Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?
    Tsoha!—1987 | February 8
    • Menyetla ea ho Bopeha ha Proteine

      Lumella mokelikeli oona oo tlhaho e sa o lumelleng. Limillione tsa liasiti tsa liamino, ka mefuta e fapaneng, halofo ka letsohong le letšehali ’me halofo e ’ngoe ka ho le letona. Na joale liasiti tsa liamino li ka kopana ho bōpa liketane tse telele tsa liproteine? Na ho ka etsahala hore mefuta e 20 e hlokahalang e khethoe mefuteng e lekholo mokelikeling? ’Me mefuteng ena e 20, na ho ne ho ka iketsahalla hore ho khethoe libopeho tse ka letsohong le letona feela tse fumanoang likaroloaneng tse phelang? ’Me joale li hlophisoe ka lenaneo ho ea ka proteine e hlokahalang le ka sebopeho sa eona se nepahetseng se batlehang?7 Ke ka mohlolo feela.

      Proteine e tloaelehileng e na le liasiti tsa liamino tse ka bang lekholo le liatomo tse likete. Sele e phelang e sebelisa liproteine tse ka bang 200 000 libopehong tsa eona. Tse likete tse peli ke liensime, liproteine tse khethehileng tseo ka ntle ho tsona sele e ke keng ea phela. Ke monyetla ofe o teng oa hore liensime li itlhahele feela mokelikeling oa metsoako—haeba u ne u ena le mokelikeli o joalo? Ho na le monyetla o le mong ho e 1040 000. Palo ena ke 1 e lateloang ke bo-haholetho ba 40 000. Ha e ngoloa e felletse, e ka tlatsa maqephe a 14 a makasine ’ona. Kapa, ha ho boleloa ka ho fapaneng, monyetla oo o tšoana le ho liha letaese, tšelela e be kaholimo ka makhetlo a 50 000 a latellanang. ’Me palo ena ke feela 2 000 ho 200 000 ea lisele tse batlehang tse phelang.8 Kahoo ho li fumana kaofela, liha letaese ’me le hlahise tšelela ka makhetlo a 5 000 000 moleng!

      Joale ke ne ke ikutloa eka ke ne ke ntse ke suha lerapo la puleng. Empa ka tsoela pele. Ha re nkella feela hore mokelikeli o re nea liproteine, ho thoe’ng ka metsoako ea nucleotide? Leslie Orgel oa Sepetlele sa Salk California o bontšitse hore metsoako ea nucleotide ke “bothata bo bong ba a maholo a ho kopana ha lik’hemikale tse etsang bophe lo.”9 Eea hlokeha ho etsa liasiti tsa nuclei (DNA, RNA), hape e bitsoa bothata bo ke keng ba rarolloa. Liproteine li ke ke tsa kopangoa kantle ho liasiti tsa nuclei tsa metsoako ea tsoekere, leha e le hore liasiti tsa metsoako ea tsoekere li ka bopeha kantle ho liproteine.10 Ke selotho sa khale molaong oa lik’hemikale: Ke efe e tlileng pele, khoho kapa lehe?

      Empa a re beeleng bothata bona kathoko ’me re nke ’muelli oa thuto ea ho iphetola hoa lintho Robert Shapiro, moprofesara oa thuto ea lik’hemikale Univesithing ea New York eo hape e leng seithuti se khethehileng patlisisong ea DNA, o latotse hore ho ka ba le monyetla oa ho bopeha ha metsoako ea nucleotide le liasiti tsa nuclei tsa metsoako ea tsoekere boemong ba lefatše la pele:

      “Ha liasiti tse peli tsa amino li kopana, ho tsoa molek’hule oa metsi. Limolek’hule tse peli tsa metsi li lokela ho tlosoa ho kopanya nucleotide metsoakong ea eona, ’me ho tsoa metsi a mang ho kopanya metsoako ea nucleotide ho bopa liasiti tsa nuclei. Ka bomalimabe, ho bopeha ha metsi boemong bo tletseng ’ona ho tšoana hantle le ho tlisa lehlabathe lehoatateng la Sahara. Ha se boemo bo botle, ’me ho ka hloka matla a mangata. Ho ipōpa ha metsoako eo ha ho iketsahalle. Ho ikarola ha eona ke hona ho iketsahalla feela. Metsi a hlasela metsoako ea bophelo. A arola metsoako ea nucleotide ho e meng, a arola tsoekere ho ba metsoako ea phosphate, le metsoako e meng ea tsoekere.”11

      Mohato oa ho qetela ho e tšeletseng e thathamisitsoeng qalong: lera. Kantle ho lona sele e ke ke ea e ba teng. E lokela ho sireletsoa metsing, ’me ke mafura a thibelang metsi a lera a etsang sena.12 Empa ho bopa lera “sesebelisoa se kopanyang liproteine” se a hlokahala, ’me “sesebelisoa sena se kopanyang liproteine” se ka sebetsa feela haeba se tšoeroe ke lera.13 E boetse ke bothata bane ba khoho le lehe hape!

      Thuto ea Limolek’hule tsa Bophelo E Bolela Tšepe ea Lefu

      Toro ea babuelli ba thuto ea tsa mahlale e bile ho fumana sele ea pele e bonolo haholo e phelang. Thuto ea limolek’hule tsa bophelo e fetotse toro ea bona ho ba bosula haholo. Michael Denton, seithuti se khethehileng thutong ea limolek’hule tsa bophelo, o letselitse toro ea bona tšepe ea lefu:

      “Thuto ea limolek’hule tsa bophelo e bontšitse hore ekasitana le tsamaiso e nyatsehang ea litsamaiso tse phelang kajeno lefatšeng, lisele tsa kokoanyana ea baktheria, ke lintho tse rarahaneng le ho feta. Leha sele tsa kokoanyana ea baktheria li le nyenyane haholo, li le boima bo katlase ho ligramo tse 10−12, sele ka ’ngoe ke sebaka sa khoebo se nang le likaroloana tse liketekete tse entsoeng hantle tsa mochine o thata oa metsoako, o entsoeng kaofela ka liatomo tse limillione tse makholo a likete, o thata ho feta mochine leha e le ofe o entsoeng ke motho ’me ha ho o tšoanang le ’ona lefatšeng la lintho tse sa pheleng.

      “Thuto ea limolek’hule tsa bophelo e boetse e bontšitse hore boqapi ba motheo ba tsamaiso ea sele boa tšoana litsamaisong tsohle tsa lintho tse phelang lefatšeng ho tloha ka kokoanyana ea baktheria ho isa ho phoofolo. Libopuoeng tsohle mesebetsi ea DNA, MRNA le liproteine e’a tšoana. Boitsebiso ba liphatsa tsa lefutso boa tšoana liseleng tsohle. Boholo, sebopeho le boqapi ba motsoako ea proteine bo tšoana hantle liseleng tsohle. Ka baka la boqapi ba tsona ba lik’hemikale, ha ho tsamaiso e phelang eo ho ka nahanoang hore ke ea boholo-holo kapa e nkuoe ho ea boholo-holo, kapa hore ho na le tlhase ea leseli e lumellanang le ho iphetola hoa lintho har’a lisele tsohle tse sa tšoaneng lefatšeng.”14

      Kahoo, ha ho makatse hore Harold Morowitz, seithuti sa tlhaho Univesithing ea Yale, o balile hore monyetla oa ho fumana kokoanyana e phelang ea baktheria ka liphetoho feela ke o le mong ho 1 e lateloang ke bohaholetho ba 100 000 000 000. “Palo ena e khōlō haholo,” ho boletse Shapiro, “hoo ha re batla ho e ngola ka mokhoa o tloaelehileng re tla hlokang libuka tse likete tse lekholo.” O qosa hore boramahlale ba ineetseng thutong ea ho iphetola hoa lintho ha lik’hemikale tsa bophelo ba hlokomoloha bopaki bo eketsehang ’me “ba khethile ho e boloka e le ’nete e feletseng, kahoo ba e boloka e le tšomo.”15

      Ramahlale e mong ea khethehileng thutong ea bophelo ba lisele o re lilemong tse limillione tse fetileng “sele e le ’ngoe e ne e ka etsa libetsa, ea tšoara lijo, ea li thuisa, ea ntša litšila, ea tsamaea, ea aha matlo, ea kopanela likamanong tsa botona le botšehali ka tsela e tobileng kapa e sa tloaelehang. Libopuoa tsena li ntse li le teng. Libopuoa tse nang le sele e le ’ngoe—libopuoa tse phethehileng, tse nang le matla a sa tšoaneng, empa li se na linama, litho, lipelo le likelello—empa li na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona.” O bua ka sele e le ’ngoe e nang “le lik’hemikale tse makholo a likete tse phelang.”16

      Ke sephethephethe se seholo hakaakang sa lik’hemikale tse har’a lisele tse nyenyane, leha ho le joalo ha ho mohla ho emang sephethephethe! Ka ho utloahalang, sena se hloka Moqapi e Moholo ea bohlale bo fetisang. Boitsebiso bo kentsoeng karolong e nyenyane haholo ea DNA e boima “bo ka tlase ho karolo ea millione ea gramo” bo lekane ho “laela sebopuoa se rarahaneng joaloka motho.”17 Esita le boitsebiso bo kentsoeng seleng e le ’ngoe, “haeba bo ngoloa, bo ne bo ka tlatsa libuka tse nang le maqephe a likete tse 600.”18 Ho makatsa hakaakang! Bohlale bo fetang hōle matla a rōna a ho nahana bo loketse ho qala bophelo lefatšeng.

      Kamor’a tsohle qeto ea ka ke ena: Kantle ho boemo bo nepahetseng, ho ke ke ha e ba le mokelikeli o etsang likaroloana tsa bophelo. Kantle ho mokelikeli o etsang likaroloana tsa bophelo, ho ke ke ha eba le liasiti tsa liamino. Kantle ho liasiti tsa liamino, ho ke ke ha eba le liproteine. Kantle ho liproteine, ho ke ke ha eba le metsoako ea nucleotide. Kantle ho metsoako ea nucleotide, ho ke ke ha eba le DNA. Kantle ho DNA, ho ke ke ha eba le sele e ikatisang. Kantle ho lera le sireletsang, ho ke ke ha eba le sele e phelang. ’Me kantle ho boqapi le tsamaiso e bohlale, ho ke ke ha eba le bophelo lefatšeng.

      Empa boramahlale ba entse mosebetsi o moholo ho balumeli pōpong. Lintho tseo ba li sibolotseng ka bophelo li tiisa tumelo ea ka haholo pōpong, ’me joale ke bala Ba-Roma 1:20, 21, 28 ka kananelo e khōlō: “Ho tloha ha Molimo o bopa lefatše matla le bomolimo ba hae bo sa feleng—leha Ii sa bonahale—li teng hore kelello e bone lintho tseo a li entseng. Ke ka lebaka leo batho ba joalo ba se nang moitatolo . . . Ba fetotse litaba tse utloahalang tsa bothoto ’me likelello tsa bona tse thotofetseng li fifalitsoe . . . Ka mantsoe a mang, erekaha ba bone ho sa utloahale ho amohela Molimo, Molimo o ba tloheletse likhopolong tsa bona tse sa utloahaleng le boitšoarong ba bona bo khopo.”—The Jerusalem Bible.

  • Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?
    Tsoha!—1987 | February 8
    • [Lebokose le leqepheng la 7]

      Ke Efe e Tlileng Pele

      Lehe le tsoa khohong, empa khoho e tsoa leheng

      Liproteine li ke ke tsa bopeha ntle ho liasiti tsa nuclei, empa liasiti tsa nuclei, li ke ke tsa bopeha ntle ho liproteine

      Lera le ke ke la bopeha ntle ho sesebelisoa se kopanyang proteine, empa sesebelisoa sena se ke ke sa bopeha ntle ho lera

      [Setšoantšo se leqepheng la 8]

      Lik’hemikale tse makholo a likete li kopana ka nako e le ’ngoe seleng e ’ngoe le e ’ngoe e phelang—kantle le ho ema ha sephethephethe!

      [Setšoantšo se leqepheng la 9]

      Boitsebiso bo leng teng seleng e le ’ngoe bo ka tlatsa buka e nang le maqephe a likete tse 600

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela