Ho Nkoa le le ba Tšoanelang ho Fumana ’Muso
“Sena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ea Molimo, e isang ho nkoeng ha lōna le le ba tšoaneloang ke ’muso oa Molimo.”—2 BATHES. 1:5.
1, 2. Morero oa Molimo ke ofe ka kahlolo, hona ke bo-mang ba tla ahlola?
HOO e ka bang ka 50 C.E., moapostola Pauluse o ne a le Athene. A tennoe ke borapeli ba litšoantšo bo neng bo jele setsi moo, o ile a susumelletseha hore a fane ka bopaki bo tsoileng matsoho. O ile a phethela puo ea hae ka phatlalatso eo e tlamehang ebe e ile ea etsa hore bamameli ba hae ba bahetene ba qahamise litsebe. O ile a re: “Joale [Molimo] o bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela. Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse bafung.”—Lik. 17:30, 31.
2 Ke taba ea bohlokoa hakaakang ho hopola hore Molimo o behile letsatsi leo a tla ahlola moloko oa batho ka lona nakong e tlang! Puong ea hae Athene Pauluse ha aa ka a bolela enoa ea tla ahlola ka lebitso empa rea tseba hore ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. Kahlolo ea Jesu e tla bolela lefu ho ba bang, e bolele bophelo ho ba bang.
3. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hlaba selekane le Abrahama, hona ke bo-mang ba etsang karolo e khethehileng ho se phethahatsa?
3 Letsatsi leo la Kahlolo le tla nka lilemo tse 1 000. Jesu o tla tsamaisa litaba tsa letsatsi leo lebitsong la Jehova e le Morena oa ’Muso oa Molimo, empa o tla be a se mong. Jehova o khetha batho ba bang har’a moloko oa batho hore ba tle ba buse le Jesu ba be ba ahlole batho letsatsing leo le tla nka lilemo tse sekete. (Bapisa le Luka 22:29, 30.) Hoo e ka bang lilemo tse 4 000 tse fetileng, Jehova o ile a lokisetsa Letsatsi leo la Kahlolo ha a ne a hlaba selekane le mohlanka oa hae ea tšepahalang Abrahama. (Bala Genese 22:17, 18.) Ho ka etsahala hore ebe selekane seo se qalile ka 1943 B.C.E. Ha e le hantle, Abrahama o ne a sa utloisise hantle hore na selekane sena se ne se tla ama batho joang. Leha ho le joalo, rōna kajeno, rea bona hore ho ea ka litumellano tsa selekane sa Abrahama, peō ea Abrahama e etsa karolo ea bohlokoa ho phethahatsa morero oa Molimo oa ho ahlola batho.
4, 5. (a) Ke mang eo e leng karolo e ka sehloohong ea peō ea Abrahama, hona o itse’ng ka ’Muso? (b) Tšepo ea ho ba karolo ea tokisetso ea ’Muso e ile ea bulehela batho neng?
4 Ho ile ha bonahala hore ea ka sehloohong oa peō ea Abrahama ke Jesu, ea ileng a tlotsoa ka moea o halalelang ka 29 C.E. ’me ea e-ba Mesia ea tšepisitsoeng, kapa Kreste. (Bagal. 3:16) Jesu o ne a tla qeta lilemo tse tharo le halofo tse latelang a ntse a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso sechabeng sa Bajuda. Ka mor’a hore Johanne Mokolobetsi a tšoaroe, Jesu o ile a bontša hore ba bang ba ne ba ka ba le tšepo ea ho kenya letsoho ’Musong oo ha a ne a re: “Ho tloha matsatsing a Johanne Mokolobetsi ho fihlela joale ’muso oa maholimo ke pakane eo batho ba e hahamallang, ’me ba hahamallang pele baa o nka.”—Mat. 11:12.
5 Se thahasellisang ke hore, pele a bua ka ba neng ba tla ‘nka’ ’Muso oa maholimo, Jesu o ile a re: “Kannete ke re ho lōna, Har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahisoe e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa motho e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Mat. 11:11) Ke hobane’ng ha a ne a bua joalo? Ke hobane tšepo ea ho ba karolo ea tokisetso ea ’Muso e ne e e-s’o buleloe batho ba tšepahalang ka ho feletseng ho fihlela ha moea o halalelang o ne o tšolloa ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka nako eo, Johanne Mokolobetsi o ne a se a shoele.—Lik. 2:1-4.
