KHAOLO EA 18
Batlang Molimo ’me le mo Fumane
Pauluse o batla lintho tseo a lumellanang ka tsona le batho ba mo mametseng ’me o feto-fetola taba hore e ba lokele
E Thehiloe ho Liketso 17:16-34
1-3. (a) Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a halefile haholo ha a le Athene? (b) Re ka ithuta eng ha re hlahloba mohlala oa Pauluse?
PAULUSE o halefile haholo. O Athene, Greece, setsing sa thuto moo Socrates, Plato le Aristotle ba kileng ba ruta teng. Batho ba Athene ba rata bolumeli haholo. Kaha Baathene ba rapela melimo e mengata, Pauluse o bona melimo ea litšoantšo hohle moo a eang teng ka tempeleng, mapatlelong a motse le literateng. Pauluse o tseba kamoo Molimo oa ’nete Jehova a ikutloang kateng ka borapeli ba litšoantšo. (Ex. 20:4, 5) Moapostola enoa ea tšepahalang o ikutloa joaloka Jehova, o nyonya melimo ea litšoantšo!
2 Seo Pauluse a se bonang ha a kena ’marakeng se mo tšosa le ho feta. Liemahale tse ngata tsa molimo o bitsoang Hermese tse bontšang litho tsa botona li kolokisitsoe hukung e ka leboea-bophirimela, pel’a monyako o moholo. ’Marakeng ho tletse litempelana. Moapostola eo ea chesehang o tla pakela batho baa ba hlanyetsang melimo ea litšoantšo joang? Na o tla laola maikutlo ebe o fumana seo a lumellanang ka sona le bona? Na o tla atleha ho thusa motho leha e le ofe ho batla Molimo oa ’nete ’me a hle a Mo fumane?
3 Seo Pauluse a se boleletseng batho ba Athene ba rutehileng, joalokaha se tlalehiloe ho Liketso 17:22-31 ke mohlala o babatsehang oa ho bua ka tsela e phollatsi, e sa khopiseng batho le e bontšang temoho. Ha re hlahloba mohlala oa Pauluse, re tla ithuta tsela ea ho fumana lintho tseo re lumellanang ka tsona le batho bao re ba pakelang, ’me re ba thuse ho nahana.
‘Ho Ruta ’Marakeng’ (Liketso 17:16-21)
4, 5. Pauluse o ile a paka libakeng life ha a le Athene, ’me o ne a tla buisana le bo-mang bao ho neng ho tla ba thata ho ba kholisa?
4 Pauluse o ile a etela Athene leetong la hae la bobeli e le moromuoa, hoo e ka bang ka 50 C.E.a Ha Pauluse a ntse a letetse Silase le Timothea hore ba fihle ba tsoa Berea, o ile “a ea ntlong ea thapelo, a ruta Bajuda,” e leng seo a neng a tloaetse ho se etsa. O ile a boela a ea sebakeng seo a neng a tla buisana le baahi ba Athene bao e seng Bajuda e leng “’marakeng.” (Lik. 17:17) ’Maraka oa Athene o ne o le ka leboea-bophirimela ho Acropolis, ’me boholo ba oona e le lihekthere tse ka bang hlano. ’Maraka oo e ne e se sebaka sa ho reka le ho rekisa feela e ne e le lepatlelo la motse. Buka e ’ngoe e bontša hore sebaka sena e ne e le “setsi sa motse sa khoebo, sa lipolotiki le seo ho sona ho neng ho tšohloa litaba tsa setso.” Baathene ba ne ba rata ho bokana moo ebe ba tšohla litaba tsa botsebi.
5 Ha Pauluse a le ’marakeng o ile a buisana le batho bao ho neng ho tla ba thata ho ba kholisa. Har’a bona ho ne ho e-na le Baepikure le Bastoike, e leng litho tsa likolo tsa filosofi tse hlolisanang.b Baepikure ba ne ba lumela hore bophelo bo bile teng ka tsietsi. Maikutlo a bona ka bophelo a ne a ka akaretsoa ka mantsoe a reng: “Ha ho hlokahale hore motho a tšabe Molimo. Motho ha a utloe bohloko lefung, motho a ka finyella se setle, a ka mamella bobe.” Bastoike ba ne ba khothalletsa hore taba e be le mabaka ’me e utloahale ’me ba sa lumele hore Molimo ke Motho. Baepikure le Bastoike ba ne ba sa lumele tsohong ea bafu e rutoang ke barutuoa ba Kreste. Ho hlakile hore filosofi ea lihlopha tsena tse peli e ne e sa lumellane le linnete tse phahameng tsa Bokreste ba ’nete tseo Pauluse a neng a li ruta.
6, 7. Bahlalefi ba bang ba Bagerike ba ile ba re’ng ha ba utloa seo Pauluse a se rutang, ’me batho ba ka ’na ba re’ng ka rona kajeno?
6 Bahlalefi ba Bagerike ba ile ba re’ng ha ba utloa seo Pauluse a se rutang? Ba bang ba ile ba mo bitsa ka lentsoe le bolelang “lehlanya,” kapa “ea thonakang peo.” (Sheba study note Bibeleng ea Senyesemane ho Lik. 17:18.) Setsebi se seng ha se bua ka lentsoe lena la Segerike se re: “Tšimolohong lentsoe lena le ne le sebelisoa bakeng sa nonyana e nyenyane e neng e tsamaea hohle e thonaka lijo-thollo, ’me hamorao la sebelisoa bathong ba neng ba thonaka makumane a lijo le lintho tse ling tse lahluoeng ’marakeng. Hamorao le ile la sebelisoa bakeng sa motho ea neng a qolotsa makumane a litaba, haholo-holo litaba tseo a sa li utloisiseng hantle.” Ha e le hantle, bahlalefi bao ba ne ba re Pauluse ke sethoto sa nketsisane. Empa, joalokaha re tla bona, Pauluse ha aa ka a tšosoa ke litšomo tse joalo.
7 Hoa tšoana le kajeno. Hangata rona Lipaki Tsa Jehova re ’nile ra songoa ka lebaka la ho lumela se ka Bibeleng. Ka mohlala, matichere a mang a ruta hore thuto ea hore lintho li iphetotse ke ’nete ’me a re haeba u hlalefile u lokela ho amohela seo. Ha e le hantle ba re mang kapa mang ea hanang ho lumela seo ke sethoto. Bahlalefi ba joalo ba batla hore batho ba bang ba nahane hore re lithoto ha re bolela molaetsa oa Bibele ’me re fana ka bopaki ba hore lintho li bopiloe. Empa ha ba re tšose. Ho e-na le hoo, re bua re kholisehile ha re emela seo re se lumelang, e leng hore bophelo lefatšeng bo entsoe ke Moqapi, e leng Jehova Molimo.—Tšen. 4:11.
8. (a) Ba bang ba ileng ba utloa ha Pauluse a bolela litaba tse monate ba ile ba re’ng? (b) E ka ’na eaba ho boleloa’ng ha ho thoe Pauluse o ile a isoa Areopago? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe la 142.)
8 Ba bang ba ileng ba utloa ha Pauluse a ruta ’marakeng ba ile ba ikutloa ka tsela e fapaneng le eo, ba re: “Ekare o buella melimo esele.” (Lik. 17:18) Na ruri Pauluse o ne a ruta batho ba Athene melimo e mecha? Ena e ne e le taba e tebileng, e tšoanang le e ’ngoe ea liqoso tseo Socrates a ileng a qosoa ka tsona a ba a ahloleloa lefu lilemong tse makholo pejana. Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ile a isoa Areopago ’me ha thoe a hlalose lithuto tseo tse neng li makalitse Baathene.c Pauluse o ne a tla emela molaetsa oa hae joang ho batho ba neng ba sa tsebe Mangolo?
“Banna ba Athene, Kea Bona” (Liketso 17:22, 23)
9-11. (a) Pauluse o ile a leka joang hore a fumane seo a lumellanang ka sona le batho ba mo mametseng? (b) Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang tšebeletsong ea rona?
9 Hopola hore Pauluse o ne a halefile haholo ka lebaka la borapeli ba melimo ea litšoantšo boo a bo boneng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a hlasele borapeli ba litšoantšo a sa tsotelle letho, o ile a ithiba. O ile a leka ka matla hore a hape maikutlo a ba mo mametseng a sa ba khopise ’me a etsa seo ka hore a bue ka seo ba lumellanang ka sona. O ile a qala ka ho re: “Banna ba Athene, kea bona hore le hlompha melimo ho feta kamoo batho ba bang ba e hlomphang kateng.” (Lik. 17:22) Ka mantsoe a mang Pauluse o ne a re, ‘Kea bona hore le rata bolumeli haholo.’ Ka bohlale o ile a ba babatsa ka hore ebe ba rata bolumeli. O ile a hlokomela hore ba bang ba neng ba foufalitsoe ke lithuto tsa bohata ba ka amohela molaetsa. Etsoe Pauluse o ne a tseba hore ho na le nako eo le eena a neng a ‘se na tsebo ebile a se na tumelo.’—1 Tim. 1:13.
10 E le hore Pauluse a hahe motheong oa seo ba lumellanang ka sona o ile a bolela hore o bone bopaki ba sebele ba hore Baathene ke batho ba ratang bolumeli e leng aletare e nehetsoeng “Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’” Ho latela sengoliloeng se seng, “Bagerike le ba bang ba ne ba tloaetse ho nehela lialetare ‘melimong e sa tsejoeng,’ ka lebaka la ho tšaba hore mohlomong ba siile molimo ea itseng borapeling ba bona eaba baa mo halefisa.” Ka ho ba le aletare e joalo, Baathene ba ne ba lumela hore ho na le Molimo eo ba sa mo tsebeng. Pauluse o ile a sebelisa aletare ena ho kenyelletsa litaba tse monate. O ile a re: “Ke tl’o le bolella ka eena Molimo eo le ntseng le mo rapela empa le sa mo tsebe.” (Lik. 17:23) Pauluse o ile a beha mabaka ka tsela e bohlale empa e le matla. O ne a sa bue ka molimo e mocha kapa ea sa tloaelehang, joalokaha ba bang ba boletse. O ne a bua ka Molimo eo bona ba neng ba sa mo tsebe e leng Molimo oa ’nete.
11 Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang tšebeletsong ea rona? Haeba re le hlokolosi, re ka ’na ra bona ntho e re bontšang hore motho o chesehela bolumeli, mohlomong ra bona ntho e itseng ea bolumeli eo a e roetseng kapa a e behileng ka tlung kapa jareteng. Re ka ’na ra re: ‘Kea bona hore u rata bolumeli. Haesale ke batla ho kopana le motho ea ratang bolumeli.’ Ka hore ka bohlale re fumane maikutlo a motho ka bolumeli, re ka ’na ra lemoha seo re lumellanang ka sona eaba re haha holim’a sona. Hopola hore ha re batle ho nka batho hampe ka lebaka la lithuto tsa bona tsa bolumeli. Ba bang ba balumeli-’moho le rona ba ne ba lumela ka tieo lithuto tsa bohata tsa bolumeli.
Molimo “ha a Hole le Rona” (Liketso 17:24-28)
12. Pauluse o ile a feto-fetola taba ea hae joang hore e lokele batho ba neng ba mo mametse?
12 Pauluse o ne a fumane seo a lumellanang ka sona le batho bao a buisanang le bona empa na ho ne ho tla lula ho le joalo ha a se a ba pakela? Kaha o ne a tseba hore bamameli ba hae ke batho ba rutiloeng filosofi ea Bagerike le hore ha ba tsebe Mangolo, o ile a feto-fetola taba ea hae ka litsela tse ngata. Tsela ea pele, o ile a ba bolella lithuto tsa Bibele a sa qotse Mangolo ka ho toba. Ea bobeli, o ile a ipeha boemong ba batho ba mo mametseng, ka linako tse ling a sebelisa mantsoe a kang “rona.” Ea boraro, o ile a qotsa libuka tsa Bagerike ho bontša hore lintho tse itseng tseo a li rutang li teng libukeng tsa bona. Joale a re hlahlobeng mantsoe a matla ao Pauluse a ileng a a bua. O ile a ruta linnete life tsa bohlokoa ka Molimo eo Baathene ba neng ba sa mo tsebe?
13. Pauluse o ile a re’ng ka tšimoloho ea bokahohle, ’me o ne a bolela’ng?
13 Molimo o bopile bokahohle. Pauluse o itse: “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.”d (Lik. 17:24) Bokahohle ha boa ba teng ka tsietsi. Molimo oa ’nete ke ’Mopi oa lintho tsohle. (Pes. 146:6) Ho fapana le Athena kapa melimo e meng eo khanya ea eona e neng e itšetlehile ka litempele, litempelana le lialetare, ’Musi Morena oa leholimo le lefatše a ke ke a lula litempeleng tse hahuoeng ka matsoho a batho. (1 Mar. 8:27) Molaetsa oa Pauluse o ne o hlakile. Molimo oa ’nete o moholo ho feta melimo ea litšoantšo e ka litempeleng tse entsoeng ke batho.—Esa. 40:18-26.
14. Pauluse o bontšitse joang hore Molimo ha aa itšetleha ka batho?
14 Molimo ha aa itšetleha ka batho. Barapeli ba melimo ea litšoantšo ba ne ba tloaetse ho e apesa liaparo tse majabajaba, ba e fa limpho tse theko e phahameng, kapa ba e tlisetsa lijo le lino joalokaha eka ea li hloka! Leha ho le joalo, bo-rafilosofi ba bang ba Bagerike ba neng ba le har’a batho ba neng ba mametse Pauluse e ka ’na eaba ba ne ba lumela hore ha ho letho leo molimo a le hlokang ho batho. Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba lumellana le mantsoe a Pauluse ha a re Molimo “ha a hlokomeloe ke batho joalokaha eka o hloka letho.” Ka sebele, ha ho limpho tseo batho ba ka li fang ’Mopi. Ho e-na le hoo, o fa batho seo ba se hlokang e leng “bophelo, phefumoloho le lintho tsohle” ho akarelletsa le letsatsi, pula le mobu o behang. (Lik. 17:25; Gen. 2:7) Ka hona, Molimo Ea Faneng ka tsona ha aa itšetleha ka batho, e leng bona ba li amohelang.
15. Pauluse o ile a sebetsana joang le tumelo ea Baathene ea hore ba phahametse batho bao e seng Bagerike, ’me re ithuta ntlha efe ea bohlokoa mohlaleng oa hae?
15 Molimo o bopile batho. Baathene ba ne ba lumela hore ba phahametse batho bao e seng Bagerike. Empa ho ikhantša ka bochaba le morabe oa rona ha ho lumellane le ’nete ea Bibele. (Deut. 10:17) Pauluse o ile a sebelisa bohlale le tsebo ha a sebetsa taba ena e hlokang hore a be hlokolosi. Ha a ne a re, “[Molimo] o entse hore lichaba tsohle li tsoe ho motho a le mong,” ha ho pelaelo hore mantsoe a hae a ile a etsa hore batho ba mo mametseng ba nahane. (Lik. 17:26) Pauluse o ne a bua ka tlaleho ea Genese e mabapi le Adama, moholo-holo oa moloko oa batho. (Gen. 1:26-28) Kaha batho bohle ba tsoa ho motho a le mong, ha ho morabe kapa sechaba se phahametseng se seng. Ka sebele taba ena e ile ea hlakela batho ba neng ba mametse Pauluse. Re ithuta ntlha ea bohlokoa mohlaleng oa hae. Le hoja re feto-fetoha le maemo ’me re sa batle ho khopisa batho ha re le mosebetsing oa boboleli, ha re batle ho bebofatsa ’nete ea Bibele hore feela ba e amohele.
16. Morero oa ’Mopi ke ofe ka batho?
16 Molimo o batla hore batho ba atamele ho eena. Esita leha bo-rafilosofi ba neng ba le har’a batho ba mametseng Pauluse ba ne ba phehile khang ka nako e telele mabapi le morero oa bophelo ba batho, ha ho mohla ba neng ba ka khona ho o hlalosa ka tsela e khotsofatsang. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bolela ka ho hlaka morero oa ’Mopi bakeng sa batho, e leng “hore ba batle Molimo. Haeba ba leka ho mo batla ba ka mo fumana hobane ha a hole le rona.” (Lik. 17:27) Motho a ka khona ho tseba Molimo eo Baathene ba neng ba sa mo tsebe. Ha e le hantle, ha a hole le bao ka sebele ba batlang ho mo fumana le ho ithuta ka eena. (Pes. 145:18) Hlokomela hore Pauluse o ile a sebelisa lentsoe “rona,” ka tsela eo o ne a ikakarelletsa har’a bao ho hlokahalang hore “ba batle” Molimo ’me ba mo phopholetse.
17, 18. Ke hobane’ng ha batho ba lokela ho ikutloa ba le haufi le Molimo, hona re ka ithuta eng tseleng eo Pauluse a ileng a ipiletsa ho batho ba neng ba mo mametse?
17 Batho ba lokela ho ikutloa ba le haufi le Molimo. Pauluse o itse, ke ka Eena “re phelang, re sisinyehang ’me re leng teng.” Litsebi tse ling li re e ka ’na eaba Pauluse o ne a qotsa mantsoe a Epimenides, e leng seroki sa Kreta sa lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. eo hape e leng “motho ea hlaheletseng bolumeling ba Baathene.” Pauluse o ile a fana ka lebaka le leng leo ka lona batho ba lokelang ho ikutloa ba le haufi le Molimo ha a re: “Ba bang ba liroki tsa lona ba itse, ‘Le rona re bana ba hae.’” (Lik. 17:28) Batho ba lokela ho ikutloa hore ba na le kamano le Molimo, o bopile motho eo bohle ba tsoang ho eena. E le hore Pauluse a ipiletse ho batho ba neng ba mo mametse, o ile a qotsa ka ho toba libukeng tsa Bagerike tseo ho se nang pelaelo hore ba ne ba li hlompha.e Ha re latela mohlala oa Pauluse, ka linako tse ling re ka qotsa mantsoe a seng makae libukeng tsa histori, li-encyclopedia, kapa libukeng tse ling tse hlomphuoang. Ka mohlala, ho qotsa motho ea hlomphuoang ho ka ’na ha thusa ho kholisa batho bao e seng Lipaki hore na mekhoa kapa litšebeletso tse ling tsa bolumeli ba bohata li simolohile hokae.
18 Ho fihlela ntlheng ena, Pauluse o boletse linnete tsa bohlokoa ka Molimo, ka bohlale a feto-fetola taba ea hae hore e lokele ba mo mametseng. O ne a batla hore ba etse’ng ka litaba tsee tsa bohlokoa? Ntle ho tieho, o ile a ba bolella ha a ntse a tsoela pele ka taba ea hae.
“Batho Bohle . . . ba Bake” (Liketso 17:29-31)
19, 20. (a) Pauluse o ile a pepesa booatla ba ho rapela melimo ea litšoantšo e entsoeng ke batho joang? (b) Batho ba neng ba mametse Pauluse ba ne ba lokela ho nka bohato bofe?
19 Pauluse o ne a itokiselitse ho khothalletsa batho ba neng ba mo mametse hore ba nke bohato. O ile a boela a qotsa libuka tsa Bagerike a re: “Kaha re bana ba Molimo, ha rea tšoanela ho nahana hore Molimo o tšoana le setšoantšo sa khauta, silevera kapa lejoe. Ha a tšoane le lintho tseo batho ba iqapetseng tsona eaba ba li etsa ka matsoho a bona.” (Lik. 17:29) Ka sebele, haeba batho ba entsoe ke Molimo, joale ke joang Molimo e neng e ka ba setšoantšo se entsoeng ke motho? Tsela eo Pauluse a ileng a beha mabaka ka bohlale ka eona e ile ea pepesa booatla ba ho rapela melimo ea litšoantšo e entsoeng ke batho. (Pes. 115:4-8; Esa. 44:9-20) Ha a re “ha rea tšoanela ho . . . ,” ha ho pelaelo hore o ile a etsa hore keletso ea hae e se ke ea ba hlaba.
20 Moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore ba lokela ho nka bohato, a re: “Molimo o ile a iphapanyetsa lintho tsena tseo batho ba li entseng ka ho se tsebe [e leng ho nahana hore Molimo a ka khahlisoa ke batho ba rapelang melimo ea litšoantšo]. Empa hona joale o bolella batho bohle hore ba bake.” (Lik. 17:30) E ka ’na eaba batho ba bang ba neng ba mametse Pauluse ba ile ba makala ha ba utloa boipiletso bona ba hore ba bake. Empa mantsoe a hae a matla a ile a bontša ka ho hlakileng hore Molimo ke eena ea ba fileng bophelo ’me ba ikarabella ho Eena. Ba ne ba lokela ho batla Molimo, ba ithute ’nete ka eena, ’me ba etse hore bophelo bohle ba bona bo lumellane le ’nete eo. Seo se ne se bolela hore Baathene ba lemohe hore borapeli ba litšoantšo ke sebe ’me ba bo furalle.
21, 22. Pauluse o ile a lihela likhala ka mantsoe afe a matla, ’me mantsoe a hae a bolela’ng ho rona?
21 Pauluse o ile a lihela likhala ka mantsoe a matla a reng: “[Molimo] o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatše ka toka a sebelisa monna eo a mo khethileng. O ile a tsosa monna eo bafung ’me ka ho etsa joalo a kholisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.” (Lik. 17:31) Ho tla ha Letsatsi la Kahlolo e ne e le lebaka le matla hakaakang la ho batla Molimo oa ’nete le ho mo fumana! Pauluse ha aa ka a bolela lebitso la Moahloli enoa ea behiloeng. Ho e-na le hoo, o ile a bua ntho e makatsang ka Moahloli enoa a re: O kile a phela e le motho oa nama, a shoa, ’me Molimo a mo tsosa bafung!
22 Mantsoe a matla ao a ileng a lihela likhala ka ’ona a bolela ho hongata ho rona. Rea tseba hore Moahloli eo ea behiloeng ke Molimo ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. (Joh. 5:22) Re boetse rea tseba hore Letsatsi la Kahlolo le tla nka lilemo tse sekete ’me le atamela ka potlako. (Tšen. 20:4, 6) Ha re tšabe Letsatsi la Kahlolo, hobane rea tseba hore le tla tlisetsa ba tšepahalang mahlohonolo a ke keng a lekanngoa. Mohlolo o moholo oa ho tsosoa ha Jesu Kreste o re tiisetsa hore seo re se tšepileng se tla phethahala.
“Ba Bang . . . ea E-ba Balumeli” (Liketso 17:32-34)
23. Mantsoe a Pauluse a ile a ama batho ka litsela life tse sa tšoaneng?
23 Mantsoe a Pauluse a ile a ama batho ka litsela tse sa tšoaneng. “Ba bang ba mo soma” ha ba utloa a bua ka tsoho ea bafu. Ba bang ba ne ba hlompha empa ba sa batle ho itlama, ba re: “Re tla u mamela hape nakong e tlang ha u bua ka taba ena.” (Lik. 17:32) Leha ho le joalo, ba seng bakae ba ile ba nka bohato bo nepahetseng: “Batho ba bang ba ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli. Har’a bona ho ne ho e-na le moahloli oa lekhotla la Areopago ea bitsoang Dionisiase, mosali ea bitsoang Damarise le ba bang.” (Lik. 17:34) Sena ke se etsahalang ha re le tšebeletsong. Ba bang ba ka ’na ba re soma, ha ba bang ba hlompha empa ba sa thahaselle. Leha ho le joalo, rea thaba ha ba bang ba amohela molaetsa oa ’Muso ’me e e-ba balumeli.
24. Re ka ithuta’ng ho seo Pauluse a ileng a se bua ha a le Areopago?
24 Ha re nahana ka seo Pauluse a ileng a se bua, re ka ithuta ho hongata mabapi le ho beha taba ka tsela e utloahalang, ho beha mabaka ka tsela e kholisang le kamoo re ka feto-fetolang taba ea rona hore e lokele batho ba re mametseng. Ho ekelletsa moo, re ka ithuta hore re lokela ho ba le mamello, re se ke ra khopisa ba foufalitsoeng ke lithuto tsa bolumeli ba bohata. Re ka boetse ra ithuta thuto ena ea bohlokoa, ha rea lokela hore le ka mohla re bebofatse ’nete ea Bibele hore feela re khahlise batho ba re mametseng. Empa ha re latela mohlala oa moapostola Pauluse, re ka ba matichere a atlehang haholoanyane tšebeletsong ea tšimo. Ho feta moo, balebeli e ka ba mesuoe e tšoanelehang haholoanyane ka phuthehong. Ka tsela eo re tla hlomelloa hamolemo ho thusa ba bang hore ba ‘batle Molimo . . . ’me ba mo fumane’—Lik. 17:27.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Athene e ne e le Setsi sa Lintho Tsa Setso Mehleng ea Boholo-holo.”
b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Baepikure le Bastoike.”
c Areopago e ne e le ka leboea-bophirimela ho Acropolis ’me e le sebaka seo lekhotla le ka sehloohong la Athene le tloaetseng ho kopana ho sona. E ka ’na eaba lentsoe “Areopago” le bolela lekhotla leo kapa leralla la sebele. Kahoo, litsebi ha li lumellane ka maikutlo mabapi le hore na Pauluse o ile a tlisoa leralleng lena kapa haufi le lona kapa sebakeng se seng seo lekhotla lena le neng le kopana ho sona, mohlomong ’marakeng.
d Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefatše” ke koʹsmos, ’me Bagerike ba ne ba le sebelisa ho bolela bokahohle. Kaha Pauluse o ne a leka ho fumana seo a lumellanang ka sona le Bagerike ba neng ba mo mametse, ho ka etsahala hore ebe mona o sebelisitse lentsoe lena ka tsela eo.
e Pauluse o ile a qotsa thoko ea bolepi ba linaleli e bitsoang Phaenomena, e ngotsoeng ke seroki sa Mostoike se bitsoang Aratus. Mantsoe a tšoanang le ao a fumanoa libukeng tse ling tsa Bagerike, ho akarelletsa le ea Hymn to Zeus, ea sengoli sa Mostoike se bitsoang Cleanthes.