-
Ke Hobane’ng ha re Hlaheloa ke Mathata?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
KHAOLO EA 26
Ke Hobane’ng ha re Hlaheloa ke Mathata?
Hangata ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko rea ipotsa hore na ke hobane’ng ha li re hlahela. Rea thaba hore ebe Bibele e araba potso ena.
1. Satane o entse’ng e le hore ho be le lintho tse mpe lefatšeng?
Satane Diabolose o ile a fetohela Molimo. Satane o ne a batla ho busa batho, kahoo o ile a etsa hore batho ba pele e leng Adama le Eva le bona ba fetohele Molimo. O ile a etsa sena ka hore a thetse Eva. (Genese 3:1-5) Satane o ile a etsa hore Eva a nahane hore ho na le ntho e molemo eo Jehova a sa batleng ho mo fa eona le hore batho ba ne ba tla thaba haeba ba sa mamele Molimo. Satane ke eena motho oa pele ea ileng a bua leshano ha a ne a re Eva a ke ke a shoa. Ke kahoo Bibele e reng Satane “o leshano ’me ke ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.
2. Adama le Eva ba ile ba khetha ho etsa’ng?
Jehova o ne a file Adama le Eva ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O ile a re ba ka ja litholoana tsa lifate tsohle tse neng li le serapeng sa Edene ntle le litholoana tsa sefate se le seng. (Genese 2:15-17) Empa ba ile ba khetha ho ja litholoana tsa sefate sona seo. Eva o ile “a qala ho kha tholoana ’me a e ja.” Hamorao Adama le eena “a qala ho e ja.” (Genese 3:6) Ka bobeli ha baa ka ba mamela Molimo. Kaha Adama le Eva ba ne ba se na sebe, ho ne ho se thata hore ba etse se nepahetseng. Empa ba ile ba khetha ho se mamele Molimo, ba etsa sebe ’me ba bontša hore ha ba batle ho busoa ke Molimo. Qeto eo ba ileng ba e etsa e ile ea ba bakela mathata a mangata.—Genese 3:16-19.
3. Qeto ea Adama le Eva e re baketse mathata afe?
Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, e ile ea e-ba baetsalibe ’me bana bohle ba bona ba hlaha e le baetsalibe. Ha Bibele e bua ka Adama e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.”—Baroma 5:12.
Ho na le lintho tse fapaneng tse etsang hore re hlaheloe ke mathata. Ka linako tse ling re hlaheloa ke mathata ka lebaka la liqeto tse fosahetseng tseo re li etsang. Maemong a mang re hlaheloa ke mathata ka lebaka la liqeto tse fosahetseng tseo batho ba bang ba li etsang. Ka linako tse ling re hlaheloa ke mathata hobane re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.—Bala Moeklesia 9:11.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Hlokomela hore na ke hobane’ng ha re re ha se Molimo ea bakang mathata le lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng le hore na o ikutloa joang ha re hlaheloa ke mathata.
4. Ke mang ea re bakelang mathata?
Batho ba bangata ba nahana hore ke Molimo ea busang lefatše lohle. Empa na seo ke ’nete? Bapala VIDEO.
Bala Jakobo 1:13 le 1 Johanne 5:19 ebe le buisana ka potso ena:
Na Molimo ke eena ea re bakelang mathata le lintho tse bohloko?
5. Ke mathata afe a bakiloeng ke puso ea Satane?
Bala Genese 3:1-6 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:
Satane o buile leshano lefe? (Sheba temana ea 4 le 5.)
Ke joang Satane a ileng a etsa hore batho ba nahane hore ho na le ntho e molemo eo Jehova a sa batleng ho ba fa eona?
Ho latela seo Satane a se buileng, na batho ba hloka hore Jehova a ba buse e le hore ba thabe?
Bala Moeklesia 8:9 ebe le buisana ka potso ena:
Kaha ha se Jehova ea busang lefatše, ho etsahala’ng lefatšeng hona joale?
Adama le Eva ba ne ba phethahetse ’me ba lula Paradeiseng. Empa ba ile ba mamela Satane eseng Jehova
Ka mor’a hore ba fetohele Molimo, ho ile ha e-ba le sebe, mathata le lefu lefatšeng
Jehova o tla felisa sebe, mathata le lefu. Batho ba tla boela ba phethahale ’me ba phele Paradeiseng
6. Jehova o utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata
Molimo o ikutloa joang ha re hlaheloa ke mathata? Hlokomela hore na Morena Davida le moapostola Petrose ba ile ba re’ng ka sena. Bala Pesaleme ea 31:7 le 1 Petrose 5:7 ebe le buisana ka potso ena:
Taba ea hore Jehova oa bona ha re hlaheloa ke mathata ebile o re utloela bohloko, e etsa hore u ikutloe joang?
7. Molimo o tla felisa mathata ’ohle a hlahelang batho
Bala Esaia 65:17 le Tšenolo 21:3, 4 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha e le ntho e khothatsang ho tseba hore Jehova o tl’o felisa lintho tse bohloko tse hlahelang batho?
Na u ne u tseba?
Ha Satane a ne a bua leshano la pele, o ile a senya Jehova lebitso. O ile a etsa hore batho ba nahane hore Jehova ha a buse hantle ebile ha a na lerato. Haufinyane ha Jehova a felisa mathata a hlahelang batho, o tla halaletsa lebitso la hae. Ka mantsoe a mang, o tla bontša hore ke eena ea lokelang ho busa batho. Ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa leholimong le lefatšeng.—Matheu 6:9, 10.
BATHO BA BANG BA RE: “Molimo o re leka ka mathata a re hlahelang.”
Uena u nahana joang?
KAKARETSO
Satane Diabolose, Adama le Eva ke bona ba entseng hore ebe re na le mathata a mangata hakana. Jehova o utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata ’me haufinyane o tl’o a felisa.
Re Ithutile’ng?
Satane o ile a re’ng ha a thetsa Eva?
Ho se mamele ha Adama le Eva ho re baketse mathata afe?
Re tseba joang hore Jehova o utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata?
BATLA
Ithute hore na Bibele e re sebe ke eng.
Bala hore na Satane Diabolose o ile a re’ng ka Molimo serapeng sa Edene.
“Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?” (Molula-Qhooa, January 1, 2014)
Shebella video ea ntate ea ileng a hola a bona lintho tse bohloko.
-
-
Lefu la Jesu le ka re Pholosa Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Kaha banyalani ba pele e leng Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo,a re baetsalibe, re hlaheloa ke mathata ebile rea shoa. Leha ho le joalo re na le tšepo. Jehova o fane ka Mora oa hae e leng Jesu Kreste ho re pholosa sebeng le lefung. Bibele e ruta hore Jesu o ile a fana ka thekollo ha a ne a shoa. Thekollo kapa topollo ke chelete kapa ntho e pataloang e le hore ho lokolloe motho e mong. Jesu o ile a re lopolla ka hore a fane ka bophelo ba hae. (Bala Matheu 20:28.) Ha Jesu a ne a tela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, o ile a re bulela monyetla oa hore re fumane lintho tsohle tseo Adama le Eva ba neng ba li lahlile. Hape Jesu o ile a bontša hore eena le Jehova ba re rata haholo. Khaolo ena e tla u thusa ho ananela lefu la Jesu.
1. Lefu la Jesu le re thusa joang kajeno?
Kaha re baetsalibe, re etsa lintho tse ngata tse sa thabiseng Jehova. Empa haeba re soabela libe tsa rona, re kopa hore Jehova a re tšoarele ka lebitso la Jesu Kreste ’me re leka kahohle hore re se ke ra pheta liphoso tseo, re tla ba metsoalle ea Molimo. (1 Johanne 2:1) Bibele e re: “Kreste o ile a shoa hang le ka ho ke keng ha phetoa malebana le libe, motho ea lokileng bakeng sa ba sa lokang, e le hore a ka le isa ho Molimo.”—1 Petrose 3:18.
2. Lefu la Jesu le tla re thusa joang nakong e tlang?
Jehova o ile a romela Jesu e le hore a tl’o fana ka bophelo ba hae bo se nang sebe “e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Jesu] a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Re leboha Jesu ka seo a re etselitseng sona hobane haufinyane Jehova o tla felisa lintho tsohle tse mpe tse bakiloeng ke ho se mamele ha Adama. Sena se bolela hore haeba re bontša tumelo sehlabelong sa Jesu, re tla ba le monyetla oa ho thabela ho phela ka ho sa feleng paradeiseng mona lefatšeng.—Esaia 65:21-23.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute lintlha tse ling ka hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka bophelo ba hae le hore na seo se u tsoela molemo joang.
3. Lefu la Jesu le re pholosa sebeng le lefung
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Adama o ile a lahleheloa ke’ng ka lebaka la ho se mamele Molimo?
Bala Baroma 5:12 ebe le buisana ka potso ena:
Sebe seo Adama a se entseng se u baketse mathata afe?
Bala Johanne 3:16 ebe le buisana ka potso ena:
Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela Mora oa hae lefatšeng?
Adama e ne e le motho ea phethahetseng empa ha aa ka a mamela Molimo, kahoo a etsa hore batho ba hlahe ba e-na le sebe ’me ba shoe
Jesu e ne e le motho ea phethahetseng ’me o ile a mamela Molimo, ka lebaka leo a bulela batho monyetla oa hore ba phethahale le ho phela ka ho sa feleng
4. Lefu la Jesu le ka thusa batho bohle
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ke joang lefu la motho a le mong le ka pholosang batho bohle?
Bala 1 Timothea 2:5, 6 ebe le buisana ka potso ena:
Adama o ne a se na sebe empa kaha o ile a etsa sebe, batho bohle ke baetsalibe ebile baa shoa. Jesu le eena o ne a se na sebe. Ke joang a ileng a khona ho lopolla batho bohle?
5. Thekollo ke mpho eo Jehova a u fileng eona
Metsoalle ea Jehova e nka thekollo e le mpho eo Jehova a e fileng motho e mong le e mong. Ka mohlala, bala Bagalata 2:20 ebe le buisana ka potso ena:
Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o nka thekollo e le mpho eo a e filoeng?
Ka mor’a hore Adama a etse sebe, eena le bana ba hae ba ne ba lokela ho shoa. Empa Jehova o ile a romela Mora oa hae hore a tl’o shoa e le hore u ka ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.
Ha u ntse u bala litemana tse latelang, nahana hore na e tlameha ebe Jehova o ile a ikutloa joang ha a bona Mora oa hae a utloisoa bohloko. Bala Johanne 19:1-7, 16-18 ebe le buisana ka potso ena:
U ikutloa joang ka seo Jehova le Jesu ba u etselitseng sona?
MOTHO A KA ’NA A RE: “Ke joang motho a le mong a ka shoelang batho bohle?”
U ka mo araba joang?
KAKARETSO
Lefu la Jesu le etsa hore Jehova a re tšoarele libe hape le etsa hore re be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.
Re Ithutile’ng?
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?
Ke joang bophelo ba Jesu bo se nang sebe e ileng ea e-ba thekollo?
Lefu la Jesu le ka u thusa joang?
BATLA
Ithute hore na ke hobane’ng ha ho thoe bophelo ba Jesu ke thekollo.
“Ke Joang Sehlabelo sa Jesu e Leng ‘Thekollo Bakeng sa ba Bangata’?” (Sehlooho se websaeteng)
Ithute hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re pholosoe sebeng le lefung.
Na Jehova a ka u tšoarela leha u entse sebe se seholo?
Hlokomela kamoo ho ithuta ka sehlabelo sa Kreste ho ileng ha thusa ntate emong ho fetola botho ba hae.
a Sebe ha se feela ketso ea ho etsa ntho e mpe. Empa hape ke boemo ba boetsalibe boo re bo futsitseng.
-