-
Ithute ho Lula U Lebetse ho Baapostola ba JesuMolula-Qhooa—2012 | January 15
-
-
4, 5. Pauluse le bo-mphato’a hae bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba tataisoa joang ke moea o halalelang?
4 Ntho ea pele, baapostola ba ile ba lula ba lebetse mabapi le hore na ba bolele litaba tse molemo hokae. Tlalehong e ’ngoe re ithuta kamoo Jesu a ileng a sebelisa moea o halalelang kateng, oo Jehova a mo fileng oona ho tataisa moapostola Pauluse le bo-mphato’a hae nakong eo ba neng ba nkile leeto le sa tloaelehang. (Lik. 2:33) A re ke re tsamaeeng le bona.—Bala Liketso 16:6-10.
-
-
Ithute ho Lula U Lebetse ho Baapostola ba JesuMolula-Qhooa—2012 | January 15
-
-
6, 7. (a) Ho ile ha etsahala’ng ho Pauluse le batho bao a neng a tsamaea le bona ha ba le haufi le Bithynia? (b) Barutuoa bao ba ile ba etsa qeto efe, ’me ke sefe se ileng sa etsahala ka mor’a moo?
6 Bahahlauli bao ba chesehang ba ile ba leba hokae? Temana ea 7 e re: “Ho ekelletsa moo, ha ba fihla tlaase Mysia ba etsa boiteko ba ho kena Bithynia, empa moea oa Jesu oa se ke oa ba lumella.” Ha ba thibeloa ho etsa mosebetsi oa boboleli Asia, Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba nka tsela e lebang ka leboea, ba ikemiselitse ho bolela metseng ea Bithynia. Leha ho le joalo, ha ba le haufi le Bithynia, Jesu o ile a boela a sebelisa moea o halalelang ho ba thiba. E tlameha ebe joale banna bana ba ne ba eme hlooho. Ba ne ba tseba hore na ba tla re’ng ha ba bolela litaba tse molemo le hore na ba tla li bolela joang, empa ba sa tsebe hore na ba tla li bolela hokae. Ka mantsoe a mang re ka re: Ba ne ba kokotile monyakong o kenang Asia—empa ba sitoa ho kena. Ba ne ba kokotile monyakong o kenang Bithynia—empa le teng ba sitoa ho kena. Na ba ile ba khaotsa ho kokota? Baboleli bao ba chesehang ba ne ba ke ke!
-