Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bohlale ba Molimo bo Bonahala Pōpong
    Molula-Qhooa—2008 | May 1
    • Bohlale ba Molimo bo Bonahala Pōpong

      “Ke eena Ea re rutang ho feta liphoofolo tsa lefatše, o re hlalefisa ho feta libōpuoa tse fofang tsa maholimo.”—JOBO 35:11.

      LINONYANA li na le bokhoni bo makatsang. Ha li fofa li etsa menyakoe eo baetsi ba lifofane ba e khallang. Tse ling li khona ho fofa ka holim’a leoatle li sa lahlehe ’me li fihle moo li eang teng.

      Bokhoni bo bong ba linonyana—e leng bo senolang haholoanyane hore Moetsi oa tsona o bohlale—ke ho buisana ka ho bitsana ka meloli le ka lipina. Nahana ka mehlala e seng mekae.

      Kamoo Linonyana li Buisanang Kateng

      Linonyana tse ling li qala ho buisana le pele li qhotsoa. Ka mohlala, koekoe e behela mahe a ka bang robeli, e behela lehe le le leng ka letsatsi. Haeba malinyane a ka har’a mahe ao a fuangoang kaofela a hōla ka lebelo le tšoanang, a ne a tla nka matsatsi a robeli hore a qhotsoe. Joale ho ne ho tla ba thata hore ’m’a ’ona a hlokomele malinyane a sehlahlo a nang le beke ha ka nako e tšoanang a ntse a fuame lehe le e-s’o qhotsoe. Ho e-na le hoo, ho nka lihora tse tšeletseng hore malinyane a robeli a koekoe a tsoe ka likhaketlaneng tsa ’ona. Seo se khoneha joang? Lebaka le ka sehloohong leo babatlisisi ba le bontšang ke hore malinyane a likoekoe a sa ntseng a le ka likhaketlaneng aa buisana ’me ka tsela e itseng a lokisetsa hore a tsoe ka likhaketlaneng ka nako e batlang e tšoana.

      Ha linonyana li hōla, hangata ke e tona e binang. E etsa joalo haholo-holo nakong ea selemo eo ka eona e batlang molekane e le ho bontša hore sebaka sa eona se fella hokae kapa e le hore e hohele e tšehali. Mofuta ka mong oa linonyana ho e likete o na le ho ka bitsoang puo ea oona, ’me sena se thusa tse tšehali hore li tsebe tse tona tsa mofuta oa tsona.

      Linonyana li bina haholo-holo ka malungoalungoana le ha shoalane e tšoara, ’me e le ka lebaka le letle. Moea ha o foke ka matla ’me lerata lea fokola linakong tseo. Babatlisisi ba fumane hore lipina tsa linonyana li utloahala hamolemo haholo ka malungoalungoana le ha shoalane e tšoara ho feta motšehare.

      Le hoja hangata e le tse tona tse binang, tse tona le tse tšehali li lla ka litsela tse ngata, kapa li letsa meloli e mekhutšoanyane e nang le meelelo e sa tšoaneng. Ka mohlala, li-chaffinch li lla ka mekhoa e robong e sa tšoaneng. Li lla ka tsela e itseng ha li lemosa ka kotsi ea ntho e oka-okang sebakeng—e kang nonyana e jang tse ling—empa li lla ka tsela e fapaneng ho lemosa ka kotsi ea ntho e tsamaeang fatše.

      Mpho ea Boleng bo Phahameng

      Ka sebele bohlale ba tlhaho ba linonyana boa tsoteha. Empa tabeng ea mekhoa ea puisano, batho ba tsoteha le ho feta. Jobo 35:11 e re Molimo o “hlalefisa [batho] ho feta libōpuoa tse fofang tsa maholimo.” Batho ba ikhetha ka hore ba na le bokhoni ba hore ka molomo kapa ka liketso ba bolelle ba bang taba e rarahaneng eo ba e nahanneng.

      Ho fapana le sebōpuoa sefe kapa sefe, ho bonahala bana ba bōpeletsoe le bokhoni ba ho ithuta lipuo tse rarahaneng. Koranta ea American Scientist e kentsoeng Inthaneteng e re: “Bana ba khasang ba khona ho ithuta puo le hoja batsoali ba bona ba sa ba buise eona ka ho toba; bana ba sa utloeng litsebeng ba ka ba ba qapa puo ea bona ea matsoho haeba ba sa e rutoe lapeng.”

  • Bohlale ba Molimo bo Bonahala Pōpong
    Molula-Qhooa—2008 | May 1
    • U Ikutloa Joang?

      U ikutloa joang ha u utloa ’mino o monate oa nonyana kapa u utloa ngoana a ithuta ho bua? Na u lemoha bohlale ba Molimo linthong tseo a li entseng?

      Ka mor’a hore mopesaleme Davida a nahanisise ka tsela eo a entsoeng ka eona o ile a susumelletseha ho re ho Molimo: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.” (Pesaleme ea 139:14) Ha u ntse u hlahloba bohlale ba Molimo bo bonahalang pōpong, ka sebele tumelo ea hao ea hore o khona ho fana ka tataiso e molemo e tla hōla.

  • Matla a Molimo a Bonahala Linaleling
    Molula-Qhooa—2008 | May 1
    • Matla a Molimo a Bonahala Linaleling

      “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—ESAIA 40:26.

      LETSATSI ke naleli e itekanetseng ka boholo. Leha ho le joalo, le leholo ho feta lefatše ka makhetlo a 330 000. Boholo ba linaleli tse haufi le lefatše li nyenyane ho feta letsatsi. Leha ho le joalo, linaleli tse ling, tse kang e bitsoang V382 Cygni, li khōlō ho feta letsatsi bonyane ka makhetlo a 27.

      Letsatsi le hlahisa matla a makae? Ak’u inahanele feela hore na mollo o bohale hakae haeba o le bohōle ba lik’hilomithara tse leshome le metso e mehlano empa u ntse u utloa mocheso oa oona. Letsatsi le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang limilione tse 150 ho tloha lefatšeng. Empa, ha ho chesa haholo le ka tlabola letlalo! Hoa makatsa hore ebe ke karolo e nyenyane haholo ea matla a letsatsi e fihlang lefatšeng. Ho ntse ho le joalo, karoloana ena ea matla a letsatsi e lekane hore e etse hore bophelo bo tsoele pele lefatšeng.

      Ha e le hantle, bo-rasaense ba fumane hore matla a tsoang letsatsing feela a lekane hore a ka etsa hore bophelo bo tsoele pele lipolaneteng tse libilione tse 31 tse kang lefatše. Kapa ha matla ana a maholo a lekanngoa ka tsela e ’ngoe: Haeba matla ’ohle a letsatsi a ne a ka huloa ka motsotsoana feela a ne a tla fepela United States “matla ka lilemo tse 9 000 000 ho ea ka matla ao e a sebelisang hona joale,” ho rialo Space Weather Prediction Center (SWPC) ho Inthanete.

      Matla a letsatsi a tsoa bohareng ba lona—e leng mohloling oa matla a nyutlelie. Letsatsi le leholo haholo ’me bohareng ba lona ho teteane hoo ho nkang lilemo tse limilione hore matla ana a hlahelle ka holimo. “Haeba Letsatsi le ne le ka emisa ho hlahisa matla kajeno, ho ne ho ka nka lilemo tse 50 000 000 hore liphello tsa seo li utloahale Lefatšeng!” Sena ke se buuoang ke SWPC Inthaneteng.

      Joale nahana ka taba ena: Ha u phahamisa mahlo a hao bosiung boo leholimo le hlakileng ka bona, u bona linaleli tse likete, e ’ngoe le e ’ngoe e hlahisa matla a maholo, a kang a letsatsi la rōna. Bo-rasaense ba lekanya hore ho na le linaleli tse libilione tsa libilione sepakapakeng!

      Linaleli tsee kaofela li tsoa hokae? Hona joale boholo ba babatlisisi ba lumela hore ka mabaka ao ba ntseng ba sa a utloisise, ho iketsahaletse feela hore leholimo le lefatše li be teng lilemong tse fetileng tse ka bang limilione tse likete tse 14. Bibele e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Ntle ho pelaelo, Ea entseng linaleli tse khōlō tseo e leng mohloli oa matla ho ka thoe “o na le matla a maholo.”—Esaia 40:26.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela