Re ka Talima ho Mang Bakeng sa Toka ea ’Nete?
“Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa ka toka?”—GENESE 18:25, The Holy Bible in Modern English, ea Ferrar Fenton.
1, 2. Batho ba bangata ba arabela joang tlhokahalong e atileng ea toka?
MOHLOMONG ka masoabi u hlokomela hore ho hloka toka ho tletse hohle. Uena ka bouena u arabela joang tlhokahalong ea toka ea ’nete e atileng?
2 Batho ba bang ba arabela ka ho belaella boteng ba Molimo o lokileng. Ba ka ba ba ipolela hore ke bo-agnostic (ka Senyesemane). Mohlomong u ’nile ua utloa lentsoe leo. Le bolela motho ea utloang hore “boleng leha e le bofe ba sebele (bo kang Molimo) ha bo tsejoe ’me [mohlomong] bo ke ke ba tsejoa.” Seithuti sa bophelo Thomas H. Huxley, ’muelli oa thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho oa lekholong la bo19 la lilemo, ke eena oa pele ea ileng a sebelisa lentsoe “agnostic” ka tsela ena.a
3, 4. Semelo sa lentsoe la Senyesemane “agnostic” ke sefe?
3 Empa, Huxley o nkile lentsoe (la Senyesemane) “agnostic” hokae? Ha e le hantle, o ne a sebelisa polelo e ileng ea sebelisoa ka kutloisiso e ’ngoe ke ramolao e mong oa lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse. Seo se etsahetse puong e ’ngoe e tsebahalang ka ho fetisisa. Puo ena ea re ama kajeno, hobane e re fa motheo o utloahalang oa ho tseba hore na ke joang le hore na ke neng toka bakeng sa bohle e tlang ho ata ’me, ho feta moo, hore na rōna ka bomong re ka fumana molemo ho eona joang.
4 Lentsoe “agnostic” (“se sa tsejoeng”) le nkiloe ho seo Pauluse a se buileng ka aletare eo ho eona ho neng ho ngotsoe mantsoe “Ho Molimo o sa tsejoeng.” Puo eo e khutšoanyane e tlalehiloe ke ngaka Luka khaolong ea 17 ea buka ea histori ea Liketso tsa Baapostola. Pele khaolo eo e bontša kamoo Pauluse a ileng a fihla Athene kateng. Lebokoseng le tsamaeang le sehlooho sena, (leqepheng la 6) u ka ipalla boitsebiso boo Luka a simollang ka bona le litaba tsa puo ena kaofela.
5. Pauluse o ile a fana ka puo ea hae ho Baathene tlas’a boemo bofe? (Bala Liketso 17:16-31.)
5 Ka sebele puo ea Pauluse e matla ’me re tšoanela ho e nahanisisa ka hloko. Joalokaha re pota-potiloe ke ho hloka toka ho tšabehang, re ka ithuta ho hongata ho eona. Pele hlokomela boemo, boo u ka ipallang ka bona ho Liketso 17:16-21. Baathene ba ne ba ikhantša ka hore ba phela setsing sa thuto se tsebahalang, moo Socrates, Plato, le Aristotle ba kileng ba ruta teng. Athene e ne e boetse e le motse o chesehelang bolumeli haholo. Hohle ka thōko ho eena Pauluse o ne a bona litšoantšo—tsa molimo oa ntoa Ares, kapa Mars; tsa Zeus; tsa Aesculapius, molimo oa meriana; tsa molimo oa leoatle o mabifi, Poseidon; tsa Dionysus, Athena, Eros, le e meng.
6. Tikoloho ea heno e bapa joang le seo Pauluse a se fumaneng Athene?
6 Empa, ho ne ho ka ba joang haeba Pauluse a ne a ka hlahloba motse oa heno kapa tikoloho ea heno? O ne a ka ’na a bona litšoantšo tse ngata kapa liemahale tsa bolumeli, esita le linaheng tsa Bokreste-’mōtoana. Libakeng tse ling, o ne a ka bona ho fetang hoo. Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso ho bahahlaoli e re: “Melimo ea Maindia, ho fapana le ‘banab’abo’ eona ba Bagerike ba feto-fetohang, e ba le molekane a le mong feela, ’me a mang a matla a khahlisang ka ho fetisisa a ile a nehoa balekane ba eona ba batšehali . . . Ntle le ho fetelletsa, ho na le melimo e limillione e sebetsanang le bophelo ba mefuta eohle le tlhaho.”
