Pontšo e Entsoeng ka Likarolo tse Ngata
Bofelo ba Lefatše—Bo Haufi Hakae?
TŠŌMO e tsoang India e bua ka banna ba tšeletseng ba lifofu ba Indostan ba ileng ba ea bona tlou. Sefofu sa pele se ile sa e phopholetsa lehlakoreng ’me sa re: “Khele! empa tlou e hlile e tšoana le lebota!” Sa bobeli se ile sa e phopholetsa leinong le lelelele ’me sa re: “Tlou e hlile e tšoana le lerumo!” Sa boraro se ile sa e phopholetsa ’meleng ’me sa re: “Tlou e hlile e tšoana le noha!” Sa bone se ile sa inama ’me sa e phopholetsa lengoleng ’me sa re: “Ho totobetse hore tlou e tšoana le sefate!” Sa bohlano se ile sa e phopholetsa tsebeng ’me sa re: “Setho sena se makatsang se tšoana le sefehla-moea!” Sa botšelela se ile sa e phopholetsa mohatleng ’me sa re: “Kea bona hore tlou e hlile e tšoana le ropo!” Lifofu tsena tse tšeletseng li ile tsa qothisana lehlokoa ka matla ka nako e telele hore na tlou e joang, empa ha ho sefofu se ileng sa fana ka tlhaloso e nepahetseng. Boitsebiso bo sa fellang ha boa ka ba fana ka setšoantšo se feletseng.
Ho hlaha bothata bo tšoanang tabeng ea ho khetholla pontšo ea ho khutla ha Kreste. Karabelong ea potso ea barutuoa ba hae: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” Jesu o ile a araba: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’me ’muso o mong o loantše o mong; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ’me libakeng ka ho latellana ho tla ba le mafu le likhaello tsa lijo.” (Mattheu 24:3, NW; Luka 21:10, 11, NW) Empa ha ho qotsoa lintho tsena feela e le bopaki ba hore Kreste o khutlile ka 1914, batho baa hanyetsa: “Che, ho ’nile ha e-ba le lintoa, litlala, mafu le litšisinyeho tsa lefatše!” ’Me ba nepile.
Lintho tsena tse seng kae—le hoja ho fihlela nakong ea joale li bakile tsieleho e khōlō—ho batho ba bangata ha lia lekana ho tšoaea ho khutla ha Kreste; ho hlokahala ho eketsehileng ho etsa hore pontšo ena e be e feletseng e se nang phoso. Ha ho hlajoa mekhosi ea hore bofelo ba lefatše bo haufi motheong oa bopaki bo thekeselang, mohlomong karolong e le ’ngoe feela ea pontšo kapa tse seng kae tsa pontšo e bonoang, ho fella ka mekhosi ea bohata. Se hlokahalang ke litšobotsi tsohle tseo Jesu a faneng ka tsona mabapi le ho khutla ha hae, eseng pontšo e le ’ngoe feela kapa tse seng kae. Seo a faneng ka sona ho tšoaea boteng ba hae e ne e le pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata, pontšo e nang le litšobotsi tse lekaneng ho etsa hore pontšo e be e tiileng, e leng ho kopana ha likarolo tse ngata tse fapaneng, tseo ha li kopantsoe hammoho, li etsang pontšo e se nang phoso.
Joaloka mohlala oa pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata, nahana ka e ’ngoe e fanoeng ka Bibeleng e khethollang Jesu joaloka Messia nakong ea ho tla ha hae ka lekhetlo la pele. E ne e kopanyeletsa liketsahalo tse ngata tse amanang le Messia tse fanoeng Mangolong a Seheberu. Jesu o ne a ile a bolella barutuoa ba hae ka a mang a mangolo ana, empa ha baa ka ba utloisisa bohlokoa ba oona. Barutuoa, joaloka Bajode ka kakaretso, ba ne ba batla Messia ea neng a tla phethola puso ea Roma le ho busa lefatše hammoho le bona joaloka balekane. Kahoo ha a e-shoa, ba ne ba ferekane ebile ba feletsoe ke tšepo. Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, o ile a kopana le bona ’me a re: “Ke tsona litaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lōna, ka re: Tsohle tseo ke ngoliloeng ka tsona molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng, e ka khona li etsahale. Ea e-ba hona a bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo.”—Luka 24:44, 45.
