-
“A Tšetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
“Ba batla hore Pauluse le Silase ba tlisoe ho bona.”—Liketso 17:5
10 Luka o re bolella se ileng sa etsahala ka mor’a moo, o re: “Bajuda ba bang ba e-ba mona eaba ba bokella banna ba khopo ba neng ba solla ’marakeng. Ba ikopanya eaba ba baka moferefere motseng. Ba hlasela ntlo ea Jasone ’me ba batla hore Pauluse le Silase ba tlisoe ho bona. Ha ba sa ba fumane, ba isa Jasone le barutuoa ba bang ho babusi ba motse, ba tletleba ba re: ‘Banna bana ba ferekantseng lefatše lohle ba se ba le teng mona, joale Jasone eena o ba amohetse ha hae. Batho bana kaofela ba etsa lintho tse khahlanong le melao ea Sesare, ba re ho na le morena e mong ea bitsoang Jesu.’” (Lik. 17:5-7) Pauluse le bo-mphato ba hae ba ile ba etsa joang ha ba hlaseloa ke mahoohoo?
11. Pauluse le bao a bolelang ’Muso oa Molimo le bona ba ile ba qosoa ka lintho life, ’me ho ka etsahala hore ebe ba ba qosang ba ne ba nahanne ka taelo efe? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Batho ba tsoa tseleng ha e le mokhopi. Ba tšoana le noka e jang litlhokoa ba mabifi ebile ha ba laolehe. Sena ke sebetsa seo Bajuda ba ileng ba se sebelisa ha ba leka ho leleka Pauluse le Silase. Joale, ka mor’a hore Bajuda ba ‘bake moferefere’ motseng, ba ile ba leka ho kholisa babusi hore lintho tseo ba ba qosang ka tsona li tebile. Qoso ea pele e ne e le hore Pauluse le ba bang bao a bolelang ’Muso oa Molimo le bona ‘ba ferekantse lefatše lohle,’ empa e le hore hase Pauluse le bo-mphato ba hae ba bakileng moferefere Thesalonika! Qoso ea bobeli e ne e tebile le ho feta. Bajuda ba ile ba re baromuoa bao ba bolela hore ho na le Morena e mong, e leng Jesu, kahoo ba tlola melao ea moemphera.a
12. Ke eng e bontšang hore lintho tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qosoa ka tsona li ne li ka ba kenya khathatsong?
12 U hopole hore baeta-pele ba bolumeli ba ile ba qosa Jesu ka ntho e tšoanang, ba re ho Pilato: “Re fumane monna enoa a ntse a khelosa sechaba sa rona . . . a bile a re ke eena Kreste morena.” (Luka 23:2) Mohlomong Pilato o ne a tšaba hore moemphera o tla etsa qeto ea hore o khothalletsa ho phethola ’muso, eaba o nehelana ka Jesu hore a bolaoe. Ka ho tšoanang, liqoso tseo Bakreste ba Thesalonika ba neng ba qosoa ka tsona li ne li ka ba kenya khathatsong. Buka e ’ngoe e re: “Ha re feteletse litaba ha re re ba ne ba le tsietsing, etsoe ‘hangata batho ba qosoang ka hore ba khothalletsa ho phethola ’muso oa Baemphera ba ne ba bolaoa.’” Na qoso ee e lonya e ne e tla atleha?
-
-
“A Tšetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
-
-
a Ho latela setsebi se seng, ka nako eo Cesare o ne a laetse hore ho se ke ha e-ba le motho ofe kapa ofe ea bolelang hore “ho tla tla morena kapa ’muso o mocha, haholo-holo oo ho thoeng o tla ketola kapa o ahlole moemphera ea busang.” Mohlomong lira tsa Pauluse li ile tsa sotha molaetsa oa hae tsa re o khahlanong le taelo eo. Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Bo-Sesare Bao Litaba Tsa Buka ea Liketso li Etsahetseng Pusong ea Bona.”
-