7. Melimo ea Bagerike ba boholo-holo e ne e le ea mofuta ofe?
7 Melimo e mengata ea Bagerike e ne e tšoantšoa e le metle e bile e itšoere hampe haholo. Boitšoaro ba eona e ne e tla ba bo hlabisang lihlong bakeng sa batho, e, e ne e tla ba tlōlo ea molao linaheng tse ngata kajeno. Ka hona, u na le mabaka ’ohle a hore u ipotse hore na ke toka ea mofuta ofe eo Bagerike ba morao koo ba neng ba e lebelletse ho melimo e joalo. Ho ntse ho le joalo, Pauluse o ile a bona hore Baathene ba ne ba inehetse ho eona ka ho khethehileng. A kholisehile ka se lokileng, o ile a qala ho hlalosa linnete tse phahameng tsa Bokreste ba ’nete.
Bamameli ba Phephetsang
8. (a) Baepikure ba ne ba khetholloa ka litumelo life le maikutlo afe? (b) Bastoike ba ne ba lumela eng?
8 Bajode le Bagerike ba bang ba ile ba mamela ka thahasello, empa bafilosofi ba nang le tšusumetso e khōlō ba Baepikure le Bastoike ba ne ba tla arabela joang? Joalokaha u tla bona, ka litsela tse ngata likhopolo tsa bona li tšoana le litumelo tse tloaelehileng kajeno, esita le tse rutoang bacha sekolong. Baepikure ba ne ba phehella motho hore a phele ka tsela ea ho fumana monyaka o mongata ka hohle kamoo a ka khonang, haholo-holo monyaka oa kelello. Filosofi ea bona ea ‘a re jeng a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa’ e ne e khetholloa ka ho hloka molao le boitšoaro. (1 Ba-Korinthe 15:32) Ba ne ba sa lumele hore melimo e bōpile bokahohle; ho e-na le hoo, ba ne ba lumela hore bophelo bo hlahile ka kotsi bokahohleng bo se nang bophelo. Ho feta moo, melimo e ne e sa thahaselle batho. Ho thoe’ng ka Bastoike? Ba ne ba hatella monahano, ba lumela hore likarolo tse nyenyane tseo lihloliloeng li entsoeng ka tsona le matla e ne e le melao-motheo ea mantlha ea bokahohle. Bastoike ba ne ba nahana hore Molimo hase motho, ho fapana le ho lumela ho Molimo e le Motho. Hape ba ne ba ikutloa hore phello e ke keng ea qojoa e ne e laola litaba tsa batho.
9. Ke hobane’ng ha boemo boo Pauluse a neng a le ho bona e ne e le bo phephetsang hore motho a ka bolela ho bona?
9 Bafilosofi ba joalo ba ile ba arabela joang thutong ea pontšeng ea Pauluse? Cheseho ea ho tseba litaba e kopaneng le boikhohomoso ba kelello e ne e le tšobotsi ea Baathene ka nako eo, ’me bafilosofi bana ba ile ba qala ho phehisa Pauluse khang. Qetellong, ba mo isa Areopago. Ka holimo ho ’maraka oa Athene, empa e le ka tlaase ho Acropolis e qhooeng, ho ne ho e-na le leralla le rehelletsoeng ka molimo oa ntoa, Mars, kapa Ares, kahoo e le Leralla la Mars, kapa Areopago. Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho e-na le lekhotla kapa seboka se kopanang moo. E ka ’na eaba Pauluse o ne a isitsoe ka lekhotleng, mohlomong ha lekhotla le ne le lutse le ne le bona Acropolis e khahlehang ka holimo le Parthenon ea eona e tsebahalang ’moho le litempele le liemahale tse ling. Ba bang ba nahana hore moapostola o ne a ipehile kotsing kaha molao oa Roma o ne o thibela ho tsebahatsa melimo a mecha. Empa esita le haeba Pauluse a ne a isitsoe Areopago hore feela a hlalose litumelo tsa hae kapa hore a bontše hore na e ne e le tichere e tšoanelehang, o ne a talimane le bamameli ba fanang ka phephetso e khōlō. Na o ne a ka arabella molaetsa oa hae oa bohlokoa a sa ba arohanye?
10. Pauluse o ile a sebelisa hlompho joang ha a qala ho fana ka boitsebiso ba hae?
10 Hlokomela ho Liketso 17:22, 23 (NW) hore na Pauluse o ile a qala ka hlompho e kaakang le bohlale bo bokaakang. Ha a lumela kamoo Baathene ba neng ba chesehela bolumeli kateng le hore na ba ne ba e-na le litšoantšo tse ngata hakaakang, e ka ’na eaba ba bang ba bamameli ba hae ba ile ba nka hore o ne a ba babatsa. Ho e-na le ho hlasela borapeli ba bona ba melimo e mengata, Pauluse o ile a shebana le aletare eo a e boneng, e neng e nehetsoe “Ho Molimo o sa tsejoeng.” Bopaki ba histori bo bontša hore lialetare tse joalo li ne li le teng, e leng ho lokelang ho matlafatsa ho tšepa ha rōna tlaleho ea Luka. Pauluse o ile a sebelisa aletare ena e le eona kenyelletso ea puo ea hae. Baathene ba ne ba nka tsebo le monahano e le lintho tsa bohlokoa. Ho ntse ho le joalo, ba ile ba lumela hore ho ne ho e-na le molimo oo ho bona o neng o “sa tsejoe” (aʹgno·stos, ka Segerike). Ka hona, ho ne ho utloahala hore ba lumelle Pauluse hore a ba hlalosetse ka oona. Ha ho motho ea neng a ka tšoaea monahano o joalo phoso, na ha ho joalo?
Na Molimo o ke ke oa Tsejoa?
11. Ke ka tsela efe Pauluse a ileng a etsa hore bamameli ba hae ba nahane ka Molimo oa ’nete?
11 Koana, “Molimo o sa tsejoeng” oo e ne e le oa mofuta ofe? “Molimo” o entse lefatše le lintho tsohle tse ho lona. Ha ho motho ea ka latolang hore bokahohle bo teng, hore limela le liphoofolo li teng, hore rōna batho re teng. Matla le bohlale, e, bohlale bo sebetsang, tse bonahalitsoeng ho sena sohle li supa hore se hlahisitsoe ke ’Mōpi ea bohlale le ea matla, ho fapana le kotsi. Ha e le hantle, tsela eo Pauluse a behang mabaka ka eona ke e sebetsang le ho feta mehleng ea rōna.—Tšenolo 4:11; 10:6.
12, 13. Ke bopaki bofe kajeno bo tšehetsang ntlha eo Pauluse a neng a e hatisa?
12 Haufinyane, bukeng In the Centre of Immensities, molepi oa linaleli oa Lenyesemane Monghali Bernard Lovell o ngotse ka tsela e rarahaneng haholo eo lintho tse phelang tse nyenyane haholo li entsoeng ka eona lefatšeng. O ile a boela a bua ka hore na ho ne ho ka etsahala hore ee be bophelo bo joalo bo hlahile ka kotsi. Qeto ea hae: “Monyetla oa . . . hore kotsi e ileng ea hlaha e ile ea isa ho etsoeng ha e ’ngoe ea likarolo tse nyenyane ka ho fetisisa tse bōpiloeng ka liathomo tsa protein ke o monyenyane hoo o ke keng oa nahanoa. Maemong a re sehelang moeli a nako le sebaka tseo re nahanang ka tsona ha o eo ho hang.”
13 Kapa nahana ka lehlakore le leng—bokahohle ba rōna. Balepi ba linaleli ba ’nile ba sebelisa mechine e sebelisang likaroloana tsa athomo bakeng sa ho ithuta tšimoloho ea bona. Ba fumane eng? Ho God and the Astronomers, Robert Jastrow o ngotse: “Joale re bona kamoo bopaki ba bolepi ba linaleli bo re lebisang ponong ea Bibele ka tšimoloho ea lefatše.” “Bakeng sa ramahlale ea ’nileng a phela ka tumelo ea hae ka matla a ho nahana, pale eo e fella joaloka toro e mpe. O ’nile a hloa lithaba tsa ho hloka tsebo; o mothating oa ho hloella ka holim’a tlhoro e phahameng ka ho fetisisa; ha a nyolohela ka holim’a lefika la ho qetela, o lumelisoa ke sehlopha sa batho ba thuto ea bolumeli [batho ba lumelang pōpong] bao esale ba ntse ba lutse moo ka makholo a lilemo.”—Bapisa le Pesaleme ea 19:1.
14. Ke monahano ofe o neng o tšehetsa polelo ea Pauluse ea hore Molimo ha o lule litempeleng tse entsoeng ke batho?
14 Ka hona re ka bona kamoo tlhaloso ea Pauluse ho Liketso 17:24 e nepahetseng kateng, ’me e re lebisa khopolong ea hae a latelang, temaneng ea 25. Ka sebele Molimo o matla o entseng “lefatše le tsohle tse ho lona” o phahametse bokahohle bo bonahalang. (Ba-Heberu 3:4) Kahoo e ne e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho nahana hore o ne o ka seheloa moeli oa ho lula litempeleng, haholo-holo tse hahiloeng ke batho ba ileng ba lumela pepenene hore ho bona o ne o “sa tsejoe.” Ke ntlha e matla hakaakang eo a ileng a e hatisa ho bafilosofi bao e ka ’nang eaba ka eona nako eo ba ne ba ntse ba talima litempele tse ngata tse ka holimo ho bona!—1 Marena 8:27; Esaia 66:1.
15. (a) Ke hobane’ng ha bamameli ba Pauluse ba ne ba ka hopola Athena? (b) Hore Molimo ke Mofani ho lokela ho re lebisa qetong efe?
15 Mohlomong, ha ba le Acropolis bamameli ba Pauluse ba ne ba ’nile ba rapela se seng sa liemahale tsa molimotsana oa bona o ba sireletsang, Athena. Athena ea neng a rapeloa Tempeleng ea Parthenon o ne a entsoe ka lenaka la tlou le gauda. Seemahale se seng sa Athena se ne se le bophahamo ba limithara tse 20 ’me se ne se ka bonoa ke batho ba likepeng leoatleng. Hape ho ne ho boleloa hore setšoantšo se neng se tsejoa e le Athena Polias se ne se theoha leholimong; ka mehla batho ba ne ba se tlisetsa seaparo se secha se entsoeng ka letsoho. Empa, haeba Molimo oo batho bana ba neng ba sa o tsebe e ne e le Oona o phahameng ka ho fetisisa le o bōpileng bokahohle, ke hobane’ng ha o ne o ka hloka hore o sebeletsoe ka lintho tse ka tlisoang ke batho? O fana ka seo re se hlokang: “bophelo” ba rōna, “phefumoloho” eo re e hlokang ho bo ntšetsa pele, le “lintho tsohle,” ho akarelletsa letsatsi, pula, le mobu o nonneng oo lijo tsa rōna li melang ho oona. (Liketso 14:15-17; Mattheu 5:45) Ke Mofani, batho ke bona ba amohelang. Ka sebele Mofani ha aa itšetleha ka ba amohelang.
Bohle—Ba Tsoa ho Motho a le Mong
16. Pauluse o ile a bolela eng ka tšimoloho ea motho?
16 Ka mor’a moo, ho Liketso 17:26, Pauluse o ile a totobatsa ’nete eo batho ba bangata ba lokelang ho nahana ka eona, haholo-holo kaha ho e-na le ho hloka toka ho hongata hakana ho bonahalang pakeng tsa merabe kajeno. O boletse hore ’Mōpi “o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” Khopolo ea hore moloko oa motho e ne e le ntho e le ’ngoe kapa boena (ho bolelang hore toka e tlameha ho ba teng) ke ntho e ’ngoe eo batho bao ba neng ba lokela ho nahanisisa ka eona hobane Baathene ba ne ba ipolela hore ba bile le tšimoloho e khethehileng e neng e ba arola ho batho ba bang kaofela. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a amohela tlaleho ea Genese e buang ka motho oa pele, Adama, eo bohle re tsoang ho eena. (Ba-Roma 5:12; 1 Ba-Korinthe 15:45-49) Empa, u ka’na ua ipotsa: ‘Na khopolo e joalo e ka tiisoa mehleng ee ea rōna ea mahlale?’
17. (a) Bopaki bo bong ba kajeno bo supa ntlha e tšoanang le eo Pauluse a e supileng joang? (b) See se amana joang le toka?
17 Thuto ea ho iphetola ha lintho e bolela hore motho o simolohile libakeng tse fapa-fapaneng le mefuteng e fapa-fapaneng. Empa mathoasong a selemo se fetileng, karolo ea litaba tsa mahlale ea Newsweek e ne e bua ka “Ho Batloa ha Adama le Eva.” E ne e shebane le lintlafatso tsa morao tjena lebaleng la lithuto tsa melao ea lefutso. Le hoja, joalokaha re ka lebella, e se bo-ramahlale bohle ba lumellanang, setšoantšo se hlahang se supa qeto ea hore batho bohle ba na le moholo-holo a le mong eo ba mo futsitseng. Kaha, joalokaha e le khale Bibele e boletse, kaofela ha rōna re bana ba motho, na ha hoa lokela hore ho be le toka bakeng sa bohle? Na kaofela ha rōna ha rea lokela ho nehoa tokelo ea ho tšoaroa ka mokhoa o se nang leeme ho sa tsotellehe lebala la rōna, moriri, kapa litšobotsi tse ling tse ka ntle? (Genese 11:1; Liketso 10:34, 35) Empa, ho sa ntsane ho hlokahala hore re tsebe hore na ke joang le hore na ke neng toka e tla ba teng bakeng sa batho.
18. Motheo oa polelo ea Pauluse ka litšebelisano tsa Molimo le batho ae ne e le ofe?
18 Koana, temaneng ea 26, Pauluse o ile a bontša hore ho ne ho ka lebelloa hore ’Mōpi a be le thato, kapa morero o lokileng, bakeng sa batho. Moapostola o ne a tseba hore ha Molimo o ne o sebelisana le sechaba sa Iseraele, O ile oa fana ka litaelo tsa hore na ba ne ba lokela ho phela hokae le hore na lichaba tse ling li ba tšoare joang. (Exoda 23:31, 32; Numere 34:1-12; Deuteronoma 32:49-52) Ke ’nete hore e ka ’na eaba ka boikhohomoso bamameli ba Pauluse ba ile ba nka hore litlhaloso tsa hae li ne li hlile li sebetsa ho bona. Ha e le hantle, e-bang ba ne ba tseba kapa ba sa tsebe, ka boprofeta Jehova Molimo o ile a senola thato ea hae mabapi le nako, kapa ntlha e ’ngoe historing, eo ka eona Greece e neng e tla ba ’muso oa lefatše o moholo oa bohlano. (Daniele 7:6; 8:5-8, 21; 11:2, 3) Kaha Enoa a ka khona le ho susumetsa lichaba, na hase ho utloahalang hore re lokela ho batla ho ithuta ka eena?
19. Ke hobane’ng ha ntlha eo Pauluse a e hatisang ho Liketso 17:27 e le e utloahalang?
19 Ha ho tšoane le ha Molimo o ne o ka re siea re sa tsebe letho ka oona, re ntse re phopholetsa ka bofofu. O ile oa neha Baathene esita le rōna motheo oa ho ithuta ka oona. Hamorao Pauluse o ile a ngola ho Ba-Roma 1:20 (TLP): “Tse sa bonoeng tsa [Molimo], ke hore matla a hae a sa feleng le bomolimo ba hae, haesale li bonoa hantle, ’me li utloisisoa ka tse entsoeng ke eena.” Kahoo, kannete Molimo ha o hōle le rōna haeba re batla ho o fumana le ho ithuta ka oona.—Liketso 17:27.
