Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | December
    • Jesu ke eena oa pele ho ba bangata ba ileng ba tsosetsoa ho ea leholimong

      Jesu o nyolohela leholimong. Ba bang ba Bakreste ba pele ba hlahile pel’a hae. (Sheba serapa sa 15 le 16)b

      15. Ke bo-mang ba keneletseng ho “bohle ba tla phelisoa”?

      15 Hlokomela hore Pauluse o ile a re “bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakor. 15:22) Lengolo la Pauluse le ne le ngolletsoe Bakreste ba Korinthe ba tlotsitsoeng ba tla tsosetsoa ho ea leholimong. Bakreste bao “ke ba halalelitsoeng bonngoeng le Kreste Jesu, ba bitselitsoeng ho ba bahalaleli.” Hape Pauluse o ile a bua ka ba ileng ba “robala lefung bonngoeng le Kreste.” (1 Bakor. 1:2; 15:18; 2 Bakor. 5:17) Lengolong le leng la Bibele, Pauluse o ile a re ba ‘kopantsoeng le Jesu lefung le tšoanang le la hae’ ba tla ‘kopanngoa le eena tsohong e tšoanang le ea hae.’ (Bar. 6:3-5) Jesu o tsositsoe e se e le motho oa moea a ba a ea leholimong. Ke sona se tla etsahala ho bohle ba “bonngoeng le Kreste,” e leng Bakreste bohle ba tlotsitsoeng.

  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | December
    • 17. Ba “bonngoeng le Kreste” ba tla fumana moputso oa ho ea leholimong neng?

      17 Tsoho ea ba eang leholimong ba “bonngoeng le Kreste,” e ne e e-s’o qale ha Pauluse a ne a ngolla phutheho ea Korinthe. Kahoo, Pauluse o ne a bontša hore ke hona e tla etsahala ha a ne a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo [e tla ba] bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.” (1 Bakor. 15:23; 1 Bathes. 4:15, 16) Hona tjena re phela mehleng ea “ho ba teng ha Kreste.” Baapostola le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ileng ba shoa ba ile ba tlameha ho emela nako ea “ho ba teng” ha Kreste hore e fihle e le hore ba fumane moputso oa bona oa ho ea leholimong ’me ba “kopanngoe le [Jesu] tsohong e tšoanang le ea hae.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela