Alosang Mohlape oa Molimo ka ho Rata
“Alosang mohlape oa Molimo o leng tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata.”—1 PETROSE 5:2, NW.
1. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore baholo ba Bakreste ba ‘alose mohlape oa Molimo ka ho rata’?
JEHOVA o alosa batho ba hae ka ho rata. (Pesaleme ea 23:1-4) “Molisa ea molemo,” Jesu Kreste, ka ho rata o fane ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho molemong oa batho ba kang linku. (Johanne 10:11-15) Kahoo, moapostola Petrose o ile a phehella baholo ba Bakreste ho ‘alosa mohlape oa Molimo ka ho rata.’—1 Petrose 5:2, NW.
2. Ke lipotso life tseo re lokelang ho nahana ka tsona mabapi le mesebetsi ea bolisa ea baholo ba Bakreste?
2 Ho etsa lintho ka ho rata ke letšoao le khethollang bahlanka ba Molimo. (Pesaleme ea 110:3, NW) Empa ho hlokahala ho fetang feela ho rata ha monna oa Mokreste hore a khethoe ho ba molebeli, kapa molisa ea tlaasana. Ke bo-mang ba tšoanelehang ho ba balisa ba joalo? Bolisa ba bona bo akarelletsa eng? Bo finyelloa ka tsela e molemo ka ho fetisisa joang?
Ea Okametseng Lelapa
3. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore tsela eo monna oa Mokreste a hlokomelang lelapa la hae ka eona e lekanyetsa haeba a tšoaneleha ho ba molisa ka phuthehong?
3 Pele monna a khethoa bakeng sa “tšebeletso ea molebeli,” o tlameha ho finyella litlhoko tsa Mangolo. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) Moapostola Pauluse o boletse hore molebeli e lokela ho ba “monna ea okamelang lelapa la hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba laolehang.” Ho na le lebaka le utloahalang la sena hobane Pauluse o itse: “Haeba ka sebele monna ofe kapa ofe a sa tsebe ho okamela lelapa la hae, o tla tseba ho hlokomela phutheho ea Molimo joang?” (1 Timothea 3:4, 5, NW) Ha Tite a ne a khetha banna ba hōlileng liphuthehong tse sehleke-hlekeng sa Kreta, o ile a bolelloa hore a batle “monna leha e le ofe ea sa nyatsoeng ka letho, monna ea nang le mosali a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba e-song ho qosoe ka hore ba itšoere hampe kapa ba sa laoleheng.” (Tite 1:6, NW) E, tsela eo monna oa Mokreste a hlokomelang lelapa la hae ka eona e lokela ho nahaneloa haeba a tšoaneleha bakeng sa ho fuoa boikarabelo bo boholoanyane ba ho alosa ka phuthehong ea Bokreste.
4. Ho phaella ho beng le thuto ea ka mehla ea Bibele le thapelo, batsoali ba Bakreste ba ka bontša malapa a bona lerato joang?
4 Banna ba okametseng malapa a bona ka mokhoa o motle ba etsa ho fetang feela ho rapela le ho ithuta Bibele le malapa a bona motheong oa ka mehla. Ka mehla ke malala-a-laotsoe bakeng sa ho thusa baratuoa ba bona. Ho bao e leng batsoali, sena se qala mohla ngoana a hlahang. Batsoali ba Bakreste baa tseba hore haeba ba khomarela kemiso ea bomolimo haufi-ufi, kapele-pele ngoana oa bona o tla khema le kemiso ea mesebetsi ea Bokreste bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ho ea ka tekanyo eo ntate oa Mokreste a okamelang hantle litšobotsing tsena e tla ba ka tekanyo eo ka eona a tlang ho tšoaneleha ho ba moholo.—Ba-Efese 5:15, 16; Ba-Filippi 3:16.
5. Ke joang ntate oa Mokreste a ka hōlisang bana ba hae “ka khalemelo le [ka] kelello e laoloang ke Jehova”?
5 Ha ntate oa Mokreste ea leng hlokolosi a okamela lelapa la hae, o ela keletso ea Pauluse hloko: “Le se ke la halefisa bana ba lōna‚ empa tsoelang pele le ba holisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Ba-Efese 6:4, NW) Thuto ea ka mehla ea Bibele le lelapa, bakeng sa mosali le bana, e fana ka monyetla o motle bakeng sa taeo e lerato. Kahoo bana ba amohela “khalemelo,” kapa taeo e khalemang. ‘Kelello e joalo e laoloang’ e thusa ngoana ka mong ho tseba kamoo Jehova a talimang lintho ka teng. (Deuteronoma 4:9; 6:6, 7; Liproverbia 3:11; 22:6) Boemong bona bo phutholohileng ba ’moka oa moea, ntate ea tsotellang o mamela ka hloko ha bana ba hae ba bua. Ho ka sebelisoa lipotso tse mosa tse tataisang hore ba bue mantsoe a tšepahalang ka lintho tseo ba amehileng ka tsona le boikutlo. Ntate ha a nahane hore o tseba lintho tsohle tseo bana ba li nahanang. Ha e le hantle, Liproverbia 18:13 e re: “Ea arabang a e-so ho utloe, o bontša bothoto ba hae, o ipakela lihlong.” Kajeno, batsoali ba bangata ba fumana hore maemo ao bana ba bona ba thulanang le oona a fapana haholo le ao ba thulaneng le oona ha ba le banyenyane. Ka lebaka leo, ntate o tla ikitlaetsa ka matla ho ithuta maemo a potolohileng boitsebiso ba bothata pele a bua kamoo bo lokelang ho sebetsoa ka teng.—Bapisa le Jakobo 1:19.
6. Ke hobane’ng ha ntate oa Mokreste a lokela ho batla tataiso ea Lentsoe la Molimo ha a thusa lelapa la hae?
6 Ho etsahala eng ka mor’a hore mathata, litakatso le boikutlo ba bana li tsebahale? Ntate ea okamelang lelapa la hae ka mokhoa o motle o batla tataiso ea Mangolo a nang le “molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” O ruta bana ba hae kamoo ba ka sebelisang tataiso e bululetsoeng ea Bibele. Ka tsela ena, bana bao ba banyenyane lilemong baa ‘phetheha, ’me ba hlomelloa hamolemo bakeng sa mesebetsi eohle e metle.’—2 Timothea 3:16, 17, NW; Pesaleme ea 78:1-4.
7. Ke mohlala ofe oo bo-ntate ba Bakreste ba lokelang ho o beha mabapi le thapelo?
7 Bacha ba tšabang Molimo ba talimane le maemo a thata mabapi le bana ba lefatše bao ba kenang sekolo le bona. Kahoo ke joang bo-ntate ba Bakreste ba ka kokobetsang tšabo eo bana ba bona ba nang le eona? Tsela e ’ngoe ke ka hore ka mehla ba rapele le bona ’me ba ba rapelle. Ha bacha bana ba talimana le maemo a lekang, ba tla hle ba etsise batsoali ba bona ba itšetlehileng ka Molimo. Ngoanana e mong ea lilemo li 13 eo ho buisanoeng le eena pele a kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba hae ho Molimo, o boletse hore o bile le phihlelo ea ho songoa le ho hlekefetsoa ho etsoang ke bana bao a kenang sekolo le bona. Ha a sireletsa tumelo ea hae e thehiloeng Bibeleng ka khalalelo ea mali, banana ba bang ba ile ba mo otla le ho mo tšoela ka mathe. (Liketso 15:28, 29) Na o ile a iphetetsa? Che. O hlalositse: “Ke ile ka tsoela pele ho rapela Jehova ke ntse ke khutsitse hore a nthuse. Ke ile ka boela ka hopola seo batsoali ba ka ba nthutileng sona thutong ea rōna ea lelapa ka bohlokoa ba ho hlaolela boitšoaro ha re le tlas’a khatello ea ho etsa bobe.”—2 Timothea 2:24.
8. Ke joang moholo ea se nang bana a ka okamelang lelapa la hae ka mokhoa o motle?
8 Moholo ea se nang bana a ka boela a etsa hore ho be le litokisetso tse lekaneng tsa lintho tsa moea le tsa lintho tse bonahalang bakeng sa ba ntlo ea hae. Sena se kopanyeletsa molekane oa hae oa lenyalo ’me mohlomong le beng ka eena ba Bakreste ba itšetlehileng ka eena ba lulang lapeng la hae. (1 Timothea 5:8) Kahoo ho okamela ka mokhoa o motle joalo ke e ’ngoe ea litlhokahalo tse tlamehang ho finyelloa ke monna ea khethoang ho jara boikarabelo joaloka moholo oa phutheho. Joale, banna ba hōlileng ba khethiloeng ba lokela ho talima tokelo ea bona ea boikarabelo joang ka phuthehong?
Ho Okamela ka “ho Tiea ha Sebele”
9. Ke boikutlo bofe boo baholo ba Bakreste ba lokelang ho ba le bona mabapi le likabelo tsa bona tsa tšebeletso?
9 Lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, moapostola Pauluse o ile a sebeletsa e le mohlokomeli ka ntlong ea Molimo, e leng phutheho ea Bokreste tlas’a bohlooho ba Kreste. (Ba-Efese 3:2, 7; 4:15) Hamorao, Pauluse o ile a khothatsa balumeli-’moho Roma: “Kaha . . . re na le limpho tse fapaneng ho latela mosa o sa tšoanelang oo re o neiloeng, ebang ke boprofeta, ha re profeteng ho latela tumelo eo re e neiloeng; kapa tšebeletso, ha re beng tšebeletsong ena; kapa ea rutang, ha a ke a be thutong ea hae; kapa ea khothatsang, ha a ke a be khothatsong ea hae; ea fanang, ha a ke a etse joalo ka mosa; ea okamelang, ha a ke a etse joalo ka ho tiea ha sebele; ea bontšang mohau, ha a ke a etse joalo ka nyakallo.”—Ba-Roma 12:6-8, NW.
10. Mabapi le ho hlokomela mohlape oa Molimo, ke mohlala ofe oo Pauluse a o behetseng baholo ba kajeno?
10 Pauluse o ile a hopotsa Bathessalonika: “’Me lea tseba hoba re khothalitse, ra ba ra tšelisa e mong le e mong ho lōna, joale ka ntat’a motho ha a etsa bana ba hae. ’Me ra le rapela hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Molimo, o le biletsang ’musong oa oona le khanyeng ea oona.” (1 Ba-Thessalonika 1:1; 2:11, 12) Khothatso eo e fanoe ka tsela e bonolo le e lerato hoo Pauluse a neng a ka ngola: “Empa re bile mosa har’a lona, joalo ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. Ka mokhoa o joalo, ka baka la ho le rata, re elelitse hore re tla le nea e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le eona meea ea rōna, kahobane le le baratuoa ba rōna ruri.” (1 Ba-Thessalonika 2:7, 8) Tumellanong le mohlala oa Pauluse oa ntate, banna ba hōlileng ba tšepahalang ba amehile ka ho tebileng ka bohle ka phuthehong.
11. Baholo ba khethiloeng ba ka bontša mafolo-folo joang?
11 Bonolo, hammoho le mafolo-folo li tlameha ho khetholla bolisa bo lerato boo balisa ba rōna ba tšepahalang ba Bakreste ba lokelang ho bo sebelisa. Mekhoa ea bona e bolela ho hongata. Petrose o eletsa baholo ho alosa mohlape oa Molimo “eseng ka ho qobelloa” kapa “ho fumana moruo ka ho se tšepahale.” (1 Petrose 5:2, NW) Ntlheng ena, setsebi William Barclay se fane ka tlhokomeliso, se ngotse: “Ho na le tsela ea ho amohela boemo ba bolaoli le ho sebeletsa joalokaha eka ke mosebetsi o thata le o sa thabiseng, joaloka hoja e le o khathatsang, joaloka hoja ke moroalo o lokelang ho hlouoa. Ho bonolo hore monna a kōptjoe ho etsa ntho e itseng, le hore a e etse, empa a e etse ka tsela e hlokang mosa hoo ketso eohle e senyehang. . . . Empa [Petrose] o hlile a bolela hore Mokreste e mong le e mong o lokela ho fana ka tšebeletso e joalo ka thothomelo haeba a khona, le hoja a hlokomela ka botlalo kamoo eseng oa bohlokoa ka teng ha a fana ka eona.”
Balisa ba Ratang
12. Baholo ba Bakreste ba ka bontša moea oa boithatelo joang?
12 Petrose o boetse oa phehella: “Alosang mohlape oa Molimo o leng tlhokomelong ea lōna . . . ka ho rata.” Molebeli oa Mokreste ea tsotellang linku o etsa joalo ka ho rata, ka boikhethelo, tlas’a tataiso ea Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. Ho sebeletsa ka ho rata ho boetse ho bolela hore molisa oa Mokreste o ikokobeletsa bolisa ba Jehova, ‘molisa le molebeli oa meea ea rōna.’ (1 Petrose 2:25) Ka boithatelo molisa ea tlaasana oa Mokreste o bontša tlhompho tokisetsong ea Molimo. O etsa joalo ha a tataisa ba batlang keletso Lentsoeng la Molimo, Bibele. Le hoja phihlelo e tla thusa moholo ho bokella keletso e theiloeng Bibeleng, sena ha se bolele hore o tla ba le tharollo ea Mangolo bakeng sa bothata bo bong le bo bong hang-hang. Esita leha a tseba karabo ea potso, mohlomong a ka fumana ho le bohlale hore eena le ea botsang taba e itseng ba ee ho Watch Tower Publications Index kapa li-index tse ling. Kahoo o tla be a ruta ka litsela tse peli: O bontša kamoo ho ka fumanoang boitsebiso ba bohlokoa ’me ka boikokobetso o bontša tlhompho ho Jehova ka ho lebisa tlhokomelo ho seo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o se hatisitseng.
13. Ho ka nkoa mehato efe ho thusa baholo ho fana ka keletso e loketseng?
13 Ke eng seo moholo a ka se etsang haeba ho se letho le hatisitsoeng litokollong tsa Mokhatlo tse buang ka bothata bo itseng ka nako eo? Ntle ho pelaelo, o tla rapella kutloisiso ’me o tla batla melao-motheo e meng ea Bibele e sebetsang tabeng eo. Mohlomong a ka fumana ho le molemo ho etsa tlhahiso ea hore motho ea batlang thuso a nahane ka mohlala oa Jesu. Mohlomong moholo a ka botsa: “Haeba Jesu, Tichere e Khōlō, a ne a le boemong ba hao, u nahana hore o ne a tla etsa’ng?” (1 Ba-Korinthe 2:16) Mabaka a joalo a ka ’na a thusa motho ea botsang ho etsa qeto e bohlale. Empa e ne e tla ba ntho e seng bohlale hakaakang hore moholo a fane ka pono feela ea botho e bonahalang joalokaha eka ke keletso e loketseng ea Mangolo! Ho e-na le hoo, baholo ba ka buisana ka mathata a tebileng ka bobona. Ba ka boela ba ngola lintlha tsa bohlokoa tseo ba tla buisana ka tsona sebokeng sa sehlopha sa baholo. (Liproverbia 11:14) Liqeto tseo ba li fihletseng li tla ba thusa kaofela ho bua ka khopolo e le ’ngoe.—1 Ba-Korinthe 1:10.
Ho Hlokahala Bonolo
14, 15. Ke’ng se hlokahalang ho baholo ho khutlisetsa tseleng Mokreste ea ‘nkileng mohato o fosahetseng pele a o lemoha’?
14 Ho hlokahala hore moholo oa Mokreste a bontše bonolo ha a ruta ba bang, haholo-holo ha a ba eletsa. Pauluse oa eletsa: “Baena, ekare ha motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea, lekang ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o mosa.” (Ba-Galata 6:1, NW) Ka ho thahasellisang, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ho “khutlisetsa” le amana le lentsoe la bongaka le sebelisoang ho hlalosa ho khutlisetsa lesapo malulong a lona ho qoba ho qhoala ka ho sa feleng. Mongoli oa buka e hlalosang mantsoe W. E. Vine o amahanya sena le ho tsosolosoa “ha motho ea entseng sebe, joaloka karolo ea ’mele oa moea e tlohileng malulong.” Litlhaloso tse ling ke “ho busetsa boemong bo loketseng; ho kenya tseleng.”
15 Ho fetola monahano oa motho ha ho bonolo, ’me ho ka ba thata haholo ho khutlisa monahano oa motho ea fosang. Empa ho ka etsahala hore thuso e fanoang ka moea o mosa e amoheloe ka teboho. Ka lebaka leo, baholo ba Bakreste ba lokela ho ela keletso ea Pauluse hloko: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.” (Ba-Kolosse 3:12) Ke eng seo baholo ba lokelang ho se etsa ha motho ea hlokang ho kengoa tseleng a na le boikutlo bo bobe? Ba lokela ho ‘phehella ka bonolo.’—1 Timothea 6:11.
Ho Alosa ka Hloko
16, 17. Baholo ba lokela ho itebela khahlanong le likotsi life ha ba eletsa ba bang?
16 Ho na le ho hongata keletsong ea Pauluse ho Ba-Galata 6:1 (NW). O phehella banna ba tšoanelehang moeeng: “Lekang ho khutlisetsa tseleng motho [ea fosang] ka moea o mosa, ha e mong le e mong a ntse a itlhokometse, ka hore mohlomong le lōna le ka tšoha le lekoa.” Ho ka ba le liphello tse tebileng hakaakang haeba kotsi e joalo e sa eloe hloko! The Times ea London e susumelitsoe ke litlaleho tsa moruti oa Chache ea fumanoeng a le molato oa bohlola le litho tse peli tsa kereke, e boletse hore bona ke “boemo ba khale haholo: keletso, ka ho hlakileng ntate kapa ngoan’abo motho o oela tlhaselong ea liteko tse tsoang ho moeletsi eo a mo tšepang.” Joale moqolotsi oa litaba o buile ka Dr. Peter Rutter ea bolelang hore ka baka la “maemo a hanyapetsang mahareng a bakuli le baeletsi ba bona ba banna—lingaka, babuelli ba molao, baprista le bahiri—ba fetohile mokhatlo oa batho o lumellang ka bolokolohi likamano tsa botona le botšehali, ke seoa se ke keng sa lumelloa, se kotsi le se hlabisang lihlong.”
17 Re se nahane hore batho ba Jehova ba ke ke ba hlaseloa ke liteko tse joalo. Moholo e mong ea hlomphuoang haholo ea sebelelitseng ka botšepehi ka lilemo o ile a ameha boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali hobane a ile a etsa maeto a bolisa ho khaitseli ea nyetsoeng nakong eo a leng mong ka eona. Le hoja a bakile, moena o lahlehetsoe ke litokelo tsohle tsa hae tsa tšebeletso. (1 Ba-Korinthe 10:12) Joale, ke joang banna ba hōlileng ba khethiloeng ba ka etsang maeto a bolisa ka tsela e ka etsang hore ba se oele tekong? Ke joang ba ka lokisetsang tekanyo e itseng ea boinotši bakeng sa ho rapela, le monyetla oa ho batla keletso Lentsoeng la Molimo le litokollong tsa Bokreste?
18. (a) Ke joang ho sebelisa molao-motheo oa bohlooho ho ka thusang baholo ho qoba maemo a ka bakang masoabi? (b) Ke litokisetso life tse ka etsoang bakeng sa ho etsa leeto la bolisa ho khaitseli?
18 Ntlha e ’ngoe eo baholo ba lokelang ho e hlokomela ke molao-motheo oa bohlooho. (1 Ba-Korinthe 11:3) Haeba motho e mocha a batla keletso, lekang ho kopanyeletsa batsoali ba hae puisanong haeba ho loketse. Ha khaitseli ea nyetsoeng a kōpa thuso ea moea, na le ka lokisetsa hore monna oa hae a be teng nakong ea ketelo? Ho thoe’ng haeba ho sa khonehe kapa monna e se molumeli, hape a ile a mo hlekefetsa ka tsela e itseng nakong e fetileng? Joale le ka etsa litokisetso tse tšoanang le tsa ha le etsa leeto la bolisa ho khaitseli ea sa nyaloang. E tla ba ntho e bohlale ho baena ba babeli ba tšoanelehang moeeng ho etela khaitseli ba le babeli. Haeba sena se sa khonehe, mohlomong ho ka khethoa nako e ’ngoe e loketseng hore baena ba babeli ba buisane le eena Holong ea ’Muso, mohlomong ka kamoreng e nang le boinotši. Baena ba bang le bo-khaitseli ba ntse ba le teng holong, le hoja ba se boemong ba ho bona kapa ho utloa puisano, ho tla qojoa khopiso leha e le efe.—Ba-Filippi 1:9, 10.
19. Ho alosa linku tsa Molimo ka ho rata ho tlisa liphello life tse ntle, hona re lebisa thoriso ho mang bakeng sa balisa ba ratang?
19 Ho alosa linku tsa Molimo ka ho rata ho tlisa liphello tse ngata tse ntle—mohlape e ba o matla moeeng le o laolehileng hantle. Joaloka moapostola Pauluse, baholo ba Bakreste ba mehleng ea joale ba amehile haholo ka balumeli-’moho le bona. (2 Ba-Korinthe 11:28) Boikarabelo ba ho alosa batho ba Molimo linakong tsena tse mahlonoko ke bo boima ka ho khethehileng. Ka baka leo, re hlile re ananela mosebetsi o motle o etsoang ke baena ba sebeletsang e le baholo. (1 Timothea 5:17) Bakeng sa ho re hlohonolofatsa ka “limpho tsa banna” tse alosang ka ho rata, re rorisa Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng,” Molisa oa rōna oa leholimo ea lerato, Jehova.—Ba-Efese 4:8, NW; Jakobo 1:17.
U ne u Tla Araba Joang?
◻ Monna a ka okamela lelapa la hae ka mokhoa o motle joang?
◻ Ke litšobotsi life tse lokelang ho khetholla bolisa ba baholo ba Bakreste?
◻ Baholo ba ka bontša boikokobetso le bonolo joang ha ba fana ka keletso?
◻ Ke eng se thusang hore ho khutlisetsoa tseleng ha moea e be ho sebetsang hamolemo?
◻ Ke joang baholo ba qobang maemo a sekisetsang ha ba alosa mohlape?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Moholo oa Mokreste o lokela ho okamela lelapa la hae ka mokhoa o motle
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Bolisa ba Bokreste bo lokela ho etsoa ka bonolo le ka kahlolo e molemo