20. Ke ’nete joang hore ke ka Molimo “re utloang, re sisinyehang, re leng teng”?
20 Kananelo e lokela ho re susumelletsa ho etsa joalo, joalokaha Liketso 17:28 (TLP) e bolela. Molimo o re file bophelo. Ha e le hantle, re na le ho fetang feela bophelo ka kutloisiso ea hore sefate se na le bophelo. Rōna, le liphoofolo tse ngata, re na le matla a phahameng haholoanyane a bophelo kaha re khona ho tsamaea. Na hoo ha ho re thabise? Empa Pauluse o ntšetsa taba pele. Re teng re le batho ba bohlale ba nang le botho bo fapaneng. Boko ba rōna boo re bo filoeng ke Molimo bo re thusa ho nahana, ho utloisisa melao-motheo eo ho leng thata ho e utloisisa (e kang toka ea ’nete), le ho tšepa—e, ho lebella phethahatso ea thato ea Molimo kamoso. U ka ananela hore e tlameha e be Pauluse o ile a hlokomela hore hona ho ne ho le hongata haholo hore bafilosofi ba Baepikure le Bastoike ba ka ho amohela. Ho ba thusa, o ile a qotsa ba bang ba baroki ba Bagerike bao ba neng ba ba tseba ba bile ba ba hlonepha, baroki bao ka ho tšoanang ba neng ba itse: “Hobane re bile re bana ba hae.”
21. Taba ea hore re bana ba Molimo e lokela ho re ama ka tsela efe?
21 Haeba batho ba ananela hore re entsoe ke Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa, kapa re bana ba oona, ke ho loketseng hore ba talime ho oona bakeng sa tataiso ea hore na ba phele joang. U lokela ho ananela sebete sa Pauluse, ha a eme moo e batlang e le moriting oa Acropolis. Ka sebete o ile a beha mabaka a bontšang hore ka sebele ’Mōpi oa rōna o phahametse seemahale leha e le sefe se entsoeng ke motho, esita le se entsoeng ka lenaka la tlou le gauda se neng se le Parthenon. Kaofela ha rōna ba amohelang polelo ea Pauluse re tlameha hore ka ho tšoanang re lumele hore Molimo o fapane le setšoantšo leha e le sefe se rapeloang ke batho kajeno.—Esaia 40:18-26.
22. Pako e ameha joang tabeng ea hore re ka fumana toka?
22 Ena hase ntlha feela ea molao eo kelello ea motho e lokelang ho e amohela ha ka nako e tšoanang e ntse e tsoela pele ho phela joaloka pele. Temaneng ea 30 Pauluse o hlakisitse hore: “Molimo ha o se o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe [tsa ho nahana hore Molimo o tšoana le setšoantšo se se nang matla kapa hore o ka amohela borapeli bo etsoang ka litšoantšo tse joalo] hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.” Ka hona, ha a qetella puo ea hae ka matla, Pauluse o ile a bua ka ntlha e ’ngoe e susumetsang—pako! Kahoo haeba re talimile ho Molimo bakeng sa toka ea ’nete, hoo ho bolela hore re tla lokela ho baka. Hoo ho re hloka eng? Hona ke joang Molimo o tlang ho fana ka toka bakeng sa bohle?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tšoana le ba bangata kajeno, Huxley o ile a hlokomela ho hloka toka ha Bokreste-’mōtoana. Moqoqong oa Senyesemane o neng o bua ka agnosticism, o ngotse: “Hoja feela re ne re ka bona . . . meroallo ea boikaketsi le sehlōhō, mashano, polao, ho tlōloa ha tlameho e ’ngoe le e ’ngoe ea botho, e ’nileng ea phalla ho tsoa mohloling ona ho theosa le histori ea lichaba tsa Bokreste, mehopolo ea rōna e mebe ka ho fetisisa ka Lihele e ne e tla ba lefeela ha e bapisoa le pono eo.”
Na u ka Arabela?
◻ Pauluse o ile a fumana boemo bofe ba bolumeli Athene, ’me ke joang boemo bo tšoanang bo leng teng kajeno?
◻ Ke ka litsela life Molimo o phahametseng melimo e meng kaofela ea bohata e neng e rapeloa Athene mehleng ea Pauluse?
◻ Ke ’nete efe ea motheo e mabapi le tsela eo Molimo o bōpileng moloko oa motho ka eona e bolelang hore ho lokela ho ba le toka bakeng sa bohle?
◻ Batho ba lokela ho arabela joang tsebong ea boholo ba Molimo?
[Lebokose le leqepheng la 6]
Toka Bakeng sa Bohle—Liketso, Khaolo ea 17
“16 Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moea oa hae oa hlabeha, ka hare ho eena, ha a bona motse o ineetse tšebeletso ea melimo ea litšoantšo. 17 O na a fetolana synagogeng le ba-Jode le ba tšabang Molimo, a etsa joalo le ka khotla ka matsatsi ’ohle le bao a neng a teana le bona teng. 18 Eaba bafilosofe ba bang ba ba-Epikure le ba ba-Stoike ba fetolana le eena; ba bang ba ne ba re: Na mobua-bui eo o re’ng? ba bang ba re: Eka o bolela melimo esele. E ne e le ka baka la hobane a na a ba bolella Jesu le tsoho ea bafu. 19 Ba mo isa Areopago, ba re: Na re ke ke ra tseba thuto eo e ncha eo u e bolelang na? 20 Hobane u tlisitse litaba tse ling tse makatsang litsebeng tsa rōna; ke moo re ratang ho tseba hoba li re’ng? 21 Joale, ha e le ba-Athene kaofela, le basele ba ahileng teng, ba ne ba sa etse letho, ha e se ho bolela, kapa ho utloa, litaba tse hlahang. 22 Eaba Pauluse o ema har’a Areopago, a re:
“Banna ba Athene, ke lemohile hobane linthong tsohle le batho ba hlanyetsang melimo ka ho fetisisa. 23 Hobane ke itse ke ea le motse, ke talimile litšoantšo tsa melimo ea lōna, ka fihlela le aletare moo ho ngoliloeng lengolo la khethelo le reng: Ho Molimo o sa tsejoeng? Molimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke oona oo ’na ke le bolellang oona. 24 Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona, e leng eena Morena oa leholimo le oa lefatše, o ke ke oa aha litempeleng tse entsoeng ka matsoho; 25 ha o sebeletsoe ke batho ka matsoho, joale ka hoja o hloka letho, kanthe ke oona o fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. 26 O entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle; o laetse mehla e laotsoeng ke oona, le meeli ea ho aha ha bona; 27 e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna. 28 Hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng; joale ka ha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko oa hae ka sebele.
29 “Ha re le moloko oa Molimo, ha rea tšoanela re ka lekanya hore Molimo o ka tšoana le gauda, leha e le silevera, leha e le lejoe le betliloeng ka masene le ka khopolo ea motho. 30 Molimo ha o se o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake. 31 Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
Bokahohle bo Bōpiloe
Ka 1980 Dr. John A. O’Keefe, oa NASA (Tsamaiso ea Sechaba ea Mahlale a Sepaka-paka le ho Fofa Sebakeng), o ngotse: “Ke tšehetsa maikutlo a Jastrow a hore bolepi ba linaleli ba kajeno bo fumane bopaki bo ka tšeptjoang ba hore Bokahohle bo bōpiloe lilemong tse ka bang likete tse limillione tse leshome le metso a mehlano ho ea ho tse mashome a mabeli tse fetileng.” “Ke ho fumana e le ho susumetsang haholo ho bona kamoo bopaki bo tšehetsang Pōpo . . . bo tempiloeng ka ho hlaka kateng nthong e ’ngoe le e ’ngoe e re potileng: mafika, sepaka-paka, maqhubu a seea-le-moea, le melao ea mantlha ea lithuto tsa mahlale tse amanang le tšebeliso ea matla.”
[Lebokose le leqepheng la 9]
“Ho Batloa ha Adama le Eva”
Tlas’a sehlooho seo, karolo e ’ngoe ea taba e neng e hlahile ho Newsweek e ile ea re: “Ka 1977 moepolli e mong ea nang le phihlelo e khōlō Richard Leakey o ile a bolela hore: ‘Ha ho setsi leha se le seng seo motho oa kajeno a hlahetseng ho sona.’ Empa joale liithuti tsa melao ea lefutso li tlameha ho lumela ho fapaneng le hoo . . . Stephen Jay Gould, setsebi sa mesaletsa ea lintho tsa khale le sengoli sa meqoqo sa Harvard, o re: ‘Haeba seo se nepahetse, ’me ke ne nka beha chelete ea ka ho sona, khopolo ena ke ea bohlokoa haholo. E etsa hore re hlokomele hore batho bohle, ho sa tsotellehe phapang ea ponahalo ea ka ntle, kannete ke litho tsa boleng bo le bong bo simolohileng sebakeng se le seng haufinyane haholo. Ho na le boena bo bontšang tsoalano bo totobetseng ho feta kamoo re kileng ra hlokomela kateng.’”—Pherekhong 11, 1988.