Ho latela phetolelo ea Kingdom Interlinear ea temana ea 45, Jesu o entse sena “ka ho kopanya Mangolo” ho tloha karolong ea Seheberu ea Bibele e boletseng esale pele ka liketsahalo le maemo a bophelo ba Messia ea tšepisitsoeng ea neng a lokela ho tla, ’me a li bapisa le liketsahalo tsa bophelo ba Jesu tse a phethahalitseng. Hamorao, moapostola Pauluse o ile a sebelisa mokhoa o tšoanang ha a “hlalosa le ho paka ka litšupiso” hore Jesu e ne e le Messia. (Liketso 17:3, NW) Hape, ke Kingdom Interlinear e hlakisang sena ka ho bolela hore o entse joalo ka ho “bula ka ho feletseng le ho bapisa” boprofeta ba Bomessia ka Mangolong a Seheberu le liketsahalo tsa bophelo ba Jesu tse bo phethahalitseng. Lebokose le latelang le fana ka boprofeta bo bongata ba Seheberu bo phethahalitsoeng ke liketsahalo tsa bophelo ba Jesu le bo pakileng hore e ne e le eena Messia ea boletsoeng esale pele. Bo bontša sebōpeho sa pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata.
Pontšo e Entsoeng ka Likarolo tse Ngata ea ho ba Teng ha Kreste
Ke pontšo e joalo e entsoeng ka likarolo tse ngata e tšoaeang ho tla hape ha Jesu, kapa ka ho nepahetseng haholoanyane, ho ba teng ha hae. Lentsoe la Segerike pa·rou·siʹa leo liphetolelo tse ngata li le fetoletseng e le ho “tla” ho Mattheu 24:3 ha le bolele nako eo a neng a tla tla ka eona kapa eo a neng a tla fihla ka eona empa le bolela hore o se a fihlile, o teng. Tabeng ea Jesu, le bolela hore o teng a sa bonahale joaloka Morena oa Jehova ea leng teroneng le ea busang a le leholimong. Sena se tumellanong le polelo ea Jesu ho Johanne 14:19: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona.” Kaha o ne a ke ke a bonoa ka mahlo a nama, o ile a fana ka pontšo e neng e tla tšoaea ho khutla ha hae le ho ba teng ho sa bonahaleng e le Morena oa Jehova ea busang.
Pontšo eo a faneng ka eona e ne e se na tšobotsi e le ’ngoe feela kapa tse seng kae feela. E ne e na le tse ngata tse neng li tlameha ho nkoa hammoho e le pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata, joalokaha ho bile joalo tabeng ea pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata nakong ea ho tla ha hae ka lekhetlo la pele joaloka Messia. Kahoo, ka litšobotsi tse ngata kapa liketsahalo, ka ho nepahetseng o bontša ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng nakong ena e le Morena oa Jehova ea busang a le teroneng maholimong empa a atolosa matla a hae le tšusumetso litabeng tsa lefatše. Ho ka hlajoa mekhosi ea bohata ha ho hatelloa tšobotsi e le ’ngoe feela kapa tse peli, ho e-na le litšobotsi tse ngata tse etsang pontšo e nang le likarolo tse ngata. Ho tla tšoana le banna ba tšeletseng ba lifofu ba Indostan, moo e mong le e mong a ileng a potlakela ho etsa qeto e fosahetseng hobane a ne a ile a phopholetsa karolo e le ’ngoe feela ea ’mele oa tlou.
Ho phethahala ha pontšo ena e entsoeng ka likarolo tse ngata e fanoeng ke Jesu, ho kopanyeletsa le maemo a mang a eketsehileng a fanoeng ke baapostola ba bararo, li ile tsa qala ho etsahala ka tsela e makatsang ho tloha ka 1914 ho ea pele. Mona ho latela litšobotsi tse seng kae tse fapaneng hammoho le ho phethahala ha tsona.
“Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) Ntoa ea I ea Lefatše e qhomme ka 1914 ’me lichaba tse 28 li ne li keneletse ho eona, batho ba limillione tse 14 ba ile ba bolaoa. Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea latela ’me lichaba tse 59 li ne li keneletse ho eona, ’me batho ba limillione tse 50 ba ile ba bolaoa.
“Libakeng ka ho latellana ho tla ba le mafu.” (Luka 21:11, NW) Ha Ntoa ea I ea Lefatše e lala, batho ba ka bang limillione tse 21 ba ne ba bolailoe ke mokakallane oa Spain. Ho tloha ka nako eo, lefu la pelo, kankere, AIDS le mafu a mang li bolaile batho ba limillione.
“Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Mattheu 24:7, NW) Tlala e khōlō ka ho fetisisa historing eohle e ile ea hlasela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. E ’ngoe e mpe ka ho fetisisa e ile ea latela Ntoa ea II ea Lefatše, ’me hona joale khaello ea phepo e nepahetseng e ama karolo ea bohlano ea baahi ba lefatše. Selemo le selemo, bana ba ka bang limillione tse 14 ba bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng.
“Ho tla ba le litšinyeho tse khōlō tsa lefatše.” (Luka 21:11, NW) Litšisinyeho tsa lefatše ka mor’a 1914—nahana ka tse seng kae tse khōlō. Ka 1915, Italy ho shoele batho ba 32 610; ka 1920, Chaena ho shoele ba 200 000; ka 1923, Japane ho shoele ba 143 000; 1939 Turkey ho shoele ba 32 700, ’me ka 1970 Peru ho shoele ba 66 800; 1976 Chaena ho shoele ba 240 000 (mehloli e meng ea boitsebiso e bolela hore ba 800-000) ba shoele; ka 1988 Armenia ho shoele ba 25 000.
“Keketseho ea ho hloka molao.” (Mattheu 24:12, NW) Ho hloka molao ho ile ha tsoa taolong ho tloha ka 1914; kajeno ho eketseha ka sekhahla se seholo. Lipolao, lipeto, bosholu, lintoa tsa likenke—ke tsona lihlooho tsa litaba le tse tletseng mecheng ea khaso. Bo-ralipolotiki ba tsoela pele ho qhekella sechaba, bacha ba tsamaea ba nkile lithunya le ho bolaea, bana ba sekolo ba ntšana likotsi. Libakeng tse ngata ho kotsi ho tsamaea o le mong literateng esita le motšehare.
“Lichaba li tla tsielehela, li sa tsebe moo li tsoang le teng . . . Batho ba tepella ka baka la tšabo le tebello ea lintho tse tla tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Luka 21:25, 26, NW) Tlōlo ea molao, pefo, bokhoba ba lithethefatsi, ho qhalana ha malapa, ho se tsitse ha moruo, ho hloka mosebetsi—lethathamo lena le lelelele ’me le ntse le eketseha. Setsebi se seng se hlaheletseng ka mahetla sa saense se ile sa ngola: “Re tla ja tšabo, re robale ka tšabo, re phele ka tšabo ’me re shoe ka tšabo.”
“Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko.” (2 Timothea 3:1) Moapostola Pauluse o buile ka hore batho ba “timeletsoe ke kutloisiso eohle ea boitšoaro.” (Ba-Efese 4:19, NW) Leha ho le joalo, o ile a lokolisa ka ho hlepha ha boitšoaro ho boletsoeng esale pele bakeng sa ‘mehla ea qetello.’ Sena se hlile se tšoana le litaba tsa khaso tsa kajeno: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.”—2 Timothea 3:1-5.
“Mehleng ea qetello ho tla hlaha basomi.” (2 Petrose 3:3, NW) Likoranta, khaso ea litaba, limakasine, libuka le libaesekopo li soma Bibele ’me li e nkela sebaka ka monahano oa batho o lokolohileng, joalokaha Petrose a boletse esale pele hore ba re: “Ho ba teng ha hae ho tšepisitsoeng ho kae? Ho tloha ha bo-ntat’a rōna moholo ba ithoballa lefung, lintho tsohle li sa tsoela pele hantle feela joaloka qalong ea pōpo.”—2 Petrose 3:4, NW.
“Batho ba tla le tšoara ka matsoho a bona, ba le hlorise.” (Luka 21:12) Ho tloha ka 1914 ho theosa le lilemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoaroa ka sehlōhō, tsa fumanoa li le molato oa liqoso tsa bohata, tsa hlaseloa, ’me tse likete-kete tsa kenngoa likampong tsa mahloriso tsa Hitler, moo li ileng tsa hlokofatsoa, tse ngata li ile tsa bolaoa, tse ling tsa khaoloa lihlooho ka tsela e sehlōhō. Linaheng tse ling, tsa bohatelli le tsa puso ea sechaba ka sechaba, mosebetsi oa tsona oa ho paka ka Jehova le ’Muso oa hae o ile oa thibeloa ’me Lipaki tsa kenngoa teronkong. Tsena tsohle li etsahetse ho phethahatsa mantsoe a Jesu bakeng sa mehla ena ea bofelo.—Mattheu 5:11, 12; 24:9; Luka 21:12; 1 Petrose 4:12, 13.
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mattheu 24:14, NW) Ke litaba life tse molemo? Ke litaba tse molemo tsa ho busa ha ’Muso oa Kreste leholimong, hobane eo ke potso e ileng ea botsoa Jesu e hlahisitseng boprofeta bona ba pontšo ea ketsahalo eo e entsoeng ka likarolo tse ngata. Litaba tsena li ’nile tsa boleloa ke Lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1914. Lipaki tse 4 000 li ne li bolela litaba tsena ka 1919, tse fetang 4 000 000 ka 1990, ’me ka 1992 tse 4 472 787 li ile tsa li bolela ka khoeli e le ’ngoe. Ho ile ha abjoa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse ka bang 200 linaheng tse 229. Ha ho mohla tšobotsi ena ea pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata e kileng ea phethahala pele ho mona.
“[O tla] senya ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Ka mehla batho ba meharo ba ’nile ba ikemisetsa ho senya lefatše ka mabaka a boithati, empa pele ho moloko ona ha ho mohla batho ba kileng ba e-ba le matla a ho etsa joalo. Hona joale, ho tloha ka 1914, theknoloji ea mehleng ea joale e ba nehile matla a ho senya lefatše, ’me ba e sebelisa hampe. Ba senya lefatše.
Tse ling tsa lintho tse tšabehang tse bakoang ke hoo ke tsena: pula ea asiti, ho futhumala ha qitikoe eohle, masoba lereng la ozone, meriana e kotsi e bolaeang likokoanyana, lithotobolo tsa chefu, lithōle tse ngata ka ho fetisisa, litšila tsa nuclear, ho qhalana ha oli, ho qhaloa ha likhoere-khoere, matša a psheleng, meru e sentsoeng, ho silafatsoa ha metsi a ka tlas’a lefatše, mefuta ea liphoofolo e leng kotsing ea ho fela, bophelo bo botle ba batho boa senngoa.
Setsebi sa saense Barry Commoner o re: “Ke lumela hore ho silafatsoa ha lefatše ho tsoelang pele, haeba ho sa emisoe, qetellong ho tla senya ho tšoaneleha ha polanete ena e le sebaka seo batho ba ka phelang ho sona. . . . Bothata ha bo bakoe ke ho se tsebe ha saense, empa bo bakoa ke meharo ea ka boomo.” State of the World 1987 e re: “Tekanyo ea mesebetsi ea batho e qalile ho beha monyetla oa ho phela holim’a lefatše ka bolona kotsing.” Letoto la mananeo a thelevishine le ileng la hasoa ka 1990 le ne le e-na le sehlooho sa bohlokoa se reng “Boiteko bo Potlakileng ba ho Pholosa Polanete.”
Liketsahalo tsena tse ngata tse kopantsoeng hammoho joaloka pontšo e le ’ngoe molokong o le mong ka ho loketseng li ke ke tsa hlokomolohuoa ka ho bolela hore li itlhahetse ka tšohanyetso. Boholo ba tsona bo boetse bo eketsa matla a tsona. Ho na le tse ling tsa liketsahalo tsena, tse kang ho boleloa ha litaba tsena tse molemo lefatšeng lohle le ho senngoa ha lefatše, tseo ho seng mohla li kileng tsa etsahala ho tloha tšimolohong ea pōpo. Ka sebele pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata ea ho ba teng ha Kreste Jesu ke e hlollang.
“Mang le mang ea nang le litsebe tse mamelang, a ke a utloe.”—Mareka 4:23, NW.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Bopaki bo Entsoeng ka Likarolo tse Ngata ba ho Tla ha Jesu ka Lekhetlo la Pele Joaloka Messia
O HLAHETSE lelokong la Juda (Genese 49:10); o ne a tla hlouoa, a ekoe ke e mong oa baapostola ba hae; liaparo tsa hae tsa laoloa ka lotho; a fuoa asene le nyooko; a songoa ha a ntse a le thupeng; ha ho masapo a hae a robiloeng; haa ka a bona ho bola; a tsosoa (Pesaleme ea 69:4; 41:9; 22:18; 69:21; 22:7, 8; 34:20; 16:10); a tsoaloa ke moroetsana; a tsoalloa lelapeng la Davida; a fetoha lejoe la khopiso; a lahloa; ea e-ba semumu pel’a baqosi; a ipelesa maloetse; a balloa har’a baetsa-libe; a shoa lefu la sehlabelo; a hlajoa lehlakoreng; a epeloa le barui (Esaia 7:14; 11:10; 8:14, 15; 53:3; 53:7; 53:4; 53:12; 53:5; 53:9); o bitsitsoe Egepeta (Hosea 11:1); a hlahela Bethlehema (Mikea 5:2); a itlhahisa e le morena; a kalla esele; a ekoa ka likotoana tse 30 tsa silevera; balateli ba qhalana.—Zakaria 9:9; 11:12; 13:7.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Pontšo e Entsoeng ka Likarolo tse Ngata ea ho ba Teng ha Jesu e le Morena ha a Tla Hape
NTOA ea lefatše; likhaello tsa lijo; mafu; litšisinyeho tsa lefatše (Mattheu 24:7; Luka 21:10, 11; Tšenolo 6:1-8); keketseho ea ho hloka molao; ho ekana le ho hloeana; ho se utloe batsoali; ho hloka lerato la tlhaho; ho hloka boitšoaro; ho se bulehele tumellano leha e le efe; ho rata chelete; ho rata menate ho feta le Molimo; ho ba le sebōpeho sa borapeli empa ba latotse matla a bona; ho ba banyefoli; ho ba bohale ka tsela e tšosang; ho hlorisoa ha balateli ba Kreste; ho isoa ha balateli makhotleng a molao, le ho bolaoa ha balateli ba Kreste (Mattheu 24:9, 10, 12; Luka 21:12; 2 Timothea 3:1-5); basomi ba ho ba teng ha Jesu; ba bolela hore lintho tsohle li sa tsoela pele hantle feela joaloka qalong ea pōpo (2 Petrose 3:3, 4); batho ba senyang tikoloho ea lefatše.—Tšenolo 11:18.