la bona. Ka lebaka la mosa oa Jehova, ba ile ba phetha mosebetsi oa bona ka thabo!
20 Joale Pauluse le Barnabase, ba ileng ba sala Antioke, ba ile ba ikitlaetsa hore ba etelle pele mosebetsing oa ho bolela evangeli, joalokaha balebeli ba potoloho ba etsa se tšoanang kajeno ha ba etela liphutheho tse tlhokomelong ea bona. (Lik. 13:2, 3) E bile tlhohonolofatso e kaakang ho batho ba Jehova! Leha ho le joalo, Jehova o ile a tsoela pele a sebelisa baboleli baa ba babeli ba evangeli joang le ho ba hlohonolofatsa? Re tla bona sena khaolong e latelang.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Jakobo—‘Ngoan’abo Morena.’”
b Ka bohlale Jakobo o ile a bua ka mangolo a Moshe, a neng a sa akarelletse Molao feela empa a boetse a tlalehile hore na Molimo o ne a sebelisana le batho joang le hore na thato ea Hae e ne e le efe pele Molao o e-ba teng. Ka mohlala, Genese e bontša ka ho hlaka hore na Molimo o ikutloa joang ka mali, bofebe le borapeli ba litšoantšo. (Gen. 9:3, 4; 20:2-9; 35:2, 4) Kahoo, Jehova o ile a senola melao-motheo ea hae e tlamang batho bohle, ebang ke Bajuda kapa Balichaba.
c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Kamoo Sehlopha se Busang se Hlophisitsoeng Kateng Kajeno.”
d Temaneng ea 34, liphetolelo tse ling tsa Bibele li kenya mantsoe a reng Silase o ile a khetha ho sala Antioke. (King James Version) Leha ho le joalo, ho bonahala eka mantsoe ao a ekelitsoe hamorao.