“Chesehang Moeeng”
“Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna. Chesehang moeeng. Le be makhoba a Jehova.”—BAR. 12:11.
1. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba etsa mahlabelo a liphoofolo le linyehelo tse ling?
JEHOVA o ananela mahlabelo ao bahlanka ba hae ba a etsang ka boithatelo ha ba bontša hore baa mo rata ebile ba ikokobelletsa thato ea hae. Mehleng ea boholo-holo, o ne a amohela mahlabelo a liphoofolo tse fapa-fapaneng le linyehelo tse ling. Baiseraele ba neng ba batla ho tšoareloa libe le ho leboha, ba ne ba etsa mahlabelo ana ho latela Molao oa Moshe. Phuthehong ea Bakreste, Jehova ha a hloke hore re nyehele mahlabelo a joalo a hlomamisitsoeng le a bonahalang. Leha ho le joalo, khaolong ea 12 ea lengolo leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Roma, moapostola Pauluse o bontša hore ho sa ntse ho lebeletsoe hore re nyehele mahlabelo. A re boneng hore na ka tsela efe.
Sehlabelo se Phelang
2. Kaha re Bakreste, re phela bophelo ba mofuta ofe, ’me see se akarelletsa’ng?
2 Bala Baroma 12:1, 2. Karolong e qalang ea lengolo la hae, Pauluse o ile a bontša ka ho hlaka hore ho ile ha boleloa hore Bakreste ba tlotsitsoeng, ebang ke Bajuda kapa Balichaba, ba lokile ka pel’a Molimo ka tumelo, eseng ka mesebetsi. (Bar. 1:16; 3:20-24) Khaolong ea 12, Pauluse o hlalosa hore Bakreste ba lokela ho bontša teboho ka ho phela bophelo ba boitelo. E le hore re finyelle seo, re lokela ho fetola likelello tsa rōna. Ka lebaka la ho se phethahale hoo re ho futsitseng, re tlas’a ‘molao oa sebe le oa lefu.’ (Bar. 8:2) Ka hona, ho hlokahala hore re fetohe, re “nchafale matleng a susumetsang likelello tsa [rōna],” ka hore re etse liphetoho tse khōlō tseleng eo re nahanang ka eona. (Baef. 4:23) Re ka etsa phetoho e feletseng joalo ka thuso ea Molimo le ea moea oa hae feela. Hape ho hlokahala hore re ikitlaetse ka matla ’me re sebelise “matla a [rōna] a ho nahana.” Seo se bolela hore re etsa sohle se matleng a rōna hore re se ke ra “ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho,” eo ho eona ho renang boitšoaro bo litšila, boithabiso bo hlephisang boitšoaro le boikutlo bo fosahetseng.—Baef. 2:1-3.
3. Ke hobane’ng ha re etsa mesebetsi ea Bokreste?
3 Pauluse o boetse o re khothalletsa hore re sebelise “matla a [rōna] a ho nahana” e le hore re ka ipakela e le rōna hore na “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng” ke efe. Ke hobane’ng ha re bala Bibele letsatsi le letsatsi, re nahanisisa ka seo re se balang, re rapela, re e-ba teng libokeng tsa Bokreste ’me re kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso? Na ke hobane baholo ba phutheho ba re khothalletsa hore re etse joalo? Ke ’nete hore re ananela likhopotso tse molemo tseo baholo ba re fang tsona. Empa re etsa mesebetsi ea Bokreste hobane moea oa Molimo o re susumelletsa hore re bontše hore re rata Jehova ho tsoa botebong ba pelo. Ho feta moo, rōna ka borōna re kholisehile hore ke thato ea Molimo hore re etse lintho tse joalo. (Zak. 4:6; Baef. 5:10) Re thaba haholo ebile rea khotsofala ha re hlokomela hore ha re phela bophelo ba Bokreste e le kannete, re ka amoheleha ho Molimo.
Limpho Tse Fapaneng
4, 5. Baholo ba Bakreste ba lokela ho sebelisa limpho tsa bona joang?
4 Bala Baroma 12:6-8, 11. Pauluse o bolela hore “re na le limpho tse fapaneng ho ea ka mosa o sa tšoanelang oo re o filoeng.” Limpho tse ling tseo Pauluse a buang ka tsona—e leng ho eletsa le ho okamela—li ama haholo-holo baholo ba Bakreste, kaha ke bona ba eletsoang hore ba okamele “ka tieo eohle.”
5 Pauluse o bolela hore tsela eo balebeli ba sebetsang ka eona e le mesuoe le eo ba phethang “bosebeletsi” ka eona, e lokela ho bontša ho tiea hona hoo. Kamoo ho bonahalang kateng, moelelo oa taba e tšohloang o bontša hore mona Pauluse o bua ka “bosebeletsi” bo etsoang ka phuthehong kapa ‘’meleng o le mong.’ (Bar. 12:4, 5) Bosebeletsi boo bo tšoana le bo boletsoeng ho Liketso 6:4, moo baapostola ba reng: “Re tla inehela thapelong le bosebeletsing ba lentsoe.” Bosebeletsi boo bo akarelletsa’ng? Baholo ba Bakreste ba sebelisa limpho tsa bona e le hore ba ka matlafatsa litho tsa phutheho. Ba bontša hore ba “bosebeletsing bona” haeba ka tieo ba fa phutheho tataiso le taeo e tsoang Lentsoeng la Molimo ka hore ba rapele ha ba ithuta, ha ba etsa lipatlisiso, ha ba ruta le ha ba etsa bolisa. Balebeli ba lokela ho sebelisa limpho tsa bona ka hloko ’me ba hlokomele linku “ka nyakallo.”—Bar. 12:7, 8; 1 Pet. 5:1-3.
6. Re ka latela keletso e fanoeng ho Baroma 12:11 joang, e leng lengolo la sehlooho sehloohong see?
6 Pauluse o phaella ka ho re: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lōna. Chesehang moeeng. Le be makhoba a Jehova.” Haeba re hlokomela hore re na le mokhoa o itseng oa ho ba botsoa tšebeletsong ea rōna, ho ka ’na ha hlokahala hore re lokise tsela eo re ithutang ka eona ’me re rapelle moea oa Jehova khafetsa le ka matla, e leng se tla re thusa hore re hlōle mokhoa ofe kapa ofe oa ho ba monyebe le se tla re thusa hore re tsosolose cheseho ea rōna. (Luka 11:9, 13; Tšen. 2:4; 3:14, 15, 19) Moea o halalelang o ile oa matlafatsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba bue ka “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Lik. 2:4, 11) Ka ho tšoanang, le rōna o ka re susumelletsa hore re etse mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo re be re ‘chesehe moeeng.’
Boikokobetso le Boinyenyefatso
7. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa ka boikokobetso le boinyenyefatso?
7 Bala Baroma 12:3, 16. Limpho tseo e ka ’nang eaba re na le tsona, re li fumane ka lebaka la “mosa o sa tšoanelang” oa Jehova. Temaneng e ’ngoe Pauluse o re: “Ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo.” (2 Bakor. 3:5) Ka lebaka leo, ha rea lokela ho ithorisa. Ka boikokobetso re lokela ho hlokomela hore ha re atleha ka tsela efe kapa efe tšebeletsong, ke ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo, eseng ka lebaka la bokhoni ba rōna. (1 Bakor. 3:6, 7) Tumellanong le sena, Pauluse o re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana [kateng].” Hoa hlokahala hore re be motlotlo ka tšebeletso ea rōna ea ’Muso, ’me re e thabele e be e re khotsofatse. Leha ho le joalo, ho inyenyefatsa kapa ho elelloa moo re haelloang teng, ho tla re thibela hore re tsitlelle maikutlo a rōna. Ho e-na le hoo, re batla ho ‘nahana e le hore re be le kelello e hlaphohileng.’
8. Re ka qoba ho ba “masene mahlong a [rōna]” joang?
8 E ne e ka ba bothoto hore re ithorise ka lintho tseo re li finyeletseng. Ke “Molimo ea hōlisang.” (1 Bakor. 3:7) Pauluse o re Molimo o abetse setho ka seng sa phutheho “tekanyo ea tumelo.” Ho e-na le ho inka re phahame, re lokela ho ananela seo ba bang ba se finyellang ho ea ka tekanyo ea tumelo eo ba nang le eona. Pauluse o boetse o re: “Le nahanele ba bang ka tsela e tšoanang le eo le inahanelang ka eona.” Ho le leng la mangolo a hae, moapostola Pauluse o boetse o re bolella hore re ‘se ke ra etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong re nke hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafil. 2:3) Re tlameha ho ikokobetsa e le kannete re be re ikitlaetse ka matla e le hore re ka hlokomela hore mora le morali e mong le e mong oabo rōna o re phahametse ka tsela e itseng. Boikokobetso bo tla re thibela hore re be “masene mahlong a [rōna].” Le hoja boikarabelo bo khethehileng bo ka ’na ba etsa hore ba bang ba hlahelle ka mahetla, kaofela re tla thaba haholo ha re etsa “lintho tse tlaase,” e leng mesebetsi ea boemo bo tlaase eo hangata batho ba sa e hlokomeleng.—1 Pet. 5:5.
Bonngoe ba Rōna ba Bokreste
9. Ke hobane’ng ha Pauluse a tšoantša Bakreste ba tsoetsoeng ka moea le litho tsa ’mele?
9 Bala Baroma 12:4, 5, 9, 10. Pauluse o tšoantša Bakreste le litho tsa ’mele tse sebetsang li momahane tlas’a Hlooho ea tsona, e leng Kreste. (Bakol. 1:18) O hopotsa Bakreste ba tsoetsoeng ka moea hore ’mele o na le litho tse ngata tse etsang mesebetsi e fapa-fapaneng, le hore ‘le hoja ba le bangata, ke ’mele o le mong bonngoeng le Kreste.’ Ka tsela e tšoanang, ha Pauluse a eletsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese o ile a re: “A re hōleng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste. Ka eena ’mele oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang, ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.”—Baef. 4:15, 16.
10. “Linku tse ling” li lokela ho amohela bolaoli ba mang?
10 Le hoja “linku tse ling” e se karolo ea sehlopha se etsang ’mele oa Kreste, ho na le lintho tse ngata tseo li ka ithutang tsona papisong ena. (Joh. 10:16) Pauluse o re Jehova “o behile lintho tsohle ka tlas’a maoto a [Kreste], ’me o mo entse hlooho holim’a lintho tsohle ho phutheho.” (Baef. 1:22) Kajeno, linku tse ling ke karolo ea “lintho tsohle” tseo Jehova a li behileng tlas’a bohlooho ba Mora oa hae. Hape ke karolo ea “lintho” tseo Kreste a li behileng tlhokomelong ea “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ka hona, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba lokela ho amohela hore Kreste ke Hlooho ea bona ’me ba ikokobeletse lekhoba le tšepahalang le le masene, Sehlopha sa lona se Busang hammoho le balebeli ba khethiloeng ka phuthehong. (Baheb. 13:7, 17) Sena se etsa hore ho be le bonngoe ba Bokreste.
11. Mokokotlo oa bonngoe ba rōna ke eng, hona Pauluse o ile a fana ka keletso efe e ’ngoe?
11 Mokokotlo oa bonngoe bo joalo ke lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakol. 3:14) Ho Baroma khaolo ea 12, Pauluse o hatisa taba ena ’me o re lerato la rōna e lokela ho ba “le se nang boikaketsi,” e bile o re “ka lerato la bara ba motho” re lokela ho ‘bontšana lerato le mofuthu.’ Sena se etsa hore re hlomphane. Moapostola Pauluse o re: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” Ho hlakile hore ha rea lokela ho ferekanya lerato le ho nkoa ke maikutlo. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re boloke phutheho e hloekile. Ha Pauluse a ne a fana ka keletso mabapi le lerato, o ile a phaella ka ho re: “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.”
Mokhoa oa ho Amohela Baeti
12. Re ka ithuta’ng ho Bakreste ba Macedonia ea boholo-holo mabapi le ho bontša moea oa ho amohela baeti?
12 Bala Baroma 12:13. Lerato leo re ratang barab’abo rōna ka lona le tla re sumelletsa hore re ‘arolelanane le bahalaleli ho ea ka tseo ba li hlokang’ le ho ea ka bokhoni ba rōna. Esita le haeba re futsanehile, re ka arolela ba bang seo re nang le sona. Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Macedonia, o ile a re: “Nakong ea teko e khōlō tlas’a mahloreho thabo ea tsona e khōlō le bofutsana ba tsona bo tebileng li ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng. Etsoe ho ea ka bokhoni ba tsona ba sebele, e, kea paka, hona ho fetile bokhoni ba tsona ba sebele, ha ka ho rata ha tsona li ntse li re kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa le ho ba le karolo bosebeletsing bo reretsoeng bahalaleli [ba Judea].” (2 Bakor. 8:2-4) Le hoja Bakreste ba Macedonia ba ne ba futsanehile, ba ne ba fana ka seatla se bulehileng. Ba ne ba nka hore ke tlotla hore seo ba nang le sona, ba se arolele barab’abo bona ba hlokang ba Judea.
13. Ho ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti’ ho bolela’ng?
13 Poleloana e reng “latelang mokhoa oa ho amohela baeti” e fetoletsoe ho tsoa poleloaneng ea Segerike e fanang ka maikutlo a hore motho o lokela ho batla menyetla ea ho etsa ntho. Ho The New Jerusalem Bible, poleloana ena e fetoletsoe e le “batlang menyetla ea hore le bontše moea oa ho amohela baeti.” Ka linako tse ling, moea oa ho amohela baeti o bontšoa ka ho memela motho e mong lijong, ’me ha sena se etsoa ka lerato, ke ntho e babatsehang. Empa haeba re batla menyetla ea ho bontša moea oa ho amohela baeti, re tla fumana litsela tse ling tse ngata tsa ho etsa joalo. Har’a tse ling, haeba maemo a rōna a sa re lumelle hore re ka memela ba bang lijong, tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re amohela baeti, ke ka hore re meme ba bang hore ba tl’o phoka tee kapa ba tl’o noa seno-mapholi le rōna.
14. (a) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho amohela baeti” le bōpiloe ka mantsoe afe a mabeli? (b) Ha re le tšebeletsong, re ka bontša joang hore re tsotella melata?
14 Ho amohela baeti ho amana le tsela eo re shebang litaba ka eona. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho amohela baeti,” le bōpiloe ka mantsoe a mabeli ao motso oa ’ona o bolelang “lerato” le “osele.” Re ikutloa joang ka basele kapa melata? Ka sebele Bakreste ba ikitlaelletsang ho ithuta puo e ’ngoe e le hore ba ka bolella melata e jakileng tšimong ea phutheho ea habo bona litaba tse molemo, ba ka balelloa har’a batho ba latelang mokhoa oa ho amohela baeti. Ke ’nete hore bongata ba rōna bo ke ke ba khona ho ithuta puo e ’ngoe. Ho sa tsotellehe seo, kaofela ha rōna re ka ikakhela ka setotsoana hore re thuse melata ka hore kamehla re sebelise bukana ea Good News for People of All Nations, e nang le molaetsa oa Bibele ka lipuo tse ngata. Na u kotutse litholoana tse molemo ka hore u sebelise bukana ee tšebeletsong?
E-ba le Kutloelo-bohloko
15. Jesu o ile a beha mohlala oa se boleloang ke keletso e fanoeng ho Baroma 12:15 joang?
15 Bala Baroma 12:15. Keletso eo Pauluse a faneng ka eona temaneng ena e ka akaretsoa ka mantsoe a mabeli: Bontša qenehelo. Re lokela ho ithuta ho utloisisa maikutlo a motho e mong re be re ikutloe kamoo a ikutloang kateng, ebang o thabile kapa o hloname. Haeba re cheseha moeeng, thabo ea rōna le kutloelo-bohloko ea rōna li tla totobala. Ha barutuoa ba 70 ba Kreste ba ne ba khutla ba thabile boboleling ’me ba pheta litholoana tse molemo tsa mosebetsi oa bona, Jesu ka boeena o ile a “nyakalla ka moea o halalelang.” (Luka 10:17-21) O ile a thaba le bona. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ile a ‘lla le batho ba neng ba lla’ ha motsoalle oa hae Lazaro a shoele.—Joh. 11:32-35.
16. Re ka bontša kutloelo-bohloko joang, ’me ke bo-mang ka ho khetheha ba lokelang ho e bontša?
16 Re batla ho latela mohlala oa Jesu oa ho bontša qenehelo. Ha Mokreste-’moho le rōna a thabile, re labalabela ho thaba le eena. Ka tsela e tšoanang, re lokela ho utloisisa ha bara le barali babo rōna ba utloile bohloko ’me ba saretsoe. Hangata, re ka imolla balumeli-’moho le rōna ba imetsoeng kelellong haholo haeba re ipha nako ea ho ba mamela ka qenehelo. ’Me ka linako tse ling, re ka ’na ra iphumana re amehile pelo hoo ho qenehela motho e le kannete ho ka bang ha etsa hore re lle. (1 Pet. 1:22) Ka ho khetheha, baholo ba lokela ho latela keletso eo Pauluse a faneng ka eona mabapi le ho bontša qenehelo.
17. Ho fihlela joale re ithutile’ng ho Baroma khaolo ea 12, hona re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?
17 Litemana tsa Baroma khaolo ea 12 tseo re li tšohlileng ho fihlela joale, li re file keletso eo re ka e sebelisang bophelong ba rōna joaloka Bakreste le tseleng eo re lokelang ho sebelisana le barab’abo rōna ka eona. Sehloohong se latelang, re tla tšohla litemana tse setseng tsa khaolo ena, e leng tse tšohlang hore na re lokela ho ba le boikutlo bofe ka batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste ba akarelletsang bahanyetsi le bahlorisi ba rōna, le hore na re lokela ho ba tšoara joang.
Tlhahlobo
• Re bontša joang hore re ‘cheseha moeeng’?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Molimo ka boikokobetso le boinyenyefatso?
• Re ka bontša balumeli-’moho le rōna qenehelo le kutloelo-bohloko joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Ke hobane’ng ha re etsa mesebetsi ee ea Bokreste?
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
E mong le e mong oa rōna a ka kenya letsoho joang hore a thuse melata ho ithuta ka ’Muso?