Ho Boleloa Hore Peō ea Abrahama e Lokile
6, 7. (a) Peō ea Abrahama e ile ea e-ba “joaloka linaleli tsa maholimo” ka tsela efe? (b) Abrahama o ile a fumana tlhohonolofatso efe, ’me peō ea hae e fumana tlhohonolofatso efe e tšoanang?
6 Abrahama o ile a bolelloa hore peō ea hae e ne e tla ata ’me e be “joaloka linaleli tsa maholimo” le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle. (Gen. 13:16; 22:17) Ka mantsoe a mang, mehleng ea Abrahama e ne e se ntho e ka etsahalang hore batho ba tsebe hore na peō ena e ne e tla ba batho ba bakae. Leha ho le joalo, qetellong palo e tobileng ea peō ena ea hae ea moea e ile ea boleloa. Ho phaella ho Jesu, e ne e tla ba ba 144 000.—Tšen. 7:4; 14:1.
7 Mabapi le tumelo ea Abrahama, Lentsoe la Molimo le re: “[Abrahama] a beha tumelo ho Jehova; eaba o mo balla hoo e le ho loka.” (Gen. 15:5, 6) Ke ’nete hore ha ho na motho ea lokileng ka ho phethahetseng. (Jak. 3:2) Leha ho le joalo, ka lebaka la tumelo ea Abrahama e ikhethang, Jehova o ile a sebelisana le eena joalokaha eka e ne e le motho ea lokileng a ba a mo bitsa motsoalle oa hae. (Esa. 41:8) Bao e leng peō ea moea ea Abrahama hammoho le Jesu le bona ho boleloa hore ba lokile, ’me sena se etsa hore ba fumane mahlohonolo a fetang le ao Abrahama a ileng a a fumana.
8. Batho bao e leng karolo ea peō ea Abrahama ba tla fumana mahlohonolo afe?
8 Ho boleloa hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokile kaha ba bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. (Bar. 3:24, 28) Mahlong a Jehova, sebe sa bona se hlakotsoe ’me ba ka tlotsoa ka moea o halalelang hore ebe bara ba moea ba Molimo le barab’abo Jesu Kreste. (Joh. 1:12, 13) Ba kena selekaneng se secha ’me e ba sechaba se secha, “Iseraele ea Molimo.” (Bagal. 6:16; Luka 22:20) Lintho tsee kaofela ke tlotla e kaakang! Ka lebaka la lintho tsena tseo Molimo a ba etsetsang tsona, Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba na tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. Ba tela tšepo eo ka lebaka la thabo e khaphatsehang ea ho ba le Jesu Letsatsing la Kahlolo le ho busa le eena maholimong.—Bala Baroma 8:17.
9, 10. (a) Bakreste ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang neng ka lekhetlo la pele, hona ba tla fumana eng nakong e tlang? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba thusoa joang?
9 Ka Pentekonta ea 33 C.E., sehlopha sa batho ba tšepahalang se ile sa fuoa monyetla oa ho ba har’a ba tla busa le Jesu Letsatsing la Kahlolo. Barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 ba ile ba kolobetsoa ka moea o halalelang ka lebaka leo e ile ea e-ba Bakreste ba pele ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, ho bona boo e ne e le bohato ba pele feela ba hore ba fumane bophelo bo sa feleng maholimong. Ho tloha ka nako eo, ba ne ba lokela ho tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe liteko tsohle tseo Satane a neng a tla ba tlisetsa tsona. Ba ne ba lokela ho tšepahala ho isa lefung e le hore ba tle ba fumane moqhaka oa ho phela leholimong.—Tšen. 2:10.
10 E le hore ba tsebe ho fihlela sena, Jehova o ile a sebelisa Lentsoe la hae le phutheho ea Bokreste ho fa Bakreste ba tlotsitsoeng tšehetso le khothatso tseo ba neng ba li hloka. Ho tea mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Thesalonika tjena: “Joalokaha ntate a etsa ho bana ba hae, re ’nile ra eletsa e mong le e mong oa lōna, le ho le tšelisa le ho le pakela, e le hore le tsoele pele ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Molimo ea le bitsetsang ’musong oa hae le khanyeng ea hae.”—1 Bathes. 2:11, 12.
11. Jehova o ile a lokisetsa eng e ngotsoeng bakeng sa bao e leng litho tsa “Iseraele ea Molimo”?
11 Lilemo tse mashome ka mor’a hore litho tsa pele tsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng li khethoe, Jehova o ile a bona ho le molemo hore ho etsoe tlaleho e neng e tla lula e le teng ka tšebeletso ea Jesu ha a ne a le lefatšeng hammoho le tsela eo a ileng a sebelisana ka eona le Bakreste ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo le keletso eo A ileng a ba fa eona. Kahoo, Jehova o ile a eketsa Mangolo a bululetsoeng a Seheberu a neng a se a ntse a le teng ka Mangolo a bululetsoeng a Segerike a Bakreste. Qalong, Mangolo a Seheberu a ne a ngoletsoe sechaba sa Iseraele ea nama nakong eo se neng se e-na le kamano e khethehileng le Molimo. Mangolo a Segerike a Bakreste ’ona a ne a ngoletsoe “Iseraele ea Molimo” ka ho khetheha, e leng ba tlotselitsoeng ho ba barab’abo Kreste le ho ba bara ba Molimo ba moea. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore batho bao e seng Baiseraele ba ne ba ke ke ba rua molemo oa letho ha ba ithuta Mangolo a Seheberu. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba sa tlotsoang ka moea o halalelang ba rua molemo o moholo ka ho ithuta le ho latela keletso eo ba e fumanang Mangolong a Segerike a Bakreste.—Bala 2 Timothea 3:15-17.
12. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba tlotsitsoeng eng?
12 Ho ile ha boleloa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba lokile ’me ba tlotsoa ka moea o halalelang e le hore ba tle ba tsebe ho fumana lefa la bona la leholimo. Ho tlotsoa ha bona ka moea o halalelang ha hoa ka ha etsa hore ba rene holim’a Bakreste-’moho le bona ba tlotsitsoeng ha ba ntse ba le lefatšeng. Ho hlakile hore ba bang ba Bakreste ba pele ba ile ba lebala taba eo eaba ba qala ho batla ho phahamela barab’abo bona ka phuthehong. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a susumelletseha ho botsa: “Le se le khotsofetse, na ha ho joalo? Le se le ruile, na ha ho joalo? Le qalile ho busa le le marena ntle ho rōna, na ha ho joalo? Ka sebele ke lakatsa eka le ka be le qalile ho busa le le marena, e le hore le rōna re ka busa le lōna re le marena.” (1 Bakor. 4:8) Ka lebaka leo, Pauluse o ile a hopotsa batlotsuoa ba mehleng ea hae: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna.”—2 Bakor. 1:24.
Ho Phethoa Palo e Boletsoeng Esale Pele
13. Ho khethoa ha batlotsuoa ho ile ha tsoela pele joang ka mor’a 33 C.E.?
13 Hase Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba khethiloeng lekholong la pele la lilemo. Ho khethoa ha bona ho ile ha tsoela pele nakong ea baapostola ’me ha lilemo li ntse li feta ho ile ha khethoa ba seng bakae. Leha ho le joalo, ho ile ha ’na ha tsoela pele makholong a lilemo a latelang ho tla fihlela mehleng ena. (Mat. 28:20) Qetellong, ha Jesu a qala ho busa ka 1914, lintho li ile tsa tsoela pele ka potlako.
14, 15. Ke sefe se etsahetseng mehleng ea rōna mabapi le ho khethoa ha batlotsuoa?
14 Jesu o ile a qala ka ho tlosa masalla a sohle se neng se le khahlanong le puso ea Molimo leholimong. (Bala Tšenolo 12:10, 12.) Ka mor’a moo, o ile a shebana le ho bokella batho ba setseng bao e neng e tla ba litho tsa ’Muso oa hae e le hore palo ea 144 000 e ka phethoa. Kamoo ho bonahalang kateng, bohareng ba bo-1930 mosebetsi oo o ne o se o tla phethoa ’me batho ba bangata ba neng ba mamela ha ba bolelloa molaetsa oa litaba tse molemo ba ne ba se na takatso ea ho phela leholimong. Moea o ne o sa pake le bona hore ke bara ba Molimo. (Bapisa le Baroma 8:16.) Ho e-na le hoo, ba ne ba hlokomela hore ke ba “linku tse ling,” e leng ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Joh. 10:16) Kahoo, ka mor’a 1935 ntho e ka sehloohong mosebetsing oa boboleli e ne e le ho bokelloa ha “bongata bo boholo,” boo moapostola Johanne a bo boneng ponong, bo neng bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo.’—Tšen. 7:9, 10, 14.
15 Ho ntse ho le joalo, ha lilemo li ntse li feta ho tloha ka bo-1930, batho ba seng bakae ba khethetsoe hore ba be le tšepo ea ho ea phela leholimong. Hobane’ng? Maemong a mang, ho ka etsahala hore ebe ba ne ba nka sebaka sa batho ba neng ba khethiloe ba sa kang ba tšepahala. (Bapisa le Tšenolo 3:16.) Pauluse le eena o ile a bua ka batho bao a neng a ba tseba ba ileng ba tlohela ’nete. (Bafil. 3:17-19) Jehova o ne a tla khetha bo-mang hore ba nke sebaka sa bona? Ho totobetse hore ke eena ea lokelang ho etsa qeto tabeng ena. Leha ho le joalo, ke ntho e utloahalang hore o ne a ke ke a khetha balumeli ba bacha, empa o ne a tla khetha batho ba tšoanang le barutuoa bao Jesu a ileng a bua le bona ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae, ba neng ba se ba ipakile hore baa tšepahala.a—Luka 22:28.
16. Mabapi le batlotsuoa ke sefe seo re se thabelang, ’me re ka lumela eng ka kholiseho?
16 Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka batho bohle ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong ba khethiloeng ho tloha ka bo-1930 ke ba neng ba nka sebaka sa ba ileng ba oa. Ho hlakile hore Jehova o entse bonnete ba hore har’a rōna ho lula ho e-na le Bakreste ba tlotsitsoeng matsatsing ana a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho ho fihlela ha ho felisoa “Babylona e Moholo.”b (Tšen. 17:5) Hape re ka kholiseha hore palo e feletseng ea ba 144 000 e tla be e phethiloe nakong e behiloeng ke Jehova le hore qetellong bohle ba tla qala ho busa ’Musong oo. Re ka boela ra lumela Lentsoe la boprofeta le bolelang hore e le sehlopha, “bongata bo boholo” bo lulang bo ntse bo eketseha bo tla tsoela pele bo tšepahala. Haufinyane bo tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo’ a tla tlela lefatše la Satane ’me ka thabo bo tla kena lefatšeng le lecha la Molimo.
’Muso oa Molimo oa Leholimo o Tla Tloha o Fella!
17. Ho ea ka 1 Bathesalonika 4:15-17 le Tšenolo 6:9-11, ho etsahetse’ng ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng ba tšepahala?
17 Ho tloha ka 33 C.E., Bakreste ba tlotsitsoeng ba likete tse mashome ba bontšitse tumelo e matla ’me ba mameletse ka botšepehi ho fihlela lefung. Ho nkoa hore bana ba loketsoe ke ho amohela ’Muso ’me kamoo ho bonahalang kateng ba ile ba putsoa ka tsela e tšoanetseng ho tloha nakong e qalang ea ho ba teng ha Kreste.—Bala 1 Bathesalonika 4:15-17; Tšenolo 6:9-11.
18. (a) Batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba kholisehile ka eng? (b) Linku tse ling li na le maikutlo afe ka barab’abo tsona ba Bakreste ba tlotsitsoeng?
18 Batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba kholisehile ka ho feletseng hore haeba ba lula ba tšepahala, haufinyane ba tla fumana moputso oa botšepehi ba bona. Ha linku tse ling tse limilione li nahana ka tumelo ea barab’abo tsona ba tlotsitsoeng, li lumellana le mantsoe a moapostola Pauluse eo ha a bua ka barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba Thesalonika a ileng a re: “Re motlotlo ka lōna har’a liphutheho tsa Molimo ka lebaka la mamello ea lōna le tumelo ea lōna mahlorisong ’ohle a lōna le matšoenyeho ao le a mameletseng. Sena ke bopaki ba kahlolo e lokileng ea Molimo, e isang ho nkoeng ha lōna le le ba tšoaneloang ke ’muso oa Molimo, oo ka sebele le utloang bohloko ka lebaka la oona.” (2 Bathes. 1:3-5) Ha motlotsuoa oa ho qetela a shoa, ho sa tsotellehe hore na seo se tla etsahala neng, ’muso oa leholimo oa Molimo o tla be o feletse. Seo se tla tlisa thabo e kaakang—leholimong le lefatšeng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa May 1, 2007.
Na U ka Hlalosa?
• Molimo o ile a senolela Abrahama eng e neng e amana le Letsatsi la Kahlolo?
• Ke hobane’ng ha ho ile ha boleloa hore Abrahama o lokile?
• Ho boleloa hore ba lokile ho tlisetsa bao e leng peō ea Abrahama eng?
• Bakreste bohle ba kholisehile ka eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba sebeletse ho fumana ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ka Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o ile a qala ho khetha litho tsa bobeli tsa peō ea Abrahama
[Litšoantšo leqepheng la 23]
Linku tse ling li ananela hore ebe Bakreste ba tlotsitsoeng ba bile le tsona nakong ea matsatsi a ho qetela