Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Batlang Molimo ’Me le mo Fumane
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • 13. Pauluse o ile a re’ng ka tšimoloho ea bokahohle, ’me o ne a bolela’ng?

      13 Molimo o bopile bokahohle. Pauluse o itse: “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.”d (Lik. 17:24) Bokahohle ha boa ba teng ka tsietsi. Molimo oa ’nete ke ’Mopi oa lintho tsohle. (Pes. 146:6) Ho fapana le Athena kapa melimo e meng eo khanya ea eona e neng e itšetlehile ka litempele, litempelana le lialetare, ’Musi Morena oa leholimo le lefatše a ke ke a lula litempeleng tse hahuoeng ka matsoho a batho. (1 Mar. 8:27) Molaetsa oa Pauluse o ne o hlakile. Molimo oa ’nete o moholo ho feta melimo ea litšoantšo e ka litempeleng tse entsoeng ke batho.—Esa. 40:18-26.

  • Batlang Molimo ’Me le mo Fumane
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • d Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefatše” ke koʹsmos, ’me Bagerike ba ne ba le sebelisa ho bolela bokahohle. Kaha Pauluse o ne a leka ho fumana seo a lumellanang ka sona le Bagerike ba neng ba mo mametse, ho ka etsahala hore ebe mona o sebelisitse lentsoe lena ka tsela eo.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela